U se ke Ua Lumella Lipelaelo Hore li Senye Tumelo ea Hao
Kajeno u nahana hore u phela hantle. Hosasane u ikutloa u kula. Ka tšohanyetso feela, u feletsoe ke matla. Hlooho ea hao ea opa ’me ’mele oa hao o tletse mahlaba. Ho etsahetse’ng? U kenoe ke likokoana-hloko tse kotsi, li fokolisitse boitšireletso ba ’mele oa hao ’me li hlasetse litho tsa bohlokoa. Haeba likokoana-hloko tsena tse hlasetseng litho tsa hao li sa loantšoe, li ka ’na tsa senya bophelo ba hao ka ho feletseng—mohlomong tsa ba tsa u bolaea.
HA E le hantle, haeba ha u phele hantle nakong ea ha u tšoaetsoa boloetse bo itseng, u hlaseleha habonolo. Ka mohlala, haeba ’mele oa hao o fokolisoa ke khaello ea phepo e nepahetseng, ho itoanela ha oona “ho theoha hoo u ka bolaoang ke tšoaetso e nyenyane feela,” kamoo ho bolelang Peter Wingate, sengoli se seng sa tsa bongaka.
Ha ho le joalo, ke mang ea ka khethang ho phela tlaleng? Ho hlakile hore u etsa sohle seo u ka se khonang hore u je ka mokhoa o nepahetseng le hore u lule u phela hantle ’meleng. Mohlomong u boetse u etsa sohle se matleng a hao ho qoba ho ipepesetsa ho kenoa ke likokoana-hloko. Leha ho le joalo, na u hlokolosi ka tsela e tšoanang tabeng ea ho lula u ‘phela hantle tumelong’? (Tite 2:2) Ka mohlala, na u falimehetse kotsi e hlahisoang ke lipelaelo tse bolotsana? Li ka hlasela kelello ea hao le pelo ea hao habonolo, tsa senya tumelo ea hao le kamano ea hao le Jehova. Ho bonahala batho ba bang ba sa lemohe kotsi ena. Ba itlohella hore lipelaelo li ba hlasele habonolo ka ho ipolaisa tlala moeeng. Na ho ka etsahala hore ebe ke sona seo u se etsang?
Ho Belaela—Na ho Hobe Kamehla?
Ha e le hantle, hase ho belaela hohle ho hobe. Ka linako tse ling, ho hlokahala hore u se ke ua potlakela ho lumela taba ho fihlela u tseba ’nete ea eona. Keletso ea bolumeli ea hore u lokela ho lumela feela le hore ha ua tšoanela ho belaella letho e kotsi ’me ea thetsa. Ke ’nete hore Bibele e re lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Ha ho pelaelo hore Mokreste ea lerato o itokiselitse ho lumela bao nakong e fetileng ho bonahetseng hore baa tšepahala. Empa, Lentsoe la Molimo le boetse le lemosa hore motho a se ke a “beha tumelo lentsoeng le leng le le leng.” (Liproverbia 14:15) Ka linako tse ling, seo motho a ileng a se etsa nakong e fetileng se fana ka lebaka le utloahalang la ho belaela. “Le hoja [mothetsi] a etsa hore lentsoe la hae le be mosa,” Bibele ea lemosa, “u se ke ua mo lumela.”—Liproverbia 26:24, 25.
Moapostola Johanne o boetse o lemosa Bakreste ka ho lumela ntle ho mabaka. Oa ngola: “Le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng.” Ho e-na le hoo, “lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) Ho ka ’na ha bonahala eka “polelo,” thuto kapa khopolo e tsoa ho Molimo. Empa na e hlile e tsoile ho eena? Ho belaela ka tsela e itseng, kapa ho se lumele kapele e ka ba tšireletso ea sebele hobane, joalokaha moapostola Johanne a bolela, “bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng.”—2 Johanne 7.
Lipelaelo Tse se Nang Motheo
E, hangata ho hlokahala hore ho hlahlojoe mabaka ka botšepehi le ka boikokobetso e le hore ho fumanoe ’nete. Leha ho le joalo, sena ha se tšoane le ho lumella lipelaelo tse se nang mabaka le tse senyang hore li hōle ka likelellong le lipelong tsa rōna—e leng lipelaelo tse ka senyang litumelo le likamano tsa rōna tse tiileng. Ho belaela ka tsela ena ho hlalosoa e le “ho tsilatsila tumelong kapa khopolong ho atisang ho sitisa motho ho etsa qeto.” Na u hopola kamoo Satane a ileng a silafatsa kelello ea Eva kateng ka lipelaelo ka Jehova? O ile a botsa: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” (Genese 3:1) Ho tsilatsila ho ileng ha jaloa ke potso eo e utloahalang e se na molato ho ile ha mo sitisa ho etsa qeto. Mekhoa ea Satane e joalo. Joaloka motho ea ngolang mangolo a liketselletso, o tseba ho sebelisa litlhahiso tsa bolotsana, linnete tse sa fellang le mashano. Ka lipelaelo tsa bolotsana tse jetsoeng ka tsela eo, Satane o sentse likamano tse ngata haholo tse molemo tseo ho tsona batho ba neng ba tšepana.—Bagalata 5:7-9.
Morutuoa Jakobo o ne a utloisisa ka ho hlaka phello e senyang ea ho belaela ha mofuta ona. O ngola ka tokelo e babatsehang eo re nang le eona ea ho ea ho Molimo ka bolokolohi bakeng sa thuso nakong ea teko. Empa, Jakobo o fana ka temoso ena hore ha motho a rapela Molimo, “a kōpe ka tumelo, a sa belaele ho hang.” Lipelaelo kamanong ea rōna le Molimo li etsa hore re tšoane le “leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le le fefoleloang koana le koana.” Re tšoana le “motho ea hlōlehang ho etsa qeto, ea sa tsitsang litseleng tsohle tsa hae.” (Jakobo 1:6, 8) Re hlaolela ho tsilatsila tumelong ho etsang hore re qeaqee. Joale, joalokaha ho ile ha etsahala ka Eva, re hlaseloa habonolo ke lithuto le lifilosofi tsa mefuta eohle tsa bodemona.
Ho Lula U Phela Hantle Moeeng
Joale, re ka itšireletsa joang lipelaelong tse senyang? Karabo e bonolo ka mokhoa o tsotehang: ka hore re hane ka tieo mashano a bosatane ’me re iphepe ka ho feletseng ka lijo tsa moea tse lokiselitsoeng ke Molimo tse re etsang hore re ‘tiee tumelong.’—1 Petrose 5:8-10.
Seo e leng sa bohlokoa ke ho iphepa hamolemo moeeng. Monghali Wingate, eo ho buuoeng ka eena pejana, oa hlalosa: “Esita leha ’mele o phomotse, o hloka hore o ’ne o fumane matla bakeng sa tšebetso ea lik’hemik’hale le ea litho tsa oona tsa bohlokoa; ’me lintho tseo lihlopha tse ngata tsa lisele li entsoeng ka tsona li hloka ho nkeloa sebaka ka tse ncha nako le nako.” Ho joalo le ka bophelo ba rōna ba moea. Haeba re sa fepe tumelo ea rōna kamehla ka lijo tsa moea, e tla senyeha butle-butle ’me qetellong e shoe joaloka ’mele o sa feptjoeng. Jesu Kreste o ile a hatisa sena ha a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Matheu 4:4.
Ak’u nahane. Re ile ra haha tumelo e matla joang sethathong? Moapostola Pauluse oa ngola: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) O bolela hore qalong, ka ho iphepa Lentsoe la Molimo, re ile ra haha tumelo ea rōna le kholiseho ho Jehova, litšepisong tsa hae le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Ha e le hantle, seo re neng re se utloa ha rea ka ra se lumela ntle ho lebaka. Re ile ra etsa se entsoeng ke batho ba neng ba lula motseng oa Berea. Re ile ra “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Liketso 17:11) Re ile ra ‘ipakela e le rōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng’ ’me ra tiisa hore seo re se utloileng ke ’nete. (Baroma 12:2; 1 Bathesalonika 5:21) Ho tloha ka nako eo, ho ka etsahala hore ebe re matlafalitse tumelo ea rōna ha re ntse re bona ka ho hlakileng haholoanyane hore Lentsoe la Molimo le litšepiso tsa hae ha ho mohla li hlōlehang ho phethahala.—Joshua 23:14; Esaia 55:10, 11.
Qoba Tlala ea Moea
Joale, phephetso ke ho boloka tumelo ea rōna le ho qoba ho tsilatsila tumelong ho ka fokolisang tšepo ea rōna ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. E le hore re etse sena, re lokela ho tsoela pele ho hlahloba Mangolo letsatsi le letsatsi. Moapostola Pauluse o lemosa hore “linakong tsa morao ba bang [bao qalong ba neng ba bonahala ba e-na le tumelo e matla] ba tla oa tumelong, ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Lipolelo le lithuto tsena tse khelosang li tsoala lipelaelo ka likelellong tsa ba bang ’me li ba arohanya le Molimo. Tšireletso ea rōna ke eng? Ho tsoela pele re ‘fepuoa ka mantsoe a tumelo le a thuto e ntle eo re e latetseng haufi-ufi.’—1 Timothea 4:6.
Leha ho le joalo, ka masoabi ba bang kajeno ba khetha hore ba se ke ba ‘feptjoa ka mantsoe a tumelo’—esita leha lijo tse joalo li fumaneha mahala. Joalokaha e mong oa bangoli ba buka ea Liproverbia a bontša, hoa etsahala hore re pota-potoe ke lijo tse molemo tsa moea, mokete oa lijo tsa moea, ka puo ea tšoantšetso, ’me ho ntse ho le joalo ebe ha re je le ho thuisa lijo tseo.—Liproverbia 19:24; 26:15.
Sena se kotsi. Monghali Wingate o re: “’Mele oa kula hang ha o iphepa ka protheine e ho oona.” Ha u sa je, ’mele oa hao o qala ho sebelisa mafura a bolokiloeng hohle ’meleng. Ha mafura ana a fela, ’mele o qala ho sebelisa protheine e hlokahalang bakeng sa khōlo e tsoelang pele le ho lokisoa ha lisele. Litho tsa bohlokoa li qala ho khaotsa ho sebetsa. Ka potlako feela ’mele oa hao oa soahlamana.
Ke se ileng sa etsahalla ba bang ka kutloisiso ea moea phuthehong ea pele ea Bokreste. Ba ne ba leka ho phela ka mafura a lijo tsa moea ao ba a bolokileng. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba hlokomolohile thuto ea motho ka mong, ’me ba ile ba fokola moeeng. (Baheberu 5:12) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa kotsi ea ho etsa sena ha a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu: ‘Ho hlokahala hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.’ O ne a tseba hore na ho bonolo hakaakang ho hoholehela mekhoeng e mebe haeba re “hlokomolohile poloko ea boholo bo bokaalo.”—Baheberu 2:1, 3.
Ho thahasellisang ke hore motho ea haelloang ke phepo e nepahetseng hase kamehla a shebahalang a kula kapa a le mosesaane. Ka ho tšoanang, ho ke ke ha totobala kapele hore motho o ipolaisa tlala ea moea. U ka bonahala u phela hantle moeeng esita leha u sa je ka tšoanelo—empa e tla ba ka nakoana feela! Joang kapa joang u tla fokola moeeng, u kenelloe ke lipelaelo tse se nang motheo, ’me u sitoe ho loana ntoa e thata bakeng sa tumelo. (Juda 3) Ua tseba—le haeba ba bang ba sa tsebe—hore na e le ruri u iphepa hakae moeeng.
Kahoo, tsoela pele ka thuto ea hao ea motho ka mong. Loantša lipelaelo ka matla. Ho hlokomoloha se bonahalang e le tšoaetso e nyenyane, ho se etse letho ka lipelaelo tse tšoenyang, ho ka ba le liphello tse kotsi. (2 Bakorinthe 11:3) ‘Na re hlile re phela matsatsing a qetello? Na u ka lumela sohle seo Bibele e se bolelang? Na ona ka sebele ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova?’ Satane a ka rata ho jala lipelaelo tse kang tsena kelellong ea hao. U se ke ua lumella ho hlokomoloha ho iphepa moeeng hore ho u etse mohlaseluoa oa lithuto tsa hae tse thetsang. (Bakolose 2:4-7) Latela keletso e ileng ea fuoa Timothea. E-ba seithuti se setle sa “lingoliloeng tse halalelang” e le hore u ka ‘tsoela pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele.’—2 Timothea 3:13-15.
U ka ’na ua hloka thuso hore u etse sena. Mongoli ea qotsitsoeng pejana o tsoela pele o re: “Ha motho a lapetse ruri, litho tse silang lijo li ka ’na tsa ntšoa kotsi ke ho haelloa ke livithamine le lintho tse ling tse hlokahalang hoo li ka ’nang tsa se hlole li amohela lijo tse tloaelehileng haeba li fumaneha. Batho ba boemong bona, ka nakoana ba ka ’na ba hloka lijo tse sa hlokeng ho siloa ka matla.” Ho hlokahala tlhokomelo e khethehileng ho phekola liphello tsa ’mele o tšeremang ka lebaka la tlala. Ka ho tšoanang, motho ea hlokomolohileng thuto ea Bibele ea motho ka mong ka mokhoa o feteletseng a ka ’na a hloka thuso le khothatso e ngata e le hore a boele a be le takatso ea lijo tsa moea. Haeba boemo ba hao ke bona boo, batla thuso ’me ka thabo u amohele thuso leha e le efe e fanoang hore u boele u matlafatse bophelo ba hao ba moea le matla a hao a moea.—Jakobo 5:14, 15.
U se ke Ua “Thekesela ka ho Hloka Tumelo”
Batho ba bang ha ba nahana ka maemo a mopatriareka Abrahama, ba ka ’na ba ikutloa hore o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho belaela. Ho sa tsotellehe tšepiso ea Molimo—ho ka bonahala eka ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ‘ho ne ho se na tšepo ea hore e ka ba ntat’a lichaba tse ngata.’ Hobane’ng? Ha e le hantle, ha re sheba litaba ka leihlo la batho, ho ne ho se na tšepo. Tlaleho ea Bibele e re: ‘O ne a nahana ka ’mele oa hae, oo joale o neng o se o shoele le ka ho shoa ha pōpelo ea Sara.’ Ho ntse ho le joalo, o ile a hana a tiile hore lipelaelo ka Molimo le litšepiso tsa hae li hōle kelellong ea hae le pelong ea hae. Moapostola Pauluse oa ngola: ‘Ha aa ka a fokola tumelong,’ kapa “a thekesela ka ho hloka tumelo.” Abrahama o ile a lula “a kholisehile ka botlalo hore seo [Molimo] a neng a se tšepisitse o ne a boetse a khona ho se etsa.” (Baroma 4:18-21) Ka lilemo tse ngata o ne a hlaoletse kamano e matla, ea botho le ea ho tšepa Jehova. O ile a hana lipelaelo tsohle tse neng li ka fokolisa kamano eo.
U ka etsa se tšoanang haeba u tsoela pele ho ‘tšoara mohlala oa mantsoe a phelisang’—haeba u iphepa hantle moeeng. (2 Timothea 1:13) Nka kotsi ea lipelaelo ka botebo. Satane o kene ntoeng eo ho ka thoeng ke ea ho sebelisa likokoana-hloko tsa moea. Haeba u hlokomoloha ho ja lijo tse molemo tsa moea ka thuto ea motho ka mong ea Bibele le ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste, u ipepesetsa litlhaselo tse joalo. Sebelisa hamolemo phepelo e fanoang ka seatla se bulehileng le e nakong ea lijo tsa moea e lokisetsoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Tsoela pele ‘ho lumellana le mantsoe a phelisang hantle’ ’me u lule u ‘phela hantle tumelong.’ (1 Timothea 6:3; Tite 2:2) U se ke ua lumella lipelaelo hore li senye tumelo ea hao.
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
U iphepa hantle hakae moeeng?