Tšebelisano-’moho e Etsa Hore Lelapa le Tsoele Pele Moeeng
KE HABOHLOKOA hore ba batlang ho ba le lelapa le tšabang Molimo ba sebelisane ’moho. Ha Jehova a ne a kopanya banyalani ba pele, o ile a hatisa bohlokoa ba hore ba sebelisane ’moho. Eva o ne a lokela ho sebetsa ’moho le Adama ’me e be “motlatsi” oa hae. (Gen. 2:18) Monna le mosali ba lokela ho momahana ’me ba tšehetsane. (Moek. 4:9-12) E le hore batsoali le bana ba phethe mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona, ba lokela ho sebelisana ’moho.
Borapeli ba Lelapa
Barry le Heidi ba na le bana ba bahlano. Ba hlokometse hore ho ithuta Bibele ’moho e le lelapa ho ba thusa hore ba tsoele pele. Barry o re: “Nako le nako ke kōpa bana hore ba etse linthonyana tse itseng bakeng sa thuto ea lelapa. Ka linako tse ling ke ba kōpa hore ba lokisetse lintlha tse hlahang lihloohong tsa Tsoha! Hape re itlhakisetsa seo re tla se bua tšebeletsong ea tšimo e le hore ngoana e mong le e mong a be le seo a lokiselitseng ho se bua.” Heidi o phaella ka ho re: “Kaofela ha rōna re na le lethathamo la lipakane tsa moea tseo re batlang ho li finyella ’me re li hlahloba nako le nako ha re ba le thuto ea lelapa e le hore re bone hore na re ntse re tsoela pele joang.” Banyalani bana ba hlokometse hore ha ba qeta mantsiboea a ’maloa ba sa shebella thelevishene, seo se fa lelapa kaofela monyetla oa hore le bale hamonate.
Liboka Tsa Phutheho
Mike le Denise ba hōlisitse bana ba bane. Lelapa la bona le ile la rua molemo joang ka ho sebelisana ’moho? Mike o re: “Ka linako tse ling leha re ne re ka rera lintho hantle esale pele, li ne li sa tsamaee kamoo re li rerileng kateng, empa re ile ra hlokomela hore ho sebelisana ’moho ho re thusa hore re fihle libokeng ka nako.” Denise eena o re: “Ha bana ba rōna ba ntse ba hōla, e mong le e mong o ne a e-na le mesebetsi eo a lokelang ho e etsa. Morali oa rōna Kim o ne a thusa ka ho pheha le ho teka tafole.” Mora oa bona Michael o re: “Mantsiboea a Labobeli ho ne ho tšoaroa seboka sa phutheho lapeng. Kahoo re ne re hloekisa kamore eo se tšoareloang ho eona, re fiela fatše ebe re beha litulo hantle.” Mora e mong oa bona, Matthew, o phaella ka ho re: “Ntate o ne a etsa bonnete ba hore o fihla ka nako lapeng ka matsatsi a liboka e le hore a re thuse hore re itokisetse ho ea libokeng.” Ho bile le litholoana life?
Tšebelisano-’moho e Hlahisa Litholoana Tse Molemo
Mike o re ha a tsoela pele: “’Na le Denise re ile ra qala ho ba bo pula-maliboho ka 1987. Ka nako eo, bana ba rōna ba bararo ba ne ba ntse ba lula le rōna. Ba babeli e ile ea ba bo-pula-maliboho, ha ba bang ba ile ba sebetsa mesebetsing ea kaho Bethele. Ntho e thabisitseng lelapa la rōna le ho feta ke hore re khonne ho thusa batho ba 40 hore ba inehele ba be ba kolobetsoe. Re boetse re bile le monyetla oa ho sebetsa re le lelapa mesebetsing ea kaho, ho akarelletsa le linaheng tse ling.”
Ka sebele, ha lelapa le sebelisana ’moho le kotula litholoana tse molemo. Na le ka fumana litsela tse ling tseo ka tsona lelapa la lōna le ka sebelisanang ’moho? Kholisehang hore haeba lelapa la lōna le sebelisana ’moho le ka tsoela pele le ho feta moeeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho itlhakisetsa seo re tla se bua ho re thusa hore re hatele pele tšebeletsong ea tšimo