-
Ho Boloka Bophelo Nakong ea TlalaMolula-Qhooa—1987 | May 1
-
-
1. Ke bohato hofe bo bohlale bo ileng ba nkoa ke Josefa lilemong tsa nala, hona ka phello efe?
HANG hoba a khetheloe ho ba molaoli oa lijo, Josefa o ile a lekola naha ea Egepeta. Nakong ea ha lilemo tsa nala li qala o ne a se a hlophisitse litaba hantle. Eaba naha e bea lijo tse ngata-ngata! Josefa a ’na a bokella lijo masimong a motse o mong le o mong, a li bokella motseng. A ’na “a bokella koro e ka ka lehlabathe la leoatle ka bongata, e ngata-ngata, ho fihlela a ba a lesa ho e bala, hobane e ne e se na palo.”—Genese 41:46-49.
-
-
Ho Boloka Bophelo Nakong ea TlalaMolula-Qhooa—1987 | May 1
-
-
4. Tokisetso e entsoeng ke sehlopha sa “mohlanka” kajeno e lumellana joang le se neng se hlophisitsoe mehleng ea Josefa?
4 Masala a tšepahalang a sehlopha sena sa “mohlanka ea bohlale” kajeno a nka mehato leha e le efe ea Mangolo ho bona hore lipaki tse ineetseng tsa Jehova hammoho le batho ba thahasellang ba lefatšeng ba amohela lijo tsa moea tse phelisang. Kabelo ena e hlokomeloa e le tšoanelo e halalelang ’me e etsetsoa Jehova e le tšebeletso e halalelang. Ho feta moo, “mohlanka” o hlophisitse liphutheho ’me o li fepela ka lingoliloeng tsa Bibele tse ngata hoo li nang le “peō” e ngata ea ’Muso bakeng sa ho e aba phatlalatsa masimong ao li a abetsoeng. Hona ho lumellana le mehleng ea Josefa ha a ne a bokella batho metseng ’me a ba nea lijo-thollo tseo e neng e sa tl’o ba tsa phepo feela empa hape ba tla li jala hore hamorao ba tle ba kotule.—Genese 47:21-25; Mareka 4:14, 20; Mattheu 28:19, 20.
5. (a) Ke tlhokomelo efe eo “mohlanka” a e neang litlhoko tsa ntlo nakong ea koluoa? (b) ‘Bongata’ ba litokisetso tsa moea ka 1986 bo bapisoa joang le phepelo ea lijo nakong ea Josefa?
5 Leha mosebetsi oa ho bolela pontšeng o thibetsoe ’me Lipaki tsa Jehova li hlorisoa, “mohlanka ea khabane” o nka ho fana ka lijo tsa moea e le boikarabelo bo halalelang. (Liketso 5:29, 41, 42; 14:19-22) Ha likoluoa tse kang lifefo, likhohola le litšisinyeho tsa lefatše li otla, “mohlanka” o hlokomela hore ho fanoa ka se hlokoang ke ntlo ea Molimo nameng le moeeng. Le ba likampong tsa mahloriso ba ’nile ba fihleloa kamehla ka lentsoe le ngotsoeng. Meeli ea bochaba ha ea lumelloa ho thibela hore lijo tsa moea li phallele ho ba li hlokang. Ho hloka sebete, tumelo ho Jehova ’me hangata masene a maholo hore lijo li ’ne li be teng. Lefatšeng ka bophara ka 1986 feela, “mohlanka” o entse hore ho phalle Libibele le libuka tse sekoahelo se thata tse 43 958 303, hammoho le limakasine tse 550 216 455—ka sebele ‘tse ngata haholo, joale ka lehlabathe le lebōpong la leoatle.’
-