Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 10/1 leq. 9
  • ’Nete e ka Fetola Bophelo ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete e ka Fetola Bophelo ba Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Tumelo e Tsamaisana le ho Nahana?
    Tsoha!—2011
  • Na ho Ntse ho le Bohlokoa ho Bua ’Nete?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Nka Etsa Hore ’Nete e be ea ka Joang?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 10/1 leq. 9

’Nete e ka Fetola Bophelo ba Hao

E KA ’na eaba u ’nile ua utloa kapa ua rutoa e ’ngoe ea lithuto tsa bohata ka Molimo tseo lihlooho tsena li li pepesitseng. Leha ho le joalo, u ka ’na ua tsila-tsila ho fetola lintho tseo u li lumelang, haholo-holo haeba e le khale u li lumela.

Ho tsila-tsila ho joalo hoa utloahala. Likereke tse ling ha li khothalletse batho hore ba bapise lithuto tsa tsona le seo Bibele e se rutang. Tse ling li leka ho buella lithuto tsa tsona tsa bohata ka ho bolela hore Bibele e rarahane, ha ea etsetsoa ho utloisisoa ke motho e mong le e mong. Leha ho le joalo, boholo ba barutuoa ba Jesu e ne e le batho ba tloaelehileng, ba neng ba sa fumana thuto e phahameng, empa ba ile ba utloisisa habonolo seo Jesu a neng a se ruta.—Liketso 4:13.

U ka boela ua ba leqe ho hlahlobisisa lithuto tseo u li lumelang hobane u tšaba hore e tla ka u hloka tumelo ha u etsa joalo. Empa na ke ntho e utloahalang ho nahana hore Molimo o tla koata haeba u hlahloba Bibele, molaetsa oa hae o eang ho batho, e le hore u utloisise seo a se hlokang ho uena? Che, ho e-na le hoo, Lentsoe la hae le u khothalletsa hore u hlahlobe Mangolo ka bouena, le re: ‘Ipakele e le uena thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’—Baroma 12:2.

Ho ithuta ’nete ka Molimo hase feela taba ea ho fumana tsebo e itseng—ho ka fetola bophelo ba hao hore e be bo molemo. (Johanne 8:32) Deanne, ea boletsoeng sehloohong se qalang, hona joale o se a e-na le tumelo Lentsoeng la Molimo. O re: “Ke ne ke sa tsebe hore Mangolo a hlakile hakana ho fihlela ha ke qala ho ithuta Bibele. Hona joale kea tseba hore Jehova hase Molimo ea se nang botho, ho e-na le hoo, ke Ntate oa ka ea lerato ea leholimong. Ke fumane morero oa sebele bophelong.”

Mohlomong u ’nile ua bala Bibele feela ua se ke ua bona molemo oa teng. Haeba ho joalo, u se ke ua tela. Ho leka ho utloisisa Bibele ha u kile ua rutoa mashano ka Molimo ho tšoana le ho leka ho lokisa mochine ka buka ea litaelo eo e seng ea mochine oo. U ka ’na ua lokisa likarolo tse itseng empa kae-kae ua tela ka lebaka la ho nyahamisoa ke hore u sitoa ho lokisa likarolo tsohle tsa mochine. Empa haeba u sebelisa buka ea litaelo e nepahetseng, u tla khona ho lokisa mochine oo.

Na u ka rata ho tseba ’nete ka Molimo? Re u khothalletsa hore u ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e nepahetseng ho tse leqepheng la 4 la makasine ena ho kōpa thuto ea Bibele ea mahala ea lapeng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

‘Ipakele e le uena thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’—BAROMA 12:2

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela