Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 3 maq. 10-13
  • Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Fosahetseng ka Seo Bibele e se Buang
  • Bibele ha e re lintho tsohle tse phelang li bopiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.
  • Molimo o Qalile ho Bopa Maholimo le Lefatše Neng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?
    Tsoha!—2006
  • Pale e sa Tsejoeng ea Pōpo
    Tsoha!—2014
  • Saense le Tlaleho ea Genese
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 3 maq. 10-13

Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng

“Ena ke histori ea maholimo le lefatše nakong ea ho boptjoa ha tsona.” (Genese 2:4) Ena ke tsela eo Bibele e hlalosang hore na lefatše le bile teng joang. Na seo Bibele e se buang se lumellana le saense? Ha re shebe mehlala e latelang.

Tšimolohong: Maholimo le lefatše li ile tsa boptjoa

Na haesale linaleli le lipolanete li le teng?

Genese 1:1 e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.”

Pejana ho lilemo tsa bo-1950, bo-rasaense ba tsebahalang ba ne ba lumela hore haesale linaleli le lipolanete li le teng. Leha ho le joalo, ha bo-rasaense ba mehleng ena ba hlahloba bopaki baa lumela hore ehlile ho na le moo linaleli le lipolanete li qalileng teng.

Qalong lefatše le ne le shebahala joang?

Genese 1:2, 9 e re “lefatše le ne le se na sebopeho ebile le se na letho,” hape le koahetsoe ke metsi.

Bo-rasaense ba lumellana le tlhaloso eo. Setsebi se seng sa biology se bitsoang Patrick Shih se re: “Qalong lefatše le ne le se na moea oo re ka o hemang e leng oxygen ebile le shebahala ka tsela e makatsang.” Makasine oa Astronomy o re: “Lefatše le ne le koahetsoe ke metsi ’me ho se na moo ho omileng.”

Tikoloho le sepakapaka li ile tsa fetoha joang ha nako e ntse e e-ea?

Genese 1:3-5 ea bontša hore qalong khanya e ne e sa khone ho fihla lefatšeng. E bile hamorao moo letsatsi le khoeli li neng li ka bonahala ka ho hlaka ho tloha lefatšeng.​—Genese 1:14-18.

Bibele ha e re lintho tsohle tse phelang li bopiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.

Smithsonian Environmental Research Center e re qalong ho ne ho na le moholi o etsang hore ho be lerootho mona lefatšeng, o bakoang ke khase e bitsoang Methane. Hamorao moholi oo o ile oa apoha ’me leholimo le ile la e-ba leputsoa.”

Lintho li ile tsa boptjoa ka tatellano efe lefatšeng?

1​—Letsatsi la Pele: Khanya e ile ea bonahala lefatšeng le hoja e ne e le lerootho.​—Genese 1:3-5

2​—Letsatsi la Bobeli: Metsi a e-ba teng lefatšeng.​—Genese 1:6-8

3​—Letsatsi la Boraro: Metsi aa kokobela ’me ho hlaha moo ho omileng.—Genese 1:9-13

4​—Letsatsi la Bone: Letsatsi le khoeli lia bonahala lefatšeng.​—Genese 1:14-19

5​—Letsatsi la Bohlano: Molimo o etsa libopuoa tse fofang le liphoofolo tsa leoatle ’me o etsa hore li be le bokhoni ba ho ikatisa har’a mefuta ea tsona.​—Genese 1:20-23

6​—Letsatsi la Botšelela: Molimo o etsa liphoofolo tse phelang lefatšeng, tse kholo le tse nyenyane. Ha letsatsi la botšelela le fela, Molimo o bopa batho ba pele lefatšeng.​—Genese 1:24-31

Genese 1:20-27 e bontša hore qalong Molimo o ile a bopa litlhapi, linonyana, liphoofolo ’me a qetella ka ho bopa batho. Bo-rasaense ba lumela hore tlhapi ea pele e bile teng pele ho liphoofolo tse anyesang ’me batho ba bile teng hamorao.

Bibele ha e hane hore ha nako e ntse e e-ea lintho tse phelang li ka fetoha hanyane empa li sa fetohe sebopeho ka ho feletseng.

Gerald L. Schroeder e leng setsebi sa physics o re: “Bibele ha e bue lintho tse ngata ho Genese khaolo ea pele empa hoa makatsa ho bona kamoo e lumellanang le saense ea morao-rao kateng.”

Maikutlo a Fosahetseng ka Seo Bibele e se Buang

Batho ba bang ba re Bibele ha e lumellane le liphuputso tsa morao-rao tsa saense. Leha ho le joalo, maikutlo a bona a fosahetse hobane ha ba utloisise seo Bibele e se buang.

Bibele ha e re maholimo le lefatše li na le lilemo tse 6 000 li le teng. Ho e-na le hoo Bibele e re “tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Bibele ha e bue kapa hona ho hlakisa hore na sena se etsahetse neng.

Bibele ha e re lintho tsohle tse phelang li bopiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.

Ho e-na le hoo, e sebelisa lentsoe “letsatsi” ha e bua ka nako e telele. Ka mohlala, ha Bibele e bua ka nako eo Jehovaa a e nkileng a bopa leholimo le lefatše e leng matsatsi a tšeletseng ao ho buuang ka ’ona ho Genese khaolo ea 1 e hlalosa nako eo kaofela e le “letsatsing leo ka lona Jehova Molimo a entseng lefatše le leholimo.” (Genese 2:4) Kahoo, matsatsi a tšeletseng ao Molimo a a qetileng a bopa lefatše le lintho tsohle tse ho lona, ha se matsatsi a tloaelehileng a lihora tse 24 empa ke nako e telele.

Bibele ha e hane hore ha nako e ntse e-ea lintho tse phelang li ka fetoha hanyane empa li sa fetohe sebopeho ka ho feletseng.

Buka ea Genese e re Molimo o ile a bopa liphoofolo ‘ho ea ka mefuta ea tsona.’ (Genese 1:24, 25) Ha Bibele e sebelisa lentsoe “mefuta” ho bonahala eka e bua ka lintho tse ngata tse phelang. Kahoo, lentsoe lena “mofuta” le ka bolela lihlopha tsa liphoofolo tse ngata tse batlang li tšoana tse ka khonang ho ikatisa har’a tsona. E leng se ka etsang hore sebopeho sa tsona se fetohe hanyane ha nako e ntse e e-ea.

U nahana’ng ka see?

Joalokaha ho bontšitsoe, Bibele e hlalosa ka tsela e bonolo hore lefatše le leholimo li bile teng joang, lefatše le ne le shebahala joang pele le hore na lintho tse phelang li bile teng joang. Haeba Bibele e khona ho hlalosa lintho tsee ka tsela e nepahetseng, na e ka boetse ea nepa hore ke mang ea li bopileng? Buka ea Encyclopædia Britannica, e re taba ea hore bophelo bo qaliloe ke ntho e ’ngoe e itseng, e lumellana le liphuputso tsa morao-rao tsa saense.b

Nahana ka Sena:

Bala Genese 1:1–2:4. Seo Bibele e se buang ka popo, se fapane hole le seo lipale tsa boholo-holo li se buang ka eona. Ka mohlala, Bababylona ba ne ba lumela hore leholimo, lefatše hammoho le batho, li entsoe ka setopo sa molimotsana le mali a tsoang ho molimo. Baegepeta ba mehleng ea khale ba ne ba lumela hore molimo Ra o entse batho ka likeleli. Batho ba China ba ne ba lumela hore lintho tsohle tse teng lefatšeng li tsoa setopong sa seqhenqhahali se bitsoang Pangu ’me batho ba tsoa ho matsetse a neng a le ’meleng oa sona. Ho hlakile hore Bibele e hanana le litšomo tseo hobane eona e nepahetse litabeng tsa saense.

Sheba video ea metsotso e mene e nang le sehlooho se reng Na Bokahohle bo Entsoe? Batla sehlooho sa video ena ho jw.org.

a Bibele e re lebitso la Molimo ke Jehova.

b Le hoja buka ena e cho joalo, ha e tšehetse taba ea hore ho na le ’Mopi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela