-
“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”Molula-Qhooa—2014 | November 1
-
-
Josefa o ile a tobana le boemo bo thata le ho feta. Mosali oa Potifaro o ne a batla ho iphetetsa. O ile a hoeletsa ’me a bitsa makhoba a mang. O ile a re Josefa o ne a leka ho mo beta empa a baleha ha a hoeletsa. A boloka seaparo seo e le bopaki ho fihlela monna oa hae a fihla. Ha Potifaro a fihla, mosali oa hae o ile a bua leshano lona leo, a mo sola ka hore o kentse lekhoba la Moheberu ka tlung ea bona. Potifaro o ile a etsa’ng? Bibele e re: “Bohale ba hae ba tuka”! O ile a isa Josefa teronkong.—Genese 39:13-20.
BA MO TLAMA MAOTO KA LITŠEPE
Ha re tsebe hakaalo ka hore na batšoaruoa ba Egepeta ba ne ba tšoaroa joang mehleng eo. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa ea mehaho e meholo ea chankana e nang le lisele le teronko e ka tlas’a lefatše. Hamorao Josefa o ile a re o ne a le “sekoting sa chankana,” e leng se bolelang sebaka se lefifi, seo ho sona ho se nang tšepo. (Genese 40:15) Lengolo la Pesaleme le re bolella hore Josefa o ile a hlorisoa le ho feta: “Ba mo hlōkōfatsa ka ho mo tlama maoto ka litšepe, ba ’mofa ka mahlaahlela.” (Pesaleme ea 105:17, 18, BPN) Ka linako tse ling Baegepeta ba ne ba fasa batšoaruoa litsoeng; ba bang ba fasoa molaleng. E tlameha e be Josefa o ile a utloa bohloko ha a tšoaroa ka tsela eo le hoja a sa etsa letho!
Ho hobe le ho feta ke hore ha aa ka a tšoaroa joalo ka nakoana. Tlaleho e re Josefa “a hlola moo ntlong ea chankana.” O ile a lula moo lilemo tse ngata!a Josefa o ne a sa tsebe hore na o tla lokolloa neng. O ile a etsa’ng hore a se ke a nyahama ha a bona lilemo li ntse li feta?
-
-
“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”Molula-Qhooa—2014 | November 1
-
-
a Bibele e bontša hore Josefa o ne a ka ba lilemo li 17 kapa 18 ha a fihla ha Potifaro, ’me o ile a lula nako e telele—mohlomong lilemo tse ’maloa. O ile a lokolloa chankaneng ha a le lilemo li 30.—Genese 37:2; 39:6; 41:46.
-