Na Lentsoe “Mokreste” le Lahleheloa ke Moelelo?
HO BA Mokreste ho bolela’ng? U ne u tla araba joang? Batho ba ileng ba ikhetheloa tjee feela linaheng tse sa tšoaneng ba ile ba botsoa potso eona eo, ’me mohlala oa likarabo tsa bona ke ona:
“Ho bolela ho latela Jesu le ho mo etsisa.”
“Ho bolela ho ba motho ea molemo le ho arolelana le ba bang.”
“Ho bolela ho amohela Kreste e le Morena le Mopholosi.”
“Ho bolela ho ea ’Miseng, ho bala sekoto sa Rosari le ho amohela Selallo.”
“Ha ke lumele hore u lokela ho ea kerekeng hore u be Mokreste.”
Esita le libuka tse hlalosang mantsoe li fana ka litlhaloso tse ngata tse makatsang. Ha e le hantle, buka e ’ngoe e na le litlhaloso tse leshome tlas’a lentsoe “Mokreste,” ho tloha ho “ho lumela kapa ho ba setho sa bolumeli ba Jesu Kreste” ho ea ho “motho ea itlhomphang kapa ea amohelehang.” Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba thatafalloa ho hlalosa seo ho ba Mokreste ho se bolelang.
Tšekamelo ea ho Amohela Likhopolo Tse Ncha
Kajeno, har’a ba ipolelang hore ke Bakreste—esita le ba litulong tse tšoanang tsa kereke—motho a ka fumana maikutlo a mangata litabeng tse kang ho bululeloa ha Bibele ke Molimo, khopolo ea ho iphetola ha lintho, ho kenella ha kereke lipolotiking le ho buisana le ba bang ka tumelo ea motho. Melao ea se nepahetseng le se fosahetseng litabeng tse kang ho ntšoa ha mpa, bosodoma le baratani ba lulang hammoho ba sa nyalana, hangata e ba sesosa sa phehisano. Tšekamelo e hlakileng ke ho amohela likhopolo tse ncha.
Ka mohlala, koranta ea Christian Century e tlaleha hore lekhotla le leng la toka la kereke ea Prostanta le sa tsoa voutela ho emela tokelo ea kereke “ea ho khetha moholo eo ho tsebahalang hore ke mosodoma hore a be lekhotleng la eona le busang.” Baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba bile ba fane ka maikutlo a hore ho lumela ho Jesu hase ha bohlokoa hakaalo bakeng sa ho pholoha. The New York Times e tlaleha hore ba lumela hore Bajuda, Mamosleme le ba bang “ba ka ’na ba kena leholimong [joalo feela ka Bakreste].”
Haeba u ka khona, ak’u nahane Molateli oa Marx a buella bokapitale kapa ’muelli oa puso ea sechaba ka sechaba a khothalletsa puso ea khatello kapa setsebi sa tikoloho se tšehetsa ho senngoa ha meru. U ka ’na ua re: “Etlaba kannete motho eo hase Molateli oa Marx kapa ’muelli oa puso ea sechaba ka sechaba kapa setsebi sa tikoloho”—’me u tla be u nepile. Empa, ha u hlahloba ho se tšoane ha maikutlo a batho ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno, u bona malumeli a hanyetsanang ka ho feletseng le ao khafetsa a hanyetsang seo Jesu Kreste, Mothehi oa Bokreste, a neng a se ruta. Seo se bontša eng ka mofuta oa Bokreste ba bona?—1 Bakorinthe 1:10.
Joalokaha re tla bona, tšusumetso ea ho fetola lithuto tsa Bokreste hore li lumellane le boikutlo bo teng, ke ea khale. Molimo le Jesu Kreste ba ikutloa joang ka liphetoho tse joalo? Na ke ka nepo likereke tse tšehetsang lithuto tse sa simolohang ho Kreste li ka ipitsang tsa Bokreste? Lipotso tsena li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.