Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Abrahama—Moprofeta le Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • MABOTHO a kopaneng a marena a mane a Bochabela a tšela Nōka ea Eufrate. Tsela eo a tsamaeang ka eona ke ’Mila oa Morena ho ea ka bochabela ho phula ea Nōka ea Jordane. Ha a le tseleng a hlōla Barefaime, Bazuzime, Baemime, le Bahore. Joale, bafutuhi baa reteleha ’me ba hlōla baahi bohle ba Negeb boroa.

      Morero oa phutuho ee ea sesole ke ofe? Pakeng tsa libaka tse futuhetsoeng tsa Transjordan le Negeb ke hona moo letlotlo le leng teng. Ke phula e ratoang haholo e bitsoang Setereke sa Jordane. (Genese 13:10, NW) Mona, baahi ba metse e mehlano e meholo, Sodoma, Gomorrha, Adma, Tseboime, le Bela, ba phela bophelo ba ho se tsotelle letho ba boiketlo linthong tse bonahalang. (Ezekiele 16:49, 50) Ka nako e ’ngoe e kile ea e-ba bafo ba morena eo ho bonahalang e ne e le moeta-pele oa makhotla a kopaneng, Kedorlaomere, morena oa Elame. Empa ba mo fetohetse. Joale, ha ba se ba se na tšehetso ea baahisani, ba talimane le ho fumana kotlo. Kedorlaomere le balekane ba hae ba hlōla ntoa e ileng ea latela ’me ba qala leeto la bona le lelelele la ho ea hae ka khapo e khōlō.

      E mong oa batlamuoa ke monna ea lokileng, Lota. Ke mochana oa Abrahama, ea lulang litenteng tse lithabeng tse haufi tsa Hebrone. Ha Abrahama a utloa litaba tse bohloko, hang-hang o bitsa banna ba 318 har’a banna ba hae. Ka sebete, le ka tšehetso ea baahisani ba bang, ba lelekisa marena a mane ’me ba khaoletsa mabotho a ’ona bosiu. Bafutuhi baa baleha. Lota le ba ntlo ea hae baa lokolloa, hammoho le batlamuoa ba bang le thepa.

      Re na le lebaka lefe la ho lumela tlaleho ee e khaolong ea 14 ea Genese? Na pale eo e qapiloe ho etsa hore ntate-moholo oa lichaba tse ngata, ho akarelletsa Bajode, e be mohale oa sechaba? Ho thoe’ng ka liketsahalo tse ling bophelong ba Abrahama?

  • Abrahama—Moprofeta le Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • Phutuho ea Kedorlaomere

      Ho thoe’ng ka ha Abrahama a hlōla Kedorlaomere, morena oa Elame? Qalong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ne ho tsejoa ho fokolang ka Baelame. Bahlahlobisisi ba Bibele ba ne ba latola khopolo ea hore Elame e kile ea ba le tšusumetso holim’a Babylonia, re se re sa re letho ka Palestina. Joale, Baelame ba talingoa ka tsela e fapaneng. Ho epolla lintho tsa khale ho senola hore e ne e le sechaba se matla sa bahlabani. Funk & Wagnalls Standard Reference Encyclopedia e re: “Baelame ba ile ba ripitla motse oa Ure hoo e ka bang ka 1950 B.C. . . . Ka mor’a moo ba ba le tšusumetso e khōlō holim’a babusi ba Babylonia.”

      Ho feta moo, mabitso a marena a Baelame a fumanoe mengolong ea khale e epollotsoeng. A mang a ’ona a qala ka polelo “Kudur,” e tšoanang le “Kedor.” Molimotsana oa bohlokoa oa Baelame e ne e le Lagamar, e tšoanang le “laomere.” Ka hona, hona joale mehloli e meng ea lefatše e amohela Kedorlaomere e le ’musi ea kileng a ba teng historing, ’me ho ka etsahala hore lebitso la hae le bolela “Mohlanka oa Lagamar.” Sete e ’ngoe ea mengolo ea Babylona e na le mabitso a tšoanang le a marena a mararo a neng a futuhile—Tudhula (Tideale), Eri-aku (Arioke), le Kudur-lahmil (Kedorlaomere). (Genese 14:1) Bukeng Hidden Things of God’s Revelation, Dr. A. Custance oa phaella: “Ntle le mabitso ana ho ne ho e-na le lintlha tse neng li bonahala li bua ka liketsahalo tse etsahetseng Babylonia ha Baelame ba hloma bobusi ba bona naheng eo. . . . Matlapa ana a ne a tiisa hore Mangolo a nepile hoo Bahlahlobisisi ba Phahameng ba ileng ba a qhomela ’me ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e matleng a bona hore ka boomo ba pate bohlokoa ba ’ona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela