Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho loketse ho atamela Molimo ka thapelo motho a sa sebelise mantsoe a kang “ka lebitso la Jesu”?
Bibele e bontša hore Bakreste ba lakatsang ho atamela Jehova ka thapelo ba lokela ho etsa joalo ka lebitso la Jesu. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” A phaella: “Eng kapa eng eo le e kōpang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka Mora. Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa.”—Johanne 14:6, 13, 14.
Ha e bua ka boemo ba Jesu bo ikhethang, Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature e re: “Ke Molimo feela ea lokelang ho rapeloa, ho sebelisoa Jesu Kreste e le Mokena-lipakeng. Ka hona lithapelo tsohle tse isoang ho bahalaleli kapa mangeloi hase feela hore ha li na thuso, empa lia nyefola. Borapeli bohle bo isoang ho sebōpuoa, ho sa tsotellehe hore na sebōpuoa seo se phahame hakae, ke borapeli ba litšoantšo, ’me bo haneloa ka ho feletseng molaong o halalelang oa Molimo.”
Ho thoe’ng haeba motho ka mor’a hore a be le phihlelo e thabisang, a re, “Kea u leboha Jehova” a sa kenyelletsa “ka lebitso la Jesu”? Na seo e tla ba se sa lokelang? Che. Nka hore Mokreste o ba boemong ba tšohanyetso bo kotsi ’me oa hooa: “Nthuse hle Jehova!” Ka sebele Molimo a ke ke a hana ho thusa hobane mohlanka oa hae a sa re “ka lebitso la Jesu.”
Leha ho le joalo, ho hlokomeloe hore ho buela holimo esita le ho Molimo ka bohona hase thapelo. Ka mohlala, ka mor’a hore Jehova a mo ahlolele ho bolaea moen’ae Abele, Kaine o ile a re: “Kotlo ea ka bakeng sa phoso e khōlō haholo hore nka e jara. Bona! ha e le hantle letsatsing lena u nteleka holim’a lefatše, ’me ke tla pateloa sefahleho sa hao; ke tla ba moleleri le ’malehi lefatšeng, ’me ka sebele mang kapa mang ea mphumanang o tla mpolaea.” (Genese 4:13, 14) Le hoja Kaine a ne a bua le Jehova, ho ntša maikutlo a hae ka ho phasoloha e ne e le tletlebo ea liphello tse babang tsa sebe.
Bibele ea re bolella: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.” Ka sebele ho bua le Ea Phahameng ka ho Fetisisa joalokaha eka ke motho feela tjee e ne e tla ba ho bontša ho se ikokobetse. (Jakobo 4:6; Pesaleme ea 47:2; Tšenolo 14:7) Hape e ne e tla ba ho se hlomphe ho tseba seo Lentsoe la Molimo le se buang ka karolo eo Jesu a e phethang ebe leha ho le joalo re hlokomoloha Jesu Kreste ka boomo ha re rapela.—Luka 1:32, 33.
Sena hase bolele hore Jehova o lebeletse hore ha re rapela re latele tsela e itseng kapa molao o itseng. Ntlha ea bohlokoa ke boemo ba pelo ba motho. (1 Samuele 16:7) Lekholong la pele la lilemo C.E., molaoli oa lebotho la Roma ea bitsoang Korneliase o ile “a etsa thapeli ho Molimo a sa khaotse.” Korneliase, Molichaba ea sa bollang, o ne a sa inehela ho Jehova. Le hoja e ka ’na eaba o ne a sa etse lithapelo tsa hae ka lebitso la Jesu, li ile tsa ‘nyolohela ka pel’a Molimo e le khopotso.’ Hobane’ng? Hobane “ea hlahlobang lipelo,” o ile a bona hore Korneliase e ne e le “monna ea inehetseng le ea tšabang Molimo.” (Liketso 10:2, 4; Liproverbia 17:3) Ha a se a tsebile “Jesu ea neng a tsoa Nazaretha,” Korneliase o ile a amohela moea o halalelang ’me ea e-ba morutuoa oa Jesu ea kolobelitsoeng.—Liketso 10:30-48.
Qetellong, hase batho ba etsang qeto ea hore na Molimo o utloa lithapelo life. Haeba ka nako e ’ngoe Mokreste a bua le Molimo ’me a lebala ho sebelisa mantsoe a kang “ka lebitso la Jesu,” ha ho hlokahale hore a ikimetse ka boikutlo ba ho ba molato. Jehova o elelloa mefokolo ea rōna ka ho feletseng ’me o batla ho re thusa. (Pesaleme ea 103:12-14) Re ka kholiseha hore haeba re bontša tumelo ho “Mora oa Molimo . . . , ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:13, 14) Leha ho le joalo, ha Bakreste ba ’nete ba rapella ba bang phatlalatsa, ba ela hloko ka ho khetheha karolo eo Mangolo a totobatsang hore Jesu oa e phetha morerong oa Jehova. ’Me ka kutlo ba ikemisetsa ho hlompha Jesu ka ho lebisa lithapelo ho Molimo ka eena.