Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/14 maq. 4-7
  • Pale e sa Tsejoeng ea Pōpo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pale e sa Tsejoeng ea Pōpo
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba hlokomele hore baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ho akarelletsa le batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe le ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe, ba fetotse tlaleho ea Bibele ’me ba iqapetse lipale tse ngata tse hananang le seo e hlileng e se rutang. Lipale tsa bona ha li lumellane le saense. Le hoja lipale tseo li le sieo ka Bibeleng, li entse hore batho ba bangata ba nahane hore tlaleho ea Bibele ke pale e iqapetsoeng.
  • Batho ba bangata ha ba tsebe seo Bibele e se buang ka pōpo. Taba ena e hlabisa lihlong hobane Bibele e fana ka tlhaloso e utloahalang le e nepahetseng ea qaleho ea lefatše. Ho phaella moo, tlhaloso ea eona e lumellana le lintho tse sibolotsoeng ke bo-rasaense. Ka sebele, u ka ’na ua makatsoa ke seo Bibele e se buang ka ho bōptjoa ha lintho!
  • ’MŌPI EA SA BŌPTJOANG
  • MOLIMO O ILE A NKA NAKO E KAE HO BŌPA BOKAHOHLE?
  • NA MOLIMO O ILE A BŌPA LINTHO KA HO IPHETOLA HA LINTHO?
  • PŌPO E BONAHATSA BOTHO BA ’MŌPI OA EONA
  • Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng
    Tsoha!—2021
  • Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?
    Tsoha!—2006
  • Saense le Tlaleho ea Genese
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Pōpo
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 3/14 maq. 4-7
Bokahohle

SEHLOOHO SE KA NTLE

Pale e sa Tsejoeng ea Pōpo

BATHO ba libilione ba ’nile ba bala le ho utloa seo Bibele e se buang ka qaleho ea bokahohle. Tlaleho e ngotsoeng lilemo tse 3 500 tse fetileng, e qala ka mantsoe ana a tsebahalang: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”

Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba hlokomele hore baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ho akarelletsa le batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe le ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe, ba fetotse tlaleho ea Bibele ’me ba iqapetse lipale tse ngata tse hananang le seo e hlileng e se rutang. Lipale tsa bona ha li lumellane le saense. Le hoja lipale tseo li le sieo ka Bibeleng, li entse hore batho ba bangata ba nahane hore tlaleho ea Bibele ke pale e iqapetsoeng.

Batho ba bangata ha ba tsebe seo Bibele e se buang ka pōpo. Taba ena e hlabisa lihlong hobane Bibele e fana ka tlhaloso e utloahalang le e nepahetseng ea qaleho ea lefatše. Ho phaella moo, tlhaloso ea eona e lumellana le lintho tse sibolotsoeng ke bo-rasaense. Ka sebele, u ka ’na ua makatsoa ke seo Bibele e se buang ka ho bōptjoa ha lintho!

’MŌPI EA SA BŌPTJOANG

Bosafeleng

Tlaleho ea Bibele e buang ka pōpo e thehiloe ’neteng ea hore ho na le Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa, e leng Molimo ea Matla ’Ohle, ea bōpileng lintho tsohle. Ke mang, hona ke motho oa mofuta ofe? Bibele e senola hore o fapane hōle le melimo e rapeloang ke batho ba bangata le malumeling a maholo. Ke ’Mōpi oa lintho tsohle empa batho ba bangata ha ba mo tsebe hantle.

  • Molimo ke motho. Hase matla a sa bonahaleng a se nang botho a ntseng a solla sebakeng a se na morero. O oa nahana, o na le maikutlo le morero.

  • Molimo o na le matla a ke keng a lekanngoa ebile o bohlale. Ke ka lebaka leo lintho tsohle tseo a li bōpileng li rarahaneng, haholo-holo lintho tse phelang.

  • Molimo o bōpile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e bonang. Kahoo, ha aa etsoa ka lintho tseo a li bōpileng. Ho e-na le hoo, ke motho oa moea ea sa bonahaleng.

  • Molimo ha a shoe. Haesale a le teng ’me o tla lula a le teng. Ka lebaka leo, ha ho na motho ea mo bōpileng.

  • Molimo o na le lebitso le sebelisitsoeng hangata ka Bibeleng. Lebitso leo ke Jehova.

  • Jehova Molimo o rata batho ebile o oa ba tsotella.

MOLIMO O ILE A NKA NAKO E KAE HO BŌPA BOKAHOHLE?

Oache

Bibele e re Molimo o ile a bōpa “maholimo le lefatše.” Leha ho le joalo, polelo ena ha e bontše hore na o ile a nka nako e kae kapa o sebelisitse mekhoa efe ho bōpa bokahohle. Ho thoe’ng ka taba e atileng e lumeloang ke batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe, ea hore Molimo o bōpile bokahohle ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24? Taba ena eo bo-rasaense ba bangata ba sa lumellaneng le eona, e thehiloe kutloisisong e fosahetseng ea tlaleho ea Bibele. Hlokomela seo Bibele e hlileng e se buang.

Bibele ha e tšehetse batho ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe le ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24

  • Bibele ha e tšehetse batho ba tsitlellang hore Bibele ha e tolokoe le ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.

  • Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “letsatsi” ha e bua ka linako tse sa tšoaneng. Ka linako tse ling, ha ho boleloe hore na li bolelele bo bokae. Tlaleho ea pōpo e bukeng ea Bibele ea Genese ke o mong oa mehlala ea seo.

  • Tlalehong ea Bibele, e ka ’na eaba matsatsi a tšeletseng a pōpo a nkile lilemo tse likete.

  • Molimo o ne a se a bōpile bokahohle ho akarelletsa le Lefatše leo ho neng ho se na letho ho lona, ha a qala ho bōpa lintho tse lefatšeng.

  • Ho bonahala eka matsatsi a tšeletseng a pōpo e bile nako e telele eo ka eona Jehova Molimo a ileng a lokisa lefatše e le hore batho ba ka lula ho lona.

  • Tlaleho ea Bibele ea pōpo e lumellana le seo bo-rasaense ba se sibolotseng ka hore na bokahohle bo na le nako e kae bo le teng.

NA MOLIMO O ILE A BŌPA LINTHO KA HO IPHETOLA HA LINTHO?

Ho iphetola ha lintho

Batho ba bangata ba sa lumeleng Bibeleng, ba amohela khopolo ea hore lintho tse phelang li tsoa lik’hemik’haleng kapa li bile teng ka tšohanyetso feela. A re re mohlomong baktheria e khonang ho ikatisa e ile ea hlaha ’me hanyane ka hanyane ea ’na ea hlahisa lintho tsohle tse phelang tseo re li bonang kajeno. Sena se ne se tla bolela hore ’mele o rarahaneng oa motho o tsoa baktherieng.

Khopolo ea ho iphetola ha lintho, e boetse e ratoa ke batho ba bolelang hore ba amohela Bibele e le lentsoe la Molimo. Ba lumela hore Molimo o bōpile ntho e le ’ngoe lefatšeng, empa ka mor’a moo a e shebella, mohlomong le ho e thusa ho iphetola. Leha ho le joalo, Bibele ha e rute seo.

Tlaleho ea Bibele ea pōpo e lumellana le lipatlisiso tsa saense tse bontšang hore mofuteng o le mong oa liphoofolo ho ka hlaha e mengata

  • Ho ea ka Bibele, Jehova Molimo o ile a bōpa mefuta e seng mekae ea limela le ea liphoofolo, hammoho le monna le mosali ba phethahetseng ba neng ba e-na le bokhoni ba ho ikhethela, ba ho rata, ba le bohlale ba bile ba e-na le toka.

  • Ho hlakile hore mefuta ea liphoofolo le limela tseo Molimo a li bōpileng, li ile tsa ’na tsa fetoha ’me tsa hlahisa mefuta e meng. Maemong a mang mefuta e meng e fapana hōle le e meng.

  • Tlaleho ea Bibele ea pōpo e lumellana le lipatlisiso tsa saense tse bontšang hore mofuteng o le mong oa liphoofolo ho ka hlaha e mengata.

PŌPO E BONAHATSA BOTHO BA ’MŌPI OA EONA

Lilemong tsa bo-1850, setsebi sa baeloji sa Mobrithani, e leng Alfred Russel Wallace o ile a lumellana le Charles Darwin, ka khopolo ea ho iphetola ha lintho. Empa esita le motho enoa ea tummeng ea lumelang thutong ea ho iphetola ha lintho, o ile a re: “Batho ba nang le mahlo le ba khonang ho nahana, ha ba nahana ka sele e nyenyane ka ho fetisisa, ka mali, ka lefatše lohle le ka bokahohle . . . , baa elelloa hore ho na le ’Mōpi ea entseng lintho tseo ka bohlale le ka hloko.”

Hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli pele Wallace a e-ba teng, Bibele e ne e ile ea re: “Etsoe litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” (Baroma 1:20) Nako le nako u ka ’na ua nka motsotsoana ua nahana ka lintho tse hlollang tseo re li bonang pōpong e rarahaneng—ho tloha ho qoba ea joang ho isa ho lihloliloeng tse se nang palo tse leholimong. U ka khona ho bona botho ba ’Mōpi ka ho hlahloba pōpo.

U ka ’na ua ipotsa ua re, ‘Empa haeba ho na le Molimo ea lerato ea bōpileng lintho tsohle, ke hobane’ng ha a lumella mahlomola? Na o lahlile pōpo ea hae e lefatšeng? Bokamoso bo re tšoaretse’ng?’ Bibele e na le lipale tse ling tse ngata tseo batho ba sa li tsebeng—e leng linnete tseo esale li patiloe ke likhopolo tsa batho le lithuto tsa bolumeli. Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena li tla thabela ho u thusa hore u hlahlobe ’nete ea Bibele e sa tsoakoang, ’me u ithute ho eketsehileng ka ’Mōpi le ka lintho tseo a rerileng ho li etsetsa batho bao a ba bōpileng nakong e tlang.

TATELLANO EA HO BŌPTJOA HA LINTHO

  • TŠIMOLOHO

    Ho bōptjoa maholimo le lefatše.—Genese 1:1.

  • Lefatše le se nang sebōpeho le le lefifi

    LEFIFI

    Lefatše ha le na sebōpeho, ha le na letho ebile le lefifi.—Genese 1:2.

  • Letsatsi la 1: khanya; motšehare le bosiu

    LETSATSI LA PELE

    Ho bonahala khanya e fokolang lefatšeng. Haeba ho ne ho e-na le motho lefatšeng o ne a ke ke a hlokomela hore e teng. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala phapang pakeng tsa bosiu le motšehare.—Genese 1:3-5.

  • Letsatsi la 2: ho aroloa metsi le moholi

    LETSATSI LA BOBELI

    Lefatše le koahetsoe ke metsi le moholi o teteaneng. Lintho tsena tse peli lia aroloa e le hore ho be le karohano pakeng tsa metsi le moholi o a koahetseng. Bibele e hlalosa karohano ena e le “sepakapaka pakeng tsa metsi” ’me e e bitsa “Leholimo.”—Genese 1:6-8.

  • Letsatsi la 3: sebaka se ommeng le limela

    LETSATSI LA BORARO

    Metsi a lefatšeng aa fokotseha ’me ho hlaha sebaka se ommeng. Sepakapaka sea buleha e le hore khanya ea letsatsi e ka khona ho fihla lefatšeng. Ho hlaha mefuta e fapaneng ea limela ka letsatsi la boraro le matsatsi a latelang a pōpo.—Genese 1:9-13.

  • Letsatsi la 4: letsatsi le khoeli

    LETSATSI LA BONE

    Letsatsi le khoeli li qala ho bonahala lefatšeng.—Genese 1:14-19.

  • Letsatsi la 5: litlhapi le linonyana

    LETSATSI LA BOHLANO

    Molimo o bōpa liphoofolo tsa leoatle le libōpuoa tse fofang, ka bongata li na le bokhoni ba ho ikatisa ho ea ka mefuta ea tsona.—Genese 1:20-23.

  • Letsatsi la 6: liphoofolo le batho

    LETSATSI LA BOTŠELELA

    Ho bōptjoa liphoofolo tse phelang lefatšeng, tse khōlō le tse nyenyane. Letsatsi la botšelela la pōpo le fella ka hore Molimo a bōpe libōpuoa tse hlollang: e leng banyalani ba pele.—Genese 1:24-31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela