Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepo—Na e ka Hla ea E-ba le Tšusumetso?
    Tsoha!—2004 | May 8
    • Tšepo—Na e ka Hla ea E-ba le Tšusumetso?

      DANIEL o ne a le lilemo li leshome feela, empa o ne a se a loanne le kankere nako e ka etsang selemo. Lingaka tsa hae li ne li se li tetse, feela joaloka ba bang ba haufi le eena. Empa Daniel ha aa ka a felloa ke tšepo. O ne a lumela hore o tla hōla ’me ka letsatsi le leng e be ’matlisisi ea tla kenya letsoho ho fumaneng pheko ea kankere. O ne a tšepile ka ho khethehileng ho eteloa ke ngaka e ’ngoe e neng e sebetsana ka ho khetheha le mofuta oa kankere e neng e mo tšoere. Leha ho le joalo, ha letsatsi leo le fihla, ngaka eo e ile ea sitoa ho tla ka lebaka la boemo ba leholimo bo neng bo le bobe. Daniel o ile a nyahama. Ka lekhetlo la pele, o ile a nyama moko. O ile a shoa le pele ho fela matsatsi a seng makae.

      Pale ea Daniel e ne e phetoa ke mosebetsi e mong oa tsa bophelo bo botle ea ithutileng ka karolo e phethoang ke ho ba le tšepo le ho e hloka bophelong bo botle ba ’mele ba motho. E ka ’na eaba u ’nile ua utloa ka lipale tse tšoanang le ena. Ka mohlala, motho ea seng a hōlile o makhatheng a lefu, empa o batla ho finyella ntho e itseng ea bohlokoa eo e leng khale a e lebeletse—ebang ke ho eteloa ke motho eo a mo ratang kapa mohlomong letsatsi leo ka lona ho nang le ntho e itseng ea bohlokoa eo a e hopolang. Ha ketsahalo eo e fihlile eaba ea feta, ka potlako oa hlokahala. Ho ee ho be ho etsahetse’ng maemong a joalo? Na tšepo e ka hla ea e-ba ea bohlokoa joalokaha ba bang ba lumela?

      Bafuputsi ba ntseng ba eketseha ba tsa bongaka ba bontša hore ho ba le tšepo le maikutlo a mang a nepahetseng ka sebele ho na le tšusumetso e khōlō bophelong ba motho ba letsatsi le letsatsi le bophelong ba hae bo botle ba ’mele. Empa maikutlo a joalo ho hang ha a lumellane. Bafuputsi ba bang ba hana lipolelo tse joalo, ba li nka e le litšōmo tse iqapetsoeng tse sa lumellaneng le saense. Ba khetha ho lumela hore maloetse a ’mele a bakoa ke ntho e itseng eo joang kapa joang e amanang le ’mele.

      Ka ho hlakileng, pelaelo tabeng ea hore na tšepo ke ea bohlokoa hakae hase ntho e ncha. Lilemo tse likete tse fetileng, rafilosofi oa Mogerike, Aristotle o ile a kōptjoa hore a hlalose hore na tšepo ke eng ’me a araba: “Ke toro ea motšehare.” ’Me haufinyane tjena, setsebi se seng sa Leamerika litabeng tsa ’muso, Benjamin Franklin, se ile sa re ka ho teneha: “Ea phelang ka tšepo o tla shoa a ntse a itšoareletse ka eona.”

      Joale ’nete ke efe ka tšepo? Na ke kamehla e leng takatso feela eo batho ba e sebelisang ho batla matšeliso a se nang phofo? Kapa na ho na le lebaka le utloahalang la ho nka tšepo e le ntho e fetang moo—ntho eo kaofela ha rōna re e hlokang bakeng sa bophelo bo botle le bakeng sa thabo, ntho e nang le motheo oa sebele le melemo ea sebele?

  • Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Hore re be le Tšepo?
    Tsoha!—2004 | May 8
    • Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Hore re be le Tšepo?

      HO THOE’NG haeba Daniel, moshanyana ea neng a tšoeroe ke kankere ea boletsoeng qalong ea sehlooho se eteletseng see pele, a ne a ile a tšoarella tšepong ea hae e matla? Na a ka be a hlōtse kankere? Na a ka be a ntse a phela kajeno? Esita le batho ba buellang tšepo ka cheseho ba ne ba ke ke ba leka ho fana ka maikutlo ao. ’Me ke hona moo taba ea bohlokoa e leng hona teng. Tšepo ha e ea lokela ho feteletsoa. Hase makhona-tsohle, pheko ea mafu ’ohle.

      Puisanong le ba Litaba Tsa CBS, Dr. Nathan Cherney o ile a lemosa ka kotsi ea ho feteletsa matla a tšepo ha ho tluoa bathong ba kulang haholo: “Re ’nile ra ba le maemo ao ho ’ona banna ba neng ba omanya basali ba bona hore ha ba thuise ka ho lekaneng, hore ha ba nahane ka tsela e nang le tšepo ka ho lekaneng.” Dr. Cherney o ile a eketsa: “Maikutlo ana a entse hore batho ba be le mehopolo e fosahetseng, ’me ha batho ba sa hlaphoheloe, ekare joale ba hlōlehile ho laola boemo ba bona ka tsela e nepahetseng, ’me sena ha sea nepahala.”

      Bonneteng, ba seng ba ntse ba tšoeroe ke mafu a bolaeang ba ntoeng e khathatsang, e hlokang boiteko bo matla. Ka sebele, ntho ea ho qetela eo baratuoa ba bona ba ka batlang ho e etsa ke ho ba imetsa ka letsoalo le molato bothateng boo ba seng ba ntse ba e-na le bona. Joale, na re lokela ho etsa qeto ea hore tšepo ha e na molemo?

      Le hanyenyane. Ka mohlala, eona ngaka eo e sebetsana ka ho khetheha le ho kokobetsa bohloko ’meleng—ke hore, phekolo e amanang feela le ho etsa hore mokuli a phele ka boiketlo le thabo haholoanyane hafeela a ntse a loana le boloetse bo mo tšoereng, eseng phekolo e loantšang boloetse ka ho toba kapa hona ho lelefatsa matsatsi a bophelo a mokuli. Lingaka tse joalo li lumela ka matla bohlokoa ba liphekolo tse lebisang boemong bo thabisang haholoanyane ba kelello, esita le bathong ba kulang haholo. Ho na le bopaki bo bongata ba hore tšepo e ka etsa hoo—esita le ho fetang moo.

      Bohlokoa ba Tšepo

      Dr. W. Gifford-Jones, eo e leng moqolotsi oa litaba tsa bongaka o re: “Ho ba le tšepo ke phekolo e matla.” O ile a hlahloba liphuputso tse sa tšoaneng tse entsoeng ho bona hore na tšehetso ea maikutlo e na le bohlokoa bo bokae ho motho ea kulelang lefu. Ho lumeloa hore mofuta ona oa tšehetso o thusa batho ho ba le tšepo haholoanyane le ho ba le boikutlo bo nepahetseng. Phuputso e ’ngoe e entsoeng ka 1989 e ile ea fumana hore bakuli ba fuoang tšehetso e joalo ba phela nako e telele, athe patlisiso ea morao tjena e sitoa ho itlama tabeng eo. Leha ho le joalo, liphuputso li tiisitse taba ea hore bakuli ba fumanang tšehetso ea maikutlo ha ba tepelle maikutlong le ho utloa mahlaba joaloka ba sa e fumaneng.

      Nahana ka phuputso e ’ngoe e lebisitseng tlhokomelo tseleng eo ho ba le tšepo le ho e hloka ho bang le eona boloetseng ba lefu la pelo (CHD). Sehlopha sa banna ba ka holimo ho 1 300 se ile sa hlahlojoa ka hloko ho bona hore na bophelong ke batho ba nang le tšepo kapa ba e hlokang. Phuputso e ileng ea etsoa ho bona lilemo tse leshome hamorao e ile ea fumana hore banna ba ka holimo ho karolo ea 12 lekholong ho bao ba ne ba tšoeroe ke boloetse bo itseng ba lefu la pelo. Banneng bao, ba batlang ba le ka holimo ho halofo ea bona ba ne ba hloka tšepo ha ba bapisoa le ba nang le eona. Laura Kubzansky, motlatsi oa profesa ea bophelo bo botle le boitšoaro ba sechaba Sekolong sa Harvard sa Bophelo bo Botle ba Sechaba, o re: “Boholo ba bopaki bo fanoeng khopolong ea hore ‘ho ba le maikutlo a nepahetseng’ ho molemo bakeng sa bophelo ba hao ke ntho e inahanetsoeng—phuputso ena e fana ka bopaki ba pele ba sebele ba bongaka bo tšehetsang khopolo ena tabeng ea lefu la pelo.”

      Liphuputso tse ling li fumane hore ba lumelang hore ba fokolloa ke bophelo ha e le hantle ba hula ka thata ka mor’a ho buuoa ho feta batho ba inkang ba phela hantle. Esita le ho phela nako e telele ho ’nile ha amahanngoa le ho ba le tšepo bophelong. Phuputso e ’ngoe e ile ea hlahloba kamoo batho ba hōlileng ba angoang ke maikutlo a nepahetseng kapa a fosahetseng ka ho tsofala ha bona. Ha batho ba hōlileng ba ne ba bontšoa melaetsa e hlahang nako e khutšoanyane feela, ’me e le e amahanyang botsofali le bohlale bo eketsehileng le ho ba le phihlelo, ka mor’a moo ba ile ba bonoa ba tsamaela holimo ka sehlahlo. Ha e le hantle, sehlahlo seo se ne se lekana le seo ba ka bang le sona ka mor’a ho fumana koetliso ea libeke tse 12!

      Ke hobane’ng ha ho bonahala ho ba le tšepo le maikutlo a nepahetseng e le lintho tse molemo bophelong bo botle ba ’mele? Mohlomong litsebi tsa saense le lingaka ha li e-s’o utloisise kelello ea motho le ’mele oa hae ka ho lekaneng hore li ka fana ka likarabo tse tobileng. Leha ho le joalo, litsebi tse ithutetseng taba ena li ka hakanya feela ho latela phihlelo ea tsona. Ka mohlala, moprofesa e mong oa methapo ea boko o re: “Ho monate ha motho a thabile a bile a e-na le tšepo. Ke boemo bo thabisang boo ho bona khatello ea maikutlo e leng e fokolang, ’me ’mele oa atleha maemong a joalo. Ke ntho e ’ngoe e eketsehileng eo batho ba ka iketsetsang eona, hore ba leke ho lula ba phela hantle ’meleng.”

      Khopolo ena e ka ’na ea bonahala e le ncha ho lingaka tse ling, litsebi tsa kelello le litsebi tsa saense, empa hase khopolo e ncha ho liithuti tsa Bibele. Hoo e ka bang lilemo tse 3 000 tse fetileng, Morena Solomone ea bohlale o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe ana: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liproverbia 17:22) Hlokomela ho leka-lekana ho teng mona. Temana ena ha e re pelo e thabileng e tla phekola boloetse leha e le bofe, empa e re feela “ke moriana o motle.”

      Ha e le hantle, e ka ’na ea e-ba ho utloahalang ho botsa, Haeba tšepo e ne e le moriana, ke ngaka efe e neng e sa tl’o o fa mokuli? Ho feta moo, tšepo e na le melemo e fetelang ka nģ’ane ho bophelo bo botle.

      Ho ba le Tšepo, ho e Hloka le Bophelo ba Hao

      Bafuputsi ba fumane hore batho ba nang le tšepo ba rua melemo e mengata maikutlong ao a bona a nepahetseng. Ba atisa ho sebetsa hantle sekolong, mosebetsing esita le lipapaling tsa liatleletiki. Ka mohlala, ho ile ha etsoa phuputso sehlopheng se seng sa basali ba baatlelete. Mokoetlisi oa bona o ile a fana ka tlaleho ea bokhoni ba basali bao liatleletiking. Ka nako e tšoanang, ho ile ha etsoa phuputso basaling bao, ’me ha shejoa ka leihlo le nchocho hore na ba na le tšepo hakae bophelong. Ha li phutholoha, tšepo eo basali bao ba neng ba e-na le eona ke eona e neng e batla e nepa hantle hore na ba tla bapala joang ho feta litlhaloso tsohle tse fanoeng ke bakoetlisi ba bona. Ke hobane’ng ha tšepo e e-ba le tšusumetso matla hakaale?

      Ho fumanoe ho hongata ka ho ithuta se fapaneng le ho ba le tšepo—e leng ho e hloka. Lilemong tsa bo-1960, liteko tse ileng tsa etsoa li ile tsa sibolla ntho e neng e sa lebelloa boitšoarong ba liphoofolo, e leng ho ileng ha etsa hore bafuputsi ba qape poleloana e reng “boikutlo ba ho hloka thuso bo ipaketsoeng.” Li ile tsa fumana hore le batho ba ka ba le bothata bo tšoanang. Ka mohlala, batho bao ho etsoang phuputso ka bona ba ile ba behoa lerateng le tšabehang eaba ba bolelloa hore ba ka le thōlisa ka ho penya likonopo tse latellanang. Ba ile ba atleha ho thōlisa lerata leo.

      Sehlopha sa bobeli se ile sa bolelloa ntho e tšoanang—empa ha se penya likonopo, lerata le ne le sa thōle. Joalokaha u ka inahanela, ba bangata sehlopheng seo sa bobeli ba ile ba qala ho ikutloa ba se na thuso. Litekong tse ileng tsa etsoa hamorao, ho hang ba ne ba se ba le leqe ho nka khato. Ba ne ba kholisehile hore ntho leha e le efe eo ba e etsang e ke ke ea etsa phapang. Leha ho le joalo, esita le sehlopheng seo sa bobeli, ba nang le tšepo ha baa ka ba inehela maikutlong ao a ho hloka thuso.

      Dr. Martin Seligman, ea thusitseng ho hlophiseng tse ling tsa liteko tseo tsa boholo-holo, o ile a susumelletseha hore a qale mosebetsi oa ho ithuta ka ho ba le tšepo le ho e hloka. O ile a hlahloba ka hloko hore na batho ba nang le bothata ba ho inka ba se na thuso ba nahana joang. O ile a etsa qeto ea hore monahano o joalo oa ho hloka tšepo o sitisa batho linthong tse ngata bophelong, kapa o be o ba tšoare matsoho ka ho feletseng. Seligman o hlalosa ka bokhutšoanyane maikutlo a ho hloka tšepo le liphello tsa hona tjena: “Lilemo tse 25 tseo ke entseng lipatlisiso ka tsona li nkholisitse hore haeba re tloaetse ho lumela joaloka batho ba hlokang tšepo hore tsietsi ha e hlaha ke ka lebaka la phoso ea rōna, hore e ea phehella ebile e tla lula e senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, joale re tla lula re hlaheloa ke litsietsi ho feta ha re ne re sa lumele seo.”

      Joalokaha ho se ho boletsoe, liqeto tse joalo li ka ’na tsa utloahala li le ncha litsebeng tsa ba bang kajeno, empa ho liithuti tsa Bibele ho na le ntho e itseng eo li e tloaetseng. Hlokomela maele ana: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) E, Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore ho nyahama, hammoho le menahano ea hona e fosahetseng, e tla u monya matla a ho nka khato. Empa u ka etsa eng hore u loantše maikutlo a ho hloka tšepo ’me u hlaolele a ho ba le eona haholoanyane bophelong ba hao?

      [Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

      Tšepo e ka hlahisa melemo e mengata

  • U ka Loantša Maikutlo a ho Hloka Tšepo
    Tsoha!—2004 | May 8
    • U ka Loantša Maikutlo a ho Hloka Tšepo

      UNKA mathata a u hlahelang bophelong joang? Litsebi tse ngata kajeno li lumela hore karabo ea potso eo e hlalosa ho hongata tabeng ea hore na u motho ea nang le tšepo bophelong kapa che. Kaofela ha rōna re hlaheloa ke mathata a sa tšoaneng bophelong, ho ba bang ba rōna a ba mangata ho feta a ba bang. Empa ke hobane’ng ha ho bonahala batho ba bang ba hlaphoheloa kapele, ba loketse ho qala bocha, ha ba bang bona ho bonahala ba inehela esita le ka mor’a bothata bo fokolang feela?

      Ka mohlala, ha re re u batla mosebetsi. U ea litlhahlobong tsa mosebetsi ’me ha u hiroe. U ikutloa joang ka taba ee ka mor’a moo? U ka ’na ua nka hore ba ne ba le khahlanong le uena ’me ua nka sena e le bothata bo ke keng ba fela, ua ba ua ipolella, ‘Ha ho na motho ea tla hira motho ea tšoanang le ’na tjena. Le ka mohla nke ke ka fumana mosebetsi.’ Ho hobe le ho feta, u ka ba ua lumella bothata bona hore bo u sulafaletse ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong, ua etsa qeto ea hore, ‘Ho hang ke hlōlehile bophelong. Ha ke na molemo ho mang kapa mang.’ Boemong ka bomong, monahano o joalo ke oa ho hloka tšepo ka ho feletseng bophelong.

      Ho Loantša Maikutlo a ho Hloka Tšepo

      U ka loantša maikutlo ao joang? Bohato ba pele ba bohlokoa ke ho lemoha hore u na le bothata. Ba bobeli ke ho bo loantša. Nahana ka lintho tse ling tse utloahalang tse entseng hore u hlaheloe ke sena. Ka mohlala, na ke ’nete hore ha ua hiroa hobane ho se motho ea ka hirang motho ea kang uena? Kapa na ho ka etsahala hore mohiri o ne a mpa a batla motho ea nang le litsebo tse ling?

      Ha u toba linnete feela, seo se tla senola maikutlo ao a feteletseng a ho hloka tšepo. Na ho se hiroe sebakeng se le seng ho bolela hore u hlōtse bophelong, kapa na u ka nahana ka maemo a mang bophelong—a kang mesebetsi ea hao ea lintho tsa moea, likamano tseo u nang le tsona le ba litho tsa lelapa la hao, kapa metsoalle—moo u atlehileng teng? Ithute ho leleka maikutlo a tepeletsang a se ka u hlahelang ka moso, u a nke e le a u “sithabetsang.” Etsoe, na ka sebele u ka kholiseha hore u ke ke ua hlola u fumana mosebetsi? Ho na le ho hongata hoo u ka ho etsang ho tlosa maikutlo ao a fosahetseng.

      Maikutlo a Nepahetseng, a Nang le Lipakane

      Lilemong tsa morao tjena, bafuputsi ba na le tlhaloso e thahasellisang ea tšepo, le hoja e sa pharalla. Ba bolela hore tšepo e akarelletsa tumelo ea hore u tla khona ho finyella lipakane tsa hao. Joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, ha e le hantle tšepo e akarelletsa ho fetang hoo feela, empa tlhaloso ena e bonahala e le molemo ka litsela tse ngata. Ho lebisa tlhokomelo mofuteng ona oa tšepo eo motho a nang le eona ho ka re thusa hore re hlaolele ho ba le maikutlo a nepahetseng, a nang le lipakane.

      E le hore re lumele hore re ka finyella lipakane tsa rōna, ho hlokahala hore re iketsetse rekoto ea ho ipehela lipakane le ho li finyella. Haeba u fumana hore ha u na rekoto e joalo, e ka ’na ea e-ba bohlale ho nahana ka ho teba ka lipakane tseo u ipehelang tsona. Ntho ea pele, na tsona u na le tsona? Ho bonolo haholo ho tšoaseha ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi bophelong hoo re ka hlokang nako ea ho nahana hore na ha e le hantle re batla eng bophelong, hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa haholo ho rōna. Mabapi le molao-motheo ona o utloahalang oa ho tseba lintho tseo e leng tsa bohlokoa bophelong, re boetse re fumana hore khale koana Bibele e ne e bolele ka nepo, ha e re: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—Bafilipi 1:10.

      Hang ha re tseba hore na lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho rōna ke life, ho ba bonolo ho iketsetsa lipakane linthong tse fapa-fapaneng, tse kang bophelong ba rōna ba moea, bophelong ba rōna ba lelapa le mosebetsing oa boipheliso. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re se ke ra ipehela lipakane tse ngata qalong, hape pakane e ’ngoe le e ’ngoe eo re ipehelang eona e be eo re tla e finyella habonolo. Haeba ho le thata ho finyella pakane e itseng, e ka ’na ea re nyahamisa eaba rea inehela. Ka hona, hangata ho molemo hore re arole lipakane tse khōlō, tse tla nka nako e telele hore e be tse nyenyane tse tla nka nako e khutšoanyane.

      “Moo ho nang le boikemisetso katleho e teng.” Ke kamoo maele a mang a boholo-holo a bolelang kateng, ’me e ka ka ho na le ’nete tabeng ena. Hang ha re e-na le lipakane tsa bohlokoa ka kelellong, re hloka boikemisetso bo tiileng—takatso le sepheo—ba ho li finyella. Re ka matlafatsa boikemisetso boo ka ho nahana ka bohlokoa ba lipakane tsa rōna le ka meputso e tla latela ha re li finyella. Ke ’nete hore ho tla hlaha litšitiso, empa re lokela ho li nka e le phephetso ho e-na le ho li nka e le qaka e ke keng ea rarolloa.

      Leha ho le joalo, re boetse re lokela ho nahana ka litsela tse sebetsang tsa ho finyella lipakane tsa rōna. Mongoli C. R. Snyder, ea entseng liphuputso tse kenelletseng tabeng ea hore na tšepo ke ea bohlokoa hakae, o fana ka litlhahiso tsa hore motho a nahane ka litsela tse ngata tseo a ka finyellang pakane ea hae ka tsona. Ka hona, ha tsela e ’ngoe e sa sebetse, re ka leka ea bobeli, ea boraro, joalo-joalo.

      Snyder o ile a boela a khothalletsa hore motho a tsebe ho bona ha ho hlokahala hore a tlohele pakane e itseng ’me a leke e ’ngoe. Haeba ho e-na le ntho ea sebele e re sitisang ho finyella pakane ea rōna, ho lulela ho ingamangama ka hona ho mpa feela ho tla re nyahamisa. Ka lehlakoreng le leng, ho tlohella eo ebe re ipehela e ’ngoe e utloahalang ho tla re fa ntho e itseng eo re ka bang le tšepo ka eona.

      Bibele e na le mohlala o thusang tabeng ena. Morena Davida o ile a nka pakane ea ho hahela Molimo oa hae, Jehova, tempele e le ntho ea bohlokoa. Empa Molimo o ile a bolella Davida hore mora oa hae, Solomone, ke eena ea neng a tla ba le tokelo eo. Ho e-na le hore Davida a hlonamele seo kapa a penyeletse feela ho sa tsotellehe boemo bona bo mo nyahamisang, o ile a fetola lipakane tsa hae. O ile a sebelisa matla ’ohle a hae ho bokelleng lichelete le thepa tseo mora oa hae a neng a tla li hloka hore a qete mosebetsi oo.—1 Marena 8:17-19; 1 Likronike 29:3-7.

      Esita le haeba re atlehile ho eketsa matla a rōna a ho ba le tšepo ka ho loantša ho hloka tšepo le ka ho hlaolela ho ba le monahano o nepahetseng, o nang le lipakane, re ntse re ka ba le bothata ba ho haelloa ke tšepo. Joang? Boholo ba lintho tse etsang hore re hloke tšepo lefatšeng lena li bakoa ke maemo ao ho seng matleng a rōna ho a laola. Ha re nahana ka mathata a nyahamisang a hlasetseng moloko oa batho—bofutsana, lintoa, ho hloka toka, maloetse a lulang a sokela le lefu—re ka lula re e-na le tšepo joang?

      [Setšoantšo se leqepheng la 15]

      Haeba u sa hiroa mosebetsing oo o neng u o batla, na u se u etsa qeto ea hore u ke ke ua hlola u hiroa?

      [Setšoantšo se leqepheng la 16]

      Morena Davida o ile a bontša ho tenyetseha ha ho tluoa tabeng ea lipakane

  • Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tšepo ea Sebele?
    Tsoha!—2004 | May 8
    • Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tšepo ea Sebele?

      OACHE ea hao e eme ’me ho bonahala eka e robehile. Ha u batla ho e lokisa, u talimana le likhetho tse ngata. Ho na le lipapatso tse ngata tsa ba lokisang lioache, ’me kaofela ha tsona li bua lintho tse kholisang, tse ling ha li kholise. Empa ho thoe’ng haeba u fumana hore moahelani oa hao ke eena motho ea bohlale ea qapileng oache eo lilemong tse fetileng? Ho feta moo, u utloa hore a ka thabela ho u thusa ho e lokisa ntle ho tefo. Joale ho ne ho tla ba bonolo ho etsa khetho, na ha ho joalo?

      Joale, bapisa oache eo le matla ao u nang le ’ona a ho ba le tšepo. Haeba u fumana hore u lahleheloa ke tšepo—joalokaha e lahlehela ba bangata linakong tsena tse thata—u tla leba kae bakeng sa thuso? Batho ba bangata ba ipolela e le ba ka lokisang mathata, empa litlhahiso tse ngata tseo ba fanang ka tsona e ka ba tse ferekanyang le tse ikhanyetsang. Joale ke hobane’ng ha u sa lebe ho moetsi oa batho, ea ba entseng ba e-na le matla a ho ba le tšepo tšimolohong? Bibele e re ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna” ebile o ikemiselitse ho re thusa.—Liketso 17:27; 1 Petrose 5:7.

      Tlhaloso e Tebileng Haholoanyane ea Tšepo

      Tlhaloso ea Bibele ea tšepo e pharaletse ebile e tebile ho feta e tloaelehileng ea lingaka, litsebi tsa saense le litsebi tsa kelello. Mantsoe a pele a sebelisitsoeng ka Bibeleng, a fetoletsoeng e le “tšepo” a bolela ho leta ka taba-tabelo le ho lebella se molemo. Ha e le hantle, tšepo e likarolo li peli. E amana le takatso ea ntho e itseng e molemo hammoho le motheo oa ho lumela hore ntho e itseng e molemo e tla tla. Tšepo e fanoeng ka Bibeleng hase feela tjee monahano o lakatsehang. E na le motheo o tiileng oa taba e bileng e nang le bopaki.

      Tabeng ena, tšepo e tšoana le tumelo, e lokelang ho thehoa nthong e nang le bopaki—eseng tumelo e se nang mabaka. (Baheberu 11:1) Leha ho le joalo, Bibele e fana ka phapang pakeng tsa tumelo le tšepo.—1 Bakorinthe 13:13.

      Ho etsa mohlala: Haeba u kōpa motsoalle oa hao eo u mo tšepang hore a u thuse ka ntho e itseng, u ka tšepa hore u tla u thusa. Tšepo ea hao e na le mabaka kaha u lumela ho motsoalle oa hao—u mo tseba hantle, ’me u ’nile ua mo bona a etsa lintho tse mosa le ho fana ka seatla se bulehileng nakong e fetileng. Tumelo ea hao le tšepo ea hao lia tsamaisana, ebile e ’ngoe e itšetlehile ka e ’ngoe, empa li fapane. U ka ba le tšepo e joalo ho Molimo joang?

      Motheo oa Tšepo

      Molimo ke mohloli oa tšepo ea sebele. Mehleng ea Bibele, Jehova o ne a bitsoa “tšepo ea Iseraele.” (Jeremia 14:8) Tšepo leha e le efe ea sebele eo batho ba hae ba neng ba e-na le eona e ne e tsoa ho eena; ka hona, e ne e le tšepo ea bona. Tšepo e joalo e ne e sa tsoe takatsong feela tjee. Molimo o ne a ba file motheo o tsitsitseng oa hore ba be le tšepo. Ha a sebelisana le bona ka lilemo tse makholo, o ile a iketsetsa tlaleho e ntle ea ho etsa litšepiso le ho li phethahatsa. Moeta-pele oa bona Joshua o ile a re ho Iseraele: “Le tseba hantle . . . hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—Joshua 23:14.

      Lilemo tse likete hamorao, tlaleho eo e ntse e le ’nete. Bibele e tletse ka litšepiso tse babatsehang tsa Molimo hammoho le tlaleho e nepahetseng ea histori ea hore li ile tsa phethahala. Litšepiso tsa hae li tšepahala hoo ka linako tse ling li tlalehoang joalokaha eka ha li etsoa li ne li se li ntse li etsahetse.

      Ke lona lebaka leo ka lona re ka buang ka Bibele e le buka e fanang ka tšepo. Ha u ithuta ka tlaleho ea litšebelisano tsa Molimo le batho, mabaka a etsang hore u behe tšepo ea hao ho eena a tla ’ne a hōle. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.

      Ke Tšepo Efe eo Molimo a re Fang Eona?

      Re ikutloa re hloka tšepo haholo neng? Na hase ha re shebane le lefu? Leha ho le joalo, ho ba bangata ke maemong a joalo—ka mohlala, ha moratuoa oa rōna a e-shoa—moo ho bang thata haholo hore ba be le tšepo. Etsoe ke eng e ka hlokisang motho tšepo ho feta lefu? Le pheheletse e mong le e mong oa rōna. Re ka le qoba feela ka nako e itseng, ’me ha re na matla a ho le felisa. Ka nepo Bibele e bitsa lefu “sera sa ho qetela.”—1 Bakorinthe 15:26.

      Joale re ka ba le tšepo joang ha re talimane le lefu? Temana ea Bibele e bitsang lefu sera sa ho qetela e boetse e re sera sena se tla “etsoa lefeela.” Jehova Molimo o matla ho feta lefu. O pakile seo ka makhetlo a mangata. Joang? Ka ho tsosa bafu. Bibele e bua ka maemo a fapaneng a robong ao ho ’ona Molimo a ileng a sebelisa matla a hae ho tsosa batho ba shoeleng.

      Mohlaleng o ikhethang, Jehova o ile a fa Mora oa hae, Jesu, matla a ho tsosa motsoalle oa hae eo a neng a mo rata, ea neng a bitsoa Lazaro, ea neng a shoele ka matsatsi a mane. Jesu ha aa ka a etsa sena ka sekhukhu, empa o ile a se etsa phatlalatsa, ka pel’a batho ba bangata ba shebelletseng.—Johanne 11:38-48, 53; 12:9, 10.

      U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha batho ba ile ba tsosoa bafung? Ho thusitse ka eng kaha ba ile ba tsofala ’me qetellong ba shoa?’ Ke ’nete hore ho bile joalo. Empa ka lebaka la litlaleho tse ka tšeptjoang joaloka tsena tsa tsoho ea bafu, re ka ba le maikutlo a fetang feela ho lakatsa hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ba boele ba phele; re na le lebaka la ho lumela hore ba tla tsoha. Ka mantsoe a mang, re na le tšepo ea sebele.

      Jesu o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Ke Eena eo Jehova a tla mo fa matla a ho tsosa bafu lefatšeng lohle. Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Kreste] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) E, bohle ba robetseng lebitleng ba na le tšepo ea ho tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise.

      Moprofeta Esaia o ile a fana ka pono ena e amang maikutlo ka tsoho: “Bafu ba hao ba tla boela ba phele, litopo tsa bona li tsohe. Ba robetseng mobung ba tla tsoha ’me ba hoeletse ka thabo; kaha phoka ea hae ke phoka e khantšang leseli, ’me lefatše le tla tsosa bao e leng khale ba shoele.”—Esaia 26:19, The New English Bible.

      Na seo hase tšelise? Bafu ba boemong bo sireletsehileng ka ho fetisisa bo ka nahanoang, joaloka lesea le sirelelitsoeng ka pōpelong ea ’m’a lona. Ka sebele, ba phomotseng lebitleng ba bolokiloe hantle mohopolong o se nang moeli oa Molimo ea Matla ’Ohle. (Luka 20:37, 38) ’Me haufinyane ba tla khutlisetsoa bophelong, ba fihlele lefatšeng le thabileng, le ba amohelang ka tsela e tšoanang le eo lesea le sa tsoa hlaha le amoheloang ka eona ke lelapa le le ratang, leo e leng khale le le emetse! Kahoo, ho na le tšepo esita leha motho a tobane le lefu.

      Seo Tšepo e ka U Etsetsang Sona

      Pauluse o re ruta ho hongata ka bohlokoa ba tšepo. O bua ka tšepo e le karolo ea bohlokoa ea seaparo sa lihlomo tsa moea—e leng helmete. (1 Bathesalonika 5:8) O ne a bolela’ng ka seo? Mehleng ea Bibele, lesole le ne le roala helmete ea tšepe ntoeng, hangata le e roala ka holim’a katiba e lohiloeng kapa kuoane. Ka lebaka la helmete eo, metsu e otlang hloohong e ne e tla kuba feela ho e-na le hore e bolaee lesole. Ntlha ea Pauluse e ne e le efe? Joalokaha helmete e sireletsa hlooho, tšepo le eona e sireletsa kelello, matla a ho nahana. Haeba u e-na le tšepo e tiileng tumellanong le morero oa Molimo, khotso ea hao ea kelello e ke ke ea senngoa ke tšabo kapa ke ho sithabela ha u tobane le mathata. Ke mang ho rōna ea sa batleng helmete e joalo?

      Pauluse o ile a sebelisa papiso e ’ngoe e hlakileng bakeng sa tšepo e tsamaisanang le thato ea Molimo. O ngotse: “Re na le tšepo ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng.” (Baheberu 6:19) Kaha Pauluse o ne a ile a pholoha ho robeheloa ke sekepe ka makhetlo a ’maloa, o ne a tseba hantle bohlokoa ba ankora. Ha se tsukutloa ke sefefo se matla, basesisi ba ne ba theola ankora ea sekepe. Haeba e ne e ka fihla fatše ’me ea tšoara ka thata, sekepe se ne se e-na le monyetla oa ho pholoha sefefo seo ho e-na le ho hoholelloa lebōpong ho ea soahlamana mafikeng.

      Ka ho tšoanang, haeba ho rōna litšepiso tsa Molimo ke tšepo “ea ’nete le e tiileng,” tšepo eo e ka re thusa ho mamella matšoenyeho a mehla ena e thata. Jehova o tšepisa hore haufinyane ho tla tla nako eo ka eona moloko oa batho o sa tl’o hlola o khathatsoa ke lintoa, bokebekoa, ho sareloa esita le lefu. (Bona lebokose leqepheng la 18.) Ho tšoarella tšepong eo ho ka re thusa ho qoba tlokotsi, ha re fa matla ao re a hlokang hore re phele ka litekanyetso tsa Molimo ho e-na le ho inehela moeeng o tloaelehileng lefatšeng la kajeno o ferekaneng, o tletseng ka boitšoaro bo bobe.

      Tšepo eo Jehova a fanang ka eona e boetse e u ama ka ho toba. O batla hore u thabele bophelo ka tsela eo a neng a rerile hore u phele ka eona. Thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe.” Joang? Ntho ea pele, motho e mong le e mong o lokela ho ‘fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Bahatisi ba koranta ena ba u khothalletsa hore u fumane tsebo eo e fanang ka bophelo e mabapi le ’nete ea Lentsoe la Molimo. Tšepo ea hore Molimo o tla u fa seo e feta hōle tšepo leha e le efe eo u ka bang le eona lefatšeng lena.

      Ka tšepo e joalo, ha ho hlokahale hore le ka mohla u felloe ke tšepo, kaha Molimo a ka u fa matla ao u a hlokang hore u finyelle lipakane leha e le life tseo u nang le tsona tse tumellanong le thato ea hae. (2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:13) Na oo hase oona mofuta oa tšepo eo u e hlokang? Ka hona, haeba u hloka tšepo, haeba u ’nile ua e batla, tiea matla. Tšepo e ka finyelloa. U ka e fumana!

      [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

      Mabaka a ho ba le Tšepo

      Likhopolo tsena tsa Mangolo li ka u thusa hore u hahe maikutlo a ho ba le tšepo:

      ◼ Molimo o tšepisa bokamoso bo thabileng.

      Lentsoe la hae le re lefatše e tla ba paradeise ea lefatše lohle, leo ho lona ho hahileng lelapa la batho ba thabileng le ba bonngoeng.—Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 25:8; Tšenolo 21:3, 4.

      ◼ Molimo a ke ke a bua leshano.

      O hloile mefuta eohle ea leshano. Jehova oa halalela kapa o hloekile ka hohle-hohle, ka hona ho ke ke ha etsahala hore a bue leshano.—Liproverbia 6:16-19; Esaia 6:2, 3; Tite 1:2; Baheberu 6:18.

      ◼ Molimo o na le matla a sa lekanyetsoang.

      Jehova ke eena feela ea matla ’ohle. Ha ho letho bokahohleng le ka mo sitisang ho phethahatsa merero ea hae.—Exoda 15:11; Esaia 40:25, 26.

      ◼ Molimo o batla hore u phele ka ho sa feleng.

      —Johanne 3:16; 1 Timothea 2:3, 4.

      ◼ Molimo o oa re tšepa.

      O khetha ho lebisa tlhokomelo litšobotsing tse ntle le boitekong ba rōna, eseng liphosong le mefokolong ea rōna. (Pesaleme ea 103:12-14; 130:3; Baheberu 6:10) O tšepa hore re tla etsa se nepahetseng ’me oa thaba ha re se etsa.—Liproverbia 27:11.

      ◼ Molimo o tšepisa hore o tla u thusa ho finyella lipakane tsa bomolimo.

      Le ka mohla ha ho hlokahale hore bahlanka ba hae ba ikutloe ba se na thuso. Molimo o fana ka moea oa hae o halalelang ka seatla se bulehileng hore o re thuse, matla a susumetsang ho feta eng kapa eng e teng.—Bafilipi 4:13.

      ◼ Ho tšepa Molimo ho ke ke ha nkeloa sebaka ka ho hong.

      Ha u itšetlehile ka eena ’me u mo tšepa ka ho feletseng, le ka mohla a ke ke a u soetsa.—Pesaleme ea 25:3.

      [Setšoantšo se leqepheng la 20]

      Joalokaha helmete e sireletsa hlooho, tšepo le eona e sireletsa kelello

      [Setšoantšo se leqepheng la 20]

      Joaloka ankora, tšepo e nang le motheo o tiileng e ka fana ka botsitso

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      Courtesy René Seindal/Su concessione del Museo Archeologico Regionale A. Salinas di Palermo

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela