Tsamaea le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere
“Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete. Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.”—GENESE 5:24.
1. Ke lintho life tse ling tse etsahalang tse etsang hore mehla ea rōna e be ea litlokotsi?
KA SEBELE tsena ke linako tse moferefere! Mantsoe ana a opa khomo lenaka ha a hlalosa lilemo tsa merusu le pefo tseo moloko oa batho o phetseng ho tsona haesale ho tsoaloa ’Muso oa Bomesia ka 1914. Nakong ena kaofela, batho ba bile “matsatsing a ho qetela.” Mahlomola a kang litlala tsa sekoboto, maloetse, litšisinyeho tsa lefatše le lintoa a ba hlasetse ka tsela e e-s’o ka e bonoa. (2 Timothea 3:1; Tšenolo 6:1-8) Barapeli ba Jehova le bona ba hlaheloa ke lintho tsena. Ka tsela e itseng, kaofela ha rōna re lokela ho loana le mathata le ho se tsitse ha linako tseo re phelang ho tsona. Lintho tse ling tse thatafatsang bophelo haholo ke khatello ea moruo, merusu ea lipolotiki, tlōlo ea molao le ho kula.
2. Barapeli ba Jehova ba ’nile ba tobana le mathata afe?
2 Ho phaella moo, bahlanka ba bangata ba Jehova ba ’nile ba mamella mahloriso a mangata a bohloko hobane Satane o ntse a tsoela pele ho loantša “ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 12:17) Le hoja boholo ba rōna re e-s’o hlorisoe ka ho toba, Bakreste bohle ba ’nete ba tlameha ho loana le Satane Diabolose hammoho le moea oo a o hlohleletsang har’a batho. (Baefese 2:2; 6:12) Kaha re kopana le moea ona mosebetsing, sekolong le kae kapa kae moo re bang le batho ba sa thabeleng borapeli bo hloekileng, ho hlokahala hore re lule re falimehile e le hore o se ke oa re hahlamela.
Tsamaea le Molimo, Eseng le Lichaba
3, 4. Bakreste ba fapana ka eng le lefatše?
3 Ka tsela e tšoanang, lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ile ba loantša moea oa lefatše lena ka thata, ’me sena se ile sa ba etsa hore ba fapane ka ho feletseng le bao e neng e se karolo ea phutheho ea Bokreste. Pauluse o ile a hlalosa phapang ena ha a ne a ngola a re: “Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona, ha li ntse li le lefifing likelellong, ’me li arohile bophelong ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa tsona. E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, li ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.”—Baefese 4:17-19.
4 Ka sebele mantsoe ana a hlalosa hantle lefifi le letšo la moea le la boitšoaro la batho ba mehleng ea Pauluse le ba mehleng ea rōna! Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno Bakreste ‘ha ba sa hlola ba tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea.’ Ho e-na le hoo, ba fuoe tlotla e khōlō ea ho tsamaea le Molimo. Ke ’nete hore batho ba bang ba ka ’na ba botsa hore na ebe hoa utloahala ho bolela hore batho ba nama le mali, ba sa phethahalang ba tsamaea le Jehova. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ba ka tsamaea le eena. Ho feta moo, Jehova o lebeletse hore ba etse joalo. Lekholong la borobeli la lilemo Pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, moprofeta Mikea o ile a ngola mantsoe a latelang a bululetsoeng: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—Mikea 6:8.
U ka Tsamaea le Molimo Joang Hona e le ka Lebaka Lefe?
5. Motho ea sa phethahalang a ka tsamaea le Molimo joang?
5 Re ka tsamaea le Molimo ea matla ’ohle le ea sa bonahaleng joang? Ho totobetse hore hase ka tsela eo re tsamaeang le batho ba bang ka eona. Ka Bibeleng poleloana e reng ‘ho tsamaea’ e ka bolela “ho etsa lintho ka tsela e itseng.”a Ka lebaka leo, rea utloisisa hore motho ea tsamaeang le Molimo o nka tsela e raliloeng ke Molimo le e mo khahlisang. Ho phehella tsela eo ho re khetholla ho batho ba bangata bao re phelang har’a bona. Leha ho le joalo, ke eona khetho feela e loketseng Mokreste. Hobane’ng? Ho na le mabaka a mangata.
6, 7. Ke hobane’ng ha ho tsamaea le Molimo e le tsela e molemo ka ho fetisisa?
6 La pele, Jehova ke ’Mōpi oa rōna, ke eena Mohloli oa bophelo ba rōna le Mofani oa sohle seo re se hlokang hore re phele. (Tšenolo 4:11) Ka lebaka leo, ke eena feela ea nang le tokelo ea ho re bolella hore na re tsamaee joang. Ho phaella moo, ha ho na tsela e ’ngoe e molemo ho feta ho tsamaea le Molimo. Jehova o lokiselitse hore ba tsamaeang le eena ba tšoareloe libe, ’me o ba fa tšepo e tiileng ea bophelo bo sa feleng. Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo o boetse o fana ka keletso e bohlale e thusang ba tsamaeang le eena hore ba atlehe bophelong hona joale. ’Me o etsa sena ho sa tsotellehe hore ha baa phethahala le hore ba phela lefatšeng le rapaletseng matleng a Satane. (Johanne 3:16; 2 Timothea 3:15, 16; 1 Johanne 1:8; 2:25; 5:19) Lebaka le leng la hore re tsamaee le Molimo ke hore ha re etsa joalo ka boithatelo, phutheho e ba le khotso le bonngoe.—Bakolose 3:15, 16.
7 La ho qetela, ebile e le la bohlokoahali, ha re tsamaea le Molimo, re bontša hore na re eme hokae tsekong e khōlō ea bobusi e ileng ea hlahisoa serapeng sa Edene. (Genese 3:1-6) Re bontša ka tsela eo re phelang ka eona hore re tšehetsa Jehova ka ho feletseng, ’me re bolela ka sebete hore ke eena feela ’Musi ea loketseng. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, re etsa lintho tumellanong le thapelo ea rōna ea hore lebitso la Molimo le halaletsoe le hore thato ea hae e etsoe. (Matheu 6:9, 10) Ka sebele batho ba khethang ho tsamaea le Molimo ba bohlale! Ba ka kholiseha hore ba tsamaea ka tsela e nepahetseng, kaha Jehova ke “ea bohlale a le mong.” Ha ho mohla a fosang.—Baroma 16:27.
8. Mehla ea rōna e tšoana joang le ea Enoke le ea Noe?
8 Leha ho le joalo, ebe ke eng e ka re nolofalletsang ho phela joaloka Bakreste ha maemo a lefatše a le moferefere hakaale ebile batho ba bangata ba sa thahaselle ho sebeletsa Jehova? Re fumana karabo ha re nahana ka banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ileng ba tšepahala kamehla linakong tse thata haholo. Ba babeli ba bona e ne e le Enoke le Noe. Ka bobeli ba phetse mehleng e batlang e tšoana le ea rōna ea ha bobe bo ne bo atile. Mehleng ea Noe, lefatše le ne le tletse pefo le boitšoaro bo bobe. Empa, Enoke le Noe ba ile ba hana moea oa batho ba mehleng ea bona eaba ba tsamaea le Jehova. Ke eng e ileng ea ba thusa ho etsa joalo? Re tla araba potso eo ka ho tšohla mohlala oa Enoke sehloohong sena. Sehloohong se latelang teng re tla bua ka Noe.
Enoke o Ile a Tsamaea le Molimo Linakong Tse Moferefere
9. Re na le boitsebiso bofe ka Enoke?
9 Enoke ke eena motho oa pele eo Mangolo a hlalosang hore o ile a tsamaea le Molimo. Tlaleho ea Bibele e re: “Ka mor’a ho tsoala Methusela, Enoke a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 5:22) Joale, ka mor’a tlaleho ea hore Enoke o phetse nako e telele ho feta ea rōna le hoja e ne e le khutšoanyane ha e bapisoa le eo batho ba neng ba e phela mehleng eo, Bibele e re: “Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete. Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.” (Genese 5:24) Ho totobetse hore Jehova o ile a fallisa Enoke lefatšeng la ba phelang a mo isa borokong ba lefu pele bahanyetsi ba ka mo isa letsoho. (Baheberu 11:5, 13) Ntle le litemaneng tsena tse khutšoanyane, Bibele e bua hanyenyane feela ka Enoke. Leha ho le joalo, ka boitsebiso boo re nang le bona le ka bopaki bo bong, re na le lebaka le utloahalang la ho bolela hore linakong tsa Enoke ho ne ho le moferefere.
10, 11. (a) Bobolu bo ile ba ata joang ka mor’a borabele ba Adama le Eva? (b) Enoke o ile a bolela molaetsa ofe oa boprofeta, ’me ha ho pelaelo hore batho ba ile ba etsa joang?
10 Ka mohlala, nahana kamoo bobolu bo ileng ba ata kapele kateng har’a batho ka mor’a hore Adama a etse sebe. Bibele e re bolella hore mora oa letsibolo oa Adama, e leng Kaine, e bile motho oa pele oa ho bolaea e mong ha a ne a bolaea mor’abo Abele. (Genese 4:8-10) Ka mor’a lefu le mabifi la Abele, Adama le Eva ba ile ba e-ba le mora e mong, ’me ba ile ba mo reha Setha. Re bala sena ka eena: “Setha le eena a tsoalloa mora ’me a mo reha lebitso la Enoshe. Ka nako eo ho ile ha qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.” (Genese 4:25, 26) Ka masoabi, ho “ipiletsa lebitsong la Jehova” hoo, e ne e le ha bokoenehi.b Ka mor’a lilemo tse ngata Enoshe a tsoetsoe, ngoana oa lesika la Kaine ea bitsoang Lameke o ile a qapa pina bakeng sa basali ba hae ba babeli a bolela hore o bolaile mohlankana ea ileng a mo ntša leqeba. Hape o ile a lemosa: “Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng, joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.”—Genese 4:10, 19, 23, 24.
11 Lintlha tsena tse khutšoanyane li bontša hore bobolu bo ileng ba kenngoa ke Satane serapeng sa Edene bo ile ba potlakela ho jala bokhopo har’a litloholo tsa Adama. Enoke e ne e le moprofeta oa Jehova lefatšeng la mofuta ona, ’me mantsoe a hae a ntse a sebetsa esita le kajeno. Juda o tlaleha hore Enoke o ile a profeta a re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) Mantsoe ao a tla phethahala ka ho feletseng ka Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ho sa tsotellehe seo, re ka kholiseha hore esita le mehleng ea Enoke ho ne ho e-na le “baetsalibe [ba bangata] ba se nang bomolimo” ba ileng ba khopisoa ke ho utloa boprofeta ba Enoke. Ruri Jehova o ile a bontša lerato ka ho fallisa Enoke pele ba mo lematsa!
Enoke o Ile a Matlafatsoa ke Eng Hore a Tsamaee le Molimo?
12. Ke eng se ileng sa khetholla Enoke ho batho ba mehleng ea hae?
12 Adama le Eva ba ile ba mamela Satane serapeng sa Edene, eaba Adama o fetohela Jehova. (Genese 3:1-6) Mora oa bona, e leng Abele, ha aa ka a ba etsisa, ’me Jehova o ile a bontša hore oa mo rata. (Genese 4:3, 4) Ka masoabi, bana ba bangata ba Adama ha baa ka ba etsisa Abele. Leha ho le joalo, o ile a etsisoa ke Enoke ea ileng a tsoaloa lilemo tse makholo hamorao. Phapang e ne e le efe pakeng tsa Enoke le litloholo tse ling tse ngata tsa Adama? Moapostola Pauluse o ile a araba potso eo ha a ne a ngola a re: “Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” (Baheberu 11:5) Enoke ke e mong oa “leru le leholo . . . la lipaki [tsa pele ho Bokreste],” tseo e neng e le mehlala e babatsehang ea tumelo. (Baheberu 12:1) Enoke o ile a thusoa ke tumelo hore a mamelle a ntse a itšoere hantle ka lilemo tse fetang 300 tseo a li phetseng—e leng nako e fetang ka makhetlo a mararo eo boholo ba rōna re e phelang kajeno!
13. Enoke o ne a e-na le tumelo ea mofuta ofe?
13 Pauluse o ile a hlalosa tumelo ea Enoke le ea lipaki tse ling ha a ne a ngola a re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ha ho pelaelo hore tumelo ke tebello e tiileng ea hore lintho tseo re li tšepileng li tla etsahala, ’me e thehiloe linthong tse tiisitsoeng. E akarelletsa tebello e matla hoo e amang lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa bophelong. Tumelo ea mofuta ona e ile ea thusa Enoke hore a tsamaee le Molimo le hoja batho ba bang ba ne ba sa tsamaee le Molimo.
14. Ho ka etsahala hore ebe tumelo ea Enoke e ne e thehiloe tsebong efe e nepahetseng?
14 Tumelo ea ’nete e thehiloe tsebong e nepahetseng. Enoke o ne a e-na le tsebo ea mofuta ofe? (Baroma 10:14, 17; 1 Timothea 2:4) Ha ho pelaelo hore o ne a tseba se ileng sa etsahala Edene. Ho ka etsahala hore ebe o ne a ile a utloa hore na ho ne ho pheloa joang serapeng sa Edene—seo mohlomong se neng se sa ntse se le teng, le hoja batho ba ne ba thibetsoe ho kena ho sona. (Genese 3:23, 24) Hape, o ne a tseba ka morero oa Molimo oa hore bana ba Adama ba ne ba tla tlala lefatše ba be ba etse hore qitikoe eohle e tšoane le Paradeise ea pele. (Genese 1:28) Ho phaella moo, ka sebele Enoke o ne a ananela tšepiso ea hore Jehova o tla hlahisa Peō e neng e tla pshatla hlooho ea Satane le e neng e tla etsolla liphello tse mpe tsa leshano la Satane. (Genese 3:15) Ka sebele, boprofeta ba Enoke bo bululetsoeng bo tlalehiloeng bukeng ea Juda, bo amana le ho timetsoa ha peō ea Satane. Kaha Enoke o ne a e-na le tumelo, rea tseba hore o ne a rapela Jehova joaloka eo ‘e-bang moputsi oa ba mo batlang ka tieo.’ (Baheberu 11:6) Kahoo, le hoja Enoke a ne a se na tsebo eohle eo re nang le eona, o ne a e-na le e lekaneng hore a be le motheo oa tumelo e tiileng. Ka tumelo e joalo, o ile a tšepahala linakong tseo tse moferefere.
Etsisa Mohlala oa Enoke
15, 16. Re ka latela tsela eo Enoke a phetseng ka eona joang?
15 Kaha re batla ho khahlisa Jehova joaloka Enoke linakong tsena tse moferefere tsa kajeno, re lokela ho latela mohlala oa Enoke. Ho hlokahala hore re lule re e-na le tsebo e nepahetseng ka Jehova le ka merero ea hae. Empa ha ho felle moo. Ho hlokahala hore re lumelle tsebo eo e nepahetseng hore e re tsamaise. (Pesaleme ea 119:101; 2 Petrose 1:19) Ho hlokahala hore re tsamaisoe ke monahano oa Molimo, ’me kamehla re loanele ho mo khahlisa ka menahano eohle ea rōna le ka liketso.
16 Ha re na tlaleho ea hore na ke mang hape ea neng a sebeletsa Jehova mehleng ea Enoke, empa ho hlakile hore e ka ’na eaba e ne e le eena feela kapa mohlomong o ne a le har’a sehlotšoana se neng se sebeletsa Molimo. Le rōna re sehlotšoana lefatšeng, empa sena ha se re nyahamise. Jehova o tla re tšehetsa ho sa tsotellehe hore na ke mang ea re loantšang. (Baroma 8:31) Ka sebete Enoke o ile a lemosa ka timetso e neng e tlela batho ba se nang bomolimo. Le rōna re bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” ka sebete ho sa tsotellehe litšomo, khanyetso le mahloriso. (Matheu 24:14) Enoke ha aa ka a phela nako e telele joaloka batho ba bangata ba mehleng ea hae. Leha ho le joalo, o ne a sa beha tšepo lefatšeng leo. O ne a lebeletse ntho e ’ngoe e khōlō haholo. (Baheberu 11:10, 35) Le rōna re lebeletse ho bona ha morero oa Jehova o phethahatsoa. Kahoo, ha re sebelise lefatše lena ka botlalo. (1 Bakorinthe 7:31) Ho e-na le hoo, re sebelisa matla le matlotlo a rōna haholo tšebeletsong ea Jehova.
17. Re tseba eng eo Enoke a neng a sa e tsebe, hona re lokela ho etsa’ng?
17 Enoke o ne a lumela hore Peō e tšepisitsoeng ke Molimo e tla tla ka nako ea Jehova. Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 Jesu Kreste a ile a hlaha e le Peō eo, a re rekolla a ba a re fa monyetla oa hore rōna hammoho le lipaki tse tšepahalang tsa boholo-holo tse kang Enoke re fumane bophelo bo sa feleng. Peō eo, e behiloeng teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo hona joale, e ile ea ntša Satane leholimong eaba e mo theolela lefatšeng, ’me ka lebaka leo re bona matšoenyeho hohle. (Tšenolo 12:12) Ka sebele re na le tsebo e ngata ho feta eo Enoke a neng a e-na le eona. Kahoo, e se eka re ka ba le tumelo e tiileng joaloka eena. E se eka sohle seo re se etsang se ka susumetsoa ke tšepo ea rōna ea hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Le hoja re phela linakong tse moferefere, e se eka re ka tsamaea le Molimo joaloka Enoke.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Buka 1, Insight on the Scriptures, leqepheng la 220, serapeng sa 6, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Pele ho mehla ea Enoshe, Jehova o ile a bua le Adama. Abele o ile a etsetsa Jehova nyehelo e amohelehang. Molimo o bile a bua le Kaine pele mohono o mo susumelletsa hore a bolaee Abele. Kahoo, e tlameha ebe batho ba ile ba qala ho “ipiletsa lebitsong la Jehova” ka tsela esele, eseng ea borapeli bo hloekileng.
U ka Araba Joang?
• Ho tsamaea le Molimo ho bolela eng?
• Ke hobane’ng ha ho tsamaea le Molimo e le tsela e molemohali?
• Enoke o ile a thusoa ke eng hore a tsamaee le Molimo ho sa tsotellehe linako tse moferefere?
• Re ka etsisa Enoke joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ka tumelo, “Enoke a ’na a tsamaea le Molimo oa ’nete”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Re na le tumelo e tiileng ea hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 13]
Woman, far right: FAO photo/B. Imevbore; collapsing building: San Hong R-C Picture Company