-
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
“Ke ne ke nahana hore ho tla ba thata ho utloisisa Bibele.”—Jovy
“Ke ne ke nahana hore ho bala Bibele ho tla ntena.”—Queennie
“E ile ea re ha ke bona kamoo Bibele e leng kholo kateng, ke ile ka utloa ke nyahamela ho e bala.”—Ezekiel
Na u kile oa nahana ka ho bala Bibele empa oa nyahama ka lebaka la ho ikutloa ka tsela e tšoanang? Batho ba bangata ba nyahamela ho bala Bibele. Empa u ne u ka ikutloa joang haeba u ne u ka tseba hore Bibele e ka u thusa hore u khotsofale u be u thabe? Hape, u ne u ka re’ng haeba u ka fumana hore ho na le mekhoa e itseng e ka etsang hore ho bala Bibele ho u natefele? Na u ne u ke ke oa thabela ho bala Bibele ’me u bone hore na e u tšoaretse’ng?
A re hlahlobeng hore na batho ba bang ba ile ba fumana molemo joang ka ho bala Bibele.
Ezekiel ea lilemo tse ka bang 20, o re: “Qalong ke ne ke ikutloa joaloka motho ea khannang koloi empa a sa tsebe moo a eang. Leha ho le joalo, Bibele e nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelela’ng. E na le likeletso tseo nka li sebelisang letsatsi le letsatsi.”
Frieda eo le eena a leng lilemo tse ka bang 20, oa hlalosa: “Ke ne ke le motho ea manganga. Empa Bibele e ile ea etsa hore ke fetole botho baka. Sena se entse hore batho ba bang ba nthate ’me hona joale ke se ke e-na le metsoalle e mengata.”
Mosali ea bitsoang Eunice ea lilemo tse ka bang 50 o re ha a bua ka Bibele: “E nthusa hore ke be motho ea molemo, ke be ke fetole tsela eo ke phelang ka eona.”
Joalokaha babali bao le ba bang ba limilione ba bolela, ho bala Bibele ho ka u thusa hore u thabele bophelo. (Esaia 48:17, 18) Bibele e ka u thusa hore (1) u etse liqeto tse nepahetseng, (2) u be le metsoalle ea ’nete, (3) u sebetsane le khatello ea maikutlo ’me (4) habohlokoa le ho feta, u ithute ’nete ka Molimo. Bibele e fana ka likeletso tse tsoang ho Molimo, kahoo u tla be u sa fosa ha u e mamela. Ha ho mohla Molimo a fanang ka keletso e fosahetseng.
Ke habohlokoa hore u qale ho bala Bibele hona joale. Empa ke mekhoa efe e ka etsang hore ho be bonolo ho e bala le hore u e thabele?
-
-
U Lokela ho Etsa’ng?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?
U Lokela ho Etsa’ng?
U ka etsa’ng e le hore u natefeloe ke ho bala Bibele le hore u fumane molemo ho eona? Hlokomela lintlha tse latelang tse hlano tse thusitseng ba bangata.
Khetha sebaka se loketseng. Balla sebakeng se thotseng. Qoba litšitiso e le hore u utluisise seo u se balang haholoanyane. E le hore u fumane molemo ho seo u se balang, lula sebakeng se nang le khanya le moea o pholileng.
Lokisa kelello ea hao. Kaha Bibele e tsoa ho Ntate oa rona oa leholimo, u tla fumana molemo ho eona haeba u e-ba joaloka ngoana ea thabelang ho rutoa ke ntate ea lerato. Haeba u kile oa utloa lintho tse fosahetseng ka Bibele, leka ho fetola mohopolo oa hao e le hore Jehova a ka u ruta.—Pesaleme ea 25:4.
Rapela pele u bala. Ka Bibeleng ho ngotsoe maikutlo a Jehova, kahoo a ka re thusa hore re e utloisise. Molimo o fana ka “moea o halalelang . . . ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Moea o halalelang o ka u thusa ho utluisisa tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Ha nako e ntse e-ea u tla tseba “lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 Bakorinthe 2:10.
Balla ho utloisisa. U se ke oa tatela ho qeta ho bala Bibele. Nahanisisa ka hloko ka seo u se balang. Ipotse lipotso tse kang: ‘Ke makhabane afe ao ke ithutang ’ona ho motho eo ke balang ka eena? Nka sebelisa seo ke ithutileng sona joang bophelong?’
E-ba le sepheo. E le hore ho bala Bibele ho u tsoele molemo, ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella. U ka ’na oa re: ‘Ke batla ho ithuta ho eketsehileng ka Molimo,’ kapa oa re: ‘Ke batla ho ba motho ea molemo, monna kapa mosali ea molemo.’ Khetha Mangolo a Bibele a tla u thusa ho finyella sepheo seo.a
Lintlha tsena tse hlano li ka u thusa. Empa ke’ng e ka u thusang hore u natefeloe ke ho bala Bibele? Re tla bua ka taba eo sehloohong se latelang.
a Haeba u sa tsebe hore na u ka fumana Mangolo ao hokae ka Bibeleng, Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa.
-
-
U ka Etsa’ng e le Hore U Thabele ho Bala Bibele?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?
U ka Etsa’ng e le Hore U Thabele ho Bala Bibele?
U ikutloa joang ha u bala Bibele, oa boreha kapa oa natefeloa? Ho itšetlehile ka hore na u e bala joang. Ha re ke re boneng hore na u ka etsa’ng e le hore u thabele ho bala Bibele.
Sebelisa phetolelo e bonolo le e utloahalang. Haeba u sebelisa phetolelo ea khale, e nang le mantsoe a thata, u ka ’na oa se ke oa natefeloa ke ho bala Bibele. Kahoo bala Bibele eo ho leng bonolo ho e utloisisa e le hore e ka u finyella pelo. U lokela ho etsa bonnete ba hore u sebelisa Bibele e fetoletsoeng hantle le e nepahetseng.a
Sebelisa theknoloji. Mehleng ena Bibele e se e fumaneha le lisebelisoeng tsa elektronike. U ka ipalla Bibele inthaneteng, oa e daonlouda k’homphieutheng, tableteng kapa selefounong. Lisebelisoa tse ling tsa elektronike li ka u thusa ho fumana litemana tse ling tse buang ka taba eo u ntseng u bala ka eona le ho bapisa le liphetolelo tse ling. Haeba u motho ea ratang ho mamela ho e-na le ho bala, u ka ’na oa mamela likhatiso tsa mantsoe tse rekotiloeng tsa Bibele. Batho ba bangata ba thabela ho mamela ntho e itseng ha ba ntse ba tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba kapa ba etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. Ke hobane’ng ha u sa sebelise e ’ngoe ea litsela tsee?
Sebelisa lithulusi tsa ho ithuta Bibele. Lithulusi tsa ho ithuta Bibele li ka etsa hore o natefeloe ke ho e bala. Limmapa tse bontšang libaka tse ka Bibeleng li tla u thusa ho bona hore na sebaka seo u ntseng u bala ka sona se hokae. Ho na le lihlooho tse ling tse tšoanang le tse hlahileng makasineng ena, tse ka u thusang ho utloisisa Bibele kapa u ka boela oa sheba websaeteng ho jw.org/st tlas’a “Lithuto Tsa Bibele.”
Sebelisa litsela tse ling. Haeba u bona eka ho bala Bibele ho thata, u ka leka mekhoa e meng e tla etsa hore e u natefele. Mohlomong u ka qala ka ho bala karolo eo u e ratang ka ho fetisisa. Haeba u batla ho ithuta ka batho ba tummeng ba ka Bibeleng, u ka khetha a le mong eo u ka qalang ka eena. Ho entsoe mehlala ea kamoo u ka etsang sena kateng lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Tseba Batho Bao Bibele e Buang ka Bona.” Ho ka boela ha etsahala hore u batla ho tseba tatellano eo liketsahalo tse ka Bibeleng li etsahetseng ka eona. Ke hobane’ng ha u sa leke o mong oa mekhoa ee?
a Batho ba bangata ba rata Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang kaha e nepahetse hape e ngotsoe ka tsela e bonolo. Phetolelo ena e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova, ka lipuo tse fetang 130. U ka boela oa e daonlouda websaeteng ho jw.org/st kapa oa daonlouda JW Library app. Haeba u batla, Lipaki Tsa Jehova li ka u tlisetsa Bibele moo u lulang.
-
-
Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?
Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?
Bibele ha se buka feela tjee. E re fa likeletso tse tsoang ho ’Mopi oa rona. (2 Timothea 3:16) Molaetsa oa eona o ka re susumetsa haholo. Ha e le hantle, Bibele e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Bibele e na le matla a ho ntlafatsa bophelo ba rona ka litsela tse peli. Ea pele, e re fa likeletso tseo re li hlokang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ea bobeli, e re thusa hore re tsebe Molimo le lintho tseo a re tšepisang tsona.—1 Timothea 4:8; Jakobo 4:8.
E ka ntlafatsa bophelo ba hao. Bibele e ka u thusa ho sebetsana le mathata. E fana ka likeletso tse sebetsang mabapi le lintho tse latelang.
Kamano ea hao le ba bang.—Baefese 4:31, 32; 5:22, 25, 28, 33.
Ho laola maikutlo le ho phela hantle ’meleng.—Pesaleme ea 37:8; Liproverbia 17:22.
Boitšoaro.—1 Bakorinthe 6:9, 10.
Ho sebelisa chelete.—Liproverbia 10:4; 28:19; Baefese 4:28.a
Banyalani ba bang ba bacha lilemong ba lulang Asia, ba ananela tsela eo Bibele e ba thusitseng ka eona. Joaloka banyalani ba bang ba bacha, le bona ba ile ba thatafalloa ho tloaela tsela eo e mong a etsang lintho ka eona le hore ba buisane ka bolokolohi. Empa ba ile ba qala ho sebelisa seo ba ithutileng sona Bibeleng. Phello e bile efe? Vicent o re: “Lintho tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng li nthusitse hore ke bontše lerato ha ke sebetsana le mathata. Ho sebelisa keletso ea Bibele ho re thusitse ho thabela ho phela hammoho.” Mosali oa hae Annalou, le eena o lumellana le sena. O re: “Ho bala ka mehlala e ka Bibeleng ho re thusitse haholo. Hona joale ke thabile ebile ke khotsofetse.”
Ho tseba Molimo haholoanyane. Vicent o boetse o re: “Ha ke bala Bibele, ke utloa ke le haufinyane haholo le Jehova.” Sena se re bontša hore ha re bala Bibele re tla tseba tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Haeba u etsa joalo, u tla rua molemo likeletsong tsa Molimo ’me u tla khona ho mo etsa motsoalle. U tla boela u bone hore Molimo o re tšepisa bokamoso bo monate, e leng nako eo re tla thabela “bophelo ba sebele” ka ho sa feleng. (1 Timothea 6:19) Ruri ha ho buka leha e le efe e ka re tšepisang bokamoso bo monate hakana!
Haeba u ntse u tsoela pele ho bala Bibele, e tla u thusa hore u ntlafatse tsela eo u phelang ka eona ’me u tsebe Molimo le ho feta. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ha u ntse u bala Bibele u be le lipotso tse ngata. Haeba seo se etsahala, hopola mohlala oa letona la Moethiopia, le ileng la phela lilemong tse 2 000 tse fetileng. O ne a e-na le lipotso tse ngata ka Bibele. Ha a botsoa hore na o utloisisa seo a se balang o ile a re: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?”b Filipi eo e neng e le molateli oa Jesu hape a tseba ho ruta, o ile a thusa letona lena ho utluisisa Bibele. (Liketso 8:30, 31, 34) Haeba le uena u batla ho tseba haholoanyane ka Bibele, kena ho www.pr418.com/st kapa u ngolle atereseng e haufi le moo u lulang teng e hlahang makasineng ena. U ka boela oa ikopanya le e mong oa Lipaki Tsa Jehova kapa oa etela Holong ea ‘Muso ea Lipaki Tsa Jehova e sebakeng sa heno. Ke hobane’ng ha u sa qalelle ho bala Bibele hona joale, e le hore e ntlafatse bophelo ba hao?
Haeba ha oa kholiseha hore Bibele e nepahetse, sheba video e reng Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Ruta ’Nete? Kena ho www.pr418.com/st
a E le hore u bone mehlala e meng ea kamoo Bibele e ka re thusang kateng, kena websaeteng ea rona ho jw.org/st. Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.
b U ka boela oa sheba sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Utloisisa Bibele?” makasineng ena.
-