Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 5/8 maq. 26-29
  • Re ka Phela Halelele Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Phela Halelele Hakae?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho o Bōpetsoe ho Phela, e Seng ho Shoa
  • ‘Matsatsi a Lekanang le a Lifate’
  • Kamoo U ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tsoha!—1995
  • Na ka Sebele Bophelo bo sa Feleng bo Tla Hle bo be Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bafu ba ka Boela ba Phela!
    Tsoha!—2008
  • Lefu le Tsoho ea Jesu li ka U Tsoela Molemo Joang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 5/8 maq. 26-29

Re ka Phela Halelele Hakae?

“BATHO ba bangata ba phelang kajeno ba tla ba le monyetla oa bophelo bo lelefalitsoeng. Hona joale ho bonahala ho se shoe ho le bonolo.”

“Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola Li E-Shoa.”

Phapang ke efe mahareng a lipolelo tsena tse peli? Polelo ea pele ke e builoeng ke Ngaka Lawrence E. Lamb, moqolotsi oa litaba tsa meriana le moprofesa, bukeng ea hae Get Ready for Immortality, e hatisitsoeng ka 1975. Polelo ea bobeli ke sehlooho sa puo ea phatlalatsa le buka e ileng ea latela tsa J. F. Rutherford, mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower. Puo ena ea phatlalatsa e ile ea neheloa ka lekhetlo la pele Los Angeles, California, ka 1918.

Le hoja lipolelo tsena tse peli ho bonahala li tšoana, li fapana haholo ka mabaka le phuputso ea tsona. Mantsoe a Ngaka Lamb ke o mong oa mehlala eo hangata e bitsoang ho se shoe. Batho bana ba ikutloa hore tsoelo-pele mahlaleng a meriana, ho kopanyelletsa phuputso ea ho tsofala, haufinyana li tla rarolla sephiri sa lebaka leo re tsofalang ka lona ’me qetellong li tla fenya lefu ka bolona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lipheo tse finyelletsoeng tsa thuto ea kajeno ea mahlale ea ho lelefatsa tebello ea bophelo le ho thusa batho ba bangata ho thabela bophelo bo molemo, litebello tsa ho se shoe li lula li le joalo—litebello tse ntle.

Ka lehlakoreng le leng, J. F. Rutherford o ne a sa etse litebello tse theiloeng thutong ea mahlale kapa ea meriana. Puo ea hae e ne e theiloe Bibeleng. O ile a bontša ka ho phethahala ha boprofeta ba Bibele hore lefatše la batho le kene ‘mehleng ea lona ea bofelo.’ (Daniele 12:4) Eaba o supa tšepong e theiloeng Bibeleng hore joalokaha Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha timetso ea bofelo ba lefatše lena mehleng ea bona, batho ba limillione ba tla pholoha timetso ea lefatše ’me ba phele lefatšeng le lecha la ho loka bakeng sa ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Mattheu 24:37-39; Tšenolo 21:3, 4.

Ho ba bangata har’a bamameli ba hae, puo ea Rutherford e ne e tšosa. Esita le kajeno, batho bangata ba fumana puo e joalo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng tlas’a Puso ea Molimo e le tšōmo ’me e le thata ho ka lumeloa. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Empa na ho thata ho lumela seo ha Bibele e qolla lebaka leo re tsofalang ka lona? Ha e le hantle, e re’ng ka taba ee?

Motho o Bōpetsoe ho Phela, e Seng ho Shoa

Ka ho utloahalang, Bibele e qala ka tlaleho ea bophelo ba batho. Khaolong ea pale ea Genese, re bala hore ka mor’a ho bōpa batho ba babeli ba pele, “Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—Genese 1:28.

Ho batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, hore ba phethe mosebetsi oo, ho ne ho tla bolela hore ba lokela ho phela nako e telele haholo, ’me ho ne ho tla ba joalo le ho bana ba bona. Empa nako e kae? Ha re bala bukeng ea pele ea Bibele, Genese, ha ho moo ho buuoang ka nako eo Adama le Eva ba e behetsoeng. Leha ho le joalo, ho ne ho na le boemo bo le bong bo neng bo lokela ho bo finyella haeba ba ne ba tla tsoela pele ba phela. Molimo o ile a re ho Adama: “Ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.”—Genese 2:17.

Kahoo, lefu le ne le tla ba tlela haeba feela ba tlotse taelo ea Molimo. Ho seng joalo ba ne ba e-na le tebello ea ho tsoela pele ba phela ka ho sa feleng Paradeiseng eo ea lefatše e bitsoang Edene. Ka ho hlakileng, batho ba bōpetsoe ho phela, e seng ho shoa.

Leha ho le joalo, tlaleho ea Genese e tsoela pele ho bolela hore batho ba babeli ba pele ba ile ba khetha ho hlokomoloha taelo ea Molimo e boletsoeng ka ho hlaka ’me ba etsa sebe. Tsela ea bona ea ho se utloe e ile ea ba tlisetsa kahlolo ea lefu, ’me hamorao ho bana ba bona. Makholo a lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12.

Molao oa lefutso ke hore Adama le Eva ba ne ba ka fetisetsa baneng ba bona seo ba neng ba e-na le sona. Joalokaha ba ne ba bōpiloe, ba ne ba ka fetisetsa bophelo bo phethahetseng, bo sa feleng melokong e tlang. Empa kaha bophelo ba bona bo ne bo se bo sentsoe ke sebe le lefu, ba ne ba ke ke ba hlola ba fetisetsa lefutso leo le leholo. Sebe, ho se phethahale, le lefu le fetohile karolo e khōlō ea batho bohle ho tloha mohlang oo, ho sa tsotellehe boiteko ba ho lelefatsa bophelo ba batho.

Ka tsela e ’ngoe, sena se ka tšoantšoa le lenaneo la computer leo ho lona ho nang le phoso. Haeba phoso eo e sa lokisoe, lenaneo leo le ke ke la sebetsa hantle, ’me liphello li ka ba kotsi. Motho ha e-s’o khone ho lokisa phoso ea lefutso e bakang ho sebetsa hampe ha ’mele ea rōna, ho fellang ka ho tsofala le lefu. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo, o entse tsela ea ho lokisa sena. Tharollo ea hae ke efe?

Molimo o nehelane ka bophelo ba botho bo phethahetseng ba Mor’a hae, Jesu Kreste, “Adama oa morao,” ea nkelang Adama oa pele sebaka se tšoanang hantle le sa ntat’a rōna le monehi-bophelo. Ka lebaka leo, ho fapana le ho ahloleloa lefu e le bana ba moetsalibe Adama, batho ba utloang ba ka nkoa ba tšoanela ke ho fumana bophelo bo sa feleng e le bana ba “Ra-bo-sa-feleng” oa bona, Jesu Kreste. Jesu ka boeena o ile a hlalosa: “Ho ratoang ke ea nthomileng ke hore, e mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng.”—1 Ba-Korinthe 15:45; Esaia 9:6; Johanne 3:16; 6:40.

Qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo, Jesu Kreste o ile a tiisa tlhokahalo ea motheo ea ho fumana moputso ona o moholo oa bophelo ka hore: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

‘Matsatsi a Lekanang le a Lifate’

Nahana o jala peō ea sefate sa sequoia ’me o bona e hōla hoo e ka bang limithara tse makholo ho ea holimo, e thabela ho hōla ha eona ka ho sa feleng. Joale nahana e tsoela pele e phela ’me u jala e ’ngoe lilemo tse likete hamorao ’me e boetse e thabela ho hōla ha eona le botle ba eona.

Na monahano o joalo ke oa sebele? Ho joalo hobane o theiloe tšepisong ea ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo, ea reng: “Matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate.” (Esaia 65:22) Tšepiso ena e thusa ho arabela potso, Motho a ka phela nako e kae? Karabo ke: ho fihlela bokamosong bo sa feleng, e, ha e le hantle, ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 133:3.

Hona joale ho etsoa memo ena: “Tlo! Le ea utloang a ke a re: Tlo! Le ea nyoriloeng a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” (Tšenolo 22:17) Ena ke memo eo Jehova Molimo a e etsang ho ba lipelo li tšepahalang. Memo ena ke ea ho sebelisa litokisetso tsa moea tsa Molimo bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.

Na u tla khetha ho amohela memo ena? Litebello tsa hao tsa bophelo bo bolelele le bo sa feleng li itšetlehile ka khetho ea hao ea hona joale!

[Lebokose le leqepheng la 27]

TEBELLO EA BOPHELO

Motho ea hlahileng bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo Amerika Leboea kapa Europe Bophirima o ne a ka lebella ho phela ho fihlela lilemong tse 35 kapa 40. Kajeno, banna le basali United States ba ka lebella ho phela lilemo tse ka bang 71 le 78, ’me ho entsoe lintlafatso tse tšoanang linaheng tse ling. Re hlokomela matla a rōna ka ho eketsehileng ka bophelo bo bolelele. Empa na ho na le moeli oa hore bophelo bo ka lelefatsoa hakae?

Ha ho le ea mong eo historing ea moraonyana a kileng a phela kapa a ba le tebello ea ho phela ho fihlela lilemong tse 500, 300, kapa esita le tse 200. Ho sa tsotellehe tsoelo-pele bohlaleng ba meriana, kajeno tebello ea bophelo e ntse e le ka tlaase ho lilemo tse 80. Leha ho le joalo ho na le litlaleho tsa batho ba phelang ho fihlela lilemong tse 140 kapa 150. Mehleng ea Bibele, batho ba ne ba phela makholo a lilemo. Na seo ke tšōmo feela kapa pale?

Ka ho thahasellisang, The New Encyclopædia Britannica e bolela hore “nako e nepahetseng ea bophelo ba batho ha e tsejoe.” Joalokaha sehlooho se hlalosa, ho lumela hore batho ba bang ba phetse ho fihlela lilemong tse 150, “ha ho lebaka le utloahalang la ho hana monyetla oa hore batho ba bang ba ka phela lilemo tse 150 le motsotso o le mong. ’Me haeba lilemo tse 150 le motsotso o le mong li amoheloa, ke hobane’ng ha ho sa amoheloe lilemo tse 150 le metsotso e ’meli, joalo-joalo?” Sehlooho seo se tsoela pele: “Ho itšetlehile ka tsebo ea joale ea bophelo bo bolelele, palo e nepahetseng ea bophelo ba batho ha e tsejoe.”

Ke qeto efe eo re ka e fihlelang ho see? Hore seo mahlale a meriana a ithutileng sona ka botsofali le lefu se itšetlehile boemong ba batho joalokaha re bo bona kajeno. Potso ea bohlokoa ke hore na ka mehla boemo ba batho bo ’nile ba tšoana kapa na e be bo tla lula ka mehla bo tšoana? Tšepiso ea Molimo ke ena: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.” Lefatšeng le lecha le atamelang ka potlako, “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4, 5.

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

‘Nōka e ntle ea metsi a bophelo, a hloekileng joale ka kristale, e ne e tsoa teroneng ea Molimo.’—Tšenolo 22:1

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela