Pono ea Bibele
Na Letsatsing ka Leng la Pōpo ho Ile ha Phethoa se Qaliloeng Letsatsing Leo?
NAKO le nako, Lipaki tsa Jehova li botsoa lipotso mabapi le tatellano ea pōpo joalokaha e bontšitsoe bukeng ea tsona Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Tse ling tsa lipotso tsena li bontša phapang pakeng tsa tatellano ea liketsahalo tsena joalokaha e bontšoa bukeng ena le tatellano e bontšoang ke liithuti tse ngata tsa mafika.
Ka mohlala, ho hlokomelehile hore liithuti tsa mafika li thathamisa linonyana e le tse bileng teng ka mor’a liphoofolo tse anyesang, athe buka Creation, leqephe 37, e bontša hore linonyana li bile teng pele ho liphoofolo tse anyesang.
Hoa thahasellisa hore le hoja liithuti tse ngata tsa mafika li na le boikutlo ba hore linonyana li bile teng ka mor’a liphoofolo tse anyesang, tse ling li lumela hore liphoofolo tse anyesang li bile teng ka mor’a linonyana. Mohlala oa boikutlo ba seithuti se lumelang hore liphoofolo tse anyesang li bile teng ka morao ho linonyana e fumaneha bukeng Evolution, ea Colin Patterson, leqephe 132. Sena se bontša hore bopaki bo tsoang tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo hase bo ka etsang qeto.
Empa na letsatsing ka leng la pōpo le boleloang ho Genese khaolo 1 ho ile ha phethoa se qaliloeng letsatsing leo kapa liketsahalo tsa pōpo li ile tsa tsoela pele ho fihlela ka mor’a letsatsi leo li ileng tsa qaloa ka lona? E itšetlehile ka Bibele, buka Creation e re libōpuoa tse fofang li ile tsa qala ho bōptjoa pele liphoofolo tse anyesang li e-ba teng. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “libōpuoa tse fofang” ho Genese 1:20 (NW) ke ʽohph ’me e ka ’na eaba le akarelletsa likokoanyana tse nang le mapheo le li-reptile (liphoofolo tse hahabang kapa tse tsamaeang ka maoto a makhutšoane joaloka mokholutsoane) tse fofang tse kang li-pterosaur. E ka ’na eaba likokoanyana tsa pele li ile tsa hlaha pele ho libōpuoa tse kang li-pterosaur, ’me e ka ’na eaba li-reptile tsena tse fofang tse nang le mapheo a letlalo li bile teng pele ho linonyana le liphoofolo tse anyesang.
Tlaleho ea Bibele ea pōpo ha e fane ka makolopetso a mangata tabeng ea mesebetsi eohle ea pōpo ea Jehova Molimo. E thathamisa feela ka ho latellana tse ling tsa liphetoho tse khōlō mabapi le ho lokisa lefatše bakeng sa lintho tse phelang le ho bontša ho hlaha ha likarolo tse khōlō tsa limela le liphoofolo ka tatellano. Ha e tsoela pele ka katamelo eo, tlaleho ea Genese ha e thathamise likokoanyana tse nang le mapheo, li-reptile tse fofang, le linonyana ka mefuta ka ho fapana empa e li bokella hammoho tlas’a lentsoe la Seheberu le akaretsang, le fetoletsoeng e le “libōpuoa tse fofang.”
Ka Bibeleng boemo bo sekheeqe ba maetsi a Seheberu a sebelisitsoeng ho Genese khaolo 1 bo bontša hore pōpo e akarelletsa mosebetsi oa Molimo o tsoelang pele. ’Me matsatsi a pōpo a Genese khaolo 1 e ne e se matsatsi a lihora tse 24, empa a ile a nka likete tse ngata tsa lilemo.—Bona Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, maqephe 26-7.
Ka mohlala, Genese 1:3 e bua ka ho bōptjoa ha leseli letsatsing la pele. Ho latela phetolelo ea J. W. Watts, temana eo e baleha tjena: “Hamorao Molimo oa tsoela pele ho re, ‘Leseli ha le be teng’; ’me butle-butle leseli la e-ba teng.” Phetolelo ea Benjamin Wills Newton e fana ka kutloisiso e tšoanang ea phetoho e tsoelang pele ea tšebetso hang ha e qaliloe: “’Me Molimo oa tsoela pele ho re [nakong e tlang], leseli ha le be teng, ’me leseli la tsoela pele ho ba teng [nakong e tlang].” (Masakana ke a Newton; mongolo o tšekalletseng litemaneng tsena ka bobeli ke oa rōna.) Leseli le ileng la phunyelletsa ho ea fihla holim’a lefatše le ile la eketsa khanya ea lona butle-butle, ’me tšebetso ena e ile ea tsoela pele ho fihlela nakong e tlang.—Bona New World Translation of the Holy Scriptures—With References, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Appendix 3C, maqephe 1572-3.
Letsatsi la pele ha lea ka la phetha “pōpo” ea leseli mabapi le lefatše. Ha e le hantle, mehloli ea lona e ne e bile teng pele ho letsatsi leo la pele empa e ne e sa bonahale holim’a lefatše. (Genese 1:1) Letsatsing la pele ho ile ha qaleha ho phunyelletsa ha mahlaseli a eang holim’a lefatše feela, e leng ho ileng ha khoneha ka baka la ho sesefatsoa ha maru a neng a koahetse lefatše joaloka ‘masela a phuthelang.’ (Jobo 38:9, NW) Khanya e holim’a lefatše e ile ea eketseha butle-butle ka baka la ho sesefala ha maru a sitisang.
Letsatsing la bobeli la pōpo, Molimo o ile oa etsa hore metsi a lefatšeng le metsi a ka holimo ho lona a arohane, a siee sebaka, kapa sepaka-paka, pakeng tsa metsi a ka holimo le metsi a ka tlaase. Ho joalokaha phetolelo ea Watts ea Genese 1:6, 7, e e beha ka tsela ena: “Eaba Molimo o tsoela pele, o re, ‘Sebaka ha se be teng pakeng tsa metsi, hape metsi ha a arohane.’ Ka mokhoa o tšoanelehang, Molimo oa tsoela pele ho arola metsi a neng a le ka tlas’a sebaka metsing a neng a le ka holimo ho sebaka; ’me butle-butle ha e-ba joalo.” (Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.) Hantle feela joalokaha khanya e ile ea bonahala ka lekhetlo la pele holim’a lefatše letsatsing la pele le hoja e ne e e-s’o fihle boemong ba eona ba ho qetela, le letsatsing la bobeli ka ho tšoanang sebaka se ile sa qala ho ba teng. Ha sea ka sa finyella boemong ba sona bo phethahetseng hang-hang.
Phetolelo ea Watts ho Genese 1:9, 11, e re mabapi le letsatsi la boraro: “Eaba Molimo o tsoela pele, o re, ‘Metsi a ka tlas’a maholimo ha a bokelloe hammoho sebakeng se le seng, ’me ho hlahe naha e omileng’; ’me butle-butle ha e-ba joalo. Eaba Molimo o tsoela pele, o re, ‘Lefatše ha le hlahise joang, limela tse behang peō, lifate tsa litholoana tse nang le peō tse behang litholoana ho latela mefuta ea tsona holim’a lefatše’; ’me butle-butle ha e-ba joalo.” (Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.) Tšebeliso ea lentsoe “butle-butle” e bontša mosebetsi oa pōpo o tsoelang pele, o fapaneng le ketsahalo e le ’ngoe e etsahalang ka nako e itseng.
Letsatsing la bone ho ile ha ba le liphetoho tse potlakileng: “Eaba Molimo o tsoela pele, o re, ‘Maseli ha a be teng sebakeng sa maholimo ho arola motšehare ho bosiu, ’me a tla ba teng bakeng sa lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo. Hape a tla ba teng hore e be maseli sebakeng sa maholimo a tle a fane ka khanya holim’a lefatše’; ’me butle-butle ha e-ba joalo. Ka tsela e tšoanelehang Molimo o ile oa tsoela pele ho etsa maseli a mabeli a maholo, e le hore leseli le leholo le laole motšehare, ’me le lenyenyane le laole bosiu, le linaleli ka ho tšoanang.”—Genese 1:14-16, Watts, mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.
Joale, ka lekhetlo la pele, khanya e eketsehileng ea letsatsi e ile ea finyella holim’a lefatše. Mehloli ea leseli—letsatsi le khoeli le linaleli—e ne e ka bonoa ke motho ea holim’a le-fatše. Tlalehong ea letsatsi la pele la pōpo, lentsoe la Seheberu bakeng sa leseli ke ʼohr, e leng leseli ka kutloisiso e tloaelehileng; empa letsatsing la bone, ke ma·ʼohrʹ, le bolelang mohloli oa leseli.
Letsatsi la bohlano le ile la khetholleha ka pōpo ea libōpuoa tsa mefuta eohle tse phelang ka har’a metsi, ’me ho bonahala eka li ne li akarelletsa le li-reptile tse khōlō tse phelang ka metsing. Tlaleho ea Genese e baleha tjena: “Eaba Molimo o tsoela pele ho re: ‘Metsi a ke a be le boieane ba liphefumolohi tse phelang ’me libōpuoa tse fofang li fofe holim’a lefatše sebakeng sa leholimo.’ ’Me Molimo oa tsoela pele ho bōpa liphoofolo tsa leoatle tse khōlō le sephefumolohi se seng le se seng se phelang se tsamaeang, tseo metsi a li hlahisitseng ho latela mefuta ea tsona, le sebōpuoa se seng le se seng se fofang ho latela mofuta oa sona. Eaba Molimo o bona hore ho molemo.” (Genese 1:20, 21, NW) Joale ena e bile nako eo ka eona libōpuoa tse fofang li ileng tsa qala ho ba teng. Pōpo ea “sebōpuoa se seng le se seng se fofang ho latela mofuta oa sona” e ile ea tsoela pele ka mor’a ho qala ha nako eo ea pōpo letsatsing la bohlano.
Ho bonahala hore Genese 2:19 e bua ka pōpo e tsoelang pele e akarelletsang libōpuoa tse fofang, hobane e re: “Yahweh Molimo o ile a tsoela pele ho etsa ka mobu liphoofolo tsohle tsa tšimo le linonyana tsohle [“sebōpuoa se seng le se seng se fofang,” NW] tsa maholimo le ho li tlisa ho motho ho bona hore na ke mabitso afe ao a ka li rehang ’ona.”—Watts, mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.a
Ka hona tlaleho ea Bibele ea Genese khaolo 1 e bontša hore Molimo o ile oa qala ho bōpa likarolo tse khōlō tsa limela le liphoofolo ha lefatše le se le ntlafalitsoe hore le lokele bophelo ba sebōpuoa sa mofuta o itseng. Ho tlatsoa ha likarolo tsena tse khōlō ka mefuta e mengata e fapaneng ea bophelo, joaloka “libōpuoa tse fofang,” e ne e le mosebetsi o tsoelang pele, oo Molimo o neng o ntse o o etsa. E ka ’na eaba mosebetsi ona oo Molimo o neng o ntse o o etsa o ile oa tsoela pele ho fihlela ka ’nģane ho qetello ea letsatsi la pōpo leo o ileng oa qala ho etsoa ka lona.
Tlaleho ea thuto ea mafika ha ea fella ebile e ka ’na ea hlalosoa ho latela litšekamelo tse se nang mabaka tsa batho ba batlang ho hlalosa boitsebiso ba eona bo bongata bo rarahaneng. Joalokaha ho bontšitsoe bukeng Creation, ka mehla Bibele e bolela se nepahetseng ha e bua ka litaba tsa saense, ho akarelletsa le tatellano ea pōpo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” khatiso ea 1990, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., leqephe 287.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Mosebetsi oa pōpo o tsoelang pele o bontšoa ka tšebeliso ea lentsoe “butle-butle”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Pōpo ea mefuta e sa tšoaneng ea bophelo e bile mosebetsi o tsoe-lang pele oa Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Leseli le ile la hlaha holim’a lefatše ka lekhetlo la pele letsatsing la pele, empa la ’na la eketseha matsatsing a latelang
Letsatsi 1
Letsatsi 2
Letsatsi 3
Letsatsi 4
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
The Bettmann Archive