Jehova, ‘Moahloli oa Lefatše Lohle’ ea sa Eeng ka Tšobotsi
‘Ntat’a lōna o ahlola e mong le e mong ka mesebetsi ea hae, e seng ka tšobotsi.’—1 PETROSE 1:17.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšosoa le ho tšelisoa ke ho tseba hore Jehova ke Moahloli e moholo? (b) Nyeoeng ea Jehova khahlanong le lichaba, bahlanka ba hae ba lefatšeng ba phetha karolo efe?
JEHOVA ke ‘Moahloli e moholo oa lefatše lohle.’ (Genese 18:25) Joaloka Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa oa bokahohle, o na le tokelo e felletseng ea ho ahlola libōpuoa tsa hae. Ena ke khopolo e tšosang le e tšelisang ka nako e tšoanang. Ka tsela e hapang maikutlo Moshe o buile polelo ena e bonahalang eka ea ikhanyetsa, a re: “Jehova, Molimo oa lōna, ke Molimo oa melimo, le Morena oa marena, Molimo o moholo, o matla, o tšabehang, o sa talimeng tšobotsi ea motho, o sa amoheleng limpho, o ahlolelang khutsana le mosali oa mohlolohali, o ratang molichaba, o mo neang lijo le liaparo.”—Deuteronoma 10:17, 18.
2 Ke ho leka-lekana ho hlollang hakaakang! Ke Molimo o moholo, o matla, o tšabehang, empa ha o ee ka tšobotsi ebile ka lerato o sireletsa lithahasello tsa likhutsana, bahlolohali, le balichaba. Ke mang ea neng a ke ke a khetha Jehova joaloka Moahloli ea lerato haholoanyane? Ha a itlhalosa a na le nyeoe khahlanong le lichaba tsa lefatše la Satane, Jehova o bitsa bahlanka ba hae ba lefatšeng hore e be lipaki tsa hae. (Esaia 34:8; 43:9-12) Ha a itšetleha ka bopaki ba bona hore ba pake bomolimo le bobusi ba hae bo loketseng. Empa o lumella lipaki tsa hae hore li be le tokelo e sa tloaelehang ea ho pakela batho bohle hore li amohela bobusi ba hae bo phahameng. Lipaki tsa hae li ikokobeletsa bobusi ba hae bo lokileng, ’me ka tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa, li susumelletsa ba bang hore ba ipehe ka tlas’a taolo ea Moahloli ea Phahameng.
Tsela ea Jehova ea ho Ahlola
3. Tsela eo Jehova a ahlolang ka eona e ka akaretsoa joang, ’me e bonahetse joang tabeng ea Adama le Eva?
3 Qalong ea histori ea batho, Jehova o ne a ahlola bafosi ba itseng ka boeena. Mehlala ea litsela tseo a neng a sebetsana le litaba tsa boahloli ka tsona e ralile motheo bakeng sa bahlanka ba hae bao hamorao ba neng ba tla ikarabella ka ho sebetsana le litaba tsa boahloli har’a batho ba hae. (Pesaleme ea 77:11, 12) Tsela eo a ahlolang ka eona e ka akaretsoa tjena: o ne a tiisa letsoho ha ho hlokahala, ’me ha ho khoneha o ne a bontša mohau. Tabeng ea Adama le Eva, libōpuoa tse batho tse phethahetseng tse ileng tsa mo fetohela ka boithatelo, ba ne ba sa lokela ho fumana mohau. Ka hona, Jehova o ile a ba ahlolela lefu. Empa mohau oa hae o ile oa sebetsa ho bana ba bona. Jehova o ile a behella kotlo ea lefu ka thōko, ka tsela ena a fa Adama le Eva monyetla oa ho ba le bana. Ka lerato o ile a fa bana ba bona tšepo ea ho lopolloa botlamuoeng ba sebe le lefu.—Genese 3:15; Ba-Roma 8:20, 21.
4. Jehova o ile a sebelisana joang le Kaine, ’me ke hobane’ng ha taba ee e le e hapang thahasello e khethehileng?
4 Tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Kaine ka eona e hapa thahasello e khethehileng hobane ke taba ea pele e tlalehiloeng e amang e mong oa bana ba Adama le Eva ba sa phethahalang, ba “rekisitsoeng sebeng.” (Ba-Roma 7:14, NW) Na Jehova o ile a nahana ka see eaba o sebetsana le Kaine ka tsela e fapaneng le eo A sebetsaneng le batsoali ba hae ka eona? ’Me na taba ee e ka fana ka thuto e itseng bakeng sa balebeli ba Bakreste kajeno? A re boneng. Ha Jehova a bona boikutlo ba Kaine bo fosahetseng ha sehlabelo sa hae se sa amoheloe hamolemo, ka lerato o ile a mo lemosa ka kotsi eo a leng ho eona. Maele a khale a re: ‘Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.’ Jehova o ile a ea bohōleng boo a neng a ka bo khona ka ho lemosa Kaine ka ho lumella tšekamelo ea hae ea boetsalibe hore e mo hlōle. O ile a leka ho mo thusa ho “etsa hantle.” (Genese 4:5-7) Lena ke lekhetlo la pele Molimo o kōpa motho oa moetsalibe hore a bake. Ka mor’a hore Kaine a bontše boikutlo ba ho se bake ’me a etsa tlōlo ea molao e tšoaneloang ke lefu, Jehova o ile a mo ahlola ka ho mo leleka, oa nolofatsa kahlolo eo ka taelo e thibelang batho ba bang ho ’molaea.—Genese 4:8-15.
5, 6. (a) Jehova o ile a nka khato joang ka moloko oa pele ho Moroallo? (b) Jehova o ile a etsa’ng pele a liha kahlolo khahlanong le baahi ba Sodoma le Gomorrha?
5 Pele ho Moroallo, ha ‘Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng, pelo ea hae e ile ea utloa bohloko.’ (Genese 6:5, 6, NW) O ile a “ikoahlaea” kaha batho ba bangata molokong oa pele ho Moroallo ba ne ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe joale a tlameha ho liha kahlolo ea hae holim’a bona. Leha ho le joalo, o ile a ba fa temoso e lekaneng, a sebelisa Noe ka lilemo tse ngata e le “’moleli oa ho loka.” Ka mor’a moo, ho ne ho se na lebaka la hore Jehova a ‘lese ho otla lefatše leo la batho ba sa tšabeng Molimo.’—2 Petrose 2:5, NW.
6 Ka ho tšoanang Jehova o ne a tlamehile ho sebetsana le nyeoe khahlanong le baahi ba hlephileng boitšoarong ba Sodoma le Gomorrha. Empa hlokomela kamoo a ileng a nka khato ka teng. O ile a utloa “sello se qosang” ka boitšoaro bo nyarosang ba batho bana, seo mohlomong se neng se tsoa lithapelong tsa Lota ea lokileng. (Genese 18:20, BPN; 2 Petrose 2:7, 8) Empa pele a nka khato, o ile a ‘theoha’ hore a netefatse litaba a sebelisa mangeloi a hae. (Genese 18:21, 22; 19:1) Hape o ile a ipha nako ea ho kholisa Abrahama hore a ke ke a nka khato e hlokang toka.—Genese 18:23-32.
7. Baholo ba sebeletsang likomiting tsa boahloli ba ka ithuta lithuto life mehlaleng ea tsela eo Jehova a ahlolang ka eona?
7 Baholo ba ka ithuta eng kajeno mehlaleng ee? Tabeng ea Adama le Eva, Jehova o ile a bontša lerato le ho nahanela batho bao le hoja ba amana le batho ba molato, ba neng ba se na molato tabeng eo. O ile a bontša mohau ho bana ba Adama le Eva. Tabeng ea Kaine, Jehova o ile a bona esale pele kotsi eo Kaine a leng ho eona ’me ka mosa a behelana mabaka le eena, a leka ho mo thibela ho etsa sebe. Esita le ka mor’a ho leleka Kaine, Jehova o ile a mo nahanela. Ho phaella moo, ke feela ka mor’a hore Jehova a tiisetse ka mamello e khōlō a ileng a liha kahlolo holim’a moloko oa pele ho Moroallo. Ha a tobane le bokhopo bo sa fetoheng, Jehova o ile a ‘utloa bohloko pelong.’ O ile a ikoahlaela hore ebe batho ba fetohetse puso ea hae e lokileng le hore ebe o ne a tlameha ho ba ahlola habohloko. (Genese 6:6; bapisa le Ezekiele 18:31; 2 Petrose 3:9.) Tabeng ea Sodoma le Gomorrha, ke feela ka mor’a ho netefatsa litaba Jehova a ileng a nka khato. Eo ke mehlala e metle hakaakang bakeng sa batho bao kajeno ba lokelang ho sebetsana le linyeoe!
Baahloli ba Batho Mehleng ea Bapatriareka
8. Ke melao efe ea motheo ea Jehova e neng e tsejoa mehleng ea bapatriareka?
8 Le hoja ho bonahala eka ho ne ho se na litaelo tse ngotsoeng nakong eo, batho ba mehleng ea bapatriareka ba ne ba tseba melao ea motheo ea Jehova, ’me bahlanka ba hae ba ne ba tlamehile ho e boloka. (Bapisa le Genese 26:5.) Ketsahalo e etsahetseng Edene e ne e bontšitse tlhokahalo ea ho utloa le ho ikokobeletsa bobusi ba Jehova. Taba ea Kaine e ne e senotse hore Jehova ha a amohele polao. Kapele-pele ka mor’a Moroallo, Molimo o ile oa fa batho melao e mabapi le khalalelo ea bophelo, polao, kotlo ea lefu, le ho ja mali. (Genese 9:3-6) Jehova o ile a nyatsa bofebe ka matla ketsahalong e amang Abrahama, Sara, le Abimeleke, morena oa Gerare, haufi le Gaza.—Genese 20:1-7.
9, 10. Ke mehlala efe e bontšang hore tsamaiso ea boahloli e ne e le teng har’a bapatriareka?
9 Mehleng eo lihlooho tsa malapa li ne li sebeletsa joaloka baahloli ’me li ne li sebetsana le mathata a molao. Jehova o ile a re ka Abrahama: “Ke tsoe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ea hae ka mora’ hae, hore ba boloke tsela ea Jehova, ba etse ka ho loka le ka tšoanelo.” (Genese 18:19) Abrahama o ile a bontša ho hloka boithati le masene ha a rarolla qabang pakeng tsa balisa ba hae le ba Lota. (Genese 13:7-11) A sebeletsa joaloka hlooho ea mopatriareka le moahloli, Juda o ile a ahlolela ngoetsi ea hae Tamare hore e tlepetsoe ka majoe ho fihlela e e-shoa ’me e chesoe, a lumela hore ke mofebi. (Genese 38:11, 24; bapisa le Joshua 7:25.) Leha ho le joalo, ha a netefalitse litaba tsohle o ile a re Tamare o lokile ho mo feta. (Genese 38:25, 26) Ke habohlokoa hakaakang hore ho netefatsoe litaba tsohle pele ho etsoa qeto ea boahloli!
10 Buka ea Jobo e bua ka tsamaiso ea boahloli ’me e bontša hore kahlolo e sa eeng ka tšobotsi e lakatseha haholo. (Jobo 13:8, 10; 31:11; 32:21) Jobo o hopola nako eo ka eona e neng e le moahloli ea hlomphehang ea neng a lula khorong ea motse a sebelisa toka ’me a sireletsa lithahasello tsa mohlolohali le khutsana. (Jobo 29:7-16) Ka hona, ho na le bopaki ba hore har’a batho ba mehleng ea bapatriareka, “baholo” ba ne ba sebeletsa e le baahloli baneng ba Abrahama esita le pele ho Phallo le ho thehoa ha sechaba sa Iseraele ka molao o fanoeng ke Molimo. (Exoda 3:16, 18) Ha e le hantle, Moshe ke eena ea ileng a fetisetsa litlhokahalo tsa selekane sa Molao ho “banna ba hōlileng,” kapa baholo, ba Iseraele, ba neng ba emela sechaba.—Exoda 19:3-7, NW.
Tsamaiso ea Iseraele ea Boahloli
11, 12. Ho latela se boletsoeng ke liithuti tse peli tsa Bibele, tsamaiso ea Iseraele ea boahloli e ne e khetholloa ke eng tsamaisong ea lichaba tse ling?
11 Ho sebelisoa ha toka Iseraeleng ho ne ho fapane haholo le mekhoa ea melao e lateloang ke lichaba tse e potolohileng. Ho ne ho sa etsoe phapang pakeng tsa molao oa litokelo tsa botho le tlōlo ea molao. Kaofela ha eona e ne e matahantsoe le melao ea boitšoaro le ea bolumeli. Ho fosetsa moahisani oa motho e ne e le ho fosetsa Jehova. Bukeng ea hae The People and the Faith of the Bible, mongoli André Chouraqui oa ngola: “Neano ea boahloli ea Baheberu e fapana le ea baahisani ba bona, eseng feela tlhalosong ea eona ea litšito le likotlo empa le moelelong oa sebele oa melao. . . . Torah [Molao] ha e qheleloe ka thōko bophelong ba letsatsi le letsatsi; e laola mokhoa oa bophelo ba letsatsi le letsatsi le mesebetsi ea bona ka ho fana ka tlhohonolofatso kapa thohako. . . . Iseraeleng . . . ho batla ho le thata ho etsa phapang e hlakileng mesebetsing ea boahloli ea motse. Mesebetsi ena e ne e patehile momahanong ea bophelo bo sekametseng ka ho felletseng ho phethahatsoeng ha thato ea Molimo o phelang.”
12 Boemo bona bo ikhethang bo ne bo beha tšebeliso ea toka Iseraeleng tekanyong e phahameng ka ho fetisisa ho feta lichaba tse ling. Seithuti sa Bibele Roland de Vaux sea ngola: “Molao oa Iseraele, ntle le ho tšoana ha sebōpeho le mesebetsi ea oona, o fapane haholo le melaoana ea ‘lilekane’ tsa Linaha tse Karolong e ka Bochabela le likarolo tse sa tšoaneng tsa taba e ngotsoeng ea ‘litaelo’ tsa tsona. Ke molao oa bolumeli. . . . Ha ho litaelo tsa Linaha tse Karolong e ka Bochabela tse ka bapisoang le molao oa Iseraele, oo kaofela ha oona o ngotsoeng ke Molimo. Haeba o na le litaelo tsa melao-motheo ea boitšoaro le tsa bolumeli, joalokaha o atisa ho li matahanya ’moho, sena se bakoa ke hobane o akaretsa Selekane sa Molimo ka kakaretso, le hobane Selekane sena se ne se laola likamano tsa batho e mong ho e mong hammoho le likamano tsa bona le Molimo.” Ha ho makatse ha Moshe a ile a botsa: “Ke sefe sechaba se seholo se nang le melao le litaelo tse lokileng joale ka molao ona oohle oo ke o beang pel’a lōna kajeno?”—Deuteronoma 4:8.
Baahloli Iseraeleng
13. Moshe e bile mohlala o motle likarolong life bakeng sa baholo kajeno?
13 Ka baka la tsamaiso e phahameng joalo litabeng tsa boahloli, ke monna oa mofuta ofe eo ho neng ho hlokahala hore e be moahloli? Bibele e re ka moahloli oa pele feela ea ileng a khethoa Iseraeleng: “Ha e le Moshe, e ne e le monna ea mosa, ea mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Numere 12:3) O ne a sa itšepe ho tlōlisa. (Exoda 4:10) Le hoja ho ne ho hlokahala hore a ahlole sechaba, ka linako tse ling e ne e e-ba ’muelli oa sona pel’a Jehova, a mo kōpa hore a se tšoarele a bile a ikemiselitse ho itela lebitsong la sona. (Exoda 32:11, 30-32) Ka tsela ea thothokiso o itse: “Lipolelo tsa ka li tla qhitsa joale ka phoka, li be joale ka pula e tšesane e kolobisang joang bo bocha, le joale ka marotholi a nelang joang.” (Deuteronoma 32:2) Ho fapana le ho ahlola sechaba a itšetlehile ka bohlale ba hae, o itse: “Mohla ba nang le nyeoe, ba ee ba tle ho ’na, ’me ke ee ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise litaelo tsa Molimo le melao ea oona.” (Exoda 18:16) Ha a ne a e-na le pelaelo tabeng e itseng, o ne a e lebisa ho Jehova. (Numere 9:6-8; 15:32-36; 27:1-11) Moshe e bile mohlala o motle bakeng sa baholo kajeno ‘ba alosang mohlape oa Molimo’ le ho etsa liqeto tsa boahloli. (Liketso 20:28) E se eka kamano ea bona le baena ba bona ka ho tšoanang e ka ipaka e tšoana le “pula e tšesane e kolobisang joang.”
14. Litšoaneleho tsa moea tsa banna ba khethiloeng ke Moshe e le baahloli Iseraeleng ke life?
14 Ka mor’a nako Moshe o ile a hlōleha ho jara moroalo oa ho sebetsana le linyeoe tsa boahloli bakeng sa sechaba. (Exoda 18:13, 18) O ile a amohela tlhahiso ea mohoehali oa hae ea hore a batle thuso. Hape, ho ile ha khethoa banna ba mofuta ofe? Rea bala: “Har’a sechaba sohle u khethe banna ba bohlale, ba tšabang Molimo, banna ba ’nete, ba hloileng tjotjo . . . Moshe a khetha banna ba bohlale har’a Baiseraele bohle, a ba etsa lihlooho tsa sechaba: ea e-ba babusi ba batho ba likete, babusi ba batho ba makholo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome. Ba ahlolela batho ka linako tsohle. Linyeoe tse boima ba li isa ho Moshe, empa linyeoe tsohle tse nyenyane ba li ahlola ka bobona.”—Exoda 18:21-26, BPN.
15. Litšoaneleho tsa ba neng ba sebeletsa e le baahloli Iseraeleng ke life?
15 Ho ka bonoa hore lilemo e ne e se tsona tlhokahalo feela ea ho khetha banna ba tla sebeletsa joaloka baahloli. Moshe o itse: “Batlang banna ba bohlale le ba masene le ba nang le phihlelo melokong ea lōna, ke tle ke ba etse lihlooho holim’a lōna.” (Deuteronoma 1:13, NW) Moshe o ne a tseba hantle seo Elihu e mocha a se buileng lilemong tse ngata tse fetileng: “Ba lilemo tse ngata hase bona ba leng bohlale, ba holileng hase bona ba utloisisang tse lokileng.” (Jobo 32:9) Ka sebele, ba khethoang e ne e lokela ho ba “banna ba nang le phihlelo.” Empa ka holim’a tsohle e ne e lokela ho ba banna ba bohlale, ba tšabang Molimo, ba ’nete, ba hloileng tjotjo le ba bohlale ebile ba le masene. Ka hona, ho hlakile hore “lihloho” le “baahloli” ba boletsoeng ho Joshua 23:2 le 24:1 ba ne ba sa fapana le “baholo” ba boletsoeng litemaneng tsona tseo empa ba ne ba khethoa har’a bona.—Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqephe 549.
Ho Sebelisa Toka
16. Kajeno re lokela ho hlokomela eng litaelong tseo Moshe a ileng a li fa baahloli ba neng ba sa tsoa khethoa?
16 Mabapi le litaelo tse neng li fuoa baahloli bana ba khethiloeng, Moshe o itse: “Mohlang oo, ka laela baahloli ba lōna, ka re: Mamelang litaba tsa banab’abo lōna, ’me le ahlolele ka ho loka motho le ngoan’abo, le molichaba ea ahileng le lōna. Le se ke la ea ka tšobotsi ea motho likahlolong tsa lōna; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tšaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ea Molimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho ’na [Moshe], ke tle ke e utloe.”—Deuteronoma 1:16, 17.
17. Ke bo-mang ba neng ba khethoa e le baahloli, ’me Morena Josafate o ile a ba fa temoso efe?
17 Ha e le hantle, nyeoe e ne e ka tlisoa ho Moshe hafeela a ntse a phela. Kahoo ho ile ha etsoa litokisetso tse eketsehileng bakeng sa hore linyeoe tse boima li isoe ho baprista, Balevi, haholo-holo le ho baahloli ba khethiloeng. (Deuteronoma 17:8-12; 1 Likronike 23:1-4; 2 Likronike 19:5, 8) Morena Josafate o itse ho baahloli bao a ba khethileng metseng ea Juda: “Bonang seo le se etsang; hobane ha le na ho ahlolela motho, empa e le Jehova . . . Le ke le etse ka botšepehi le ka pelo e phethehileng, le ntse le tšaba Jehova. Ha e le nyeoe e ’ngoe le e ’ngoe e tla tlisoa ho lōna ke banab’abo lōna ba ahileng metseng ea bona, . . . le tla ba eletsa hore ba se ke ba e-ba le molato ho Jehova, le se ke la halefeloa hammoho le banab’abo lōna. Le etse joalo, le tle le hloke molato.”—2 Likronike 19:6-10.
18. (a) Melao-motheo e meng eo baahloli ba neng ba lokela ho e sebelisa Iseraeleng ke efe? (b) Ho ne ho hlokahala hore baahloli ba hopole eng, ’me ke mangolo afe a bontšang liphello tsa ho lebala ho etsa joalo?
18 Har’a melao-motheo e meng eo baahloli Iseraeleng ba neng ba lokela ho e sebelisa ke e latelang: ho sebelisa toka e lekanang bakeng sa morui le mofutsana (Exoda 23:3, 6; Levitike 19:15); ho se ee ka tšobotsi ho hang (Deuteronoma 1:17); ho se amohele tjotjo. (Deuteronoma 16:18-20) Ka linako tsohle baahloli ba ne ba lokela ho hopola hore batho bao ba ba ahlolang ke linku tsa Jehova. (Pesaleme ea 100:3) Ha e le hantle, le leng la mabaka ao ka ’ona Jehova a ileng a lahla Iseraele oa nama ke hobane baprista le balisa ba eona ba ne ba hlōleha ho ahlola ka ho loka ’me ba tšoara batho ka thata.—Jeremia 22:3, 5, 25; 23:1, 2; Ezekiele 34:1-4; Malakia 2:8, 9.
19. Ho hlahloba litekanyetso tsa Jehova tsa toka pele ho Mehla e Tloaelehileng ke habohlokoa bofe ho rōna, ’me sehloohong se latelang re tla buisana ka eng?
19 Jehova ha a fetohe. (Malakia 3:6) Tlhahlobo ena e khutšoaane ea tsela eo kahlolo e neng e sebelisoa ka eona Iseraeleng le kamoo Jehova a neng a talima ho hlōleha ho sebelisa toka ka teng e lokela ho etsa hore baholo ba ikarabellang bakeng sa ho etsa liqeto tsa boahloli kajeno ba nahane. Mohlala oo Jehova a o behileng joaloka Moahloli, le tsamaiso ea boahloli eo a ileng a e theha Iseraeleng, li ralile melao-motheo e behileng mohlala bakeng sa ho sebelisoa ha toka ka har’a phutheho ea Bokreste. Re tla bona sena sehloohong se latelang.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Tsela ea Jehova ea ho ahlola e ka akaretsoa joang?
◻ Tsela ea Jehova e behetsoe mohlala joang litšebelisanong tsa hae le Kaine le moloko oa pele ho Moroallo?
◻ Ke bo-mang ba neng ba sebeletsa joaloka baahloli mehleng ea bapatriareka, hona joang?
◻ Ke eng se neng se khetholla tsamaiso ea boahloli ea Iseraele ho ea lichaba tse ling?
◻ Ke banna ba mofuta ofe ba neng ba khethoa e le baahloli Iseraeleng, ’me ba ne ba lokela ho latela melao-motheo efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Mehleng ea bapatriareka le Iseraeleng, baholo ba khethiloeng ba ne ba sebelisa toka khorong ea motse