Bacha Baa Botsa . . .
Nka Thusa ba Hlokang Joang?
“Ha ke qeta sekolong, ke tšepa hore ke tla fumana mosebetsi oa ho ba setsebi sa motlakase. Ke batla ho thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso.”—Tristan, 14.
“Ke nehela lidolara tsena tse 20 [R120] bakeng sa mochine o mocha oa khatiso. Ke chelete eo batsoali ba ka ba mphang eona hore ke ithekele linthonyana ka eona, empa ke batla ho le fa eona.”—Abby, 9.
MEHLENG ena eo ho leng lelemeng la ba bang hore bacha ke baithati, ho na le bacha ba bangata—ho kopanyelletsa le ba qotsitsoeng ka holimo—ba fapaneng ka ho feletseng. Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba sebelisa nako ea bona, matla le chelete ho thusa ba bang. (Pesaleme ea 110:3) Nahana ka mehlala e meng.
Nakoana ka mor’a hore nkhono oa hae a hlokahale, Jirah ea lilemo li supileng oa Australia o ile a fuoa chelete e kaalo ka R225 ke ntate-moholo oa hae. Jirah o ile a etsa’ng ka chelete eo? Libokeng tse latelang tsa phutheho, o ile a kenya chelete eo kaofela ka lebokoseng la monehelo. Hobane’ng? Jirah o ile a hlalosetsa ’mè oa hae: “Ke na le lintho tse ntekaneng tsa ho bapala, empa ke ne ke e-na le nkhono a le mong feela. Kea tseba hore Nkhono o ne a tla rata ha nka nehelana ka chelete ena hobane o ne a rata Jehova haholo.”
Hannah ea lilemo li hlano oa United States o rata lipere. O ne a batla ho reka pere ea papali e neng e ja chelete e kaalo ka R450. E le ho mo ruta bohlokoa ba ho boloka chelete, batsoali ba Hannah ba ile ba mo fa chelete nako le nako hore a e tšele ka lekotikoting le bolokang chelete. Ka potlako Hannah o ne a se a e-na le chelete e lekaneng hore a reke pere eo.
Leha ho le joalo, hona ka nako eo, Leholiotsoana Katrina le ile la senya Gulf Coast. Hannah o ne a amehile ka batho ba oetsoeng ke koluoa, ka hona, o ile a etsa qeto ea ho ba thusa ka ho nehelana ka chelete eo ea hae kaofela—chelete e ka holimo ho R610. Hannah o ile a ngolla ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, ’me a re: “Ke batla ho le fa chelete ena hobane ke rata Jehova ’me ke batla ho thusa.” Na Jehova o lemoha liketso tse kang ee tsa ho fana ka seatla se bulehileng? Bibele e re: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Baheberu 13:16.
Ngoananyana e mong eo le eena e leng oa United States, ea bitsoang Tiffany, o ile a ngolla ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova ka mor’a hore maholiotsoana a mabeli a puputle Florida ka 2004. O ile a ngola: “’Na le khaitseli ea ka Timothy re rata ho nehelana ka $110 [R670] ena. Ntlo eabo rōna ha ea senyeha haholo, empa re bone hore na lifefo tsena li entse’ng matlong a mang. Re ne re batla ho thusa, ka hona re ile ra qala ho beha chelete. Timothy o fumane $10 [R60] ha a ne a thusa ho heletsa mabota a liboto ntlong e ’ngoe, athe ’na ke ile ka khona ho boloka $100 [R610].” Tiffany o lilemo li 13 ’me khaitseli ea hae, Timothy, o lilemo li 7 feela! Ho etsahala’ng ha re beha lithahasello tsa ba bang ka pel’a tsa rōna? Liproverbia 11:25 e re: “Ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.”
Bacha ba bang ba United State, ho tloha ho ea lilemo li 4 ho isa ho ea lilemo li 15, ba ile ba utloa hore balumeli-’moho le bona Afrika ba hloka Liholo Tsa ’Muso. Kahoo, ba ile ba etsa qeto ea ho etsa ho hong. “Re ile ra rekisa libiskiti le likuku jareteng ’me ra fumana $106.54 [R647,76]. Re ile ra bolella batho hore chelete eo re e fumanang e ka ’na ea sebelisetsoa libaka tseo batho ba kopanelang ho tsona Afrika bakeng sa ho ithuta Bibele. Ba bangata ba ile ba reka. Re ile ra qeta lihora tse robong re ntse re rekisa, empa e bile ho putsang—e ne le bakeng sa Jehova!”
U ka Thusa
Bacha bao ho builoeng ka bona ka holimo ba ithutile ’nete ea mantsoe a Jesu: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Le uena u ka fumana thabo ea ho fana. Ka litsela life?
Na u kile ua utloa ka balumeli-’moho le uena ba hlokang thuso e itseng? Ka mohlala, na ho na le moo ho bileng le koluoa ea tlhaho? Leka ho nahana hore na u ne u ka ikutloa joang haeba e ne e le uena ea lahlehetsoeng ke lehae, thepa kapa hona ho shoeloa ke eo u mo ratang. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Bakreste ba lokela ho se “hlokomele lithahasello tsa litaba tsa [bona] feela, empa hape [ba hlokomele] lithahasello tsa ba bang.” (Bafilipi 2:4) Esita le haeba u lula hōle le moo koluoa ea tlhaho e etsahetseng teng, mohlomong u ka etsa monehelo o tla thusa mosebetsing oa liphallelo o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova.a
Ho na le litsela tse ling tseo u ka thusang ba hlokang ka tsona. Ka mohlala, haeba u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke hobane’ng ha u sa shebe hona ka har’a Holo ea ’Muso? Na ho na le ba hōlileng kapa ba bang ba hlokang ho thusoa? Na u ka ba thusa ka mesebetsi ea lapeng? Moapostola Pauluse o ile a ngolla Baroma: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Baroma 12:10) Ha u bona ho na le moo ho hlokahalang thuso, hl’o nke bohato. Ikemisetse ho etsa mesebetsi e shebahalang e le tlaase. Hape u hopole hore ho sebeletsa ba bang ho amana haufi-ufi le ho sebeletsa Molimo. Bibele e re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.”—Liproverbia 19:17.
Leha ho le joalo, tsela e molemohali ea ho thusa ba bang ke ka ho ba bolella seo u se tsebang ka Lentsoe la Molimo, Bibele. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho feta leha e le neng pele, batho hona joale ba tlameha ho utloa molaetsa o pholosang bophelo oa ’nete ea Bibele. Ka hona, tsoela pele u bolela ka mafolofolo kamehla, u kholisehile hore ‘mosebetsi oa hao hase oa lefeela.’—1 Bakorinthe 15:58.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Menehelo e etsoang bakeng sa liphallelo tsa ketsahalo e itseng ka ho khetheha e ea ananeloa. Leha ho le joalo, ho batla ho le molemo hore menehelo eo e fanoe e le ea mosebetsi oa lefatše lohle oa Lipaki Tsa Jehova, hobane chelete e huloa letlōleng lena ha ho hlokahala.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Na ho na le eo u nahanang hore u hloka thuso?
◼ U ka etsa’ng ho mo thusa?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
“Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Baheberu 13:16
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO ITHUTA HO FANA?
“Ha ke bona batsoali ba ka ba sebelisa nako le matla a bona ho sebeletsa Jehova le baahelani ba bona, sena se entse hore le ’na ke batle ho phela ka tsela e tšoanang. Ntate o ile a mpolella: ‘Ho sa tsotellehe hore na ke ntho e nyenyane hakae, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsetsang Jehova e ba ea ka ho sa feleng. Jehova o phela ka ho sa feleng, ’me o tla e hopola ka ho sa feleng. Empa ho iphelela ha ho thuse letho. Ha u shoa, seo u se entseng se shoa le uena.’”—Kentaro, 24, Japane.
“Ho bua ’nete, ntho eo ke neng ke e tsoafa ka ho fetisisa e ne e le ho thusa batho ba hōlileng ka mesebetsi ea lapeng Moqebelo thapama. Ke ne ke batla ho ithabisa le lithaka tsa ka. Leha ho le joalo, ke ne ke natefeloa ha ke ile ka qeta nako le ba hōlileng. Ka ho qeta nako le bona, ke ile ka hlokomela hore le bona ke batho joaloka ’na, bao le bona e kileng ea e-ba bacha. Sena se ile sa ntšusumelletsa hore ke ba thuse.”—John, 27, Engelane.
“Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke thusa ho hloekiseng Holo ea ’Muso le ho etseng mesebetsi e meng e mengata. Ke ne ke boetse ke thabela ho etsetsa ba bang ka phuthehong mesebetsi ea matsoho. Ha u thusa motho e mong, u bona kamoo a thabang kateng. Ka mohlala, nkile ka tsamaea le ba bang ho ea kenya pampiri ea leboteng foleteng ea morali’abo rōna e mong ea seng a hōlile. O ile a thaba hakaakang! Ha u thabisa motho e mong, le uena ua thaba.”—Hermann, 23, Fora.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bacha ba bangata ba nehela ka chelete ho thusa ba oetsoeng ke likoluoa