Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Batho ba Thatafalloa ke ho Rata Molimo
    Molula-Qhooa—2013 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

      Batho ba Thatafalloa ke ho Rata Molimo

      “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele.”—Jesu Kreste, 33 C.E.a

      Batho ba bang ba fumana ho le thata ho rata Molimo. Ba nka hore Molimo a ke ke a utloisisoa, o hōle le batho kapa o sehlōhō. Hlokomela seo ba bang ba se buang:

      • “Ke ne ke rapela Molimo hore a nthuse empa ka nako e tšoanang, ke ne ke ikutloa eka o hōle hoo thapelo ea ka e ke keng ea fihla ho eena. Ke ne ke sa nahane hore Molimo ke motho ea nang le maikutlo.”—Marco oa Italy.

      • “Le hoja ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo e le kannete, o ne a bonahala a le hōle. Ke ne ke nahana hore ke Molimo ea sehlōhō ea batlang feela ho utloisa batho bohloko. Ke ne ke sa lumele hore o na le kutloelo-bohloko.”—Rosa oa Guatemala.

      • “Ha ke sa le ngoana, ke ne ke lumela hore Molimo o ne a batlana le liphoso tsa rōna, a lula a itokiselitse ho re fa kotlo ha re etsa liphoso. Hamorao, ke ile ka mo nka e le motho ea hōle, ea sa atameleheng. Molimo o ne a tšoana le mopresidente ea tsamaisang litaba tsa sechaba—empa ha e le hantle a se na taba le sona.”—Raymonde oa Canada.

      U nahana’ng? Na Molimo ha a ratehe? Bakreste ba ’nile ba botsa potso eo ka lilemo tse makholo. Ha e le hantle, ho tloha lilemong tsa bo-500 ho ea ho bo-1500 C.E., batho ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba sa rapele Molimo ea Matla ’Ohle. Hobane’ng? Batho ba ne ba mo tšaba lebekebeke. Rahistori Will Durant o re: “Moetsalibe ea sa reng letho a ka atamela joang teroneng e tšosang le e hōle hakaale?”

      Ho tlile joang hore batho ba nke hore Molimo o oa “tšosa ebile o hōle”? Ha e le hantle, ke’ng seo Bibele e se rutang ka Molimo? Na ho ithuta ’nete ka Molimo ho ka u thusa hore u mo rate?

      a Matheu 22:37, 38.

  • Leshano la Hore Molimo ha a na Lebitso
    Molula-Qhooa—2013 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

      Leshano la Hore Molimo ha a na Lebitso

      SEO BA BANGATA BA SE LUMELANG

      “Ha rea fihlela tumellano ea hore na Molimo o na le lebitso na, le hore haeba o na le lona, lebitso leo ke mang.”—Moprofesa David Cunningham, Theological Studies.

      ’NETE E TSOANG BIBELENG

      Molimo o ile a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Jehova ke lebitso la Seheberu le bolelang “O Etsa Hore ho be.”

      Jehova o batla hore re sebelise lebitso la hae. Bibele e re: “Ipiletseng lebitsong la hae. Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng. Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng.”—Esaia 12:4.

      Jesu o ile a sebelisa lebitso la Molimo. Ha Jesu a ne a rapela Jehova, o ile a re: “Ke ba [barutuoa ba Jesu] tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.” Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tsebisa barutuoa ba hae lebitso la Molimo? O ile a tsoela pela ka ho re: “E le hore lerato leo u [Molimo] nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.”—Johanne 17:26.

      KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA KA SEE?

      Setsebi sa thuto ea bolumeli, e leng Walter Lowrie, se ile sa ngola sa re: “Motho ea sa tsebeng Molimo ka lebitso, ha a nke Molimo e le motho oa sebele ’me a ke ke a mo rata.”

      Monna e mong ea bitsoang Victor o ne a ea kerekeng beke le beke empa o ne a sa utloe eka ehlile o tseba Molimo. O re: “Ke ile ka ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova ’me e ne eka ke tsebisoa Molimo ka molao. Ke ile ka ikutloa eka qetellong ke kopane le Motho eo esale ke utloa ho buuoa lintho tse ngata ka eena. Ke ile ka qala ho mo talima joaloka Motho oa sebele ’me ka etsa setsoalle le eena.”

      Ka lehlakoreng le leng, Jehova o atamela haufi le batho ba sebelisang lebitso la hae. Ha a bua ka “ba nahanang ka lebitso la hae,” Molimo o tšepisa sena: “Ke tla ba bontša qenehelo, feela joalokaha motho a bontša qenehelo ho mora oa hae ea mo sebeletsang.” (Malakia 3:16, 17) Molimo o boetse o putsa batho ba ipiletsang lebitsong la hae. Bibele e re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Baroma 10:13.

  • Leshano la Hore Molimo ha a Tsebahale
    Molula-Qhooa—2013 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

      Leshano la Hore Molimo ha a Tsebahale

      SEO BA BANGATA BA SE LUMELANG

      Malumeli a Bokreste “a maholo a mararo, e leng Roma e K’hatholike, Orthodox ea Bochabela le Boprostanta a lumela hore Molimo o mong ho Batho ba bararo: Molimo Ntate, Molimo Mora le Molimo Moea o Halalelang. Ho latela thuto ea bolumeli ba Bokreste, seo hase bolele hore ke melimo e meraro empa ha e le hantle, batho bao ba bararo ke motho a le mong.”—The New Encyclopædia Britannica.

      ’NETE E TSOANG BIBELENG

      Ha ho mohla Jesu, Mora oa Molimo, a kileng a re o lekana le Ntate oa hae. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Ke ea ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) O ile a boela a re ho e mong oa balateli ba hae: “Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lōna le ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna.”—Johanne 20:17.

      Moea o halalelang hase motho. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile “ba tlala moea o halalelang” ’me Jehova o ile a re: “Ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.” (Liketso 2:1-4, 17) Moea o halalelang hase karolo ea Bararo-bo-bong. Ke matla ao Molimo a etsang lintho ka oona.

      KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA KA SEE?

      Ha litsebi tsa Mak’hatholike, e leng Karl Rahner le Herbert Vorgrimler, li bua ka thuto ea Boraro-bo-bong, li re: “E ke ke ea tsejoa ntle ho tšenolo, ’me le ka mor’a tšenolo e ke ke ea utloisisoa ka ho feletseng.” Na u ka rata motho eo u ke keng oa khona ho mo tseba kapa ho mo utloisisa? Kahoo, thuto ea Boraro-bo-bong e etsa hore batho ba se ke ba tseba Molimo le hore ba se ke ba mo rata.

      Marco, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ne a talima thuto ea Boraro-bo-bong e le ntho e mo sitisang hore a tsebe Molimo. O re: “Ke ne ke nahana hore Molimo o ne a sa batle hore ke mo tsebe ’me seo se ile sa etsa hore ke mo nke a le hōle le ho feta, a sa tsebahale a bile a sa atamelehe.” Leha ho le joalo, “Molimo hase Molimo oa mofere-fere.” (1 Bakorinthe 14:33, Bibele ea Sesotho) Ha aa re patela seo a leng sona. O batla hore re mo tsebe. Jesu o ile a re: “Re rapela seo re se tsebang.”—Johanne 4:22.

      Marco o re: “Ka mor’a hore ke ithute hore Molimo hase karolo ea Boraro-bo-bong, qetellong ke ile ka khona ho ba le kamano e haufi le eena.” Haeba re nka Jehova e le Motho ea ikhethang, re sa mo talime e le motho eo re ke keng ra mo tseba, ho ba bonolo haholo hore re mo rate. Bibele e re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.

  • Leshano la Hore Molimo o Sehlōhō
    Molula-Qhooa—2013 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

      Leshano la Hore Molimo o Sehlōhō

      SEO BA BANGATA BA SE LUMELANG

      “Hang ka mor’a lefu, meea ea batho ba shoang ba e-na le libe tse tebileng e ea liheleng, moo e fumanang tlhokofatso ea lihele, e leng ‘mollo o sa feleng.’” (Catechism of the Catholic Church) Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba re batho ba liheleng ba arohile ho Molimo ka ho feletseng.

      ’NETE E TSOANG BIBELENG

      “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ba shoeleng “ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Haeba moea oa shoa ebile ha o tsebe letho, o ka hlokofatsoa ka “mollo o sa feleng” kapa oa utloa bohloko ka lebaka la ho aroloa ho Molimo ka ho sa feleng joang?

      Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu le la Segerike leo hangata le fetoletsoeng e le “lihele,” ha e le hantle le bolela lebitla. Ka mohlala, ha Jobo a ne a tšoeroe ke lefu le bohloko, o ile a rapela a re: “Ekare u ka mpata lebitleng la ka [“liheleng,” Douay-Rheims Version].” (Jobo 14:13, Holy Bible—Easy-to-Read Version) Jobo o ne a batla ho phomola lebitleng, eseng sebakeng seo a tla hlokofatsoa kapa seo a tla arohanngoa le Molimo ho sona.

      KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA KA SEE?

      Haeba Molimo o sehlōhō re ke ke ra mo rata; seo se ka etsa hore re suthele hōle le eena. Rocío, ea lulang naheng ea Mexico, o re: “Ke rutiloe thuto ea lihele ho tloha ke sa le lesea. Ke ne ke lula ke tšohile hoo ke neng ke sa nahane hore Molimo ke motho ea lokileng. Ke ne ke nahana hore o bohale ebile ha a na mamello.”

      Tsela eo Bibele e hlalosang likahlolo tsa Molimo le boemo ba bafu ka ho hlakileng ka eona, e ile ea etsa hore Rocío a fetole tsela eo a talimang Molimo ka eona. O re: “Ke ile ka ikutloa ke lokolohile—ka ikutloa eka ho na le moroalo o moholo o tlositsoeng mahetleng a ka. Ke ile ka qala ho tšepa hore Molimo o batla hore re atlehe, o oa re rata le hore le ’na nka mo rata. O joaloka ntate ea tšoarang ngoan’a hae ka letsoho ’me a batla hore a atlehe.”—Esaia 41:13.

      Batho ba bangata ba ’nile ba loanela ho ba barapeli ba matla ka lebaka la ho tšaba mollo oa lihele, empa Molimo ha a batle hore u mo sebeletse hobane u mo tšaba. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao.” (Mareka 12:29, 30) Ho feta moo, ha re hlokomela hore le kajeno Molimo ha a etse lintho ka leeme, re ka tšepa hore le nakong e tlang o tla ahlola ka toka. Joaloka motsoalle oa Jobo, e leng Elihu, le rōna ka kholiseho re ka re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka.”—Jobo 34:10.

  • ’Nete e Tla le Lokolla
    Molula-Qhooa—2013 | November 1
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

      ’Nete e Tla U Lokolla

      Ka letsatsi le leng, Jesu o ne a le Jerusalema a bua ka Ntate oa hae Jehova ’me a pepesa mashano a baeta-pele ba bolumeli ba bohata ba mehleng ea hae. (Johanne 8:12-30) Seo a ileng a se bua moo, se re ruta tsela eo ka eona re ka hlahlobang lithuto tse atileng kajeno tse mabapi le Molimo. Jesu o ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.

      “Lula lentsoeng la ka.” Mona Jesu o re bontšitse se ka re thusang ho hlahloba hore na lithuto tsa bolumeli ke “’nete” kapa che. Ha u utloa taba e itseng ka Molimo, ipotse, ‘Na taba ee e lumellana le mantsoe a Jesu le litemana tse ling tsa Bibele?’ Etsisa mohlala oa batho ba ileng ba utloa ha moapostola Pauluse a bua ’me ba “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena [lintho tseo ba neng ba ithuta tsona] li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

      Marco, Rosa le Raymonde, bao ho builoeng ka bona sehloohong sa pele, ba ile ba hlahloba lintho tseo ba neng ba li lumela ka hloko ka hore ba ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba ithuta’ng?

      Marco: “Motho ea neng a re ruta, o ne a sebelisa Bibele ho araba lipotso tsohle tseo ’na le mosali oa ka re neng re li botsa. Re ile ra qala ho rata Jehova haholo ’me ’na le mosali oa ka re ile ra ba le kamano e haufi haholo!”

      Rosa: “Qalong, ke ne ke nahana hore Bibele ke buka ea filosofi e lekang ho hlalosa hore na Molimo o joang ho latela menahano ea batho. Leha ho le joalo, butle-butle ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke e-na le tsona ka Bibele. Hona joale, Jehova ke motho oa sebele ho ’na. Ke Motho eo nka mo tšepang.”

      Raymonde: “Ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse hore ke ithute ka eena. Nakoana ka mor’a moo, ’na le monna oa ka re ile ra qala ho ithuta Bibele. Qetellong, re ile ra ithuta ’nete ka Jehova! Re ile ra thaba haholo ha re ithuta hore na ke Molimo ea joang.”

      Bibele ha e pepese feela mashano ao batho ba a rutang ka Molimo; e senola ’nete mabapi le botho ba hae bo ratehang. Ke Lentsoe la hae le bululetsoeng ’me le re thusa hore re ‘tsebe lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.’ (1 Bakorinthe 2:12) Ekaba hantle hore u ipalle Bibele ’me u hlokomele kamoo e tla araba lipotso tse tloaelehileng kateng empa e le tsa bohlokoa, ka Molimo, ka morero oa hae le ka bokamoso. Bala likarabo tsa tse ling tsa lipotso tsena tlas’a “Lithuto Tsa Bibele > Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” ho www.pr418.com/st. U ka boela ua kōpa thuto ea Bibele Websaeteng eo kapa ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Re kholisehile hore ha u ka etsa seo, u tla hlokomela hore ho bonolo ho rata Molimo ho feta kamoo u neng u nahana kateng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela