Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 170
  • Ke’ng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ea Leshome?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ea Leshome?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo e tsoang ka Bibeleng
  • Bibele e re’ng ka karolo ea leshome “Testamenteng ea Khale?”
  • Bibele e re’ng ka karolo ea leshome “Testamenteng e Ncha?”
  • Ke Joang re ka Buseletsang Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Ntša Karolo ea Leshome?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • “Tlisang Tlung ea Polokelo Karolo ea Leshome ea Tsohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Fana ka Thabo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 170
Monna o kenya chelete ka har’a enfelopo e le hore a e kenye ka har’a lebokose la monehelo.

Ke’ng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ea Leshome?

Karabo e tsoang ka Bibeleng

Baiseraele ba mehleng ea khale ba ne ba laetsoe hore ba ntše karolo ea leshomea mokholong oa bona oa selemo, e le monehelo bakeng sa ho sireletsa bolumeli ba ’nete. Molimo o ile a re ho bona: “Ruri le lokela ho fana ka karolo ea leshome ea lihlahisoa tsohle tsa peo ea lona, tse tsoang masimong selemo le selemo.”—Deuteronoma 14:22.

Taelo ea hore ho pataloe karolo ea leshome e ne e hlaha Molaong oa Moshe, e leng molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele ba mehleng ea pele. Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe, kahoo ha ho hlokahale hore ba ntše karolo ea leshome. (Bakolose 2:13, 14) Ho e-na le hoo, Mokreste e mong le e mong o nehela ka chelete “feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 9:7.

  • Bibele e re’ng ka karolo ea leshome “Testamenteng ea Khale?”

  • Bibele e re’ng ka karolo ea leshome “Testamenteng e Ncha?”

Bibele e re’ng ka karolo ea leshome “Testamenteng ea Khale?”

Karolo ea leshome ho buuoe ka eona ka makhetlo a ’maloa karolong ea Bibele e tsebahalang ka hore ke Testamente ea Khale. Hangata ho buuoa ka eona ka mor’a hore Molao oa Moshe o fuoe Baiseraele Jehova a sebelisa Moshe. Leha ho le joalo, ho na le maemong a mang moo ho buuoang ka eona pele ho moo.

Pele ho Molao oa Moshe

Motho oa pele eo ho buuoang ka eena a fana ka karolo ea leshome ke Abrame (Abrahama). (Genese 14:18-20; Baheberu 7:4) Karolo ea leshome ea Abrahama e ile ea bonahala e le mpho ea ho qala ebile e le ea ho qetela ho morena oa moprista oa Saleme. Ha hona bopaki ka Bibeleng bo bontšang hore Abrahama kapa bana ba hae ba ntšitse karolo ea leshome hape.

otho oa bobeli eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng ea ileng a fana ka karolo ea leshome, ke setloholo sa Abrahama e leng Jakobo. O ile a tšepisa Molimo hore haeba a ka mo hlohonolofatsa, o tla mo fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e fumanang. (Genese 28:20-22) Ho ea ka bafuputsi ba bang ba Bibele, ho bonahala Jakobo a patetse karolo ea hae ea leshome ka hore a etse mahlabelo ka liphoofolo. Le hoja Jakobo a ile a phetha tšepiso ea hae ’me a patala karolo ea leshome, ha a ka a qobella lelapa la hae hore le lona le patale karolo ea leshome.

Tlas’a Molao oa Moshe

Baiseraele ba mehleng ea pele, ba ne ba fuoe taelo ea hore ba patale karolo ea leshome e le tsela ea ho tšehetsa mesebetsi eo ba neng ba e etsa bolumeling ba bona.

  • Karolo ea leshome e ne e thusa basebetsi ba bolumeli ba nako e tletseng e leng Balevi, ho akarelletsa le baprista ba neng ba se na masimo ao ba ka kotulang ho ona. (Numere 18:20, 21) Balevi bao e seng baprista ba amohela karolo ea leshome ho tsoa ho batho, e be ba fa baprista “karolo ea leshome ea karolo ea leshome” e ntlehali.—Numere 18:26-29.

  • Ho bonahala eka batho ba ne ba lokela ho fana ka karolo ea leshome ea bobeli selemong, e leng se neng se tsoela Balevi le batho bao e seng Balevi molemo. (Deuteronoma 14:22, 23) Malapa a Baiseraele a ne a sebelisa tokisetso ena hammoho le mekete e khethehileng ’me ka mor’a lilemo tse itseng ba ne ba arolelana le batho ba futsanehileng haholo, e le hore ba ka ba thusa ka ho fumana lijo.—Deuteronoma 14:28, 29; 26:12.

Karolo ea leshome e ne e baloa joang? Ka selemo, Baiseraele ba ne ba behella ka thoko karolo ea lijo-thollo tseo ba neng ba li kotutse. (Levitike 27:30) Haeba ba ne ba khetha ho patala karolo ea bona ea leshome ka chelete ho e-na le hore ba e patale ka lijo-thollo, ba ne ba tla tlameha ho e eketsa ka karolo ea eona ea bohlano kapa ka liperesente tse 20. (Levitike 27:31) Ba ne ba boetse ba fuoe taelo ea hore ba patale karolo ea leshome ea “mohlape oa likhutšoane le mohlape oa liphoofolo tse kholo.”—Levitike 27:32.

E le hore a tsebe hore na o tla fana ka phoofolo efe e le karolo ea leshome Moiseraele o ne khetha phoofolo ea boleshome e tsoang ka lesakeng. Moalo o ne o bolela hore ha aa lokela ho hlahloba kapa ho fapanyetsana phoofolo eo a e khethileng le hona hore ha aa lokela ho fapanyetsana phoofolo eo a e khethileng ka chelete. (Levitike 27:32, 33) Leha ho le joalo, karolo ea leshome e neng e ntšoa lekhetlong la bobeli e neng e sebelisoa meketeng ea selemo le selemo, ho ne ho lumelletsoe hore e ka fapanyetsana ka chelete. Tokisetso ena e ne e tsoela Baiseraele ba neng ba lokela ho tsamaea nako e telele molemo e le hore ba ee moketeng.—Deuteronoma 14:25, 26.

Baiseraele ba ne ba fana ka karolo ea leshome neng? Ba ne ba fana ka eona selemo le selemo. (Deuteronoma 14:22) Leha ho le joalo, selemo se seng le se seng sa bosupa e ne e ba selemo se khethehileng. Selemo seo se ne se bitsoa Sabatha kapa selemo sa ho phomola ’me Baiseraele ba ne ba sa lokela ho lema lijalo ka selemo seo. (Levitike 25:4, 5) Ka lebaka la boemo bona bo khethehileng ho ne ho sa lebelloa hore motho a fane ka karolo ea leshome nakong ea kotulo. Selemong se seng le se seng sa boraro le sa botšelela pele ho selemo sa Sabatha, Baiseraele ba ne ba fana ka karolo ea bona ea leshome ea bobeli ho batho ba futsanehileng le ho Balevi.—Deuteronoma 14:28, 29.

Haeba motho a ne a sa patale karolo ea leshome ho ne ho etsahala’ng ka eena? Molao oa Moshe o ne o sa bolele hore na ho ne ho tla etsahala’ng haeba motho a ne a sa patale karolo ea leshome. Batho ba ne ba fana ka karolo ea leshome hobane ba ne ba tseba hore ke ntho e ntle eo ba ka e etsang, eseng hobane ba ne ba tla fumana kotlo haeba ba sa fane ka eona. Baiseraele ba ne ba bolela ho Molimo hore ba fane ka karolo ea leshome ’me ba ne ba kopa tlhohonolofatso ka lebaka la seo. (Deuteronoma 26:12-15) Molimo o ne a nka ho se batle ho fana ka karolo ea leshome e le ho mo utsoetsa.—Malakia 3:8, 9.

Na ho ntša karolo ea leshome e ne e le moroalo o boima? Che. Molimo o ne a tšepisitse sechaba hore haeba se fana ka karolo ea leshome, o tla se hlohonolofatsa ’me ha hona letho leo se tla le hloka. (Malakia 3:10) Ka lehlakoreng le leng, sechaba se ne se sokola haeba se ne se hana ho fana ka karolo ea leshome. Ba ne ba sa fumane tlhohonolofatso ea Molimo, hape Baprista le Balevi ba ne ba lokela ho sebetsa e le hore ba fumane lijo ’me seo se ne se etsa hore ba se ke ba khona ho thusa Baiseraele hore ba rapele Molimo.—Nehemia 13:10; Malakia 3:7.

Bibele e re’ng ka karolo ea leshome “Testamenteng e Ncha?”

Le nakong eo Jesu a neng a phela lefatšeng, ho ntša karolo ea leshome e ne e ntse e le ntho eo barapeli ba Molimo ba lokelang ho e etsa. Leha ho le joalo, molao ona o ile oa fela ka mor’a lefu la Jesu.

Mehleng ea Jesu

Karolong e tsejoang ka hore ke Testamente e Ncha, Bibele e bontša hore Baiseraele ba ile ba tsoela pele ho fana ka karolo ea leshome nakong eo Jesu a ntseng a le lefatšeng. O ne a tseba hore ho ntša karolo ea leshome e ne e le boikarabelo ba bona, empa o ne a nyatsa baeta-pele ba balumeli bao ka botšepehi ba neng ba ntša karolo ea leshome empa ba ‘hlokomoloha litaba tse toma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.”—Matheu 23:23.

Ka mor’a lefu la Jesu

Ho ne ho se ho sa hlokahale hore batho ba ntše karolo ea leshome ka mor’a lefu la Jesu. Lefu la Jesu le ile la hlakola Molao oa Moshe ho akarelletsa le “taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome.”—Baheberu 7:5, 18; Baefese 2:13-15; Bakolose 2:13, 14.

Karolo ea leshome le “Likereke Tsa Mehleng ea Pele”

“Likerekeng tsa bokreste tsa mehleng ea pele, tloaelo ea ho ntša karolo ea leshome motho a sebelisa chelete bakeng sa ho etsa mosebetsi oa bolumeli e ne e se setlamo, sena e ne e se molao ho fihlela ka Lekhotla la Tours ka selemo sa 567.”—Cyclopedia of Biblical, Theological, and, Ecclesiastical Literature, ka McClintock le Strong, Volume X, leqephe 436.

a Karolo ea leshome “ke karolo ea mokholo o behelletsoeng ka thoko bakeng sa ho sebelisetsoa ntho e itseng. . . . Karolo ea leshome eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng e amana le bolumeli.”—Harper’s Bible Dictionary, leqephe 765.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela