Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho
    Molula-Qhooa—2006 | October 15
    • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho

      “Ha e-ba le mokete oa lenyalo Kana . . . Jesu le barutuoa ba hae le bona ba ne ba memetsoe moketeng oa lenyalo.”—JOHANNE 2:1, 2.

      1. Tlaleho ea ha Jesu a le Kana e re hlokomelisa eng?

      JESU, ’mè oa hae le barutuoa ba bang ba hae ba ne ba tseba thabo e ka tlisoang ke lechato le hlomphehang har’a batho ba Molimo. Kreste o bile a etsa hore lechato le leng e be le ikhethang ka hore ha a le ho lona, a etse mohlolo oa hae oa pele o tlalehiloeng, kahoo a eketsa thabo e neng e le teng ketsahalong eo. (Johanne 2:1-11) E ka ’na eaba u kile ua thabela ho ba machatong a Bakreste ba batlang ho sebeletsa Jehova ba thabile lenyalong la bona. Kapa e ka ’na eaba u lebeletse ka thabo ho ba le lechato le joalo ka bouena kapa ho thusa motsoalle oa hao hore lechato la hae le atlehe. Ke’ng se ka etsoang hore lechato le atlehe?

      2. Bibele e fana ka boitsebiso bofe mabapi le machato?

      2 Bakreste ba hlokometse hore keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng e molemo haholo ha monna le mosali ba rera ho nyalana. (2 Timothea 3:16, 17) Ke ’nete hore Bibele ha e bolele lintlha tse qaqileng mabapi le hore na Bakreste ba tsamaise lechato joang. Seo sea utloahala hobane meetlo esita le lintho tse hlokoang ke molao li fapana ho ea ka libaka le linako. Ka mohlala, Iseraele ea boholo-holo ho ne ho sa etsoe tšebeletso ea lechato e latelang melao e itseng e qaqileng. Ka letsatsi la lechato, monyali o ne a tlisa monyaluoa lelapeng la hae kapa la ntat’ae. (Genese 24:67; Esaia 61:10; Matheu 1:24) Ketso ena e neng e etsoa phatlalatsa e ne e le lechato, ho se na tšebeletso e tloaelehileng e etsoang machatong a mangata a kajeno.

      3. Ke ketsahalo efe eo Jesu a ileng a ba le seabo ho eona Kana?

      3 Baiseraele ba ne ba talima mohato oo e le o emelang lenyalo kapa lechato. Ka mor’a moo, ba ne ba ka ’na ba etsa mokete, o kang o boletsoeng ho Johanne 2:1. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li fetolela temana eo ka tsela ena: “Ho ne ho e-na le lechato Kana.” Empa lentsoe la puo ea pele le fetoletsoe ka nepo e le “mokete oa lenyalo” kapa “mokete oa lechato.”a (Matheu 22:2-10; 25:10; Luka 14:8) Tlaleho eo e bontša ka ho hlaka hore Jesu o ne a le teng ’me o ile a ba le seabo hore ho be le thabo moketeng oo oa lechato la Bajuda. Leha ho le joalo, taba e ka sehloohong ke hore seo e neng e le lechato mehleng eo se fapane le se tloaelehileng hona joale.

      4. Bakreste ba bang ba khetha lechato la mofuta ofe, hona hobane’ng?

      4 Linaheng tse ngata kajeno, Bakreste ba batlang ho nyalana ba lokela ho finyella lintho tse itseng tse hlokoang ke molao. Hang ha ba se ba entse joalo, ba ka ’na ba chata ka mokhoa leha e le ofe o amohelehang ho ea ka molao. Seo se ka etsoa ka tšebeletso e nyenyane le e itekanetseng e tsamaisoang ke moahloli, ramotse kapa mosebeletsi oa bolumeli ea lumeletsoeng ke ’Muso. Ba bang ba khetha ho nyalana ka tsela eo, mohlomong ba kōpe beng ka bona ba seng bakae kapa metsoalle ea bona ea Bakreste hore e be teng e le lipaki tsa molao kapa hore feela e tl’o thaba le bona ketsahalong eo ea bohlokoa. (Jeremia 33:11; Johanne 3:29) Ka ho tšoanang, Bakreste ba bang ba ka ’na ba khetha ho se etse mokete o moholo oa lechato o tla hloka hore ho hlophisoe lintho tse ngata le ho baka litšenyehelo. Ho e-na le hoo, ba ka ’na ba khetha hore ba lokisetse lijo tse bobebe ba e-na le metsoalle e seng mekae e haufi-ufi. Ho sa tsotellehe hore na re khetha ho etsa eng re le batho ka bomong tabeng ena, re lokela ho hlokomela hore Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba ka ’na ba sheba litaba ka tsela e fapaneng le ea rōna.—Baroma 14:3, 4.

      5. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata ba batla ho ba le puo ea lenyalo ha ba nyalana, hona see se totobatsa eng?

      5 Banyalani ba bangata ba Bakreste ba khetha hore ho be le puo ea Bibele lechatong la bona.b Baa hlokomela hore Jehova ke eena ea qalileng lenyalo ebile ka Lentsoeng la hae o fana ka keletso e bohlale mabapi le kamoo lenyalo le ka atlehang kateng la ba la tlisa thabo. (Genese 2:22-24; Mareka 10:6-9; Baefese 5:22-33) ’Me banyalani ba bangata ba batla hore metsoalle ea bona ea Bakreste le beng ka bona ba thabe le bona ketsahalong eo e thabisang. Empa re lokela ho talima joang lintho tse ngata tse sa tšoaneng tse hlokoang ke molao, mekhoa ea ho etsa lintho esita le meetlo e tloaelehileng ho ea ka libaka? Sehloohong sena ho tla tšohloa maemo a libaka ka ho fapana. Maemo a mang a ka ’na a fapana haholo le seo u se tsebang kapa le se etsoang sebakeng sa heno. Leha ho le joalo, u ka lemoha melao-motheo e itseng e tšoanang kapa litšobotsi tseo e leng tsa bohlokoa ho bahlanka ba Molimo.

      Lenyalo le Hlomphehang ke le Tiisitsoeng ka Molao

      6, 7. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella litaba tse amanang le molao tsa ho tiisa lenyalo, hona re ka bontša see joang?

      6 Le hoja e le Jehova ea qalileng lenyalo, ka tsela e itseng mebuso ea batho e laola liketso tsa batho ba nyalanang. Sena se loketse kaha Jesu o ile a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a laela: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”—Baroma 13:1; Tite 3:1.

      7 Linaheng tse ngata, Cesare kapa balaoli ba sechaba, ke bona ba etsang qeto ea hore na ke mang ea loketseng hore a ka kena lenyalong. Kahoo, ha Bakreste ba babeli bao ho ea ka Mangolo ba lokolohileng, ba khetha ho nyalana, ba latela ka hloko melao ea moo ba lulang teng. Sena se ka ’na sa akarelletsa hore ba fumane lengolo la lenyalo, ba sebelisa monyalisi ea lumeletsoeng ke ’Muso le hore mohlomong ba ngolise lenyalo le seng le phethiloe. Ha Cesare Augustase a ne a laela hore batho ba “ngolisoe,” Maria le Josefa ba ile ba mamela taelo eo, ba ea Bethlehema hore ba “ngolisoe.”—Luka 2:1-5.

      8. Lenyalo le tlama ba kenang ho lona hakae, hona ke tloaelo efe ea Lipaki Tsa Jehova e bontšang hore li utloisisa seo?

      8 Ha Bakreste ba babeli ba nyalana ka tsela ea molao le e amohelehang, lenyalo leo le etsa hore ba ikarabelle ka pel’a Molimo. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li phete tšebeletso ea lenyalo ka hore li tiise lenyalo khafetsa, ebile ha li nchafatse likano tsa lenyalo, tse kang tsa ha banyalani ba etsa mokete oa ho ikhopotsa lilemo tseo ba nyalaneng ka tsona, ebang ke tse 25 kapa tse 50. (Matheu 5:37) (Likereke tse ling li hlokomoloha tšebeletso ea lenyalo e lumeletsoeng ka molao ke ’muso, li bolela hore ehlile hase lenyalo le loketseng ntle le hore moprista kapa moruti a etse tšebeletso kapa a bolele hore joale bao ba nyalanang e se e le monna le mosali.) Linaheng tse ngata, ’muso o lumella mosebeletsi oa Lipaki Tsa Jehova hore a tiise manyalo. Haeba ho khoneha, mohlomong o tla rata ho tiisa lenyalo leo nakong eo ho fanoang ka puo ea lenyalo Holong ea ’Muso. Seo ke sebaka sa borapeli ba ’nete ’me ke sona sebaka se loketseng sa hore ho fanoe ka puo mabapi le tokisetso ena e qaliloeng ke Jehova Molimo.

      9. (a) Ha banyalani ba Bakreste ba tiisa lenyalo ’musong, ke eng seo ba ka ’nang ba khetha ho se etsa? (b) Baholo ba ka ’na ba ameha joang litokisetsong tsa lechato?

      9 Linaheng tse ling, molao o hloka hore batho ba nyalane ofising ea ’muso, e kang ofisi ea ’masepala kapa ba nyalane ka pel’a moemeli oa sechaba ea khethiloeng ka molao. Hangata Bakreste ba khetha hore ba latele mohato oo oa melao ebe ka mor’a moo ho fanoa ka puo ea lenyalo Holong ea ’Muso hona letsatsing leo kapa letsatsing le latelang. (Ka mor’a ho tiisa lenyalo ’musong, ba ke ke ba lumella hore ho fete matsatsi a mangata pele ho fanoa ka puo ea Bibele, kaha ba nyalane ka molao ka pel’a Molimo le batho, ho akarelletsa le phutheho ea Bokreste.) Haeba batho ba nyalanang ba tiisa lenyalo ’musong ba batla hore ba fuoe puo Holong e itseng ea ’Muso, ba lokela ho kōpa tumello esale pele ho baholo ba etsang Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. Ka mor’a hore balebeli bana ba tiise hore batho bao ba nyalanang ba na le botumo bo botle, ba tla etsa bonnete ba hore nako ea lenyalo leo e se ke ea kena-kenana le liboka tse tšoaroang kamehla le mananeo a hlophisitsoeng holong eo. (1 Bakorinthe 14:33, 40) Ba tla boela ba hlahlobe litokiso leha e le life tseo banyalani ba ka kōpang ho li etsa holong ’me ba etse qeto ea hore na ba tla etsa tsebiso mabapi le ho sebelisoa ha holo.

      10. Haeba ho hlokahala hore lenyalo le tiisoe ’musong, see se tla ama puo ea lenyalo joang?

      10 Moholo ea fanang ka puo ea lenyalo o tla leka ka matla ho etsa hore puo eo e be e fanoang ka botsoalle, e hahang moeeng le e hlomphehang. Haeba banyalani bao ba se ba tiisitse lenyalo ’musong, o tla bolela ka ho hlaka hore ba se ba nyalane ho ea ka molao oa Cesare. Haeba ha baa ka ba etsa likano tsa lenyalo ha ba ne ba tiisa lenyalo ’musong, banyalani bao ba ka ’na ba rata ho li etsa nakong eo ho fanoang ka puo.c Haeba banyalani ba bacha ba ile ba etsa le likano tsa lenyalo ha ba ne ba tiisa lenyalo ’musong, empa joale ba batla ho etsa likano ka pel’a Jehova le phutheho, ba tla bua ka mantsoe a bontšang hore ba se ba li entse, ka tsela eo ba bontše hore ba se ba ‘kopantsoe hammoho jokong.’—Matheu 19:6; 22:21.

      11. Libakeng tse ling, batho ba nyalana joang, hona seo se ama puo ea lenyalo joang?

      11 Libakeng tse ling, molao o ka ’na oa se ke oa hloka hore batho ba be le tšebeletso leha e le efe ha ba nyalana, ebile o ka ’na oa se ke oa hloka hore ba nyalane ka pel’a moemeli oa ’muso. Ha ba fa mosebeletsi oa ’muso foromo ea ho ngolisa lenyalo e seng e saennoe, ke hona ha ba nyalana. Kapele ka mor’a moo, lengolo la bona la lenyalo lea ngolisoa. Ka tsela ena, banyalani bao ba nkoa e le monna le mosali, letsatsi le lengolong la bona la lenyalo e ba lona leo ba nyalaneng ka lona. Joalokaha ho se ho boletsoe ka holimo, batho ba nyalanang ka mokhoa oo ba ka ’na ba rata hore hang feela ka mor’a ho ngolisa lenyalo ba fuoe puo ea Bibele Holong ea ’Muso. Mor’abo rōna ea hōlileng tsebong ea khethiloeng hore a fane ka puo o tla tsebisa bohle ba leng teng hore batho bao ba se ba nyalane ka lebaka la ho ngolisoa ha lenyalo ho sa tsoa etsahala. Likano leha e le life tsa lenyalo li lokela ho etsoa tumellanong le se boletsoeng serapeng sa 10 le mongolong o botlaaseng ba leqephe. Batho ba tlileng Holong ea ’Muso ba tla thaba le banyalani bao ’me ba rue molemo keletsong ea Lentsoe la Molimo.—Sefela sa Lifela 3:11.

      Manyalo a Moetlo le a Tiisoang ’Musong

      12. Lenyalo la moetlo ke’ng, hona ke eng se lokelang ho etsoa ka mor’a lenyalo le joalo?

      12 Linaheng tse ling, batho ba nyalana ka mokhoa o ka bitsoang lenyalo la moetlo. Sena ha se bolele ha batho ba babeli ba itulela ’moho feela, ebile ha se bolele boemo boo ho bona batho ba lulang ’moho empa ba sa nyalana, bo ka ’nang ba amoheleha libakeng tse ling le hoja e se lenyalo la molao ka botlalo.d Lenyalo la moetlo leo re buang ka lona ke leo batho ba kenang ho lona ho latela moetlo o amohelehang sechabeng oa leloko le itseng kapa oa sebaka se itseng. Sena se ka ’na sa akarelletsa ho ntša le ho amohela bohali ka ho feletseng, boo ka bona batho bao ba nyalanang ka molao le ka mokhoa o lumelloang ke Mangolo. ’Muso o talima lenyalo le joalo la moetlo e le le loketseng, le le molaong ebile e le le tlamang. Ka hona, ka tloaelo ho ee ho tlalehoe kapa ho ngolisoe lenyalo la moetlo le bileng teng, ’me ka ho etsa joalo banyalani ba ka fumana lengolo la molao. Ho ngolisa lenyalo leo ho ka sireletsa banyalani bao litabeng tsa molao kapa ha sireletsa mosali haeba a hlokahalloa ke monna ’me ha sireletsa le bana leha e le bafe ba ka bang teng ka moso. Phutheho e tla khothalletsa leha e le bafe ba nyalanang ka lenyalo la moetlo hore ba le ngolise kapele kamoo ho ka khonehang. Ho thahasellisang ke hore ho bonahala eka Molaong oa Moshe, manyalo le ho hlaha ha bana li ne li tlalehoa ka molao.—Matheu 1:1-16.

      13. Ka mor’a hore batho ba nyalane ka lenyalo la moetlo, ke taba efe e loketseng mabapi le puo ea lenyalo?

      13 Banyalani ba kopantsoeng ka molao ka lenyalo le joalo la moetlo ba fetoha monna le mosali ha lenyalo leo la moetlo le etsahala. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, Bakreste ba kenang lenyalong le joalo la molao ba ka ’na ba rata hore ba fuoe puo ea lenyalo, ba etse likano tsa lenyalo Holong ea ’Muso. Haeba seo se etsahala, sebui se tla bolela hore batho bao ba se ba nyalane tumellanong le melao ea Cesare. Ho tla fanoa ka puo e le ’ngoe feela. Kaha ho na le lenyalo le le leng feela, e leng lenyalo la moetlo le tiisitsoeng ka molao, puo ea Mangolo le eona e ba ’ngoe feela. Ho etsa hore lintho tsena tse peli li etsoe ka nako e batlang e tšoana kahohle kamoo ho ka khonehang, haholo-holo letsatsing lona leo, ho tla etsa hore lenyalo la Bokreste e be le hlomphehang sechabeng.

      14. Ke’ng seo Mokreste a ka se etsang haeba a e-na le monyetla oa hore a ka nyala ka mokhoa oa moetlo le oa ho tiisa lenyalo ’musong?

      14 Linaheng tse ling moo lenyalo la moetlo le nkoang e le la molao, ho boetse ho na le litokisetso tsa lenyalo le tiisoang ’musong (kapa la molao o ngotsoeng). Lenyalo le tiisoang ’musong hangata le tiisoa ke moemeli oa ’muso, ’me le ka ’na la akarelletsa ho etsa likano tsa lenyalo le ho saena buka ea ho ngolisa manyalo. Bakreste ba bang ba khetha ho nyalana ka mokhoa ona oa ho tiisa lenyalo ’musong ho e-na le ho nyalana ka mokhoa oa moetlo. Molao ha o tlame batho hore ba nyalane ka mefuta eo e ’meli ea lenyalo; o mong le o mong oa eona oa amoheleha molaong. Se boletsoeng serapeng sa 9 le sa 10 mabapi le puo ea lenyalo le likano tsa lenyalo sea sebetsa le tabeng ena ea lenyalo le tiisoang ’musong. Ntho ea bohlokoa ke hore ebe batho ba nyalane ka tsela e hlomphehang mahlong a Molimo le a batho.—Luka 20:25; 1 Petrose 2:13, 14.

      Boloka Tlhompho Lenyalong

      15, 16. Ke joang tlhompho e ka bang karolo ea bohlokoa lenyalong?

      15 Ha ho ne ho hlaha bothata lenyalong la morena oa Persia, moeletsi oa hae e moholo ea bitsoang Memukane o ile a fana ka keletso e neng e ka ba le liphello tse ntle—e reng ‘basali bohle ba hlomphe banna ba bona.’ (Esthere 1:20) Manyalong a Bakreste, ha ho hlokahale hore keletso eo e etsetsoe molao ke morena leha e le ofe oa motho, kaha basali ba batla ho hlompha banna ba bona. Ka ho tšoanang, banna ba Bakreste ba abela balekane ba bona tlhompho ’me baa ba rorisa. (Liproverbia 31:11, 30; 1 Petrose 3:7) Ho bontša tlhompho lenyalong la rōna ha hoa lokela ho etsoa feela ka mor’a lilemo tse ngata. Tlhompho e lokela ho bontšoa li sa tloha feela, ha e le hantle, e lokela ho bontšoa ho tloha letsatsing la lechato ho ea pele.

      16 Ha se monna le mosali feela ba lokelang ho bontša tlhompho ka letsatsi la lechato. Haeba moholo oa Mokreste o tla fana ka puo ea lenyalo, puo eo le eona e lokela ho fanoa ka tlhompho. Puo eo e lokela ho tobisoa ho banyalani. E le tsela e ’ngoe ea ho ba hlompha, sebui se ke ke sa etsa metlae kapa sa bua lipolelo tse tloaelehileng tseo e leng maikutlo a batho. Ha sea lokela ho kenyelletsa maikutlo a botho haholo a ka ’nang a tlotlolla banyalani le bamameli. Ho e-na le hoo, se tla leka hore se bue ka tsela ea botsoalle le e hahang, se totobatsa Moqapi oa lenyalo le keletso ea Hae e ikhethang. Ka sebele, puo e hlomphehang ea lenyalo eo moholo a fanang ka eona e tla tlatsetsa hore lechato leo le tlise tlhompho ho Jehova Molimo.

      17. Ke hobane’ng ha litaba tsa molao li eloa hloko manyalong a Bakreste?

      17 Sehloohong sena, mohlomong u hlokometse lintlha tse ngata tse qaqileng tsa molao mabapi le lenyalo. E ka ’na eaba lintlha tse ling ha li sebetse ka ho toba sebakeng sa heno. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re lokela ho hlokomela kamoo ho leng bohlokoa kateng hore litokisetso tsa lenyalo har’a Lipaki Tsa Jehova li hlomphe melao ea sebaka ka seng, e leng melao ea Cesare. (Luka 20:25) Pauluse o ile a re khothalletsa sena: “Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho; ea batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba; . . . ea batlang tlhompho, le mo fe tlhompho e joalo.” (Baroma 13:7) Ka sebele ho loketse hore ho tloha letsatsing la lechato feela, Bakreste ba hlomphe tokisetso eo Molimo a e lumeletseng hore e sebetse hona joale.

      18. Ke karolo efe ea lechato e sa tlameng e lokelang ho eloa hloko, hona re ka fumana boitsebiso bo buang ka taba ee hokae?

      18 Machato a mangata a Bakreste a lateloa ke ’moka oa botsoalle—e leng mokete oa lenyalo. Hopola hore Jesu o ile a khetha ho ea moketeng o mong o joalo. Haeba ho e-na le ’moka o joalo, keletso ea Bibele e ka re thusa joang ho tiisa hore le oona o tla tlisa tlhompho ho Molimo ’me o emele banyalani bao ba bacha le phutheho ea Bokreste hantle? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa taba eo.e

  • Bontša Tumelo ka Tsela eo U Phelang ka Eona
    Molula-Qhooa—2006 | October 15
    • Bontša Tumelo ka Tsela eo U Phelang ka Eona

      “Tumelo, . . . ha e se na mesebetsi, e shoele.”—JAKOBO 2:17.

      1. Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ile ba ela hloko taba ea tumelo le mesebetsi?

      KA KAKARETSO, Bakreste ba pele ba ile ba bontša tumelo ka tsela eo ba neng ba phela ka eona. Morutuoa Jakobo o ile a khothalletsa Bakreste bohle a re: “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.” O ile a phaella ka ho re: “Joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jakobo 1:22; 2:26) Lilemo tse ka bang 35 ka mor’a hore a ngole mantsoe ao, Bakreste ba bangata ba ne ba ntse ba tsoela pele ho bontša tumelo ka mesebetsi e loketseng. Empa ka bomalimabe, ba bang ba ne ba sa etse joalo. Jesu o ile a babatsa phutheho ea Smyrna; empa o ile a re ho ba bangata phuthehong ea Sarda: “Ke tseba liketso tsa hao, hore u na le lebitso la hore ua phela, empa u shoele.”—Tšenolo 2:8-11; 3:1.

      2. Ke lipotso life tseo Bakreste ba lokelang ho ipotsa tsona mabapi le tumelo ea bona?

      2 Ka lebaka leo, Jesu o ile a khothatsa ba neng ba le Sarda—’me ka kakaretso o ile a khothatsa le bohle bao hamorao ba neng ba tla bala mantsoe a hae—hore ba bontše lerato la bona la pele bakeng sa ’nete ea Bokreste ’me ba falimehe moeeng. (Tšenolo 3:2, 3) Re le batho ka bomong re ka ipotsa: ‘Ho thoe’ng ka liketso tsa ka? Na liketso tsa ka li bontša ka ho hlaka hore ke etsa sohle seo nka se khonang ho bontša tumelo ka tsohle tseo ke li etsang, esita le likarolong tse sa amaneng ka ho toba le mosebetsi oa boboleli kapa liboka tsa phutheho?’ (Luka 16:10) Re ka hlahloba likarolo tse ngata tsa bophelo mabapi le ho bontša tumelo, empa a re ke re tšohleng karolo e le ’ngoe feela: e leng ’moka ea boithabiso, e akarelletsang eo hangata e tšoaroang ka mor’a machato a Bokreste.

      ’Moka e Menyenyane ea Boithabiso

      3. Maikutlo a Bibele ke afe mabapi le ho kopanela ’mokeng?

      3 Boholo ba rōna rea thaba ha re memeloa ’mokeng oa Bakreste ba thabileng. Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ea batlang hore bahlanka ba hae ba thabe. (1 Timothea 1:11) O ile a etsa hore Solomone a kenyelletse ’nete ena ka Bibeleng: “Ke ile ka babatsa thabo, hobane moloko oa batho ha o na letho le molemo tlas’a letsatsi ho feta ho ja le ho noa le ho thaba, le hore o fumane hoo mosebetsing oa oona o thata ka matsatsi a bophelo ba oona.” (Moeklesia 3:1, 4, 13; 8:15) Thabo e joalo e ka ba teng ha lelapa le e-ja lijo hammoho kapa ’mokeng o mong o monyenyane oa boithabiso oa barapeli ba ’nete.—Jobo 1:4, 5, 18; Luka 10:38-42; 14:12-14.

      4. Motho ea lokisetsang ’moka o lokela ho ameha ka eng?

      4 Haeba u ntse u rera ho ba le ’moka o joalo ebile e le uena ea ikarabellang ka oona, u lokela ho nahana ka hloko seo u rerang ho se etsa, esita le haeba u memela balumeli ba ’maloa feela lijong le moqoqong oa botsoalle. (Baroma 12:13) U tla rata ho tiisa hore “lintho tsohle li [etsahala] ka mokhoa o hlomphehang,” u tataisoa ke “bohlale bo tsoang holimo.” (1 Bakorinthe 14:40; Jakobo 3:17) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo. Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.” (1 Bakorinthe 10:31, 32) Likarolo tse ling tse lokelang ho eloa hloko ke life? Ho nahana ka seo esale pele ho tla u thusa ho etsa bonnete ba hore uena le baeti ba hao le bontša tumelo ka seo le se etsang.—Baroma 12:2.

      E Tla ba ’Moka oa Mofuta Ofe?

      5. Ke hobane’ng ha motho ea amohelang baeti a lokela ho nahana ka hloko hore na o tla fana ka joala le hore na ’mino o tla ba teng?

      5 Batho ba bangata ba amohelang baeti ba ’nile ba tlameha ho nahana ka taba ea hore na ba fane ka joala kapa che. Hase hore joala boa hlokahala hore ’moka e be o khathollang. Hopola hore Jesu o ile a fepa sehlopha se seholo sa batho ba neng ba tlile ho eena—o ile a atisa mahobe le litlhapi. Tlaleho eo ha e bolele hore o ile a etsa veine ka mohlolo, le hoja re tseba hore o ne a ka khona ho e etsa. (Matheu 14:14-21) Haeba u etsa qeto ea ho fana ka joala ’mokeng, lekanyetsa hore na ho tla ba le bo bokae, ’me u etse bonnete ba hore ho ba le lino tse ling tse monate tse se nang tahi bakeng sa ba ka ratang ho noa tsona. (1 Timothea 3:2, 3, 8; 5:23; 1 Petrose 4:3) Ho hang u se ke ua etsa hore motho leha e le ofe a ikutloe a tlamehile hore a noe ntho e ka ’nang ea loma “feela joaloka noha.” (Liproverbia 23:29-32) Ho thoe’ng ka ’mino kapa ho bina? Haeba ’mino o tla ba teng ’mokeng oa hao, ha ho pelaelo hore u tla khetha lipina ka hloko, u nahanne ka morethetho le mantsoe a lipina tseo. (Bakolose 3:8; Jakobo 1:21) Bakreste ba bangata ba hlokometse hore ho letsa Kingdom Melodies kapa esita le ho bina lipina tseo ba le ’moho ho etsa hore ’moka e be o thabisang. (Baefese 5:19, 20) Empa ho hotle hore u lule u hlokometse molumo e le hore ’mino oo o se ke oa sitisa batho hore ba qoqe hamonate le hore o se ke oa tšoenya baahelani leha e le bafe.—Matheu 7:12.

      6. Motho ea amohetseng baeti a ka bontša joang hore tumelo ea hae ea phela mabapi le moqoqo kapa mesebetsi e meng?

      6 ’Mokeng oa boithabiso, Bakreste ba ka bua ka litaba tse sa tšoaneng, ba ka balla boitsebiso bo itseng holimo, kapa ba pheta liphihlelo tse thahasellisang. Haeba moqoqo o se o tsoa tseleng, motho ea amohetseng baeti a ka o khutlisetsa tseleng ka bohlale. Hape o lokela ho falimehela hore ho se ke ha bua motho a le mong haholo. Haeba a bona hore motho ea itseng ke eena ea buang haholo a le mong, ka masene a ka ’na a kenella ebe o etsa hore ba bang le bona ba bue, mohlomong ka hore a kōpe bacha hore ba ke ba qoqe kapa a qalise moqoqo ka taba eo batho ba fapa-fapaneng ba ka buang ka eona. Bacha hammoho le ba hōlileng ba tla thabela karolo ena ea ’moka. Haeba uena, joaloka mohlophisi, u tsamaisa litaba ka bohlale le ka masene, ‘ho ba le kahlolo e molemo ha hao ho tla tsejoa’ ke ba leng teng moo. (Bafilipi 4:5) Ba tla lemoha hore tumelo ea hao ea phela ’me e ama likarolo tsohle tsa bophelo ba hao.

      Machato le Mekete ea ’Ona

      7. Ke hobane’ng ha ho rera machato le ’moka e amanang le ’ona e le lintho tse lokelang ho eloa hloko?

      7 Lechato la Bokreste ke ketsahalo e ’ngoe e khethehileng e thabisang. Bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ho akarelletsa Jesu le barutuoa ba hae, ba ne ba kopanela ka ho rata liketsahalong tse thabisang joalo, tse akarelletsang ho keteka le batho ba bang. (Genese 29:21, 22; Johanne 2:1, 2) Leha ho le joalo, linakong tsa morao tjena, phihlelo e bontšitse ka ho hlaka hore ho lokisetsa ’moka ea boithabiso e amanang le machato, ho hloka boiteko bo khethehileng e le hore ’moka eo e bontše temoho e molemo le teka-tekano ea Bokreste. Empa ’moka ena ke likarolo tse tloaelehileng tsa bophelo tse fang Mokreste monyetla oa ho bontša tumelo ea hae.

      8, 9. Lintho tseo batho ba tloaetseng ho li etsa machatong a mangata li bontša joang seo re se balang ho 1 Johanne 2:16, 17?

      8 Batho ba bangata ba sa tsebeng melao-motheo ea Bibele kapa ba sa e tsotelleng ba nka lechato e le ketsahalo eo ho eona ho ka feteletsoang lintho, kapa mohlomong e le ketsahalo eo ho eona ho ka lumelloang lintho tse feteletseng. Makasineng o mong oa Europe, mosali e mong e mocha o ile a bua tjena ka lenyalo la hae le kang la boreneng: ‘Re ne re palame kariki e huloang ke lipere tse ’nè e latetsoe ke likariki tse 12 tse nyenyane tse huloang ke lipere le kariki e ’ngoe e neng e palamisitse sehlopha se letsang ’mino. Joale ra itatsoa melomo ka lijo tse hlabosehang le ’mino o mathe-maloli; ho ne ho le monate haholo. Ho ne ho le feela joalokaha ke ne ke batla, ke ne ke hlile ke le mofumahali letsatsing leo.’

      9 Le hoja litloaelo li fapana ho ea ka libaka, maikutlo ao a mpa a tiisa seo moapostola Johanne a ileng a se ngola: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” Na u ka nahana ka banyalani ba Bakreste ba hōlileng tsebong ba batlang ho ba le lechato le kang la boreneng leo ho nang le matletsetletse a lijo moketeng? Ho e-na le hoo, litokisetso tsa bona tsa lenyalo li lokela ho bontša hore ba nahanne ka keletso ea hore “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:16, 17.

      10. (a) Hore lechato e be le itekanetseng, ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho rera lintho hantle? (b) Liqeto tsa hore na ke bo-mang ba mengoang li lokela ho etsoa joang?

      10 Bakreste ba nyalanang ba batla hore ba shebe lintho ka tsela ea sebele le ho bontša ho lekalekana, ’me Bibele e ka ba thusa. Le hoja letsatsi la lechato e le ketsahalo ea bohlokoa, baa tseba hore ke qalo feela ea bophelo ba lenyalo ba Bakreste ba babeli ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Ha ho letho le ba tlamang hore ba etse mokete oa semetletsa oa lenyalo. Haeba ba khetha hore ba be le ’moka, ba tla rata hore ba bale litšenyehelo tsa ’moka oo ’me ba nahane hore na e tla ba oa mofuta ofe. (Luka 14:28) Ha ba se ba phela hammoho e le Bakreste, ho ea ka Mangolo, monna e tla ba hlooho. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:22, 23) Kahoo, monyali ke eena ea ikarabellang haholo-holo ka mokete oa lenyalo. Ha ho pelaelo hore ka lerato o tla buisana le mosali oa hae oa ka moso ka litaba tse kang hore na ba batla ho mema bo-mang kapa hore na ba tla khona ho mema batho ba bakae moketeng oa bona oa lenyalo. Ho ka ’na ha se ke ha khoneha kapa ea se ke ea e-ba ntho e utloahalang hore ba meme metsoalle eohle le beng ka bona; kahoo ho ka ’na ha lokela hore ho etsoe liqeto tse ling ka tsela e leka-lekaneng. Batho bana ba nyalanang ba lokela ho kholiseha hore haeba ba sitoa ho mema Bakreste-’moho le bona ba itseng, Bakreste bao ba tla utloisisa ebile ba ke ke ba khopisoa ke seo.—Moeklesia 7:9.

      “Motsamaisi oa Mokete”

      11. “Motsamaisi oa mokete” a ka phetha karolo efe lechatong?

      11 Haeba banyalani ba khetha hore ba be le ’moka oa ho keteka lechato, ba ka tiisa joang hore ketsahalo eo e lula e hlompheha? Ka lilemo tse ngata ho tla fihlela joale, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa elelloa bohlokoa ba ho kenyelletsa karolo e boletsoeng mabapi le ’moka oo Jesu a ileng a ea ho oona Kana. Ho ne ho e-na le “motsamaisi oa mokete” moo, eo ka sebele e neng e le molumeli-’moho ea nang le boikarabelo. (Johanne 2:9, 10) Ka ho tšoanang, monyali ea bohlale o tla khetha mor’abo rōna oa Mokreste ea hōlileng moeeng hore a phethe karolo ena ea bohlokoa. Ha motsamaisi oa mokete a se a fumane hantle hore na monyali o lakatsa hore lintho li etsoe joang, a ka li phethahatsa pele ho ’moka esita le nakong ea ’ona.

      12. Ke’ng seo monyali a lokelang ho nahana ka sona mabapi le ho sebelisa joala?

      12 Tumellanong le se hlalositsoeng serapeng sa 5, banyalani ba bang ba khetha hore ba se ke ba fana ka joala moketeng oa lenyalo e le ho qoba hore bo se ke ba sebelisoa hampe ’me ba senya thabo le katleho ea ketsahalo eo. (Baroma 13:13; 1 Bakorinthe 5:11) Leha ho le joalo, haeba ho fanoa ka joala, monyali o lokela ho etsa bonnete ba hore bo fanoa ka ho lekanyetsa. Ho ne ho e-na le veine lechatong leo Jesu a neng a le ho lona Kana, ’me o ile a fana ka veine ea boleng bo botle. Taba e thahasellisang ke hore motsamaisi oa mokete o ile a re: “Motho e mong le e mong o ntša veine e ntle pele, ’me ha batho ba tahiloe, a ntše ea boleng bo tlaasana. U bolokile veine e ntle ho fihlela joale.” (Johanne 2:10) Ha ho pelaelo hore Jesu ha aa ka a khothalletsa botahoa ka tsela leha e le efe, etsoe o ne a bo nka e le ntho e fosahetseng. (Luka 12:45, 46) Ha motsamaisi eo a ne a makalla boleng ba veine eo, o ile a totobatsa hore o ne a hlokometse liketsahalo tseo ho tsona baeti ba tlileng lechatong ba neng ba tahoa. (Liketso 2:15; 1 Bathesalonika 5:7) Kahoo, monyali hammoho le Mokreste ea tšepahalang eo a mo khethang hore e be motsamaisi oa mokete ba lokela ho etsa bonnete ba hore bohle ba leng teng ba latela taelo ena e hlakileng: “Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama.”—Baefese 5:18; Liproverbia 20:1; Hosea 4:11.

      13. Ke’ng seo banyalani ba lokelang ho nahana ka sona haeba ba lokisetsa hore ’mino o be teng moketeng oa lechato, hona hobane’ng?

      13 Joaloka lipokanong tse ling, haeba ’mino o tla ba teng, molumo o lokela ho eloa hloko ka tsela e loketseng e le hore o lumelle batho ho utloana ha ba qoqa. Moholo e mong oa Mokreste o ile a re: “Ha shoalane e tšoara, nakong eo ho chang lekomo ka matla kapa nakong eo batho ba qalang ho tantša, ka linako tse ling ho nyolloa molumo oa ’mino. ’Mino o qalileng o letsetsoa tlaase o ka baka lerata ’me oa sitisa moqoqo. Mokete oa lenyalo o fana ka monyetla oa ho thabela botsoalle bo mofuthu. E ne e tla ba bomalimabe bo bokaakang haeba ’mino o lerata o ne o ka senya monyetla oo!” Le mona, monyali le motsamaisi oa mokete ba lokela ho etsa lintho ka tsela e bontšang boikarabelo, ba se ke ba tlohella taba ea hore na ho letsoa ’mino oa mofuta ofe le hore na o letsoa ka molumo o mokae ho liletsi tsa ’mino, ebang ke tse hiriloeng kapa che. Pauluse o ile a ngola a re: “Eng kapa eng eo le e etsang lentsoeng kapa mosebetsing, le etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso la Morena Jesu.” (Bakolose 3:17) Ka mor’a mokete oa lechato ha baeti ba ea malapeng, na ba tla hopola ’mino oo e le o neng o bontša hore banyalani ba ne ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso la Jesu? Ho lokela hore ho be joalo.

      14. Ke eng seo Bakreste ba lokelang ho se hopola ka thabo e khōlō mabapi le lechato?

      14 Ka sebele, lechato le hlophisitsoeng hantle le ka hopoloa ka thabo e khōlō. Adam le Edyta, ba nyalaneng ka lilemo tse 30, ba ile ba re ka lechato le leng: “Ka sebele u ne u utloa hore ho rena moea oa Bokreste. Ho ne ho e-na le lipina tse rorisang Jehova empa ho boetse ho e-na le boithabiso bo bong bo monate. Tantši le ’mino e ne e se tsa bohlokoa hakaalo. Ho ne ho le monate ebile ho khatholla, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lumellana le melao-motheo ea Bibele.” Ka ho hlakileng, monyali le monyaluoa ba ka etsa lintho tse ngata tse pakang hore ba bontša tumelo ka mesebetsi ea bona.

      Limpho Tsa Lenyalo

      15. Ke keletso efe ea Bibele e ka sebelisoang mabapi le limpho tsa lenyalo?

      15 Linaheng tse ngata, ho tloaelehile hore metsoalle le ba lelapa ba fe banyalani limpho. Haeba u khetha ho etsa joalo, ke’ng seo u ka ’nang ua se hopola? Hopola seo moapostola Johanne a ileng a se bua ka “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” O ile a amahanya mokhoa o joalo oa ho etsa mponeng le ‘lefatše le fetang,’ eseng le Bakreste ba bontšang tumelo ka liketso. (1 Johanne 2:16, 17) Ka lebaka la tlhaloso eo e bululetsoeng ea Johanne, na banyalani ba bacha ba lokela ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho? Bakreste ba Macedonia le Akaia ba ile ba fana ka monehelo ho barab’abo rōna ba Jerusalema, empa ha ho na pontšo ea hore mabitso a bona a ile a phatlalatsoa. (Baroma 15:26) Bakreste ba bangata ba fanang ka limpho tsa lenyalo ba ka rata ha mabitso a bona a lula a sa tsejoe ho e-na le ipitsetsa mahlo ho sa hlokahale. Tabeng ena, hlahloba keletso ea Jesu e fumanoang ho Matheu 6:1-4.

      16. Banyalani ba bacha ba ka qoba ho khopisa ba bang joang mabapi le limpho tsa lenyalo?

      16 Ho bolela mabitso a ba faneng ka limpho ho ka ‘hlohlelletsa tlhōlisano’ mabapi le hore na mpho e ntle ho feta tse ling kapa e bitsang chelete e ngata haholo ke efe. Kahoo, banyalani ba bacha ba Bakreste ba bohlale ba tla qoba ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho. Ho phatlalatsa mabitso a ba faneng ka limpho ho ka ’na ha soabisa ba bang bao mohlomong ba sa khonang ho fana ka mpho. (Bagalata 5:26; 6:10) Ke ’nete hore hase phoso ha monyali le monyaluoa ba tseba hore na ke mang ea ba fileng mpho e itseng. Mohlomong ba ka hlokomela seo kareteng e loketseng e tsamaeang le mpho eo empa e sa baloe phatlalatsa. Ha re reka mpho ea lenyalo, kapa re fana ka eona ebile re e amohela, kaofela re ba le monyetla oa ho bontša hore esita le tabeng e joalo ea botho, tumelo ea rōna e ama liketso tsa rōna.a

      17. Sepheo sa Bakreste e lokela ho ba sefe mabapi le tumelo ea bona le mesebetsi?

      17 Ka sebele ho bontša tumelo ho akarelletsa ho fetang feela ho phela ka boitšoaro, ho ea libokeng tsa Bokreste le ho kopanela mosebetsing oa boboleli. E se eka kaofela re ka ba le tumelo e phelang e amang sohle seo re se etsang. Ka sebele re ka bontša tumelo ka liketso tse ‘etsoang ka botlalo,’ ho kopanyelletsa le likarolong tsa bophelo tse tšohliloeng ka holimo.—Tšenolo 3:2.

      18. Mantsoe a ho Johanne 13:17 a ka phethahala joang mabapi le machato le ’moka ea Bakreste?

      18 Ka mor’a hore Jesu a behele baapostola ba hae ba tšepahalang mohlala o motle ka ho etsa ketso ea boemo bo tlaase ea ho ba hlatsoa maoto, o ile a re: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.” (Johanne 13:4-17) Libakeng tseo re phelang ho tsona kajeno, e ka ’na eaba ha ho hlokahale kapa ha hoa tloaeleha ho hlatsoa motho e mong maoto, mohlomong e le moeti ea re etetseng lapeng. Leha ho le joalo, joalokaha re hlahlobile sehloohong sena, ho na le likarolo tse ling tsa bophelo tseo ho tsona re ka bontšang tumelo ka liketso tse lerato, tse nahanelang, ho akarelletsa le tse amanang le ’moka ea boithabiso le machato a Bakreste. Re ka bontša tumelo ka liketso tse joalo ebang rea nyalana kapa re baeti lechatong kapa ’mokeng o thabisang o latelang lechato oa Bakreste ba batlang ho bontša tumelo ka liketso tsa bona.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Likarolo tse ling tsa machato le mekete e tsamaeang le ’ona li tšohliloe sehloohong se latelang se reng, “Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato.”

      U ka Araba Joang?

      U ka bontša joang hore u na le tumelo

      • ha u hlophisa ’moka oa boithabiso?

      • ha u lokisetsa lechato kapa mokete oa lenyalo?

      • ha u fana ka limpho tsa lenyalo kapa u li fuoa?

      [Setšoantšo se leqepheng la 24]

      Esita leha u mema batho ba ’maloa feela, u tataisoe ke “bohlale bo tsoang holimo”

  • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
    Molula-Qhooa—2006 | October 15
    • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato

      GORDON, ea bileng lenyalong ka lilemo tse ka bang 60, o re: “Letsatsi la ka la lechato e ne e le le leng la matsatsi a bohlokoa le a thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka.” Ke eng se etsang hore letsatsi la lechato e be la bohlokoa hakaale ho Bakreste ba ’nete? Ke hobane ke letsatsi leo ka lona ba etsang kano ho batho bao ba ba ratang haholo—e leng balekane ba bona le Jehova Molimo. (Matheu 22:37; Baefese 5:22-29) Ka sebele, batho ba rerang ho nyalana ba batla hore ba thabe letsatsing la bona la lechato, empa hape ba batla ho hlompha Moqapi oa lenyalo.—Genese 2:18-24; Matheu 19:5, 6.

      Monyali a ka eketsa seriti joang ketsahalong ee e thabisang? Monyaluoa a ka etsa’ng ho bontša tlhompho ho monna oa hae le ho Jehova? Ba bang ba tlang lechatong ba ka eketsa thabo joang letsatsing lee la lechato? Ho hlahloba melao-motheo e meng ea Bibele ho tla re thusa ho araba lipotso tseo, ’me ho sebelisa melao-motheo eo, ho tla fokotsa mathata a ka tlosang ketsahalo ena ea bohlokoa seriti.

      Ke Mang ea Jarang Boikarabelo?

      Linaheng tse ngata, mosebeletsi oa Lipaki Tsa Jehova a ka ’na a tsamaisa tšebeletso ea lenyalo ka molao. Esita le libakeng tseo lenyalo le tiisoang ka molao ke moemeli oa ’muso, banyalani ba ka ’na ba rata hore ba fuoe puo e thehiloeng Bibeleng. Puong eo, ka tloaelo monyali o kōptjoa hore a ke a nahanisise ka boemo boo a bo filoeng ke Molimo ba ho ba hlooho ea lelapa. (1 Bakorinthe 11:3) Ka lebaka leo, monyali o jara boikarabelo bo ka sehloohong mabapi le se etsahalang lechatong. Ha ho pelaelo hore litokisetso tsa tšebeletso ea lenyalo ka boeona le tsa ’moka leha e le ofe o ka bang teng ka mor’a moo, hangata li etsoa nako e telele esale pele. Ke hobane’ng ha monyali a ka ’na a thatafalloa ke ho etsa litokisetso tsee?

      Lebaka le leng ke hore ba habo monyaluoa kapa ba habo monyali ba ka ’na ba leka ho ba le tšusumetso e matla ha ho etsoa litokisetso tsa lechato. Rodolfo, ea tiisitseng manyalo a mangata, o re: “Ka linako tse ling monyali o ba tlas’a khatello e matla ea beng ka eena, haholo-holo haeba e le bona ba lefellang litšenyehelo tsa mokete oa lenyalo. Ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a matla mabapi le hore na ho etsoe eng tšebeletsong ea lechato le moketeng oa lenyalo. Sena se ka ’na sa beha ka mosing boemo ba monyali ba Mangolo ba hore ke eena ea jarang boikarabelo ketsahalong eo.”

      Max, ea tiisitseng manyalo ka lilemo tse fetang 35, o re: “Ke hlokometse tloaelo e teng ea hore monyaluoa e ba eena ea li hulang pele ha ho etsoa qeto ka se tla etsahala lechatong le moketeng oa lenyalo, ’me monyali eena ha aa bue hakaalo.” David, eo le eena a tiisitseng manyalo a mangata, oa hlalosa: “Mohlomong banyali ha baa tloaela ho etella pele ’me hangata ha ba kopanele litokisetsong tsa lenyalo ka mokhoa o tšoanetseng.” Monyali a ka jara boikarabelo ba hae ka katleho joang?

      Puisano e Eketsa Thabo

      Hore monyali a atlehe ho phetha boikarabelo ba hae ha a lokisetsa lechato, o lokela ho bua ka tsela e atlehang. Ka ho toba Bibele e re: ‘Merero ea senyeha moo ho se nang puo ea lekunutu.’ (Liproverbia 15:22) Leha ho le joalo, pherekano e khōlō e ka qojoa haeba monyali a ka qala ho buisana ka litokisetso tsa lechato le monyaluoa, litho tsa lelapa le ba bang ba ka fanang ka keletso e molemo e thehiloeng Bibeleng.

      Ka sebele, ke habohlokoa hore batho ba lebeletsaneng ba buisane pele ka bobona ka litokisetso tsa lechato le ka lintho tse ka ’nang tsa etsoa. Hobane’ng? Ka mohlala, ak’u utloe se boleloang ke Ivan le mosali oa hae, Delwyn, ba bileng lenyalong le nang le thabo ka lilemo tse ngata empa litso tsa bona li ne li sa tšoane. Ha Ivan a hopola litokisetso tsa bona tsa lechato, o re: “Ke ne ke tseba hantle seo ke neng ke batla hore se etsahale lechatong la ka, ho akarelletsa le mokete oa lenyalo oo ho oona ho neng ho tla ba le metsoalle eohle ea ka, ho be le kuku ea lenyalo ’me monyaluoa oa ka a apere mose o mosoeu oa lenyalo. Ka lehlakoreng le leng, Delwyn eena o ne a batla lechato le lenyenyane, le itekanetseng, leo ho bileng ho se nang kuku ea lenyalo. O ne a bile a nahana ho ikaparela mose o tloaelehileng ho e-na le ho apara mose o mosoeu oa lenyalo.”

      Joale ba ile ba lokisa ho fapana ka maikutlo hoo joang? Ka hore ba buisane ka mosa le ka botšepehi. (Liproverbia 12:18) Ivan o phaella ka ho re: “Re ile ra ithuta lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka machato, tse kang tse hatisitsoeng Molula-Qhooeng oa October 15, 1984.a Boitsebiso bona bo ile ba re thusa ho talima ketsahalo eo ka tsela eo Molimo a e talimang ka eona. Ka lebaka la ho fapana ha rōna ka litso, re ile ra lokela ho sekisetsa likarolong tse ’maloa tsa lintho tseo re neng re li rata. Ka bobeli re ile ra fetola boikutlo ba rōna.”

      Aret le Penny le bona ba ile ba etsa se tšoanang. Ha Aret a bua ka letsatsi la bona la lechato, o re: “’Na le Penny re ile ra buisana ka lintho tseo re li ratang tseo re neng re fapana ka maikutlo ho tsona mabapi le lechato, ’me re ile ra khona ho lumellana. Re ile ra rapela Jehova hore a hlohonolofatse letsatsi leo. Ke ile ka boela ka batla keletso ho batsoali ba rōna le ho banyalani ba bang ba hōlileng tsebong ka phuthehong. Litlhahiso tsa bona li ile tsa re thusa haholo. Ka lebaka leo, lechato la rōna le ile la atleha.”

      Ho Boloka Seriti ka Moaparo le Boitlhopho

      Ke ntho e utloahalang hore monyali le monyaluoa ba batle ho apara hantle lechatong la bona. (Pesaleme ea 45:8-15) Ba ka ’na ba qeta nako, boiteko le chelete ba batla liaparo tse loketseng. Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka ba thusang ho khetha liaparo tse nang le seriti le tse bohehang?

      Nahana ka seo monyaluoa a se aparang ketsahalong eo. Le hoja litaele li fapana ho ea ka batho le ho ea ka linaha, keletso ea Bibele e sebetsa hohle. Basali ba lokela ho “ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” Keletso eo e sebetsa ho basali ba Bakreste ka linako tsohle, ’me ka sebele e sebetsa le letsatsing la lechato. ’Nete ke hore ha ho hlokahale “liaparo tsa theko e boima haholo” hore lechato e be le thabisang. (1 Timothea 2:9; 1 Petrose 3:3, 4) Ha keletso ena e sebelisoa, ho ba le khotsofalo e khōlō!

      David, ea boletsoeng pejana, o re: “Banyalani ba bangata ba leka ho latela melao-motheo ea Bibele, ’me ba lokela ho babatsoa. Leha ho le joalo, ho bile le liketsahalo tseo ho tsona mese ea banyaluoa le baetsana e neng e sa bontše boitlhompho, e bulehile haholo sefubeng kapa e bonaletsa.” Ha moholo e mong oa Mokreste ea hōlileng tsebong a kopana le monyali le monyaluoa esale pele, o ba thusa hore ba talime litaba ka tsela ea moea. Joang? Ka ho ba botsa hore na liaparo tseo ba rerang ho li apara e tla ba tse hlomphehang hoo ba ka li aparang ha ba ea sebokeng sa Bokreste. Ke ’nete hore setaele sa liaparo tseo se ka ’na sa fapana le liaparo tse tloaelehileng tsa ho ea libokeng le hore seaparo sa lechato se ka ’na sa bontša moetlo oa sebakeng se itseng, empa tekanyetso ea boitlhompho e lokela ho lumellana le litekanyetso tse hlomphehang tsa Bokreste. Esita le haeba ba bang lefatšeng ba ka nka hore melao ea Bibele ea boitšoaro e thata ho tlōla, Bakreste ba ’nete ba khotsofalla ho hanela boiteko boo lefatše le bo etsang ba ho ba hatella hore ba tšoane le lona.—Baroma 12:2; 1 Petrose 4:4.

      Penny o re: “Ho e-na le ho talima liaparo kapa mokete oa lenyalo e le tsona lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa, ’na le Aret re ile ra tsepamisa maikutlo tšebeletsong ea ho tiisa lenyalo, e leng karolo ea moea ea ketsahalo eo. E ne e le eona karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa letsatsing leo. Lintho tse khethehileng tseo ke li hopolang hase liaparo tseo ke neng ke li apere kapa lijo tseo ke neng ke li ja, empa ke hopola batho bao ke ileng ka qeta letsatsi leo ke e-na le bona le thabo eo ke ileng ka ba le eona ha ke ne ke nyalana le monna eo ke mo ratang.” Bakreste ba rerang ho nyalana ba lokela ho hopola lintho tse joalo ha ba ntse ba lokisetsa lechato.

      Holo ea ’Muso ke Sebaka se Hlomphehang

      Bakreste ba bangata ba rerang ho nyalana ba rata hore ba tšoarele lechato la bona Holong ea ’Muso, haeba e le teng. Ke hobane’ng ha ba khetha ho etsa joalo? Ba bang ba ile ba hlalosa mabaka a bona tjena: “Re ile ra hlokomela hore lenyalo ke tokisetso e halalelang ea Jehova. Hore re nyalane Holong ea ’Muso, e leng sebaka sa rōna sa borapeli, ho ile ha hatisa ka ho rōna hore ho ne ho hlokahala hore Jehova e be karolo ea lenyalo la rōna li sa tloha feela. Lebaka le leng la ho tšoarela tšebeletso eo Holong ea ’Muso ho e-na le ho e tšoarela sebakeng se seng, ke hore sena se ile sa bontša beng ka rōna ba sa lumelang ba neng ba tlile lechatong kamoo borapeli ba Jehova bo leng bohlokoa kateng ho rōna.”

      Haeba baholo ba phutheho ba ikarabellang bakeng sa Holo ea ’Muso ba lumella hore lechato le tšoareloe moo, banyalani ba lokela ho ba tsebisa esale pele ka litokisetso tseo ba li nahanneng. Tsela e ’ngoe eo monyali le monyaluoa ba ka bontšang ka eona hore ba hlompha ba memetsoeng lechatong ke hore ba ikemisetse ka tieo ho fihla ka nako e behiloeng bakeng sa lechato. Hape, ruri ba tla batla ho etsa bonnete ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoa ka mokhoa o hlomphehang.b (1 Bakorinthe 14:40) Kahoo ba tla qoba mekhoa e sa lokelang e bontšoang machatong a mangata a lefatše.—1 Johanne 2:15, 16.

      Batho ba tlang lechatong le bona ba ka bontša hore ba talima lenyalo ka tsela eo Jehova a le talimang ka eona. Ka mohlala, ba ke ke ba lebella hore lechato le itseng le fete machato a mang a Bakreste, joalokaha eka ho na le tlhōlisano ea hore na ke lechato la mang le neng le le majabajaba ho feta a mang. Hape, Bakreste ba hōlileng tsebong baa hlokomela hore ho ea Holong ea ’Muso bakeng sa puo e thehiloeng Bibeleng ho bohlokoa ebile ho molemo ho feta ho ea moketeng oa lenyalo kapa ’mokeng o ka ’nang oa latela. Haeba nako kapa maemo a ka lumella Mokreste hore a be teng karolong e le ’ngoe feela ho tseo tse peli, ruri ho ka ba molemo hore a ee Holong ea ’Muso. Moholo ea bitsoang William o re: “Haeba baeti ba sa ee Holong ea ’Muso ka mabaka a sa utloahaleng empa hamorao ba e-ba teng moketeng oa lenyalo, sena se bontša hore ha ba ananele khalalelo ea ketsahalo eo. Esita le haeba re sa memeloa ho ea moketeng oa lijo, re ka bontša hore re tšehetsa monyali le monyaluoa ’me ra fana ka bopaki bo botle ho beng ka bona ba sa lumelang ba tlileng lechatong ka hore re be teng tšebeletsong e tšoaretsoeng Holong ea ’Muso.”

      Thabo e Tsoelang Pele le ka Mor’a Letsatsi la Lechato

      Bahoebi ba fetotse mokete oa lechato hore e be indasteri e khōlō. Ho ea ka tlaleho e ’ngoe ea morao tjena, lechato le tloaelehileng United States le “ja R145 000, kapa halofo ea chelete eo lelapa le tloaelehileng la Amerika le e fumanang ka [selemo].” Ka lebaka la ho susumetsoa ke liphatlalatso tsa khoebo, banyalani ba bangata ba bacha kapa malapa abo bona ba kena sekolotong se seholo sa letsatsi leo le le leng feela, seo ba lokelang ho se lefa ka nako e telele. Na eo ke tsela e bohlale ea ho qalisa lenyalo? Ba sa tsebeng melao-motheo ea Bibele kapa ba sa e tsotelleng ba ka ’na ba khetha mokhoa oo oa ho feteletsa lintho, empa Bakreste ba ’nete ba fapane hakaakang!

      Ka hore ba lekanyetse boholo ba lechato la bona hore le be boemong bo itekanetseng le boo ba ka bo khonang le ka hore ba tsepamise maikutlo karolong ea moea ea ketsahalo eo, banyalani ba bangata ba Bakreste ba khonne ho sebelisa nako ea bona le matlotlo tumellanong le boinehelo ba bona ho Molimo. (Matheu 6:33) Ak’u nahane ka mohlala oa Lloyd le Alexandra, ba ’nileng ba tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng ka lilemo tse 17 ka mor’a hore ba nyalane. Lloyd o re: “Ba bang ba ne ba ka ’na ba nka hore lenyalo la rōna e ne e le la boemo bo tlaase, empa ’na le Alexandra re ne re thabile haholo. Re ne re nahana hore letsatsi la rōna la lechato ha lea lokela ho re tlisetsa moroalo oa chelete, empa e lokela e be ho keteka tokisetso ea Jehova e tlisetsang batho ba babeli thabo e khōlō.”

      Alexandra o phaella ka ho re: “Pele re nyalana ke ne ke le tšebeletsong ea bopula-maliboho, ’me ke ne ke sa batle ho tlohela tokelo ena e le hore feela ke be le lechato le majabajaba. Letsatsi la rōna la lechato le ne le le bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, e ne e mpa feela e le letsatsi leo ka lona re qalang ho lula ’moho bophelo bohle ba rōna. Re ile ra sebelisa keletso ea hore re qobe ho nahanisisa haholo ka ketso ea ho nyalana ’me ra batla tataiso ea Jehova bakeng sa ha re se re nyalane. Ka sebele sena se re tliselitse tlhohonolofatso ea Jehova.”c

      Ka sebele letsatsi la hao la lechato ke ketsahalo e khethehileng. Mekhoa le liketso tse bonahalang letsatsing leo e ka ba mohlala oa hore na bophelo ba hao ba lenyalo bo tla ba joang lilemong tse ngata tse tlang. Ka hona, tšepa Jehova hore a u tataise. (Liproverbia 3:5, 6) Nahana haholo-holo kamoo letsatsi leo le leng bohlokoa kateng moeeng. Tšehetsanang likarolong tseo Molimo a le abetseng tsona. Kahoo u ka rala motheo o tiileng bakeng sa lenyalo la hao, ’me ka tlhohonolofatso ea Jehova, u tla ba le thabo e tsoelang pele esita le ka mor’a letsatsi la hao la lechato.—Liproverbia 18:22.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela