Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb04 maq. 134-161
  • Rephabliki ea Congo (Brazzaville)

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rephabliki ea Congo (Brazzaville)
  • Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lihloohoana
  • ’Nete e Qala ho Lokolla Batho
  • Ho Etsoa Lithibelo
  • Ho Paka ka Hare ho Naha
  • Litaba Tsa Molao le Liphetoho Lipolotiking
  • Bophelo ba Boromuoa Lilemong Tsa Bo-1960
  • Baromuoa ba Tšepahalang le Baholo ba Sebaka Seo
  • Nako ea Teko
  • Ho Hahamalla Pele Har’a Liphetoho Lipolotiking
  • Ntoa ea Lehae ea Qhoma
  • Ntoa ea Lehae e Kupa Hape
  • Ho Ithabela ’Neteng
Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
yb04 maq. 134-161

Rephabliki ea Congo (Brazzaville)

Sehlooho se reng “’Nete e Tla le Lokolla” se ne se benya bukeng e pherese e neng e le ka har’a phasele e butsoeng. Etienne o ne a maketse. Ho ne ho totobetse hore phasele eo e ne e romeletsoe ho eena. Atereseng ho ne ho ngotsoe lebitso la hae, Etienne Nkounkou, motho ea ka sehloohong ea toroeang meralo lekaleng la ’muso Bangui, French Equatorial Africa. Empa o ne a sa odara buka eo, ’me o ne a sa tsebe le aterese ea moo e neng e tsoa teng, Watch Tower, Switzerland. O ne a sa lemohe hore ’nete ea Bibele joalokaha e hlalositsoe bukeng eo e ne e le haufi le ho fetola bophelo ba hae. ’Nete eo e ne e tla boela e lokolle Maafrika a habo a likete bolumeling ba bohata, lehloeong la meloko le ho se tsebeng ho bala le ho ngola. E ne e tla sireletsa ba bangata hore ba se ke ba haptjoa ke ho nkeha ka lipolotiki ho neng ho atamela le ho soetseha ho ileng ha latela. E ne e tla fana ka kholiseho le tšepo nakong ea liketsahalo tse sithabetsang. E ne e tla boela e susumelletse batho ba tšabang Molimo ho beha bophelo ba bona kotsing hore ba thuse ba bang. Pale ea liketsahalo tsena e tla u ama maikutlo e be e u khothatse. Leha ho le joalo, pele re tseba hore na Etienne o ile a etsa eng ka mor’a moo, a re hlahlobeng boitsebiso bo itseng ka semelo sa naha ena ea Afrika eo a neng a e nka e le ha habo.

Lilemo tse leshome pele Christopher Columbus a kena leetong la hae le tummeng la sekepe ho leba Linaheng Tsa Amerika ka 1492, bo-ralikepe ba Mapotoketsi ba neng ba eteletsoe pele ke Diogo Cão ba ile ba fihla moo Nōka ea Congo e kenang leoatleng teng Afrika e bohareng. Ba ne ba sa tsebe hore nōka eo ba neng ba tsamaea ho eona e ne e le bolelele ba lik’hilomithara tse likete.

Mapotoketsi ao a ile a kopana le batho ba sebaka seo, baahi ba ’muso o atlehileng oa Kongo. Ka lilemo tse makholo a ’maloa hamorao, bahoebi ba Mapotoketsi le ba linaha tse ling tsa Europe ba ile ba reka manaka a tlou le makhoba ho Maafrika a neng a lula haufi le lebōpo la leoatle. Batho ba Europe ha baa ka ba iteta sefuba ho kena ka har’a naha ho fihlela bofelong ba lilemo tsa bo-1800. E mong oa batho ba hlaheletseng ba ileng ba hloela sebaka sena e ne e le Pierre Savorgnan de Brazza, eo e neng e le ofisiri lebothong la likepe tsa ntoa la Fora. Ka 1880, Brazza o ile a saena selekane le morena oa sebaka sena, ha behoa sebaka se ka leboea ho Nōka ea Congo tšireletsong ea Fora. Hamorao sebaka seo se ile sa fetoha French Equatorial Africa. Motse-moholo oa sona e ne e le Brazzaville.

Kajeno, Brazzaville ke motse-moholo ebile ke oona motse o ka sehloohong ho seo hona joale e leng Rephabliki ea Congo. Motse ona o mabōpong a Nōka ea Congo. Nōka ha e ntse e theosa, e phalla holim’a majoe a maholo le mepopotlo boholo ba lik’hilomithara tse 400 e lebile leoatleng, moo Cão a ileng a emisa sekepe sa hae teng leetong la hae ha a ntse a sibolla lintho tse ncha. Ha u le Brazzaville u ka sheba ka mose ho nōka ’me ua bonela Kinshasa hōle, motse-moholo oa Democratic Republic of Congo. Kaha linaha tsena tse peli li reheletsoe ka lebitso la nōka, ho tloaelehile ho li bitsa Congo (Brazzaville) le Congo (Kinshasa).

Libaka tseo ho tsona metsi a phallang ka matla holim’a majoe le liphororo tse ka har’a nōka ha e ntse e theosa le Brazzaville, li etsa hore ho be thata ho tsamaea ka nōkeng ho leba Leoatleng la Atlantic. Leha ho le joalo, seporo se kopanya Brazzaville le motse o lebōpong la leoatle oa Pointe-Noire. Baahi ba bangata ba Congo ba lula metseng ena e ’meli le libakeng tse e potolohileng. Le hoja litoropo tse ling tse lebōpong la leoatle le metse e lebōpong la leoatle li le ho elella hōle ka leboea, boholo ba naha ena e chesang le e nang le meru e teteaneng ha bo na baahi ba bangata.

’Nete e Qala ho Lokolla Batho

Joale a re khutleleng paleng ea Etienne. Selemo seo ka sona a ileng a amohela buka posong e ne e le 1947. Hona letsatsing leo Etienne a e amohetseng ka lona, o ile a bala le ho tšohla likhaolo tsa pele le moahelani oa hae. Ka bobeli ba ile ba lemoha hore ke ’nete ’me ba etsa qeto ea ho mema metsoalle e meng Sontaheng se latelang hore ba tl’o bala buka hammoho le eona le ho hlahloba mangolo. Ba neng ba tlile ba ile ba thabela seo ba ithutileng sona ’me ba etsa qeto ea ho kopana hape Sontaheng se latelang. Augustin Bayonne, eo e neng e le ofisiri lefapheng la lekhetho la thepa e kenang le e tsoang, o ne a le teng sebokeng seo sa bobeli. Joaloka Etienne, ha habo e ne e le Brazzaville, ’me le eena o ile a chesehela ho phatlalatsa ’nete e tlisang tokoloho ea sebele.

Bekeng e latelang, Etienne o ile a amohela mangolo a mabeli. Le leng le ne le tsoa ho motsoalle oa hae ea Cameroon ea neng a tseba hore Etienne o thahasella bolumeli. O ne a ngotse hore o ne a rometse lebitso la Etienne ofising ea Switzerland ea Mokhatlo oa Watch Tower. La bobeli le ne le tsoa Switzerland le bolela hore ho na le buka e romelloang Etienne ’me le mo khothalletsa ho bala buka eo le ho e arolelana le lelapa la hae le metsoalle. Le ne le boetse le fane ka aterese ea Fora moo a neng a ka fumana boitsebiso bo eketsehileng. Joale Etienne o ile a tseba lebaka leo ka lona buka e neng e rometsoe ho eena. Ka potlako o ile a qala ho ngollana kamehla le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Fora.

Ka mor’a lilemo tse seng kae, Etienne le Augustin ba ile ba khutlela Brazzaville. Leha ho le joalo, pele ho moo, Etienne o ile a ngolla motsoalle e mong oa hae Brazzaville ea bitsoang Timothée Miemounoua, eo e neng e le mookameli sekolong sa theknik’hone. Lengolo la hae le ne le qala ka ho re: “Ke thabela ho u tsebisa hore tsela eo re ’nileng ra e latela hase tsela ea ’nete. Lipaki Tsa Jehova li na le ’nete.” Etienne o ile a tsoela pele ho hlalosa seo a neng a ithutile sona. Lengolong leo o bile a kenyelletsa le buka ea “’Nete e Tla le Lokolla.” Timothée o ile a amohela molaetsa oa Bibele, feela joalokaha Etienne le Augustin ba ne ba o amohetse. Ke bona batho ba pele ba bararo ba Congo ba ileng ba amohela ’nete ea Bibele, ’me e mong le e mong oa bona o ile a tsoela pele ho thusa ba bang ba bangata ho etsa se tšoanang.

Timothée o ile a memela liithuti tse neng li lula sekolong seo sa theknik’hone hore li be teng ha ho buisanoa ka Bibele lihoreng tsa mantsiboea. Hape o ile a ngola a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng tse thehiloeng Bibeleng. Sehlopha seo se ile sa qala ho tšoara liboka le ho bolela ka hohle kamoo se neng se ka khona kateng. Liithuti tse ling tse kang Noé Mikouiza le Simon Mampouya, hamorao li ile tsa thabela litokelo tsa bolebeli ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.

Ka 1950, Eric Cooke, moromuoa ea neng a lula Rhodesia e ka Boroa (eo hona joale e leng Zimbabwe), o ile a etela lihlotšoana tsa batho ba thahasellang Bangui le Brazzaville ho li khothatsa. Leha ho le joalo, bothata e ne e le hore Mor’abo rōna Cooke o ne a sa tsebe Sefora. Etienne o sa hopola: “A sebelisa dikishinari ea hae e nyenyane ea Senyesemane-Sefora, mora enoa oabo rōna ea ikokobelitseng, ea nang le kutloelo-bohloko, o ile a leka ka hohle ho re hlalosetsa mosebetsi oa boboleli ba ’Muso le mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo. Ka linako tse ling re ne re hlile re tlameha ho phopholetsa hore na ebe o ne a leka ho re’ng.”

Ho Etsoa Lithibelo

Ketelo ea Mor’abo rōna Cooke e ne e tlile ka nako e loketseng hobane ka la 24 July, 1950, mokomishinara e moholo oa bo-ralikolone o ile a thibela lingoliloeng tsohle tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ho kena ka har’a naha le ho ajoa ha tsona. Selemong se latelang, bahoeletsi ba French Equatorial Africa ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse tšeletseng feela, le hoja ba ne ba tšoere liboka tsa phatlalatsa tse 468. Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1952 (ea Senyesemane) e ile ea bontša ho utloisisa le ho qenehela barab’abo rōna. E ile ea re: “Haeba u ka khona, inahane u le tšimong e khōlō e nang le bahoeletsi ba molaetsa oa ’Muso ba 37 feela ba hasa-hasaneng le naha eohle. Mohlomong ho ne ho se mohla u kileng ua bona lipaki tse ling tse mafolofolo ntle ho tse seng kae tse toropong ea heno. Ntho feela eo u neng u e tseba mabapi le ’nete le mokhoa oa ho paka ke seo u neng u se balile ho lingoliloeng le mangolong a seng makae ao Mokhatlo o khonneng ho u romela ’ona. [Sena ke sona seo] barab’abo rōna Afrika e pusong ea Fora ba tobanang le sona.”

Hamorao Jacques Michel o ile a tla sebakeng sena a tsoa Fora ho tla khothatsa sehlopha le ho fana ka koetliso e eketsehileng. Noé Mikouiza, e mong oa liithuti sekolong sa theknik’hone, o hopola potso e neng e le likelellong tsa bona. Ba ne ba botsa: “Na re thibetsoe ho noa veine?” Mahlo ’ohle a ne a le ho Mor’abo rōna Michel ha a phetla Bibele ea hae ho Pesaleme ea 104:15. Ka mor’a ho bala temana ena, Jacques o ile a hlalosa hore veine ke mpho e tsoang ho Molimo, le hoja Bakreste ba sa lokela ho noa e ngata.

Barab’abo rōna ba sa tsoa kolobetsoa ba Brazzaville ba ile ba pakela ba bang ka cheseho. Mafelo-beke, kamehla ba ne ba tšela nōka ka seketsoana ho ea bolela Kinshasa. Ka 1952 batho ba pele ba Congo ba karolong e ka boroa ea nōka ba ile ba kolobetsoa. Barab’abo rōna ba Brazzaville ba ile ba thusa ba leng Kinshasa haholo lilemong tseo tse qalang. Hamorao ke bona ba neng ba tla hloka thuso.

Ka December 1954 barab’abo rōna ba ile ba hlophisa kopano Brazzaville. Ba bileng teng ba ne ba le 650, ’me ha kolobetsoa ba 70. ’Nete e ne e lokolla batho ba ntseng ba eketseha bolumeling ba bohata. Ho hlakile hore baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba sa thabela sena ’me ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho hloisa Lipaki Tsa Jehova ka ba boholong pusong. Mapolesa a ne a lumela hore Timothée Miemounoua e ne e le moeta-pele oa Lipaki, kahoo hangata a ne a mo bitsetsa sepoleseng. A ne a mo sokela ’me a mo otla. Sena ha sea ka sa mo nyahamisa, ebile ha sea ka sa tšosa batho ba bang ba Jehova ba Brazzaville. Ho thahasella ’nete ea Bibele ho ile ha tsoela pele ho hōla.

Joale ba boholong ba ile ba nka mehato e meng. Timothée Miemounoua le Aaron Diamonika, e mong oa bao e neng e le liithuti sekolong sa theknik’hone ba ileng ba amohela ’nete, ba ne ba hiriloe ke ’muso ka bobeli ba bona. Ka 1955 ’muso o ile oa ba isa metseng e hōle ka hare ho naha. Timothée o ile a isoa Djambala, Aaron eena a isoa Impfondo. Boiteko boo ba ho ferekanya mosebetsi oa boboleli bo ile ba hlōleha ka ho feletseng. Barab’abo rōna ba Brazzaville ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona o chesehang ha Timothée le Aaron ba sebetsa masimong a macha le ho theha liphutheho libakeng tse ncha. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba cheseha, ba ne ba labalabela ho fumana thuso ho barab’abo rōna ba lulang linaheng tse ling. Sena se ne se tla tloha se etsahala.

Ka March 1956 baromuoa ba pele ba bane ba ile ba fihla ba tsoa Fora: Jean le Ida Seignobos hammoho le Claude le Simone Dupont. Ka January 1957 ofisi ea lekala e ikarabellang ka mosebetsi oa bopaki French Equatorial Africa e ile ea thehoa Brazzaville. Mor’abo rōna Seignobos o ile a khethoa hore e be mohlanka oa lekala. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hlaha tlokotsi ha mosali oa Jean, Ida, a hlokahalla kotsing ea koloi ha banyalani bao ba ne ba etela liphutheho ho seo hona joale se bitsoang Central African Republic. Jean o ile a tsoela pele a sebeletsa kabelong ea hae.

Ho Paka ka Hare ho Naha

Ka nako eo Augustin Bayonne e ne e se e le molebeli oa potoloho. Augustin o ile a etela metse e ka hare-hare merung esita le liahelo tsa Mapygmy ka leboea le ka bophirimela ho naha. Kaha o ne a tsamaea hangata a bile a e-ea hōle, o ile a tsejoa sebakeng seo sohle e le Motsamai. Ka linako tse ling, Jean Seignobos o ne a tsamaea le Mor’abo rōna Bayonne. Jean o ne a maketse ha batho ba lulang hare-hare morung o tikolohong ea equator ba tseba hore baa tla. Meropa e ne e fetisitse molaetsa ona: “Motsamai o tla le lekhooa.”

Maeto ana a ile a e-ba le liphello tse ngata tse molemo. Pele ho moo, batho ba ne ba bolela hore Lipaki Tsa Jehova li Congo (Brazzaville) feela. Boteng ba Mor’abo rōna Seignobos le baromuoa ba bang, esita le ho bontšoa ha filimi ea The New World Society in Action, li ile tsa paka hore ha ho joalo.

’Nete ea Bibele e ile ea tsoela pele ho kenella metseng e ka hare ho naha, e lokolla batho litšebelisanong le meea le lintoeng tsa meloko. Barab’abo rōna ba bangata libakeng tsena ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Kaha ba ne ba se na lioache, ba ne ba tseba nako ea ho ea libokeng ka ho sheba hore na letsatsi le hokae. E le ho bala hore na ba qetile nako e kae tšebeletsong ea tšimo, ba ne ba sebelisa lithutsoana. Nako le nako ha ba pakela motho, ba ne ba phuthela thutsoana ka sakatuku. Lithutsoana tse ’nè li ne li emela hora. Kahoo, ba ne ba ka tlatsa tlaleho ea bona ea tšebeletso ea tšimo bofelong ba khoeli ka ’ngoe. Leha ho le joalo, ha e le hantle, barab’abo rōna ba ne ba paka ka nako e telele ho feta eo ba neng ba e tlaleha, kaha ’nete e ne e le eona taba eo ba neng ba qoqa haholo ka eona le batho ba bang.

Litaba Tsa Molao le Liphetoho Lipolotiking

Hopola hore ka 1950, ho ile ha thibeloa hore lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova li kenngoe ka har’a naha. Joalokaha re bone, sena ha sea ka sa emisa mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Kaha ba ne ba ferekane, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba ipelaetsa ho ba boholong lekaleng la tsamaiso la ’muso, ka bohata ba bolela hore Lipaki Tsa Jehova ke Makomonisi. Ka lebaka lena, ka letsatsi le leng ka Labone ka 1956, barab’abo rōna ba leshome ba ile ba tšoaroa ka hora ea bohlano hoseng. Ho tšoaroa hona ho ile ha tsebahala ka potlako; bahanyetsi ba bolumeli ba ile ba thaba. Nyeoe e ile ea tšoaroa hona letsatsing leo ka har’a lekhotla le tletseng barab’abo rōna ba neng ba tlil’o bona kamoo nyeoe e neng e tla tsamaea kateng.

Noé Mikouiza o re: “Nakong ea nyeoe, re ile ra paka hore ha re Makomonisi empa re Bakreste, bahlanka ba Molimo, ba phethang se ngotsoeng ho Matheu 24:14. ’Muelli oa rōna oa molao, ea neng a balile lingoliloeng tsa rōna, o ile a bolella lekhotla hore haeba e mong le e mong a ka tšoana le Lipaki Tsa Jehova, ho ne ho ke ke ha e-ba le batlōli ba molao. Hona mantsiboeeng ao kahlolo e ile ea lihuoa ’me ra fumanoa ‘re se molato.’ Re ne re thabile, ’me bohle ra potlakela malapeng ho ea apara liaparo tsa liboka, kaha e ne e le bosiu boo liboka li tšoaroang ka bona. Bohle ba motseng ba ne ba ile ba tseba hore re tšoeroe, ’me re ne re batla hore e mong le e mong a tsebe hore re lokolohile. Ha re le libokeng re ile ra bina lipina tsa ’Muso re hoelelitse haholo kamoo re ka khonang. Ba bangata ba ileng ba re utloa ba ne ba maketse. Ba ne ba lebeletse hore e be re chankaneng.”

Ka la 15 August, 1960, Rephabliki ea Congo e ile ea fumana boipuso. Merusu ea lipolotiki e ile ea qhoma. Ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba ikakhetse ka setotsoana liketsahalong tsena, Lipaki Tsa Jehova tsona li ile tsa tsoela pele mosebetsing oa tsona oa boboleli. Ka 1960 batho bao kakaretso ea bona e bileng 3 716 ba ile ba e-ba teng kopanong ea potoloho Brazzaville. Le ka leboea batho ba ne ba phallela liphuthehong. Ka mohlala, sebakeng se seng seo ho sona ho lulang bahoeletsi ba 70, hoo e ka bang batho ba sekete ba ne ba e-ba teng libokeng tsa phutheho.

Ka December 1961 Lipaki li ile tsa ngolisa mokhatlo oa molao o bitsoang Les Témoins de Jéhovah. Ho amoheloa ka molao ho ile ha tlisa melemo e itseng, empa barab’abo rōna ba ne ba tseba hore ha ho bohlale ho itšetleha ka ho feletseng ka lintho tse joalo. Mor’abo rōna Seignobos o pheta se ileng sa etsahala nakoana hamorao: “Ka letsatsi le leng ke ile ka bitsoa ke molaoli ea phahameng ofising ea tšireletso ea neng a nyatsa ho se jele paate ha rōna ha Bokreste. O ile a ntšokela ka hore o tla nteleka ka har’a naha. Ke ne ke tšaba hore a ka ’na a phetha tšokelo eo, kaha ho ne ho le matleng a hae ho etsa joalo. Leha ho le joalo, letsatsing le hlahlamang o ile a shoa a bolaoa ke tlhaselo ea lefu la pelo.”

Bophelo ba Boromuoa Lilemong Tsa Bo-1960

Ka February 1963, Fred Lukuc le Max Danyleyko ba ile ba fihla ba tsoa Haiti. Ha Fred a qeta ho nyala, o ile a sebeletsa e le molebeli oa potoloho. Qalong, ha a ntse a etela liphutheho, o ne a thatafalloa ke ho tseba litho tsa lelapa ka leng. O sa hopola: “Ke ne ke sa tsebe hore na basali ba baholo ke bafe, ’me ke ne ke sitoa ho fumana hore na bana ba bona ke bafe. Barab’abo rōna ba ne ba bolokile moetlo oa Afrika e bohareng oa hore basali ba se ke ba fetola lifane tsa bona ha ba nyaloa le hore bana ba bitsoe ka fane ea mong ka bona kapa motsoalle oa lelapa.

“Bosiung ba pele ba ketelo, Holong ea ’Muso, re ile ra fumana barab’abo rōna ba thōtse ’me ba le lihlong ho qoqa le rōna. Hang ha liboka li qala, re ile ra bona ntho e sa tloaelehang. Barab’abo rōna le bashanyana ba seng ba hōlile ba ne ba lutse ka lehlakoreng le leng la holo; bana ba banyenyane le baralib’abo rōna ba lutse ka ho le leng. Lehlakore leo barab’abo rōna ba neng ba lutse ka ho lona le ne le tletse haholo ha seboka se qala, empa ho ne ho e-na le ba fokolang ba lutseng ka lehlakoreng la baralib’abo rōna. Ha seboka se ntse se tsoela pele, baralib’abo rōna ba eketsehileng ba ile ba fihla ba roetse Libibele le libuka ka bokhabane lihloohong ba tsamaea le bana.

“Ke ile ka ema sethaleng ho lumelisa phutheho le ho itsebisa eona hammoho le ho e tsebisa mosali oa ka. Ka mor’a ho ba amohela ka mofuthu, ke ile ka thōla hanyenyane, ka sheba ka lehlakoreng leo banna ba lutseng ho lona ka holong, eaba ke re: ‘Barab’abo rōna, ka kōpo sebelisang metsotso ena e leshome ho batla basali ba lōna le bana ba lōna. Ho tloha hona joale, ka kōpo le lule hammoho le le malapa joalokaha batho ba Jehova ba etsa lefatšeng lohle.’ Ba ile ba thabela ho etsa sena.”

Lipalangoang tsa sechaba le tsona li ne li e-na le mathata. Mosali oa Mor’abo rōna Lukuc, Leah, o sa hopola: “Re ne re etsa thoto ea libethe tse nyenyane tse phuthoang, nete ea menoang, nkho ea metsi, lintho tse sefang metsi tse nkehang habobebe, liaparo, libuka, limakasine le lifilimi tse thehiloeng Bibeleng. E le hore re bapale lifilimi tsena re ne re lokela ho nka lithapo tsa motlakase, mabone, lirolo tsa filimi, maqephe a taba e ngotsoeng, jenereithara e nyenyane le sekupu sa peterole. Re ne re palama le lintho tsena kaofela literakeng tsa sebaka sena. E le hore re lule ka pele, re ne re lokela ho fihla terakeng pele ho 2:00 hoseng. Ho seng joalo, re ne re lokela ho lula ka morao letsatsing le liphoofolo, thoto le baeti ba bang ba bangata.

“Ka lekhetlo le leng, ka mor’a ho tsamaea mochesong ka lihora tse ngata, re ile ra fihla hae eaba re fumana hore likokonyana li ne li hlasetse mokhoro oo re neng re lula ka ho oona. Li ne li hloele ka nkho ea metsi, li hokahane e le hore li fihle lekotikoting le lenyenyane la majarine ’me li ne li le qetile. Bosiung boo re ile ra ja bohobe bo omisitsoeng bo sa tlotsoang ’me ra arolelana lekotikoti la tlhapi. Le hoja re ne re khathetse re bile re batla re nyahame, re ile ra robala, ra siea barab’abo rōna ka ntle ba ntse ba binela lipina tsa ’Muso tlaase pel’a mollo. Eo e ne e le tsela e khathollang le e monate hakaakang ea ho robala!”

Baromuoa ba Tšepahalang le Baholo ba Sebaka Seo

Ho tloha ka 1956 ho fihlela ka 1977, baromuoa ba fetang 20 ba ile ba sebeletsa Congo (Brazzaville). Le hoja bophelo bo ne bo se bonolo kamehla bakeng sa bona, e mong le e mong o ile a etsa tšebeletso ea bohlokoa mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Ka mohlala, bohle ba neng ba sebeletsa e le bahlanka ba makala e ne e boetse e le baromuoa. Ha Mor’abo rōna Seignobos a khutlela Fora ka 1962, Larry Holmes o ile a khetheloa ho okamela mosebetsi oa boboleli. Ha Larry le mosali oa hae, Audrey, ba tlohela tšebeletso ea boromuoa ka 1965, Mor’abo rōna Lukuc e ile ea e-ba mohlanka oa lekala.

Barab’abo rōna ba bangata ba sebakeng sena le bona e ne e le mehlala e babatsehang ea ho etella pele. Ha tokisetso ea Komiti ea Lekala e kena tšebetsong ka 1976, Sehlopha se Busang se ile sa khetha barab’abo rōna ba bararo: Jack Johansson le Palle Bjerre, bao e neng e le baromuoa, le Marcellin Ngolo, oa hona sebakeng sena.

Augustin Bayonne—Motsamai—o ile a ba sehlopheng sa bo37 sa Gileade ka 1962. Ka mor’a ho fumana lengolo o ile a ea Central African Republic, moo lilemong tse ka bang 15 pele ho moo, a neng a ile a bala buka ea “’Nete e Tla le Lokolla.” Hamorao, Augustin o ile a nyala, a ba le bana, ’me a khutlela Brazzaville, moo a ileng a lumela hore ntlo ea hae e sebelisoe bakeng sa liboka tsa Bokreste. Hamorao o ile a nehelana ka karolo ea setša sa hae hore ho hahoe Holo ea ’Muso teng, ’me e ile ea hahoa hamorao.

Augustin Bayonne le Timothée Miemounoua ba se ba hlokahetse. Timothée o ile a ngola tse ling tsa liphihlelo tsa hae pele a hlokahala. O ile a phetha tlaleho eo ka ho qotsa Baheberu 10:39, e reng: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” Etienne Nkounkou, e mong ho ba pele ba bararo ba ileng ba amohela ’nete Congo, hona joale o habile ho ba lilemo li 90. Bara baa babo rōna e bile mehlala e metle hakaakang ea tšebeletso e tšepahalang!

Nako ea Teko

Ka August 1970 Rephabliki ea Congo e ile ea sebelisa mokhoa oa puso oa Bokomonisi. U hopole hore lilemong tse fetileng, ba boholong ba ne ba hlorisa barab’abo rōna, ba ba qosa ka hore ke Makomonisi. Kaha joale ho ne ho busa Makomonisi, balaoli ba bacha ba ile ba nyatsa barab’abo rōna ka hore hase Makomonisi!

Leha ho le joalo, ka nakoana e itseng, ’muso o mocha ha oa ka oa sitisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Likopano le liboka li ne li tšoaroa pepenene, ’me baromuoa ba bacha ba ile ba lumelloa ho kena ka har’a naha. Leha ho le joalo, qetellong barab’abo rōna ba ile ba qala ho utloa liphello tsa puso ea Bokomonisi. Qalong, liofisiri tse ling li ile tsa qosa baromuoa ka hore ke lihloela. Eaba ka la 3 January, 1977, mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibeloa ka molao. Baromuoa ba ile ba lelekoa ka ho latellana ho fihlela ho sala Jack le Linda Johansson feela. Ha Jack a bua ka nako ena, o re: “Likhoeli tseo tse seng kae tseo re li qetileng re le bang ofising ea lekala mohlomong e ne e le nako e lekang tumelo le e matlafatsang tumelo ka ho fetisisa eo re kileng ra ba le eona tšebeletsong ea rōna ea boromuoa. Re ne re belaelloa ka hore re lihloela tsa Central Intelligence Agency ea Amerika. Lira tsa ’muso, ho kopanyelletsa le baeta-pele ba bolumeli, li ne li tšoaroa li bile li bolaoa. Ka lebaka leo, re ile ra tseba hore re kotsing e khōlō. Leha ho le joalo, re ile ra bona hore Jehova o ne a re sireletsa, ’me sena se ile sa matlafatsa tumelo ea rōna.”

Noé Mikouiza o ile a etsa boipiletso ho tona-khōlō, a kōpa hore Jack le Linda ba lumelloe ho lula ka har’a naha. Kōpo eo ha ea ka ea amoheloa; ba ile ba lokela ho tsamaea. Setša sa lekala le Liholo Tsa ’Muso li ile tsa nkoa ka mahahapa, ’me ofisi ea lekala ea koaloa. Ka nakoana, lekala la Fora le ile la hlokomela mosebetsi oa boboleli, empa hamorao boikarabelo bona bo ile ba fuoa ofisi ea lekala Kinshasa.

Le hoja barab’abo rōna ba ne ba thibetsoe ka litsela tse ling, ha baa ka ba hlaheloa ke mahloriso a sehlōhō ao Lipaki tse linaheng tse ling li ileng tsa lokela ho a mamella. Leha ho le joalo, bara ba bang babo rōna ba ile ba tšoha ’me sena se ile sa fetela le ho ba bang. Le hoja barab’abo rōna ba ne ba ntse ba tšoara liboka kamehla, tšebeletso ea ntlo le ntlo e ile ea batla e khaotsa. Ka lebaka la sena, ofisi ea lekala Kinshasa e ile ea romela baholo ba tsoang ka mose ho nōka ho tla khothatsa le ho matlafatsa barab’abo rōna.

E mong oa baholo bana e ne e le André Kitula. Ka June 1981 o ile a qala ho etela liphutheho tse 12 Brazzaville e le molebeli oa potoloho. Ha a etetse phutheho ea pele eo a e abetsoeng motseng ona, o ile a hlokomela hore barab’abo rōna ba ne ba le teng Sebokeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sekolong sa Tšebeletso ka Labobeli. Leha ho le joalo, ka Laboraro hoseng, ha ho le ea mong oa bahoeletsi ea ileng a ba teng sebokeng sa tšebeletso ea tšimo. Ha André a qala ho bolela a le mong, mong’a ntlo e mong o ile a re ho eena: “Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse neng li re tšelisa, empa joale li nyametse!”

Ha André a ntse a tsoela pele ho bolela hoseng hoo, o ile a kopana le mor’abo rōna ea ileng a re: “Kaofela ha re sa tloaetse ho bolela ka ntlo le ntlo.” Joale mora enoa oabo rōna o ile a bolella bahoeletsi ba bang ka mosebetsi oa André. Thapama baralib’abo rōna ba ’maloa ba ile ba tla sebokeng sa tšebeletso ea tšimo. Ka potlako mosebetsi oa ntlo le ntlo o ile oa qalisoa bocha Brazzaville eohle. Ka lilemo tse tharo tseo André le mosali oa hae, Clémentine, ba sebelelitseng moo ka tsona, ha ho le ea mong oa barab’abo rōna ea ileng a tšoaroa. Barab’abo rōna ba sa luleng motse-moholo ba ile ba tseba se etsahalang. Ba ile ba etsa qeto ea hore haeba barab’abo rōna ba Brazzaville ba sa tšabe ho ea ka ntlo le ntlo, ho ne ho se lebaka la hore bona ba tšabe.

David Nawej, eo ka nako eo a neng a sebetsa ofising ea lekala ea Kinshasa, o hlalosa lebaka leo ka lona lekala le neng le thabetse ka ho khetheha ho romela thuso ka mose ho nōka. O re: “Ke barab’abo rōna ba Brazzaville ba neng ba thehile ’nete Kinshasa. Hamorao, ha tsamaiso ea Bokomonisi moo e khoehlisa mosebetsi, Lipaki tsa mona li ile tsa phallela barab’abo rōna. Bohlale ba Moeklesia 4:9, 10 bo ile ba tiisoa: ‘Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.’ Tabeng ea rōna, barab’abo rōna ba ne ba re: ‘Congo tse peli li molemo ho feta e le ’ngoe.’”

Ho Hahamalla Pele Har’a Liphetoho Lipolotiking

Selemo sa 1991 se ile sa tlisa merusu le liphetoho lipolotiking. Congo (Brazzaville) e ile ea khaotsa ho sebelisa tsamaiso ea mokha o le mong ’me ea sebelisa tsamaiso ea mekha e mengata. Le hoja ho ne ho nyakaletsoe literateng, barab’abo rōna ba ile ba hopola mantsoe a temoso a ho Pesaleme ea 146:3, e reng: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” Ha hoa ka ha feta nako e telele pele bonnete ba mantsoe ana bo bonahala.

Leha ho le joalo, liphetoho lipolotiking li ile tsa tsoela batho ba Jehova molemo. Ka la 12 November, 1991, letona la litaba tsa ka hare le ile la ntša molao-taelo o tlosang thibelo mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova. Liholo Tsa ’Muso tse neng li nkiloe ka mahahapa li ile tsa khutlisoa, le hoja mohaho oo e neng e le oa lekala o sa ka oa khutlisoa, ’me le hona joale o ntse o sebelisoa ke Balebeli ba Mopresidente. Ka August 1992, ho ile ha hlophisoa likopano tsa setereke Brazzaville le Pointe-Noire, tsa pele ka mor’a lilemo tse 15. Hona selemong seo, palo ea lithuto tsa Bibele e ile ea nyolohela ho 5 675, hoo e ka bang palo e menang ea bahoeletsi ka makhetlo a mane!

Khabareng, boemo ba molao bo khutliselitsoeng malulong bo ile ba bula tsela hape bakeng sa hore baromuoa ba kene ka har’a naha. Ho ile ha khethoa bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me ba romeloa ka leboea, moo boholo ba batho ba neng ba e-ba teng libokeng bo neng bo sa tsebe ho bala le ho ngola. Liphutheho tse metseng e meholo li ne li atlehile ho ruta ba bangata ho tseba ho bala le ho ngola. Joale e ne e le nako ea ho matlafatsa boiteko ba ho ntšetsa pele ho tseba ho bala le ho ngola naheng eohle.

Likhetho tsa 1993 li ile tsa baka phetoho e ’ngoe pusong. Ho se khotsofale ho neng ho jele setsi ha mokha oa bohanyetsi ho ile ha fella ka qomatsi ka libeke tse ’maloa. Ho loana ka libetsa, literaeke, lithibelo tsa ho tsamaea pakeng tsa lihora tse itseng, ho koaloa ha litsela le ho utsuoa ha thepa, tsena tsohle e bile liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi. Batho ba ne ba tšohile ba bile ba feletsoe ke tšepo. Mathata a moruo a ile a tsoela pele. Nyakallo ea 1991 e ne e felile.

Mathata pakeng tsa meloko a ne a etsahala ka nako e le ’ngoe le merusu ea lipolotiki. Lintoa tsa meloko li ile tsa qobella bara ba bang babo rōna ho fallela libakeng tse sireletsehileng haholoanyane. Ka lebaka la sena, liphutheho tse seng kae li ile tsa lokela ho felisoa. Khabareng, nako le nako barab’abo rōna ba ne ba bontša hore ’nete e ne e ba lokolotse lehloeong la meloko. Nakong ea merusu barab’abo rōna ba ne ba thusana ba bile ba sireletsana, ho sa tsotellehe hore na e ne e le ba morabe ofe. Batho ba bangata ba ne ba qala ho lemoha hore ke Jehova feela ea neng a ka ba fa tšireletso ea sebele.

Ofisi ea lekala Kinshasa e ile ea fana ka tataiso le khothatso. Bofelong ba 1996, ho ne ho boetse ho e-na le khotso ka har’a naha, ’me palo ea bahoeletsi e ile ea fihla ho 3 935. Baromuoa ba bahlano ba ne ba sebeletsa ba le lehaeng la baromuoa Brazzaville. Ha ho fihla banyalani ba eketsehileng ba bane, ho ile ha buloa lehae le lecha la baromuoa Pointe-Noire ka April 1997.

Ka lehlakoreng le ka leboea la nōka, Congo (Brazzaville), ho ne ho pheloa ka khotso ’me mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o ne o tsoela pele hantle. Khabareng, ntoa e ne e kupa Congo (Kinshasa) ea boahelani. Ha ntoa e ntse e atamela Kinshasa, baromuoa ba leng sebakeng seo ba ile ba lokela ho tloha. Kahoo, bofelong ba May, baromuoa ba Kinshasa ba ne ba sebetsa ka cheseho le bo-mphato ba bona Brazzaville le Pointe-Noire. Ha ho motho ea neng a nahana hore ho ka ba le liketsahalo tse sithabetsang tse neng li tla etsahala matsatsi a seng makae feela hamorao.

Ntoa ea Lehae ea Qhoma

Ka tšohanyetso, ka la 5 June, 1997, ntoa e ile ea qhoma Brazzaville. Ntoa e ne e le pakeng tsa mabotho a tšepahallang mopresidente oa nakong eo le mabotho a tšehetsang mopresidente oa mehleng. Ho ile ha sebelisoa libetsa tse ngata ho hlasela le ho felisa motse le mathōko a oona. Ho ile ha shoa ba likete. Litopo li ne li tjapaletse hohle. Ho ne ho e-na le pherekano. Ho ne ho le thata ho khetholla lihlopha tse loantšanang. Botsitso boo Brazzaville e neng e bile le bona bo ne bo senyehile. Seketsoana se neng se isa batho Kinshasa se ile sa khaotsa ho tsamaea. Batho ba bangata ba ile ba balehela morung, ha ba bang ba ile ba sesisa liketsoana tsa bona ba ea lihlekehlekeng tse nyenyane tsa nōka. Ba bang bona ba ile ba leka ho tšela Nōka ea Congo hore ba lebe Kinshasa. Le hoja ntoa e ne e kupa haufi le Kinshasa, e ne e se matla ha e bapisoa le pefo e Brazzaville.

Ntoa e ile ea tlisetsa barab’abo rōna mathata joalokaha e ile ea tlisetsa batho bohle mathata, empa ’nete e ile ea etsa phapang e kaakang likelellong le lipelong tsa bahlanka ba Molimo! Ba ne ba e-na le kholiseho e feletseng mantsoeng a Pesaleme ea 46:1, 2, e reng: “Molimo ke setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola. Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšaba, le hoja lefatše le fetoha le hoja lithaba li sisinyeha ho kena ka har’a leoatle le leholo.”

Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba khona ho fihla Kinshasa, moo Komiti ea Lekala e ileng ea hlophisa hore ba fuoe lijo, bolulo le phekolo ea meriana. Malapa a Kinshasa a ne a thabela ho bontša balumeli-’moho le ’ona ba Brazzaville lerato le kamohelo e mofuthu ea baeti.

Ho thusa ba neng ba fumana ho le thata ho baleha, bara ba bang babo rōna ba ile ba sala Brazzaville. Jean Théodore Otheni le mosali oa hae, Jeanne eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla, ba ne ba le har’a bona. Ka August, seqhomane se ile sa otla ntlo ea bona, sa ntša Jeanne kotsi e mpe. Jean o ile a mo potlakisetsa Kinshasa, empa ho ne ho se ho se na thuso. Jean oa hopola: “Jeanne o ne a rata tšebeletso ka botebo, ho fihlela qetellong. O ile a mpha buka ea hae ea liaterese eaba o re: ‘U tlameha ho etela liithuti tsohle tsa ka tsa Bibele hobane ke tsa bohlokoa haholo ho ’na.’ Ke ile ka mo kopa, ’me ha ke boela ke talima sefahleho sa hae, ka bona hore o se a hlokahetse.” Jean, joaloka ba bang ba bangata, o ’nile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka cheseho, a kholisehile ka ho feletseng ka tšepiso ea tsoho.

Kahobane tšebeletso ea kamehla ea seketsoana se isang batho metse-meholong e ’meli e ne e emisitsoe, ba nang le liketsoana tse nang le enjine ba ile ba thusa batho ba batlang ho baleha Brazzaville. Barab’abo rōna ba sebete ba Brazzaville, ho akarelletsa le Louis-Noël Motoula, Jean-Marie Lubaki le Symphorien Bakeba, ba ile ba ithaopela ho batla barab’abo rōna ba nyametseng le ho thusa ba ntseng ba le Brazzaville. Sena se ne se bolela ho kena har’a metsi a phallang ka matla a Nōka ea Congo e khōlō ba tsamaea ka seketsoana ba batla lihlekehleke tse nyenyane le mabōpo. Ho ne ho bolela ho kena moo ntoa e kupang teng Brazzaville, moo masetla-libete a neng a tsoela pele. Ho ne ho bolela ho beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa barab’abo bona.

Symphorien, ea neng a e-na le tsebo e batsi ea ho tšela nōka, o ile a e tšela hangata nakong ea ntoa ea lehae. Ka linako tse ling o ne a tšela ho ea tšehetsa ba setseng Brazzaville. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o ile a tšela nōka ka mekotla e leshome ea raese a e isetsa bara ba bang babo rōna Brazzaville ba neng ba phela moo ho batlang ho sireletsehile. Ho hlakile hore ho ne ho le thata ho tšela nōka, empa ho ne ho le thata le ho feta ho isa raese moo e eang teng e sa nkoe ke masholu. Har’a batho bao a neng a ba palamisitse leetong leo ho ne ho e-na le monna ea bonahalang a hlompheha ea ileng a botsa Symphorien hore na o ea hokae ka raese. Symphorien o ile a hlalosa seo a neng a se etsa, ’me a sebelisa monyetla oo ho bua ka tšepo ea hae e thehiloeng Bibeleng. Ha seketsoana se fihla moo ho omileng, monna eo o ile a ipolela hore ke ofisiri e phahameng. O ile a bitsa masole a seng makae ’me a a laela hore a lebele raese eo ho fihlela Symphorien a khona ho fumana koloi ea ho isa raese eo ho barab’abo rōna.

Hangata Symphorien o ne a tšela nōka ho ea thusa barab’abo rōna ba balehang Brazzaville. Ho na le lekhetlo le leng leo a ke keng a le lebala ha a ne a tšela nōka. Oa hopola: “Metsi a Nōka ea Congo a phalla ka matla, empa batho ba bangata ba nang le liketsoana ba tseba ho tsamaea ho ’ona ba sireletsehile a sa ba hoholelle libakeng tse kotsi moo a phallang ka matla holim’a majoe ka har’a nōka. Re ile ra tloha Brazzaville le barab’abo rōna ba supileng le batho ba bang ba bahlano. Ha re le hantle bohareng ba nōka, seketsoana se ile sa felloa ke peterole. Re ile ra atleha ho ea sehlekehlekeng se senyenyane moo re ileng ra tlamella seketsoana teng. Re ile ra imoloha haholo ha ho fihla seketsoana se senyenyane, ’me mookameli oa sona a re tšepisa ho re rekela peterole Kinshasa le ho e tlisa. Re ile ra leta re tšoenyehile ka hora le halofo e neng e bonahala e le nako e telele ho fihlela a fihla ka peterole.”

Ka potlako lekala la Kinshasa le ne le se le hlokomela bara le barali babo rōna ba ka bang 1 000 esita le malapa a bona le batho ba thahasellang. Ka October 1997 bora bo ile ba fela, ’me baphaphathehi ba qala ho khutlela Brazzaville.

Baromuoa bohle ba sebeletsang Brazzaville le Pointe-Noire ba ne ba tlositsoe moo ka lebaka la ntoa. Ba bang ba ne ba ile linaheng tsa habo bona Brithani le Jeremane, ha ba bang ba ne ba ile Benin le Côte d’Ivoire. Ha ho boela ho e-ba le khutso e itseng, ba bang ba ile ba khutlela likabelong tsa bona Congo (Brazzaville). Ho phaella moo, banyalani ba bang ba tšeletseng le mor’abo rōna oa lesoha ba ne ba reretsoe ho fihla ba tsoa Fora ka December 1998. Eddy le Pamela May, baromuoa ba nang le phihlelo ba sebeletsang ofising ea lekala ea Kinshasa, ba ile ba isoa Brazzaville, ’me ha buloa lehae le lecha la baromuoa.

Ntoa ea Lehae e Kupa Hape

Selemong se latelang, ho ile ha kupa ntoa e ’ngoe ea lehae Brazzaville. Le lekhetlong leo ho ile ha shoa ba likete, ho kopanyelletsa le Lipaki tse ’maloa. Boholo ba baromuoa ba neng ba sa tsoa fihla, bo ile ba tloha moo ba ea mahaeng a baromuoa a Cameroon ea boahelani. Le hoja ho ne ho e-na le menyenyetsi ea hore ntoa e ne e tla fihla Pointe-Noire lebōpong la leoatle, baromuoa ba bararo ba ile ba sala teng. Qetellong, ka May 1999, ntoa ea lehae e ile ea fela.

Kaha ke Lipaki tse ngata haholo tse ileng tsa lokela ho baleha, palo ea liphutheho naheng ena e ile ea theoha ho tloha ho tse 108 ho ea ho tse 89. Hona joale Brazzaville e na le bahoeletsi ba 1 903 liphuthehong tse 23. Pointe-Noire e na le bahoeletsi ba 1 949 liphuthehong tse 24. Lintoeng tseo tse peli tsa lehae, Lipaki Tsa Jehova libakeng tse ling li ile tsa thusa bara le barali babo tsona ba moea ka lintho tse bonahalang. Joaloka tloaelo, thuso e joalo e ile ea fuoa le bao e neng e se Lipaki Tsa Jehova.

Ho sa tsotellehe ntoa, tlala ea boja-likata, maloetse le mathata a mang a mangata, Lipaki tsa Congo (Brazzaville) li ile tsa lula li e-ba le karolelano ea lihora tse 16,2 tšebeletsong ea tšimo. Ka April 1999, ha ntoa ea bobeli ea lehae e fela, karolo ea 21 lekholong ea bahoeletsi bohle e ne e le mofuteng o itseng oa tšebeletso ea nako e tletseng.

Ho Ithabela ’Neteng

Lintoa li sentse naha, li e harasoantse. Brazzaville e ntse e hahoa bocha, empa mosebetsi o sa le mongata. Har’a merero ea bohlokoa ka ho fetisisa ea kaho ke Liholo Tsa ’Muso, moo batho ba ithutang ’nete ea Bibele. Ka February 2002, ho ile ha neheloa Liholo Tsa ’Muso tse ’nè, tse peli Pointe-Noire le tse peli Brazzaville.

Ho le leng la mananeo ana a nehelo Brazzaville, mora e mong oabo rōna ea seng a hōlile o ile a hlalosa se neng se etsahale lilemong tse 15 tse fetileng nakong ea thibelo. Barab’abo rōna ba ne ba rerile ho tšoara kopano ea letsatsi le le leng le khethehileng ka la 1 January setšeng seo ho sa hahoang letho ho sona. Ba ne ba lumela hore e ne e tla tšoaroa ntle ho tšitiso, kaha batho ba ne ba tla be ba keteka selemo se secha. Leha ho le joalo, ha lenaneo la hoseng le qeta ho phethoa, mapolesa a ile a fihla ’me a qhala kopano eo. Mor’abo rōna o ile a re: “Re ile ra tloha kopanong re sekisitse meokho. Kajeno re hona sebakeng seo hape ’me re sekisitse meokho. Empa lekhetlong lena ke meokho ea thabo hobane re mona ho tla nehela Holo ea ’Muso e sa tsoa hahoa.” E, holo ena e ncha e ntle e ne e hahiloe hona setšeng seo!

Joale ho se ho fetile lilemo tse 50 esale buka ea “’Nete e Tla le Lokolla” e thusitse Etienne Nkounkou, Augustin Bayonne le Timothée Miemounoua ho ithuta ’nete. Ka nako eo, ba likete Congo (Brazzaville) ba latetse mohlala oa bona oa tumelo, ’me ba bang ba bangata ba tsoela pele ho etsa joalo, ba etsa hore litebello tsa ka moso e be tse khanyang. Ho khannoa lithuto tsa Bibele tse fetang 15 000—e leng palo e menang ea bahoeletsi ka makhetlo a mararo le halofo! Palo ea ba bileng teng Sehopotsong e ile ea nyolohela ho ba 21 987 ka 2003. Bofelong ba selemo sa tšebeletso sa 2003, bahoeletsi ba 4 536, ho kopanyelletsa le baromuoa ba 15, ba ne ba sebetsa ka cheseho ho thusa ba bang ba eketsehileng ho ithuta ’nete e tla ba lokolla.—Johanne 8:31, 32.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 143]

Meropa e ne e fetisitse molaetsa ona: “Motsamai o tla le lekhooa”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 144]

Kaha barab’abo rōna ba ne ba se na lioache, ba ne ba tseba nako ea ho ea libokeng ka ho sheba hore na letsatsi le hokae

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 151]

“Re ile ra robala, ra siea barab’abo rōna ka ntle ba ntse ba binela lipina tsa ’Muso tlaase pel’a mollo. Eo e ne e le tsela e khathollang le e monate hakaakang ea ho robala!”

[Lebokose le leqepheng la 140]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Congo (Brazzaville)

Naha: Rephabliki ea Congo e pakeng tsa Gabon, Cameroon, Central African Republic le Democratic Republic of Congo. E khōlō ho Finland kapa Italy. Lesabasaba le lebōpong la leoatle le akaretsa sebaka se ka bang lik’hilomithara tse 60 ho kena ka hare ho naha ’me le fetoha lihlaba tse bophahamo bo fetang limithara tse 800. Meru e teteaneng le linōka tse khōlō ke tsona tse hlaheletseng naheng ena.

Batho: Baahi ba ka holimo ho limilione tse tharo ba akarelletsa meloko e mengata. Mapygmy a fumanoa libakeng tsa meru e teteaneng.

Puo: Le hoja puo e sebelisoang linthong tsa molao e le Sefora, Selingala se buuoa haholo likarolong tse ka leboea. Semonokutuba se buuoa ka boroa.

Mokhoa oa boipheliso: Ho iphelisa ka temo esita le ho tšoasa litlhapi metsing a hloekileng le metsing a letsoai ho fana ka lintho tsa bohlokoa tse hlokahalang. Merung ho tletse liphoofolo tse hlaha, ’me li tsongoa habonolo ke litsomi tse nang le tsebo.

Lijo: Cassava kapa raese ke tsona tse jeoang haholo. Li jelelloa ka tlhapi kapa khoho e tšetsoeng ka linōko tse nang le chilisi. Litholoana li ngata ’me li akarelletsa limango, liphaenapole, lipapaya, lilamunu le liavocado.

Boemo ba mohatsela le mocheso: Congo ke naha ea tropike, ea chesa ebile e mongobo selemo sohle. Ho na le linako tse peli tse hlokomelehang tsa selemo: nako ea lipula, e bang teng ho tloha ka March ho ea ho June, le nako ea komello, e bang teng ho tloha ka June ho ea ho October.

[Chate/Krafo e leqepheng la 148, 149]

CONGO (BRAZZAVILLE)—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA

1940

1947: Buka ea “’Nete e Tla le Lokolla” e qala ho tsosa thahasello.

1950: Eric Cooke oa moromuoa o etela Brazzaville. Ba boholong ba thibela lingoliloeng tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

1956: Ka March, ho fihla baromuoa ba pele ba tsoang Fora.

1957: Ofisi ea lekala e buloa ka January.

1960

1961: Mokhatlo o thehiloeng ka molao oa ngolisoa ka la 9 December, le hoja ho thibela lingoliloeng ho tsoela pele ka selemo se seng hape.

1977: Lipaki Tsa Jehova lia thibeloa. Setša sa lekala se nkoa ka mahahapa, ’me baromuoa baa lelekoa.

1980

1981: André Kitula o thusa ho tsosolosa mosebetsi oa boboleli Brazzaville.

1991: Letona la litaba tsa ka hare le tlosa thibelo. Hamorao, ho hlophisoa likopano tsa pele tsa setereke ka mor’a lilemo tse 15.

1993: Merusu sechabeng le lipolotiking e baka qomatsi.

1997: Ka la 5 June ntoa ea lehae ea qhoma. Baromuoa baa tlosoa. Ofisi ea lekala ea Kinshasa e lokisetsa lijo, bolulo le phekolo ea meriana bakeng sa baphaphathehi ba 1 000.

1999: Ho qhoma ntoa e ’ngoe hape ea lehae. Baromuoa ba tlosoa hape.

2000

2002: Ho neheloa Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse ’nè ka February.

2003: Bahoeletsi ba 4 536 ba mafolofolo Congo (Brazzaville).

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Bahoeletsi ka Kakaretso

Bo-pula-maliboho ka Kakaretso

5 000

2 500

1940 1960 1980 2000

[Limmapa tse leqepheng la 141]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

CAMEROON

EQUATORIAL GUINEA

GABON

REPHABLIKI EA CONGO

Impfondo

Djambala

BRAZZAVILLE

Pointe-Noire

Nōka ea Congo

DEMOCRATIC REPUBLIC OF CONGO

KINSHASA

ANGOLA

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 134]

[Setšoantšo se leqepheng la 138]

Litho tsa sehlopha sa pele sa ho ithuta Bibele ka 1949, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Jean-Seth Mountsamboté, Timothée le Odile Miemounoua le Noé Mikouiza

[Setšoantšo se leqepheng la 139]

Etienne Nkounkou

[Setšoantšo se leqepheng la 142]

Jean Seignobos o ne a tsamaea ka hare ho naha ea Congo, a tšela linōka ka liketsoana ho etela liphutheho

[Setšoantšo se leqepheng la 147]

Fred le Leah Lukuc (hare) le phutheho e neng e kopanela lehaeng la Augustin Bayonne

[Setšoantšo se leqepheng la 150]

Kolobetso Leoatleng la Atlantic Pointe-Noire

[Setšoantšo se leqepheng la 152]

Augustin Bayonne—Motsamai—o ile a ba sehlopheng sa bo37 sa Gileade, ka 1962

[Setšoantšo se leqepheng la 153]

Mohaho ona o ile oa sebeletsa e le ofisi ea lekala ho tloha ka 1967 ho ea ho 1977

[Setšoantšo se leqepheng la 155]

Noé Mikouiza

[Litšoantšo tse leqepheng la 158]

Louis-Noël Motoula, Jean-Marie Lubaki le Symphorien Bakeba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela