Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 6/15 maq. 14-19
  • “O ba Bōpile e le e Motona le e Motšehali”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O ba Bōpile e le e Motona le e Motšehali”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonna ba Sebele le Bosali ba Sebele
  • Ponahalo ea ka Ntle
  • Banna le Basali ba Bakreste ke Banna le Basali ba Sebele
  • Na Basali ba Lokela ho Pata Botle ba Bona?
    Tsoha!—2005
  • Karolo e Hlomphehang ea Mosali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Karolo ea Mosali ka Mangolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Basali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 6/15 maq. 14-19

“O ba Bōpile e le e Motona le e Motšehali”

“Molimo o ile a qala ho bōpa motho ka setšoantšo sa hae, o mo bōpile ka setšoantšo sa Molimo; o ba bōpile e le e motona le e motšehali.”—GENESE 1:27, NW.

1. ’Nete ke tlhohonolofatso joang ho banna le basali ba Bakreste?

HO MONATE hakaakang ho ba har’a batho ba Jehova le ho ba hammoho le banna le basali, esita le bashanyana le banana, bao ntho e ka sehloohong bophelong ba bona e leng ho rata Molimo le ho mo mamela! ’Nete e boetse e re lokolla maikutlong le boitšoarong tse sa thabiseng Jehova Molimo, ’me e re ruta hore na ke joang re ka phelang kamoo Bakreste ba lokelang ho phela kateng. (Johanne 8:32; Bakolose 3:8-10) Ka mohlala, hohle batho ba na le lineano kapa likhopolo mabapi le tsela eo banna ba lokelang ho bontša bonna ba bona ka eona, le basali ba lokelang ho bontša bosali ba bona ka eona. Na ke feela hore banna ba hlahile e le banna, le basali e le basali? Kapa na ho na le lintho tse ling tse lokelang ho hlahlojoa?

2. (a) Pono ea rōna ka bonna le bosali e lokela ho lekanyetsoa ke’ng? (b) Ho etsahetse’ng ka maikutlo a mabapi le botona le botšehali?

2 Ho Bakreste, Lentsoe la Molimo ke matla a ho laela ao re ikokobelletsang ’ona, ho sa tsotellehe pono ea botho, ea setso kapa ea neano eo e ka ’nang eaba re na le eona. (Matheu 15:1-9) Bibele ha e bue ka mokhoa o pharaletseng ka litšobotsi tsohle tsa bonna le bosali. Ho e-na le hoo, e fana ka bolokolohi ba ho bontša bonna kapa bosali ka litsela tse sa tšoaneng, tse kang tse fumanoang litsong tse fapaneng. Hore ba be seo Molimo a ba bōpetseng ho ba sona, banna ba tlameha ho ba le litšobotsi tsa bonna le basali ba tlameha ho ba le litšobotsi tsa bosali. Hobane’ng? Hobane kantle le hore monna le mosali ba entsoe hore ba tlatsane nameng, ba ne ba lokela ho tlatsana ka litšoaneleho tsa bonna le tsa bosali. (Genese 2:18, 23, 24; Matheu 19:4, 5) Empa, maikutlo a mabapi le botona kapa botšehali a sothiloe le ho khopamisoa. Ba bangata ba amahanya bonna le puso e thata, bokoakoariri kapa boikhohomoso bo fetelelitsoeng ba bonna. Litsong tse ling e ne e ka ba ka seoelo kapa ea e-ba ho hlabisang lihlong hore monna a lle, ebang ke phatlalatsa kapa ka sephiring. Empa, ka har’a letšoele le neng le le ka ntle ho lebitla la Lazaro, “Jesu [o ile] a ntša meokho.” (Johanne 11:35) Hoo e ne e le ho loketseng ho Jesu, eo bonna ba hae e neng e le bo phethahetseng. Kajeno ba bangata ba fetohile ba sa leka-lekanang mabapi le bosali, ba bo talima e le botle bo hohelang ba ’mele le khoheli ea botona kapa ea botšehali feela.

Bonna ba Sebele le Bosali ba Sebele

3. Banna le basali ba fapana joang?

3 Bonna ba sebele ke eng, hona bosali ba sebele ke eng? The World Book Encyclopedia e re: “Banna ba bangata le basali ha ba fapane feela e mong ho e mong ka kaheho, empa ba fapana hape ka boitšoaro le lithahasello. Tse ling tsa liphapang tsena li reroa ke kaheho ea liphatsa tsa rōna tsa lefutso. . . . Empa liphapang tse ngata tse sa bakoeng ke kaheho ea motho ea ’mele ho bonahala li thehiloe karolong ea botona kapa botšehali e ithutoang ke motho e mong le e mong. Batho ba tsoaloa ba le batona kapa ba le batšehali, empa ba ithuta ho ba le litšobotsi tsa bonna kapa tsa bosali.” Kaheho ea rōna ea liphatsa tsa lefutso e ka ’na ea ikarabella bakeng sa lintho tse ngata, empa ho hōla ha bonna kapa bosali ho loketseng ho itšetlehile ka ho ithuta ha rōna seo Molimo a se hlokang le ka seo re khethang ho se hahamalla bophelong.

4. Bibele e senola eng mabapi le likarolo tsa monna le mosali?

4 Histori ea Bibele e senola hore karolo ea Adama e ne e le ho etella pele e le hlooho ea mosali oa hae le bana. Hape o ne a lokela ho sebetsa tumellanong le thato ea Molimo ea ho tlatsa lefatše, ho le busa le ho laola libōpuoa tsohle tse tlaasana tsa lefatše. (Genese 1:28) Karolo ea bosali ka lapeng bakeng sa Eva e ne e le ho ba “mothusi” le “motlatsi” oa Adama, ho ikokobelletsa bohlooho ba hae, ho sebelisana le eena mabapi le ho finyella morero oa Molimo o phatlalalitsoeng bakeng sa bona.—Genese 2:18; 1 Bakorinthe 11:3.

5. Kamano pakeng tsa monna le mosali e ile ea senyeha joang?

5 Empa Adama ha aa ka a phelela boikarabelo ba hae, ’me Eva o ile a sebelisa bosali ba hae ka tsela e susumetsang ho hohela Adama hore a ikopanye le eena ho se mameleng Molimo. (Genese 3:6) Ka ho itumella ho etsa seo a neng a tseba hore se fosahetse, Adama o ile a hlōleha ho bontša bonna ba sebele. Ka bofokoli o ile a khetha ho amohela polelo ea molekane oa hae ea thetsitsoeng, ho e-na le ho amohela seo Ntate le ’Mōpi oa hae a neng a se buile. (Genese 2:16, 17) Kapele batho ba babeli ba pele ba ile ba qala ho latsoa seo Molimo a neng a ile a bona esale pele hore e ne e tla ba phello ea ho se mamele. Adama, eo pejana a neng a ile a hlalosa mosali oa hae ka mantsoe a nyakallisang, a thothokiso, joale o bua ka eena ka tsela e hlokang boikutlo e le “mosali eo u ’neileng eena.” Ho se phethahale ha hae joale ho ile ha silafatsa le ho lebisa bonna ba hae tseleng esele, e leng se ileng sa fella ka hore a ‘buse mosali oa hae.’ Eva, ka lehlakoreng le leng, o ne a tla “lakatsa” monna oa hae, mohlomong ka tsela e feteletseng kapa e sa leka-lekanang.—Genese 3:12, 16, NW.

6, 7. (a) Ke ho khopamisoa hofe ha bonna ho ileng ha hlaha pele ho Moroallo? (b) Re ka ithuta eng boemong bo neng bo le teng pele ho Moroallo?

6 Tšebeliso e mpe ea bonna le bosali e ile ea totobala haholo pele ho Moroallo. Mangeloi a ileng a tlohela boemo ba ’ona ba pele leholimong a ile a ikapesa ’mele ea batho e le hore a ka thabela likamano tsa botona le botšehali le basali. (Genese 6:1, 2) Tlaleho e bua feela ka ba batona ba ileng ba tsoaloa kopanong eo ea botona le botšehali eo e seng ea tlhaho. ’Me ho bonahala hore bana bana e ne e le mofuta o tsoakaneng, o sa khoneng ho ikatisa. Ba ile ba tsejoa e le linatla, Banefilimi kapa Balihi, kaha ba ne ba tla etsa hore ba bang ba oe. (Genese 6:4, NW; bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) Ho totobetse hore ba ne ba le mabifi, ba khahlapetsa, ba sa bontše qenehelo e bonolo.

7 Ho hlakile hore botle ba ’mele, seemo, boholo kapa matla ka botsona ha li senole bonna kapa bosali bo amohelehang. Mangeloi a ileng a ikapesa ’mele ea nama mohlomong a ne a boheha. ’Me Banefilimi e ne e le linatla ba bile ba le litšika, empa boikutlo ba bona ba kelello bo ne bo sothehile. Mangeloi a sa mameleng le bana ba ’ona a ile a tlatsa lefatše ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le pefo. Kahoo, Jehova o ile a felisa lefatše leo. (Genese 6:5-7) Leha ho le joalo, Moroallo ha oa ka oa felisa tšusumetso ea bademona, leha e le hore o ile oa felisa liphello tsa sebe sa Adama. Ho khopamisoa ha bonna le bosali ho ile ha boela ha hlahella ka mor’a Moroallo, ’me ho na le mehlala ka Bibeleng, e metle le e mebe, eo re ka ithutang ka eona.

8. Josefa o ile a beha mohlala ofe o motle oa bonna?

8 Josefa le mosali oa Potifaro ba fana ka mohlala o matla oa phapang pakeng tsa bonna bo loketseng le bosali ba bolefatše. Mosali oa Potifaro a nkehile ke Josefa e motle, o ile a leka ho mo tšoasa. Ka nako eo, ho ne ho se molao oa Molimo o ngotsoeng o thibelang bohlola kapa bofebe. Leha ho le joalo, Josefa o ile a baleha mosali eo ea itšoereng hampe ’me a ipaka hore ke monna oa sebele oa Molimo, ea bontšang bonna boo Molimo a bo amohelang.—Genese 39:7-9, 12.

9, 10. (a) Mofumahali Vasthi o ile a sebelisa bosali ba hae hampe joang? (b) Esthere o re behetse mohlala ofe o motle oa bosali?

9 Esthere le Mofumahali Vasthi ba ile ba beha mohlala o tsotehang oa ho se tšoane ha basali. Ho totobetse hore Vasthi o ne a nahana hore o motle hoo Morena Assueruse kamehla a neng a tla inehela litakatsong tsa hae. Empa botle ba hae e ne e le botle ba mahlong feela. O ne a haelloa ke boikokobetso le litšobotsi tsa bosali, hobane o ile a hlōleha ho bontša boikokobetso ho monna oa hae eo ebileng e leng morena. Morena o ile a mo lahla ’me a khetha mosali eo ha e le hantle a bontšang tšobotsi ea sebele ea bosali, ea neng a tšaba Jehova hore e be eena mofumahali oa hae.—Esthere 1:10-12; 2:15-17.

10 Esthere o sebeletsa e le mohlala o babatsehang bakeng sa basali ba Bakreste. O ne a le “motle, a boheha,” empa o ne a bonahatsa mokhabo oa “motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo.” (Esthere 2:7; 1 Petrose 3:4) Ha aa ka a nka mokhabo oa mponeng e le ntho e ka sehloohong. Esthere o ne a bontša masene le boitšoaro, o ne a ikokobelletsa monna oa hae Assueruse, esita leha bophelo ba batho ba habo bo ne bo le kotsing. Esthere o ne a thōla ha e ne e le bohlale ho etsa joalo empa a bua a sa tšabe ha ho ne ho hlokahala ’me e le ka nako e loketseng. (Esthere 2:10; 7:3-6) O ile a amohela keletso e tsoang ho motsoal’ae ea hōlileng tsebong, Mordekai. (Esthere 4:12-16) O ile a bontša lerato le botšepehi bo sa sekisetseng ho batho ba habo.

Ponahalo ea ka Ntle

11. Re lokela ho hopola eng mabapi le ponahalo ea ka ntle?

11 Senotlolo sa bosali bo loketseng ke sefe? ’Mè e mong o itse: “Khahleho ea thetsa; botle ke bosaoana! Mosali ea tšabang Jehova ke eena ea tla rorisoa.” (Liproverbia 31:30) Ka hona, tšabo e nang le tlhompho ea Molimo ea hlokahala, ’me mosa o lerato, mofuthu, boinyenyefatso le leleme le bonolo li tlatselletsa haholo bosaling ho feta botle bo ka ntle.—Liproverbia 31:26.

12, 13. (a) Ka masoabi, puo ea ba bangata e khetholloa ka eng? (b) Moelelo oa Liproverbia 11:22 ke ofe?

12 Ka masoabi, banna le basali ba bangata ha ba bue ka mokhoa o bohlale, leha e le ho bua ka mosa o lerato. Lipuo tsa bona ke tse mpe, tse phoqang, tse litšila le tse sa nahaneleng. Banna ba bang ba nahana hore puo e litšila ke letšoao la bonna, ’me basali ba bang ka bothoto baa ba etsisa. Empa, haeba mosali a le motle empa a hloka kelello ’me a le likhang, e le ea phoqang, kapa a ikakasa, na ka sebele a ka ba motle ka kutloisiso e feletseng, ea e-ba eo ka sebele a nang le litšobotsi tsa bosali? “Mosali ea sefahleho se setle, empa a hloka kelello, ke lesale la khauta nkong tsa kolobe.”—Liproverbia 11:22.

13 Botle bo tsamaeang le puo e litšila, ho phoqa, kapa ho hloka kelello bo ne bo ke ke ba lumellana le ponahalo leha e le efe ea bosali eo motho a ka itlhahisang ka eona ho batho. Ha e le hantle, boitšoaro bo joalo boo e seng ba bomolimo bo ne bo ka etsa le hore motho e motle a bonahale a le mobe. Re ka utloisisa habonolo hore ponahalo ea ’mele ea monna kapa ea mosali ka boeona feela e ke ke ea bebofatsa kapa ea lokafatsa ho phasoloha ka bohale, ho tlatsa lerata kapa ho bua puo e mpe. Bakreste bohle ba ka iketsa ba batle ho Molimo le ho batho ba bang ebile ba lokela ho etsa joalo ka lipuo le boitšoaro tsa bona tse thehiloeng Bibeleng.—Baefese 4:31.

14. Ke mokhabo oa mofuta ofe o rorisoang ho 1 Petrose 3:3-5, ’me u ikutloa joang ka oona?

14 Le hoja bosali ba sebele le bonna ba sebele li thehiloe litšoanelehong tsa moea, boitšoaro ba rōna le ponahalo ea rōna, ho akarelletsa le liaparo tseo re li aparang le tsela eo re li aparang ka eona, li bua ho hong ka rōna. Ha ho pelaelo hore moapostola Petrose o ne a hopotse mekhoa e itseng ea ho apara le ho itlhopha ea lekholong la pele la lilemo ha a ne a eletsa basali ba Bakreste: “Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa ho lohuoa ha moriri ha ka ntle le oa ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, empa a e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo. Etsoe, le pele basali ba halalelang ba neng ba tšepile Molimo ba ne ba ikhabisa joalo, ba ipeha tlas’a banna ba bona.”—1 Petrose 3:3-5.

15. Basali ba Bakreste ba lokela ho leka ka matla ho bontša eng moaparong oa bona?

15 Ho 1 Timothea 2:9, 10, re fumana lipolelo tsa Pauluse mabapi le moaparo oa bosali: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong . . . ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.” Mono o ne a hatisa bohlokoa ba ho itekanela le moaparo o hlophisitsoeng hantle o bonahatsang ho hlaphoheloa kelellong.

16, 17. (a) Banna le basali ba bangata ba ’nile ba sebelisa moaparo hampe joang kajeno? (b) Re lokela ho etsa qeto efe ka keletso e fumanoang ho Deuteronoma 22:5?

16 Hore monna kapa mosali, moshanyana kapa ngoanana, a itšoare kapa a apare ka tsela e tsosang litakatso tsa botona kapa tsa botšehali ho ne ho ke ke ha phahamisa bonna ba sebele kapa bosali ba sebele, ’me ho hang ha ho hlomphe Molimo. Batho ba bangata lefatšeng ba fetelletsa lintho ka ho ikhantša ka botona kapa botšehali moaparong le boitšoarong. Ba bang ba pata phapang pakeng tsa botona le botšehali ka lebaka la lipakane tsa boitšoaro bo bobe. Re le Bakreste, re ka leboha hakaakang hore ebe Bibele e senola mohopolo oa Molimo! Jehova o ile a bolella Baiseraele ba boholo-holo: “Mosali a se ke a apara liaparo tsa monna, ’me monna a se ke a apara liaparo tsa mosali; hobane bohle ba etsang joalo, ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 22:5.

17 Tabeng ena, mohlomong u tla thabela ho hlahloba seo Molula-Qhooa oa August 15, 1988, o se boletseng leqepheng la 17: “Taba hase hore na mokhoa o itseng oa moaparo o kene fesheneng haholo empa hore na ke o loketseng bakeng sa motho ea ipolelang hore ke mosebeletsi oa Molimo. (Baroma 12:2; 2 Bakorinthe 6:3) Liaparo tse bontšang ho se tsotelle ho feteletseng kapa tse tlenyang li ka nyenyefatsa molaetsa oa rōna. Mekhoa eo ka ho hlakileng le ka boikemisetso e etsang hore banna ba shebahale joaloka basali kapa basali ba shebahale joaloka banna ho hang ha ea lokela. (Bapisa le Deuteronoma 22:5.) Ha e le hantle, meetlo ea sebaka ka seng e ka ’na ea fapana, ho latela boemo ba leholimo, mosebetsi oo motho a o sebetsang, le lintho tse ling tse joalo, kahoo phutheho ea Bokreste ha e etse melao e thata-thata e sebetsang mokhatlong oa bara ba motho lefatšeng ka bophara.”

18. Re ka nka mehato efe ha re sebelisa keletso ea Bibele mabapi le ho apara le ho itlhopha?

18 Ke keletso e leka-lekaneng le e tšoanetseng hakaakang! Ka masoabi, Bakreste ba bang, ba batona le ba batšehali, ka bofofu ba latela eng kapa eng eo lefatše le e buellang moaparong le boitlhophong ba sa nahane kamoo e ka hlahisang Jehova le phutheho ea Bokreste kateng. E mong le e mong oa rōna a ka ’na a itlhahloba ho bona hore na re susumelitsoe ke monahano oa lefatše. Kapa re ka ’na ra atamela mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ea hlomphehang le ea nang le phihlelo ’me ra kōpa maikutlo a hae mabapi le liphetoho leha e le life tseo re ka li etsang mokhoeng oa rōna oa ho apara ebe joale re hlahloba litlhahiso tsa hae ka ho teba.

Banna le Basali ba Bakreste ke Banna le Basali ba Sebele

19. Ho hlokahala hore re loantše tšusumetso efe e sa rateheng?

19 Molimo oa lefatše lena ke Satane, ’me tšusumetso ea hae e ka bonoa pherekanong eo a e bakileng ka botona le botšehali, ’me ha e felle feela ka liaparo. (2 Bakorinthe 4:4) Linaheng tse ling basali ba bangata ba qothisana lehlokoa le banna ka bohlooho, ba hlokomoloha melao-motheo ea Bibele. Ka lehlakoreng le leng, banna ba bangata ba tlohela boikarabelo ba bona ba bohlooho habonolo feela, joalokaha Adama a ile a etsa. Ho na le ba bileng ba lekang ho fetola karolo ea bona ka ho iketsa basodoma ba banna le ba basali. (Baroma 1:26, 27) Bibele ha e bontše mekhoa leha e le efe e meng ea bophelo e nkang sebaka sa e amoheloang ke Molimo. ’Me bafe kapa bafe bao, pele e e-ba Bakreste, ba neng ba ferekane mabapi le karolo eo ba lokelang ho e phetha joaloka ba batona kapa ba batšehali kapa mabapi le hore na ba khetha mofuta ofe oa likamano tsa botona le botšehali, ba ka tšepa hore ho tla ba molemong oa bona oa ka ho sa feleng hore ba phele tumellanong le tekanyetso ea Molimo, e leng eo ka sebele e tla ananeloa ke bohle ba finyellang phetheho ea botho.

20. Bagalata 5:22, 23 e lokela ho ba le tšusumetso efe ponong ea rōna ka bonna le bosali?

20 Mangolo a bontša hore ho hlokahala hore banna le basali ba Bakreste ba hlaolele litholoana tsa moea oa Molimo le ho li bonahatsa—lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Molimo, ka bohlale ba hae bo boholo, o ile a nolofalletsa banna ho ntlafatsa bonna ba bona le basali bosali ba bona ka ho hlaolela litšoaneleho tseo. Ho bonolo ho hlompha monna ea bonahatsang litholoana tsa moea, ’me ho bonolo ho rata mosali ea etsang joalo.

21, 22. (a) Jesu o behile mohlala ofe mabapi le mekhoa ea bophelo? (b) Jesu o bontšitse bonna ba hae joang?

21 Motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela e ne e le Jesu Kreste, ’me Bakreste ba lokela ho etsisa tsela ea hae ea bophelo. (1 Petrose 2:21-23) Joalokaha Jesu a ile a etsa, banna le basali ba lokela ho ipaka ba tšepahala ka ho sa sekisetseng ho Molimo le ho mamela Lentsoe la Hae. Jesu o ile a bonahatsa litšoaneleho tse babatsehang tsa lerato, bonolo le mohau. Joaloka Bakreste ba ’nete, re lebeletsoe ho mo etsisa ho paka hore re barutuoa ba hae.—Johanne 13:35.

22 Jesu Kreste e ne e le monna oa sebele, ’me re ka bona litšoaneleho tsa hae tsa bonna ha re ithuta tlaleho ea bophelo ba hae joalokaha e bontšitsoe ka Mangolong. Ha ho mohla a kileng a nyala, empa Bibele e bontša hore o ne a thabela botsoalle bo leka-lekaneng le basali. (Luka 10:38, 39) Likamano tsa hae le banna le basali kamehla e ne e le tse hloekileng le tse hlomphehang. Ke mohlala o phethahetseng oa bonna. Ha aa ka a lumella mang kapa mang—monna, mosali kapa lengeloi le sa mameleng—hore a mo amohe bonna ba hae ba bomolimo le botšepehi ba hae ho Jehova. Ha aa ka a tsilatsila ho amohela boikarabelo ba hae, ’me o ile a etsa joalo a sa belaele.—Matheu 26:39.

23. Mabapi le likarolo tsa botona le botšehali, Bakreste ba ’nete ba hlohonolofalitsoe ka ho ikhethang joang?

23 Ke thabo e kaakang ho ba har’a batho ba Jehova le ho ba le botsoalle le banna le basali, esita le bashanyana le banana, bao ntho e tlang pele bophelong ba bona e leng ho rata Jehova Molimo le ho mo mamela! Ho mamela Lentsoe la Molimo ha hoa re kenya litlamong. Ho e-na le hoo, re lokolotsoe lefatšeng lena le litseleng tsa lona tse senyang botle, morero, le likarolo tse ikhethang tse phethoang ke ho ba ba batona le ba batšehali. Re ka ba le thabo ea sebele e tlisoang ke ho phethahatsa boemo ba rōna boo re bo filoeng ke Molimo bophelong, ebang re batona kapa re batšehali. E, re leboha Jehova Molimo ’Mōpi, hakaakang ka litokisetso tsa hae tsohle tse lerato molemong oa rōna le hore ebe o re bōpile re le ba batona le ba batšehali!

U ne U Tla Araba Joang?

◻ Bibele e hlalosa likarolo life tse loketseng bakeng sa banna le basali?

◻ Bonna bo ile ba khopamisoa joang pele ho Moroallo, ’me bonna le bosali li sothiloe joang mehleng ea rōna?

◻ U tla batla ho sebelisa keletso efe ea Bibele mabapi le ponahalo?

◻ Banna le basali ba Bakreste ba ipaka joang hore ke banna le basali ba sebele?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Le hoja a ne a le motle, Esthere o hopoloa ka ho khethehileng ka boikokobetso ba hae le ka khutso le bonolo ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lebisa tlhokomelo e itekanetseng ho itlhopheng ha u lebisa tlhokomelo e khethehileng botleng ba ka hare

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela