-
Ho Boloka Bophelo Nakong ea TlalaMolula-Qhooa—1987 | May 1
-
-
16. (a) “Lijo” tse phelisang li ka fumanoa kae feela kajeno? (b) Ho jaloa ha “koro” molemong oa batho ba lapileng ho atolositsoe joang?
16 Ka letsohong le letona la Jehova ke Molaoli oa hae oa Lijo, eo hona joale e leng Morena ea beiloeng teroneng, Jesu ea tlotlisitsoeng. (Liketso 2:34-36) Joalokaha batho ba ile ba lokela ho ithekisa joaloka makhoba hore ba ’ne ba phele, ka ho joalo kajeno bohle ba batlang hore ba ’ne ba phele ba tlameha ho tla ho Jesu, ba fetoha balateli ba hae ba ineetseng ho Molimo. (Luka 9:23, 24) Joalokaha Jakobo a ile a laela bara ba hae hore ba ee ho Josefa bakeng sa lijo, ka ho tšoanang Jehova o tataisetsa batho ba bakileng ho Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste. (Johanne 6:44, 48-51) Jesu o bokella balateli ba hae ka liphuthehong tse kang metse—tse fetang 52 000 ka palo lefatšeng ka bophara kajeno—moo ba feptjoang ka lijo tse ngata tsa moea ’me ba fepeloa ka “lijo-thollo” tse ling hape, e le “peō” e ka jaloang masimong. (Genese 47:23, 24; Mattheu 13:4-9, 18-23) Lipaki tsena tsa Jehova ke basebetsi ba baithaopi! Li ntse li ithaopa ka bongata bakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho hoo ngoahola tlhoro ea ba 595 896 e ileng ea kopanela tšebeletsong ena e tlotlehang ka khoeli e le ’ngoe. Hoo ke karolelano ea bo-pula-maliboho ba fetang ba 11 phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe!
-
-
Ho Boloka Bophelo Nakong ea TlalaMolula-Qhooa—1987 | May 1
-
-
21. (a) Re thabela tokelo efe e khōlō kajeno? (b) Re lokela ho leboha eng, hona re ka bontša liteboho tsa rōna joang?
21 Kajeno, tlas’a tsamaiso ea Josefa e Moholoanyane, Jesu Kreste, re na le tokelo e khōlō ea ho bokelloa liphuthehong tse kang metse. Moo re ka nyakalla naleng ea lijo tsa moea le ho jala peō ea ’nete le ho hasanya litaba tse molemo tsa hore lijo tsa moea lia fumaneha. Hona re ho etsa molemong oa bohle ba amohelang litumellano le litokisetso tse lokiselitsoeng ka lerato ke Morena ’Musi, Jehova. Re ka isa liteboho tse kaakang ho Molimo oa rōna ka mpho ea Mora oa oona, Josefa e Moholoanyane, ea sebeletsang e le Molaoli ea bohlale oa lijo tsa moea! Ke eena ea ntšitsoeng ke Jehova ho sebetsa joaloka ’Moloki oa bophelo nakong ena ea tlala ea moea. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka bontša masene ha a etsa tšebeletso e halalelang, a etsisa mohlala oa hae a bile a le tlas’a boetapele ba oona!
-