Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/15 maq. 2-4
  • Na ho na le Tšepo ea ho Pholoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Tšepo ea ho Pholoha?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloka ‘Tšepo ea Hao ea Poloko’ e Khanya!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Seo re Tlamehang ho se Etsa Hore re Pholosoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Eka Khona ke Etse Eng Hore ke Tle ke Pholosoe?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/15 maq. 2-4

Na ho na le Tšepo ea ho Pholoha?

Lekholo la bo20 la lilemo le ’nile la bitsoa lekholo la lilemo le tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa leo batho ba kileng ba le tseba. Bonokoane, lintoa, khohlano ea merabe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, bomenemene le pefo li atile haholo-holo lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng. Ho ekelletsa ho sena, ho na le bohloko le mahlomola a bakiloeng ke ho kula, ho tsofala le ho shoa. Ke mang ea sa labalabeleng ho lokoloha mathateng a maholo a teng kajeno lefatšeng? Ha re talima bokamoso, na ho na le tšepo ea ho pholoha?

AK’U nahane ka pono eo moapostola Johanne a ileng a e bontšoa lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. O ile a ngola: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ka ho tšoanang moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele a re: “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle. O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle, etsoe Jehova o boletse hoo.”—Esaia 25:8.

Ak’u nahane ka seo phethahatso ea litšepiso tsa Molimo e tla se bolela! Moloko oa batho o tla pholosoa, kapa o lopolloe khatellong le pefong, o lopolloe linthong tse utloisang bohloko le matšoenyehong. Kahoo, esita le ho kula, botsofali le lefu li ke ke tsa hlola li re khathatsa! Lentsoe la Molimo, Bibele, le tšepisa bophelo bo sa feleng ka tlas’a maemo a phethahetseng lefatšeng. (Luka 23:43; Johanne 17:3) ’Me bo ka fumanoa ke bohle ba bo batlang. ‘Thato ea [Molimo] ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’—1 Timothea 2:3, 4.

Leha ho le joalo, e le hore re ka rua molemo litšepisong tsa Molimo, re tlameha ho utloisisa karolo eo Jesu Kreste a nang le eona ho pholoheng ha rōna ’me re bontše tumelo ho eena. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ha a bua ka karolo ea bohlokoa eo Jesu Kreste a nang le eona tabeng ena, moapostola Petrose o ile a re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 4:12) Moapostola Pauluse le mphato oa hae Silase ba ile ba khothatsa monna ea neng a ba fata lipotso a tiile, ba re: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha, uena le ba ntlo ea hao.”—Liketso 16:30, 31.

E, Jesu Kreste ke “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo,” ’me re ka pholoha ka eena feela. (Liketso 3:15) Empa ho tla joang hore motho a le mong e be senotlolo sa hore re ka pholoha? Ho utloisisa ka ho hlaka karolo eo a nang le eona ntlheng ena ho lokela ho matlafatsa tšepo ea rōna ea ho pholoha.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]

Page 3: Bombers: USAF photo; starving children: UNITED NATIONS/J. FRAND; burning battleship: U.S. Navy photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela