Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 10 maq. 57-61
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi ke Bo-mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bademona ke Bo-mang?
    Tsoha!—2010
  • Libōpuoa Tsa Moea li re Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 10 maq. 57-61

Khaolo ea 10

Jesu o Matla ho Feta Bademona

NA U sa hopola lebaka leo ka lona lengeloi le leng la Molimo le ileng la fetoha Satane Diabolose?— Takatso ea lona ea boithati ea ho batla ho rapeloa e ile ea etsa hore le fetohele Molimo. Na mangeloi a mang a ile a latela Satane?— E, a ile a mo latela. Bibele e re ke ‘mangeloi a Satane,’ kapa bademona.—Tšenolo 12:9.

Na mangeloi aa a khopo, kapa bademona, a lumela hore Molimo o teng?— Bibele e re ‘bademona baa lumela hore Molimo o teng.’ (Jakobo 2:19) Empa hona joale ba tšohile. Hobane baa tseba hore Molimo o tlil’o ba fa kotlo ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba li entseng. Ba entse eng e fosahetseng?—

Bibele e re mangeloi ao a ile a tloha libakeng tsa ’ona tse loketseng leholimong ’me a tla lefatšeng ho tla phela e le batho. A entse sena hobane a ne a batla ho kopanela liphate le basali ba batle lefatšeng. (Genese 6:1, 2; Juda 6) Na ua tseba hore na ho kopanela liphate ke eng?—

Ho kopanela liphate ke ha monna le mosali ba atamelana ka tsela e khethehileng. Ka mor’a moo, ngoana a ka hōla ka hare ho ’mè. Empa ho fosahetse hore mangeloi a kopanele liphate. Molimo o batla hore e be monna le mosali ba nyalaneng feela ba kopanelang liphate. Ka hona haeba ngoana a ba teng, monna le mosali ba ka mo hlokomela.

Ha mangeloi a ne a iphetola hore a be le ’mele ea batho ’me a kopanela liphate le basali lefatšeng, bana ba ’ona ba ile ba hōla ea e-ba linatla. Li ne li le sehlōhō li bile li hlokofatsa batho. Kahoo Molimo o ile a tlisa moroallo o moholo ho felisa linatla tseo le batho bohle ba khopo. Empa o ile a laela Noe hore a hahe areka, kapa sekepe se seholo, e le hore a pholose batho ba seng bakae ba neng ba etsa se lokileng. Mosuoe e Moholo o ile a re ke habohlokoa ho hopola se ileng sa etsahala ka Moroallo.—Genese 6:3, 4, 13, 14; Luka 17:26, 27.

Na ua tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mangeloi a mabe ha Moroallo o fihla?— A ile a khaotsa ho sebelisa ’mele ea batho eo a neng a iphile eona, eaba a khutlela leholimong. Empa ha ea ka ea hlola e e-ba mangeloi a Molimo, kahoo e ile ea e-ba mangeloi a Satane, kapa bademona. Empa ho ile ha etsahala’ng ka bana ba ’ona ba linatla?— Ba ile ba bolaoa ke Moroallo. Le batho bohle ba bang ba neng ba sa mamele Molimo ba ile ba shoa.

Ho tloha ka mor’a Moroallo, Molimo ha aa ka a hlola a lumella bademona ho iketsa batho. Empa le hoja re ke ke ra ba bona, bademona ba ntse ba leka ho susumelletsa batho ho etsa lintho tse mpe. Ba baka likhathatso tse ngata ho feta leha e le neng pele. Lebaka la sena ke hobane ba lelekiloe leholimong ba lahletsoe lefatšeng.

Na u tseba lebaka leo ka lona re ke keng ra bona bademona?— Ke hobane ha ba bonahale. Empa re ka kholiseha hore baa phela. Bibele e re Satane o ‘khelosa batho lefatšeng lohle,’ ’me bademona ba hae baa mo thusa.—Tšenolo 12:9, 12.

Na le rōna Diabolose le bademona ba hae ba ka re khelosa, kapa ba re thetsa?— E, ba ka re khelosa haeba re se hlokolosi. Empa ha ho hlokahale hore re tšohe. Mosuoe e Moholo o ile a re: ‘Diabolose ha ho na moo a ntšoarang teng.’ Haeba re atamela ho Molimo, o tla re sireletsa ho Diabolose le bademona ba hae.—Johanne 14:30.

Ke habohlokoa hore re tsebe lintho tse mpe tseo bademona ba ka lekang hore re li etse. Kahoo ak’u nahane. Bademona ba ile ba etsa lintho life tse mpe ha ba le lefatšeng?— Pele ho Moroallo ba ile ba kopanela liphate le basali, e leng ntho eo mangeloi a neng a sa tšoanela ho e etsa. Kajeno bademona ba rata ha batho ba sa mamele molao oa Molimo tabeng ea ho kopanela liphate. E-re ke u botse, Ke bo-mang feela ba lokelang ho kopanela liphate?— U nepile, ke batho ba nyalaneng feela.

Kajeno banana le bashemane ba bang ba kopanela liphate, empa seo se fosahetse. Bibele e bua ka ‘setho sa botona’ sa monna. (Levitike 15:1-3) Basali ba na le litho tsa botšehali. Jehova o bōpile litho tsena tsa ’mele bakeng sa morero o khethehileng o lokelang ho thabeloa ke batho ba nyalaneng feela. Bademona ba thabisoa ke ha batho ba etsa lintho tseo Jehova a li hanetseng. Ka mohlala, bademona ba thabela ha ngoanana le moshemane ba bapalisana ka litho tsa bona tsa botona kapa tsa botšehali. Akere rōna ha re batle ho thabisa bademona?—

Ho na le ntho e ’ngoe hape eo bademona ba e ratang empa Jehova a e hloile. Na ua tseba hore na ke’ng?— Ke pefo. (Pesaleme ea 11:5) Pefo ke ha batho ba tšoara ba bang ka sehlōhō ba bile ba ba utloisa bohloko. Hopola hore linatla tseo e neng e le bara ba bademona li ne li etsa seo.

Hape bademona ba rata ho tšosa batho. Ka linako tse ling ba iketsa eka ke batho ba shoeleng. Ba ka ba ba etsisa mantsoe a batho ba shoeleng. Ka tsela ena bademona ba thetsa batho ba bangata ba etsa hore ba kholoe hore bafu baa phela le hore ba ka bua le batho ba phelang. Ha e le hantle, bademona ba etsa hore batho ba bangata ba lumele hore lithotsela li teng.

Kahoo re lokela ho ba hlokolosi hore Satane le bademona ba hae ba se ke ba re thetsa. Bibele ea lemosa: ‘Satane o iketsa eka ke lengeloi le molemo le bahlanka ba hae ba etsa se tšoanang.’ (2 Bakorinthe 11:14, 15) Empa ’nete ke hore bademona ba babe. A re ke re bone hore na ba leka hore re ba etsise ka litsela life.

Batho ba ithuta pefo e ngata, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le taba ea meea le lithotsela hokae?— Na ha ba ithute lintho tsee ha ba shebeletse mananeo a itseng a thelevishene le lifilimi, ha ba bapala lipapali tsa k’homphieutha le tsa video, ha ba sebelisa Internet le ha ba bala libuka tsa lipale tse tšehisang? Na lintho tsee li re atametsa ho Molimo kapa li re atametsa ho Diabolose le bademona ba hae? Uena u re’ng?—

U nahana hore ke mang ea batlang hore re mamele lintho tse mpe le ho li shebella?— Ke Satane le bademona ba hae. Kahoo, re lokela ho etsa’ng?— Re lokela ho bala, ho mamela le ho shebella lintho tse tla re tsoela molemo le tse tla re thusa ho sebeletsa Jehova. Na u ka nahana ka lintho tse ling tse molemo tseo re ka li etsang?—

Haeba re etsa se molemo, ha ho na lebaka la hore re tšohe bademona. Jesu o matla ho ba feta, ebile baa mo tšaba. Ka letsatsi le leng bademona ba ile ba ipiletsa ho Jesu: ‘Na u tletse ho re timetsa?’ (Mareka 1:24) Na ha re na ho thaba ha nako ea hore Jesu a timetse Satane le bademona ba hae e fihla?— Hona joale, re ka kholiseha hore Jesu o tla re sireletsa ho bademona haeba re lula re le haufi le eena le Ntate oa hae oa leholimo.

A re bale seo re lokelang ho se etsa, ho 1 Petrose 5:8, 9 le Jakobo 4:7, 8.

[Setšoantšo se leqepheng la 57]

Mangeloi aa a ile a etsa’ng e mpe?

[Setšoantšo se leqepheng la 58]

Ke hobane’ng ha lefatšeng hona joale ho e-na le mathata a mangata ho feta leha e le neng pele?

[Litšoantšo tse leqepheng la 60]

Ho ka etsahala’ng haeba re shebella pefo?

[Setšoantšo se leqepheng la 61]

Ke’ng se molemo seo re ka se etsang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela