Pono ea Bibele
Na ho Noa Lino Tse Tahang ho Fosahetse?
“VEINE ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.” Na temana ee e ka Bibeleng ho Liproverbia 20:1 e bontša hore ke phoso ho noa lino tse tahang? Ba bang ba nahana joalo. Ba supa litlalehong tsa Bibele tseo ho ileng ha e-ba le liphello tse mpe ka mor’a ho noa joala haholo e le bopaki bo eketsehileng.—Genese 9:20-25.
Hape ho na le liphello tse kotsi tsa ho noa joala ho tlōla—e leng mafu a kang ho thatafala ha sebete, likotsi tse mpe, mathata a lichelete, ho hlekefetsa litho tsa lelapa, kapa ho ntša lesea le e-s’o tsoaloe kotsi. The World Book Encyclopedia, e re mohlomong ka lebaka la liphello tse mpe joalo, “malumeli a mangata a ile a ruta hore ho noa joala ho fosahetse.” Empa na ho fosahetse ho noa lino tse tahang? Na Bibele e hanela ho noa lino tsohle tse tahang esita le hanyenyane feela?
Bibele e Re’ng?
Bibele e hlile e lemosa ka liphello tse mpe tsa ho noa ho tlōla. Baefese 5:18 ea eletsa: “Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama.” Liproverbia 23:20, 21 le eona ea lemosa: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo. Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha.” Esaia 5:11 eona e re: “Ho malimabe ba tsohang hoseng haholo e le hore feela ba batle joala bo tahang, ba liehang ho fihlela ka shoalane hoo veine e ba tahang!”
Bibele e boetse e bua ka thabo le melemo e tlisoang ke ho noa ka tsela e itekanetseng. Ka mohlala, Pesaleme ea 104:15 e re mpho e ’ngoe e tsoang ho Molimo ke “veine e thabisang pelo ea motho ea shoang.” ’Me Moeklesia 9:7 e re moputso oa ho etsa se molemo ke hore “u je lijo tsa hao ka thabo ’me u noe veine ea hao ka pelo e ntle.” A tseba melemo e itseng ea ho noa veine, Pauluse o ile a bolella Timothea hore ‘a se ke a hlola a noa metsi, empa a sebelise veine e nyenyane ka lebaka la mala a hae le maemo a hae a ho kula khafetsa.’ (1 Timothea 5:23) Bibele e bua ka hore joala bo khona ho thusa motho ho tobana le litsietsi.—Liproverbia 31:6, 7.
Ka ho hlakileng, Bibele ha e hanele motho ho noa lino tse tahang. Leha ho le joalo, e nyatsa ho noa ho tlōla le botahoa. Ka hona, Pauluse o ile a eletsa balebeli ba Bakreste, bahlanka ba sebeletsang le basali ba hōlileng hore ba se ke ba inehella “veine e ngata,” ’me a eletsa Timothea hore a noe feela “veine e nyenyane.” (1 Timothea 3:2, 3, 8; Tite 2:2, 3) Bakreste bohle ba hopotsoa hore “matahoa” a ke ke a “rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10.
Ntho e ’ngoe e lokelang ho eloa hloko ke hore Bibele e amahanya botahoa le bonyollo, ’me e laela hore mekhoa ena ka bobeli e qojoe. (Deuteronoma 21:20) Haeba sena se ne se bolela hore ha rea lokela ho noa seno leha e le sefe se tahang, na se ne se sa tl’o bolela hore ho ja le hona ho fosahetse? Ho e-na le hoo, seo Bibele e reng se fosahetse ke ho noa ho tlōla hoo motho a tahoang hammoho le bonyollo—eseng ho ja le ho noa ka ho itekanetseng.
Jesu o Ile a Etsa’ng?
Moapostola Petrose o re Kreste o ile a re “siela mohlala hore [re] latele mehato ea hae haufi-ufi. Ha aa ka a etsa sebe.” (1 Petrose 2:21, 22) Ka hona, Jesu o ne a talima lino tse tahang joang? Mohlolo oa hae oa pele e bile ho fetola metsi veine. Jesu o ile a fetola metsi veine ea mofuta ofe? “Motsamaisi oa mokete” o ile a babatsa monyali ka veine e neng e entsoe ka mohlolo. O ile a re: “Motho e mong le e mong o ntša veine e ntle pele, ’me ha batho ba tahiloe, a ntše ea boleng bo tlaasana. U bolokile veine e ntle ho fihlela joale.”—Johanne 2:9, 10.
Ho noa veine e ne e le karolo ea ho keteka Paseka, ’me Jesu o ile a sebelisa veine ha a ne a qala Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Ha a neha barutuoa ba hae senoelo sa veine, o ile a re ho bona: “Noang ho sona, kaofela ha lōna.” A tseba hore o ne a le haufi le ho shoa, o ile a phaella: “Ho hang nke ke ka noa leha e le eng ea sehlahisoa sena sa sefate sa morara ho fihlela letsatsing leo ka lona ke se noang le lōna se le secha ’musong oa Ntate.” (Matheu 26:27, 29) Batho ba ne ba tseba hore Jesu o ne a e-noa veine.—Luka 7:34.
Re Lokela ho Etsa’ng?
Le hoja Bibele e sa hanele ho noa lino tse tahang, ha ho bolele hore re lokela ho li noa. Ho na le mabaka a mangata a ho li qoba. Ka mohlala, motho eo e kileng ea e-ba lekhoba la tahi o tseba kotsi ea ho bo fupa ho se hokae. Mosali oa moimana a ka bo qoba moo a tšabang ho lematsa lesea la hae. Mokhanni le eena a ka ’na a se ke a noa hobane a tseba hore joala bo thethefatsa kelello ea motho kahoo a qoba ho etsa ntho leha e le lefe e ka mo behang kotsing kapa ea beha ba bang kotsing.
Mokreste a ke ke a rata ho ba khopiso ho motho leha e le ofe eo letsoalo la hae le nyatsang ho noa. (Baroma 14:21) Ke tsela e bohlale hore a se ke a noa lino tse tahang ha a le tšebeletsong ea phatlalatsa. Rea hlokomela hore tlas’a Molao oa Molimo ho Baiseraele ba boholo-holo, baprista ba ne ba hanetsoe ho “noa veine kapa joala bo tahang” nakong eo ba leng tšebeletsong. (Levitike 10:9) Hape, linaheng tseo ho noa ho thibetsoeng ho tsona kapa ho behiloeng lithibelo tse itseng, Mokreste o lokela ho mamela molao oo.—Baroma 13:1.
Le hoja e le qeto ea motho ka mong hore na o lokela ho noa kapa che, le hore na o lokela ho noa hakae, Bibele eona e khothalletsa ho noa ka ho itekanetseng. E re: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Ke temoso efe e ngotsoeng ka Mangolong e mabapi le ho noa?—1 Bakorinthe 6:9, 10.
◼ Na Jesu Kreste o ne a e-noa lino tse tahang?—Luka 7:34.
◼ Ke eng e tataisang Bakreste ba ’nete tabeng ea ho ja le ho noa?—1 Bakorinthe 10:31.