Bacha Baa Botsa
Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Rapelang ka Eona Joang?
“Ha ho e-na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa sekolong, mosebetsing, kapa tseo u lokelang ho li etsa le metsoalle le ba lelapa, ka linako tse ling ua lebala hore Molimo ke eena motho oa bohlokoa ka ho fetisisa.”—Faviola ea lilemo li 15, oa United States.
“RAPELANG le sa phetse.” (1 Bathesalonika 5:17) “Phehellang thapelong.” (Baroma 12:12) “Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” (Bafilipi 4:6) Haeba u Mokreste, mohlomong u tseba litemana tseo hantle. Ebile mohlomong ua elelloa hore thapelo ke tsela e babatsehang ka ho fetisisa ea ho ba le puisano. Ak’u nahane feela—u ka buisana le Molimo ea Matla ’Ohle ka nako leha e le efe, ebang ke motšehare kapa bosiu! Ho phaella moo, Bibele e re: “Oa re utloa.”a—1 Johanne 5:14.
Empa joaloka mocha eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae qalong, u ka ’na ua thatafalloa ke ho rapela. Haeba ho le joalo, u ka etsa’ng? Sehlooho sena se tla u thusa hore (1) u qolle bothata, (2) u be le sepheo ka lithapelo tseo u li etsang ’me (3) u notlolle “monyako” e le hore u ka finyella sepheo sa hao.
A re qaleng ka ho qolla bothata. Ke’ng ka ho khetheha e u thatafallang haholo mabapi le thapelo? Ngola karabo ea hao ka tlaase mona.
․․․․․
Bohato bo latelang ke hore u be le sepheo. Ka tlaase mona, tšoaea sepheo seo u ka ratang ho se finyella, kapa u ingolle se seng haufi le mola oa “Se seng.”
□ Nka rata ho rapela khafetsa.
□ Nka rata ho bua ka lintho tse sa tšoaneng ha ke rapela.
□ Nka rata hore ke etse lithapelo tse tsoang botebong ba pelo.
□ Se seng ․․․․․
Ho Notlolla “Monyako”
Thapelo e tšoana le monyako oo u ka u bulang ka nako leha e le efe. Leha ho le joalo, bacha ba bang ba re ha ba bule monyako ona khafetsa kapa ka bolokolohi joalokaha ba loketse. Haeba le uena u joalo, u se ke ua tela! U se u qollotse bothata ’me u iketselitse sepheo. Joale u itlhokela feela hore u fumane senotlolo sa ho notlolla monyako. Nahana ka litšitiso tse ling tseo u ka ’nang ua thulana le tsona, hammoho le litlhahiso tse ka u thusang hore na u li hlōle joang.
◼ Loko: HO HLOKOMOLOHA THAPELO. “Ka linako tse ling ke hlokomoloha ho etsa thapelo ka lebaka la ho phathahana.”—Preeti ea lilemo li 20, oa Brithani.
Senotlolo: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.”—Baefese 5:15, 16.
Tlhahiso: Khetha nako e loketseng esale pele, eo ka eona u ka rapelang letsatsi ka leng. U ka ba ua e ngola fatše, feela joalokaha u ne u tla ngola fatše hore u se ke ua lebala ho etsa ntho e itseng. Yoshiko ea lilemo li 18, oa Japane, o re: “Haeba ke sa behe nako e khethehileng ea ho rapela, ke phathahana ka ho etsa lintho tse ling.”
◼ Loko: LINTHO TSE FEREKANYANG. “Kelello ea ka ea farasa ’me ke sitoa ho tsepamisa mohopolo ho seo ke ntseng ke se bua.”—Pamela ea lilemo li 17, oa Mexico.
Senotlolo: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.”—Matheu 12:34.
Tlhahiso: Haeba khafetsa kelello ea hao e farasa, leka ho etsa lithapelo tse khutšoanyane—bonyane ho fihlela u tloaela ho tsepamisa mohopolo. Tlhahiso e ’ngoe ke ena: Rapela ka lintho tseo u amehileng ka tsona haholo. Marina ea lilemo li 14, oa Russia, o re: “Ha ke fihla lilemong tsa bocha, ke ile ka qala ho nahanisisa ka taba ea hore, ha e le hantle thapelo ke ho buisana le Molimo. Sena se ile sa ntšusumelletsa hore ke mo tšollele maikutlo ha ke rapela.”
◼ Loko: THAPELO E TŠOANANG KAMEHLA. “Ha ke rapela, ke iphumana ke pheta mantsoe a tšoanang kamehla.”—Dupe ea lilemo li 17, oa Benin.
Senotlolo: “Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.”—Pesaleme ea 77:12.
Tlhahiso: Haeba ho bonahala eka ho itlela habonolo feela hore ha u rapela u bue ntho e tšoanang, letsatsi ka leng ngola tlhohonolofatso e itseng eo u e fumaneng. Ebe u leboha Jehova ka tlhohonolofatso eo. Etsa sena beke kaofela, ’me qetellong ea eona u tla be u rapetse ka lintho tse supileng tse sa tšoaneng. Etsa sena le ka lintho tse etsahalang letsatsi ka leng. Bruno ea lilemo li 21, oa Brazil, o re: “Ha ke rapela, ke leka ho nahana ka lintho tse etsahetseng letsatsing leo.” Samantha ea lilemo li 18, oa United States, le eena o etsa joalo. O re: “Ke leka ho hopola lintho tsohle tse etsahetseng kajeno tse fapaneng le tsa matsatsi a mang, ebe ke rapela ka tsona. Seo se nthusa hore ke se ke ka pheta mantsoe a tšoanang nako ena kaofela.”b
◼ Loko: HO BA LE LIPELAELO. “Nkile ka rapella bothata bo itseng boo ke neng ke thulana le bona sekolong, empa ha boa ka ba fela. Ha e le hantle, ho ile ha hlaha mathata a eketsehileng. Ke ile ka ipolella, ‘Ke sa itšoenyetsa’ng ka ho rapela? Ho hang Jehova ha a ’mamele!’”—Minori ea lilemo li 15, oa Japane.
Senotlolo: “Hammoho le moleko [Jehova Molimo] o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.
Tlhahiso: Ntho eo re ka kholisehang ka eona ke hore: Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Kahoo, ka mor’a hore u rapelle taba e itseng, leka ho utloisisa lintlha tsohle tse amehang. Ho e-na le hore u letele ho arabeloa ka tsela e itseng, sheba tsela e ’ngoe eo e ka ’nang eaba thapelo ea hao e se e arabetsoe ka eona. Taba ea hore ebe u ntse u mameletse u le Mokreste e bolela hore mohlomong Jehova o arabetse thapelo ea hao—eseng ka hore a tlose bothata boo u nang le bona, empa ka hore a u fe matla a ho bo mamella.—Bafilipi 4:13.
◼ Loko: HO HLAJOA KE LIHLONG. “Ke hlajoa ke lihlong ha ke nahana hore na bana bao ke kenang sekolo le bona ba tla re’ng ha ba mpona ke rapela pele ke e-ja lijo tsa motšehare.”—Hikaru ea lilemo li 17, oa Japane.
Senotlolo: “Ho na le . . . nako e loketseng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re batlang ho e etsa.”—Moeklesia 3:1, Beck.
Tlhahiso: Le hoja ho rapella ka pelong ho ka etsa hore batho ba bang ba ananele seo, ha ua lokela hore u etse mponeng ha u rapela. Ka mohlala, ho hlakile hore ha Nehemia a ne a etsa thapelo e khutšoanyane ka pel’a Morena Artaxerxerse o ne a rapella ka pelong, empa ha ho tlaleho e bontšang hore o ile a hlokomela hore Nehemia o ntse a rapela. (Nehemia 2:1-5) Le uena u ka rapela Jehova ka pelong ho sa hlokahale hore u etse mponeng.—Bafilipi 4:5.
◼ Loko: HO INKA U SA TŠOANELEHE. “Jehova o se a ntse a tseba mathata a ka. Haeba le ’na ke khathetse ke ’ona, e ka ’na eaba le eena ha a sa batla ho utloa letho ka ’ona! Ka linako tse ling ke ikutloa ke sa tšoanelehe hore nka bua le eena.”—Elizabeth ea lilemo li 20, oa Ireland.
Senotlolo: “[Lahlelang] matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo], hobane oa le tsotella.”—1 Petrose 5:7.
Tlhahiso: Hore u ithute taba ena, ak’u etse lipatlisiso ’me u thuise ka mangolo a latelang: Luka 12:6, 7; Johanne 6:44; Baheberu 4:16; 6:10; 2 Petrose 3:9. Litemana tsena li tla u thusa ho hlokomela hore Jehova o batla hore u bue le eena ebile ha ho hlokahale hore u be Mokreste ea khethehileng e le hore a utloe lithapelo tsa hao. Mopesaleme Davida—ea ileng a thulana le matšoenyeho le mathata bophelong—o ile a bua a kholisehile hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”c—Pesaleme ea 34:18.
Taba ea hore ebe Jehova ka boeena o utloa lithapelo tsa hao, seo se bontša hore oa u thahasella. Nicole ea lilemo li 17, oa Italy, o re: “Jehova ha aa abela mangeloi hore e be ’ona a mamelang lithapelo tsa rōna. Ho totobetse hore kaha o mamela lithapelo tsa rōna ka boeena, e tlameha ebe o li nka e le tsa bohlokoa.”
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Molimo ha a itšetlehe ka maqhubu a molumo hore a utloe, o khona ho “utloa” esita le seo motho a se buang ka pelong.—Pesaleme ea 19:14.
b Sheba sehlooho se reng, “Pono ea Bibele: Molimo o Ikutloa Joang ka Lintho Tse Thusang Batho ho Rapela?” se leqepheng la 18.
c Haeba u nahana hore Molimo a ke ke a utloa lithapelo tsa hao hobane u entse sebe se tebileng, u lokela ho buisana le batsoali ba hao. Hape, ‘bitsa banna ba baholo ba phutheho’ hore ba u thuse. (Jakobo 5:14) Baholo ba ka u thusa hore u tsosolose kamano ea hao le Molimo.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke lintho life tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa tseo u ka li rapellang?
◼ Ke lintho life tse amang ba bang tseo u ka li rapellang ho Jehova?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Thapelo e tšoana le bukana eo ho eona u ngolang lintho tse u etsahallang letsatsi ka leng, e tšoaroang ke uena le Jehova feela.”—Olayinka, oa Nigeria.
“Nka hore u na le motsoalle oa hlooho ea khomo ’me u ’nile ua mo fa limpho tse ngata. Ebe joale ka letsatsi le leng, motsoalle enoa ha a sa u buisa. E tlameha ebe Jehova o ikutloa joalo ha re khaotsa ho mo rapela.”—Chinta, oa Australia.
“Kamehla ke ne ke nka hore ke phoso ha ke hlalosa tsela eo ke ikutloang ka eona. Tokelo ea ho rapela e nthusitse ho hlokomela hore hase phoso ha ke thabile, ke koatile kapa ke ferekane ’me ke bolella Jehova kamoo ke ikutloang kateng. Hona joale ke khona ho laola maikutlo a ka ka tsela e molemo haholoanyane le e atlehang.”—Amber, oa United States.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Haeba ho bonahala eka monyako oa thapelo o notletsoe, sebelisa linotlolo tse Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele