Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/1 maq. 13-15
  • Solomon Islands e Oeloa ke Koluoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Solomon Islands e Oeloa ke Koluoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Tšisinyeho ea Lefatše!
  • Eaba ho Tla Tsunami
  • Liphallelo
  • Thoriso e Tsoang ho ba Shebeletseng
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/1 maq. 13-15

Solomon Islands e Oeloa ke Koluoa

Ka Mantaha oa la 2 April, 2007, ho ile ha ba le tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 8,1 sekaleng sa Richter likarolong tsa Solomon Islands, e leng sehlopha sa lihlekehleke tsa tropike tse ka leboea-bochabela ho Australia. Ka mor’a metsotso e seng mekae, maqhubu a maholo a metsi, ao litlaleho li bontšang hore a mang a ’ona a ne a le bophahamo ba limithara tse 10, a ile a otla ka sekhahla lihlekehlekeng tse Profinseng e ka Bophirimela, a bolaea batho ba 52 ’me a siea ba 6 000 ba se na mahae.

Sebaka se ileng sa ameha haholo ke Gizo, e leng motse o pel’a lebōpo la leoatle o nang le baahi ba ka bang 7 000 o Sehlekehlekeng sa Ghizo, o bohōle ba lik’hilomithara tse 45 ho tloha moo tšisinyeho ena e qalileng teng. Phutheho e nyenyane ea Lipaki Tsa Jehova ea Gizo e ne e itokisetsa ho tšoara Sehopotso sa lefu la Jesu mantsiboeeng ao. (1 Bakorinthe 11:23–26) Letsatsi leo le ile la chaba hantle joaloka matsatsi a mang ’me leoatle le khutsitse. Eaba ka 7:39 hoseng ho ba le tšisinyeho ea lefatše.

Tšisinyeho ea Lefatše!

Moholo oa phutheho ea bitsoang Ron Parkinson le mosali oa hae Dorothy ba ne ba lokisa lijo tsa hoseng ha tšisinyeho ea lefatše e qala. Ron o re: “Ntlo ea rōna e seng e le ea khale e ne e tsukutleha joaloka sefate sa kokonate empa ha ea ka ea heleha. Ho ne ho e-na le lerata le tabolang hlooho. Liraka, fenishara, lijana, piano le lintho tse ling li ile tsa pjatlana fatše. Re ile ra sebetsa ka thata hore re tsoele ka ntle. Dorothy o ile a seoa maotong ke khalase e pshatlehileng.”

Tony le Christine Shaw, e leng baromuoa ba lulang haufinyane le rōna, le bona ba ile ba potlakela ka ntle. Christine o re: “Lefatše le ile la reketla ka matla hoo ke ileng ka oela fatše ’me ka sitoa ho tsoha. Leoatleng mane matlo a ne a phaphametse metsing. Leqhubu le leholo le ne le a hohotse. Batho ba palameng liketsoana ba ne ba soka ka matla har’a maloanlahla ha ba ntse ba batla mahlatsipa. Eaba ho fihla tšisinyeho e ’ngoe ea lefatše e khōlō—’me ha latela e ’ngoe. Ha latela tse ling tse nyenyane ka matsatsi a mahlano. E ne e le boemo bo tšosang!”

Eaba ho Tla Tsunami

Patson Baea o ne a le lehaeng la hae le sehlekehlekeng sa Sepo Hite, se bohōle ba lik’hilomithara tse tšeletseng ho tloha Gizo, ha tšisinyeho ea lefatše e qala. Ho ile ha etsahala’ng ka Patson le lelapa la hae nakong ee ea koluoa?

Ha Patson a hopola ketsahalo ena e bohloko o re: “Ke ile ka matha lebōpong la leoatle ke ea ho mosali oa ka, Naomi, le bana ba rōna ba bane. Ba ne ba oetse fatše empa ba ne ba sireletsehile. Bana ba ne ba thothomela, ’me ba bang ba lla. ’Na le Naomi re ile ra ba khothatsa.

“Ke ile ka hlokomela hore maqhubu a leoatle a tsamaea ka tsela e sa tloaelehang. Ho ne ho hlakile hore tsunami e tseleng. Sehlekehleke sa rōna se senyenyane se ne se ka ’na sa koaheloa ke metsi. ’Mè oa ka, Evalyn, ea neng a lula sehlekehlekeng se senyenyane se haufi, le eena o ne a le kotsing. Ke ile ka re lelapa la ka le potlakele ka seketsoaneng sa rōna se tsamaisoang ka enjene ho ea mo pholosa.

“Ha re se re tsamaile sebakanyana, ho ile ha feta leqhubu le leholo ka tlas’a seketsoana sa rōna. Metsi a leoatle a ne a loebehlana. Ha re fihla ho ’Mè, o ne a tšohile a bile a ferekane ’me a tšaba ho kena ka metsing. Naomi le Jeremy, mora oa rōna ea lilemo li 15 ba ile ba itahlela ka metsing a phallang ka matla ba mo thusa ho sesetsa seketsoaneng. Eaba re rutla sekepe, re kena leoatleng.

“Nakong ena leoatle le ne le kokobetse hoo ho neng ho bonahala litotoma tsa likorale tse potolohileng lihlekehleke. Ka tšohanyetso, ha fihla leqhubu le leholo le ileng la koahela lihlekehleke tsena ka bobeli. Ntlo ea rōna ea baeti e lebōpong la leoatle e ile ea senyeha hoo e neng e se na bolokiso. Metsi a ile a koahela ntlo eo re lulang ho eona, a senya thepa ea rōna e ngata. Ha leoatle le kokobela, re ile ra ntša Libibele tsa rōna le libuka tsa lipina ka tlung eaba re ea Gizo.”

Lebōpong la leoatle ho ne ho tletse litopo le thepa e senyehileng. Karolo e ka bophirimela ea Sehlekehleke sa Ghizo e ne e le eona e senyehileng haholo. Metse e 13 e ne e ripitliloe ke leqhubu la metsi leo litlaleho li reng le ne le le bophahamo ba limithara tse hlano!

Bosiung boo, batho ba 22 ba ile ba bokana Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ea Gizo ’me ba tšoara Sehopotso sa lefu la Jesu. Hoa thabisa hore ebe ha ho lea mong bathong bana ea ileng a lemala hampe ka lebaka la koluoa ena. Ron ea qotsitsoeng pejana o re: “Ho ne ho se na motlakase, ’me mabone a rōna a parafine a ne a robehile. Ka hona Mor’abo rōna Shaw o ile a fana ka puo a khantšelitsoe ka toche. Lefifing leo, re ile ra binela Jehova lipina tsa teboho, re tsanyaola hamonate.”

Liphallelo

Ha litaba tsa koluoa ena li fihla Honiara, e leng motse-moholo, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebakeng seo e ile ea phalla ka potlako. E ile ea letsetsa libakeng tsa koluoa ’me ea tiisa hore boholo ba Lipaki li sireletsehile. Ho ile ha romeloa batho ba tšepahalang hore ba fumane Paki e lulang sebakeng se hōle sa Sehlekehleke sa Choiseul. Qetellong morali enoa oabo rōna o ile a fumanoa a phetse hantle. Ho ile ha boela ha romeloa chelete Gizo ea ho reka liphallelo.

Baemeli ba lekala ba ile ba fihla Gizo ka Labone ka sefofane sa pele. Craig Tucker, e leng setho sa Komiti ea Lekala o re: “Re ile ra nka mabokose a mangata a liphallelo. Baeti ba bang ba ile ba siea thoto ea bona morao kaha ho ne ho lekanyelitsoe boima bo itseng ba thoto eo ba ka e nkang, empa ra thaba ha thepa ea rōna kaofela e fihla e sireletsehile. E ne e le har’a thepa ea pele ea liphallelo e ileng ea fihla sebakeng sa koluoa. Thepa e ’ngoe e ile ea fihla ka seketsoana ka mor’a matsatsi a mabeli.”

Ho sa le joalo, Tony Shaw le Patson Baea, hammoho le Lipaki tse ling tsa Gizo, ba ile ba tsamaea lihora tse peli ka seketsoana e le hore ba ka thusa Lipaki tse lulang sebakeng se hōle sehlekehlekeng sa Ranongga. Tšisinyeho ea lefatše e matla e ile ea etsa hore sehlekehleke sena se bolelele ba lik’hilomithara tse 32 le bophara ba tse robeli se phahame ka limithara tse fetang tse peli! Ho bonahala hore ho checha ka tšohanyetso ha metsi a potolohileng sehlekehleke sena ho ile ha baka tsunami e ileng ea otla lihlekehleke tse haufi.

Tony o re: “Litho tsa phutheho li ne li thabile haholo ha li re bona. Li ne li sireletsehile li bile li phetse hantle, li sa lule ka matlung hobane li tšaba ho reketla ho ka ’nang ha latela. Seketsoana sa rōna e bile sona sa pele sa ho tlisa liphallelo. Pele re tsamaea, re ile ra leboha Jehova ka thapelo e tlohang pelong.”

Patson o re: “Ka mor’a matsatsi a ’maloa, re ile ra khutlela Ranongga re isa liphallelo tse eketsehileng le ho batla lelapa la Lipaki le lulang sebakeng se thōko-thōko sehlekehlekeng seo. Qetellong re ile ra fumana Matthew Itu le lelapa la hae ba lula tenteng ka har’a moru. Ba ile ba ntša meokho ea thabo ha ba bona hore ha rea ba lebala! Tšisinyeho ea lefatše e ne e sentse ntlo ea bona hammoho le mehaho e meng e mengata motseng oa habo bona. Leha ho le joalo, ba ne ba amehile haholo ka ho fumana Libibele tse ling, kaha Libibele tsa bona li ne li lahlehile koluoeng eo.”

Thoriso e Tsoang ho ba Shebeletseng

Ba bang ba ile ba lemoha lerato leo la Bokreste. Craig Tucker o re: “Moqolotsi e mong oa litaba ea neng a nyatsa mosebetsi oa liphallelo ka kakaretso o ile a makala a ba a khahloa ke ha a bona hore Lipaki Tsa Jehova li file litho tsa tsona lijo, liseile le lintho tse ling tse hlokahalang ka mor’a matsatsi a seng makae tšisinyeho e qalile.” Patson o phaella ka ho re: “Baahi ba motse oa Ranongga ba ile ba re babatsa ka ho ba phallela ka potlako ’me ba tletlebisoa ke hore ebe likereke tsa bona ha lia ba phallela.” Mosali e mong o ile a re, “Mokhatlo oa lōna o ile oa phalla ka potlako!”

Lipaki li ile tsa boela tsa ithaopela ho thusa baahelani ba tsona. Christine Shaw o re: “Ha re ne re etetse sepetlele sa nakoana sa Gizo, re ile ra bona banyalani ba bang bao re neng re buile le bona pejana. Ba ne ba lemetse ka bobeli ’me ba ferekane maikutlo. Tsunami e ile ea hlotha setloholo sa mosali eo ho eena ’me sa khangoa ke metsi. Re ile ra khutlela hae kapele hore re ba tlele lijo le liaparo. Ba ile ba leboha haholo.”

Ka sebele, batho ba oetsoeng ke likoluoa tsa tlhaho ha ba hloke liphallelo feela. Ntho e khethehileng eo ba e hlokang ke khothatso e fumanoang feela Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ron o re: “Baruti ba bang ba bolumeli ba ne ba re Molimo o otla batho ka lebaka la libe tsa bona. Empa re ile ra ba balla Bibeleng hore ha ho na mohla Molimo a bakang bokhopo. Ba bangata ba ile ba re leboha ha re ba khothatsa ka Bibele.”—2 Bakorinthe 1:3, 4; Jakobo 1:13.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba sehlooho se reng “‘Hobane’ng?—Ho Araba Potso e Thata ka ho Fetisisa,” Tsoheng! ea November 2006 leqepheng la 3-9. Ho ile ha abuoa limakasine tse makholo Gizo ka mor’a koluoa ena.

[Setšoantšo/Limmapa leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Choiseul

Ghizo

Gizo

Ranongga

HONIARA

AUSTRALIA

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lelapa la ha Baea ka seketsoaneng se tsamaisoang ka enjene

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Holo ena ea ’Muso e ne e le oona feela mohaho o sa kang oa oa motseng oa Lale o Sehlekehlekeng sa Ranongga

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tšenyo e bakiloeng ke Tsunami Gizo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela