Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”
    Molula-Qhooa—2013 | January 1
    • Haeba ho joalo, ka masoabi o ne a fositse. Ho feta moo, haeba eena le Adama ba ne ba foqa Kaine maikutlo a joalo ha a ntse a hōla, ha ho pelaelo hore seo se ile sa etsa hore a ikhohomose le ho feta. Ha nako e ntse e ea, Eva o ile a ba le mora e mong, empa ha aa ka a bua mantsoe ao a mo phafang ho feta tekano. Ba ile ba mo reha Abele, e leng lebitso leo e ka ’nang eaba le bolela “Pululo,” kapa “Bofeela.” (Genese 4:2) Na lebitso leo ba khethileng ho le reha Abele le ne le bontša hore ha baa lebella hore a fihlele boemo ba Kaine? Mohlomong ho joalo.

  • “Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”
    Molula-Qhooa—2013 | January 1
    • Nakong eo bashanyana bana ba babeli ba ntseng ba hōla, ho ka etsahala hore Adama o ile a ba koetlisetsa ho hlokomela lelapa. Kaine o ile a khetha ho ba molemi; athe Abele e ile ea e-ba molisa.

  • “Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”
    Molula-Qhooa—2013 | January 1
    • Ha e le hantle, Abele o ile a ipha nako ea ho thuisa ka litaba tsa Molimo. Nahana u se u mo bona a alositse mohlape oa hae. Molisa e ne e le motho ea tsamaeang haholo. O ne a tsamaisa liphoofolo tsena tse bonolo maralleng, likhohlong, a li tšelisa linōka—kamehla a li batlela makhulo a matalana, liliba tse ntlehali le libaka tse ntle tse sireletsehileng tseo li ka phomolang ho tsona. Har’a libōpuoa tsohle tsa Molimo, ho bonahala linku e le tsona tse sa khoneng ho itšireletsa, joalokaha eka li etselitsoe hore motho a li tataise a be a li sireletse. Na Abele o ne a elelloa hore o hloka tataiso, tšireletso le tlhokomelo ea Motho ea bohlale le ea matla ho feta motho leha e le ofe? Ha ho pelaelo hore o ne a bua ka lintho tse joalo thapelong, ka lebaka leo tumelo ea hae e ile ea tsoela pele ho hōla.

      Pōpo e ile ea fa Abele motheo o tiileng oa tumelo ho ’Mōpi ea lerato

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela