Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 4/1 leq. 3
  • Jesu Kreste—Hantle-ntle ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste—Hantle-ntle ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nazaretha—Lehae la Moprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 4/1 leq. 3

Jesu Kreste—Hantle-ntle ke Mang?

“Joale ha a kena Jerusalema, motse oohle oa hlōkoleha, oa re: ‘Enoa ke mang?’ Bongata ba ’na ba bolela: ‘Enoa ke moprofeta Jesu, ea tsoang Nazaretha ea Galilea!’”—MATHEU 21:10, 11.

KE HOBANE’NG ha ho ile ha tsoha moferefere o mokaalo nakong ea selemo ha Jesu Krestea a ne a kena Jerusalema selemong sa 33 C.E.? Ba bangata ba ne ba utloetse ka Jesu le ka lintho tse sa tloaelehang tseo a neng a li entse. Ba ne ba lula ba bolellana ka eena. (Johanne 12:17-19) Leha ho le joalo, letšoele leo le ne le sa tsebe hore motho eo ea neng a le ka har’a bona o ne a tla susumetsa lefatše lohle, le hona ka lilemo tse makholo ho tla fihlela le lena le holimo!

Ak’u hlahlobe mehlala e seng mekae ea kamoo Jesu a susumelitseng batho lefatšeng lohle kateng.

  • K’halendara eo ka tloaelo e sebelisoang linaheng tse ngata e thehiloe selemong seo ho nahanoang hore Jesu o hlahile ka sona.

  • Batho ba ka etsang libilione tse peli—e leng hoo e ka bang karolo ea boraro ea baahi ba lefatše—ba ipitsa Bakreste.

  • Boislamo, bo nang le litho tse fetang bilione lefatšeng lohle, bo ruta hore Jesu ke “moprofeta e moholo ho Abrahama, Noe le Moshe.”

  • Batho ba bangata ba tloaetse ho qotsa mantsoe a Jesu ha ba ipuela feela letsatsi le letsatsi. A mang a ’ona ke a latelang:

    ‘U mo fe lerama le leng.’—MATHEU 5:39.

    ‘Ho fana ho tlisa thabo e khōlō.’—LIKETSO 20:35.

    ‘Ha ho ea ka sebeletsang marena a mabeli.’—MATHEU 6:24.

    ‘Le se ke la lahlela liperela tsa lōna ka pel’a likolobe.’—MATHEU 7:6.

    ‘Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna le ba etse tsona.’—MATHEU 7:12.

    ‘Mosamaria ea molemo.’—LUKA 10:33.

Ha ho pelaelo hore Jesu o susumelitse batho. Leha ho le joalo, batho ba na le likhopolo le litumelo tse fapaneng haholo malebana le eena. Ka hona, u ka ’na ua ipotsa, ‘Hantle-ntle Jesu Kreste ke mang?’ Ke Bibele feela e re bolellang hore na Jesu o ne a tsoa hokae, o ile a phela joang le hore na ke hobane’ng ha a ile a shoa. Ho tseba lintho tseo ka eena ho ka ama bophelo ba hao haholo, hona joale le nakong e tlang.

a Lebitso la moprofeta enoa oa Nazaretha, e leng “Jesu,” le bolela “Jehova ke Poloko.” Lentsoe “Kreste” ke tlotla e bolelang “Motlotsuoa,” e leng ntho e bontšang hore Jesu o ne a tlotsitsoe kapa e le eo Molimo a mo khethileng bakeng sa boemo bo khethehileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela