Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/1 maq. 9-13
  • “Latelang Mokhoa oa Kamohelo e Mofuthu ea Baeti”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Latelang Mokhoa oa Kamohelo e Mofuthu ea Baeti”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rata Basele
  • Jehova, Moamoheli oa Baeti ea Phethahetseng
  • Moamoheli oa Mangeloi Boeting
  • Batho ba Amohelang Baeti ka Mofuthu
  • Na U ‘Latela Tsela ea ho Amohela Baeti’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Re Lokela ho ba le Moea oa ho Amohela Baeti
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Re be Mosa ho Bohle
    Binelang Jehova le Thabile
  • Ba Amoheleng ka Mofuthu
    Binelang Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/1 maq. 9-13

“Latelang Mokhoa oa Kamohelo e Mofuthu ea Baeti”

“Arolelanang le bahalaleli ho ea ka tseo ba li hlokang. Latelang mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti.”—BAROMA 12:13.

1. Tlhoko ea motho e ka sehloohong ke efe, ’me e bontšoa joang?

HO THEOSA seterateng seo batho ba sa atiseng ho tsamaea ho sona tikolohong eo u sa e tloaelang bosiu bo boholo e ka ba phihlelo e tšosang mehleng ena. Empa e ka ba ho sithabetsang ka ho tšoanang ho ba ka har’a batho ba bangata ’me u sa tsebe motho leha a le mong kapa u sa hlokomeloe. Ha e le hantle, tšekamelo ea motho ea tlhaho ke ho batla ho tsotelloa, ho hlokoa le ho ratoa. Ha ho motho ea ratang ho tšoaroa joaloka osele kapa ea kantle.

2. Jehova o hlokometse tlhoko ea rōna ea botsoalle joang?

2 Jehova Molimo, Moetsi le ’Mōpi oa lintho tsohle, o tseba hantle hore batho ba hloka botsoalle. E le Moqapi oa pōpo ea hae e motho, ho tloha qalong feela Molimo o ne a tseba hore “ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši,” ’me o ile a etsa ho hong ka hona. (Genese 2:18, 21, 22) Tlaleho ea Bibele e tletse ka mehlala ea liketso tsa mosa tseo Jehova le bahlanka ba hae ba li etselitseng batho. Sena se re nolofalletsa ho ithuta kamoo re ka “latelang mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti,” o fellang ka thabo le nyakallo ea ba bang le khotsofalo ea rōna ka borōna.—Baroma 12:13.

Ho Rata Basele

3. Hlalosa moelelo o ka sehloohong oa kamohelo e mofuthu ea baeti.

3 Polelo “kamohelo e mofuthu ea baeti” joalokaha e sebelisitsoe ka Bibeleng e fetoletsoe ho tloha lentsoeng la Segerike phi·lo·xe·niʹa, le entsoeng ka mantsoe a mabeli a motheo a bolelang “lerato” le “osele.” Kahoo, ka ho khetheha kamohelo e mofuthu ea baeti e bolela “lerato la basele.” Leha ho le joalo, sena hase mokhoa feela tjee kapa taba ea ho nahanela. E amana le maikutlo a motho le boikutlo bo mofuthu. Leetsi phi·leʹo, ho latela Exhaustive Concordance of the Bible ea James Strong, le bolela “ho ba motsoalle oa (ho rata [motho ea itseng kapa ntho e itseng]), ke hore ho ba le boikutlo bo mofuthu bakeng sa (ho bolelang tlamahano ea botho, e le taba ea mohopolo kapa ea maikutlo).” Kahoo, kamohelo e mofuthu ea baeti e fetela ka ’nģane ho lerato le thehiloeng molao-motheong, mohlomong ka lebaka la boikutlo ba ho ikarabella kapa ba ho tlameha. Hangata ke pontšo ea lerato la sebele, boikutlo bo mofuthu le botsoalle.

4. Ke bo-mang ba lokelang ho amoheloa ka mofuthu boeting?

4 Ea amohelang lerato lena le boikutlo bo mofuthu ke “osele” (ka Segerike, xeʹnos). Eo e ka ba mang? Hape, Concordance ea Strong e hlalosa lentsoe xeʹnos e le ‘eo e leng molata (ka ho toba mojaki, kapa ka puo ea tšoantšetso e mocha); e fanang ka maikutlo a moeti kapa (ka tsela e ’ngoe) osele.’ Ka hona kamohelo e mofuthu ea baeti, joalokaha e behetsoe mehlala ka Bibeleng, e ka bontša mosa o bontšoang ho motho e mong eo re mo ratang kapa e ka atolosetsoa esita le ho basele ka ho feletseng. Jesu o ile a hlalosa: “Haeba le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Na le babokelli ba lekhetho ha ba etse ntho e tšoanang? Hape haeba le lumelisa barab’abo lōna feela, le etsa ntho efe e fetang e tloaelehileng? Na le batho ba lichaba ha ba etse ntho e tšoanang?” (Matheu 5:46, 47) Kamohelo e mofuthu ea baeti ea sebele e hlōla karohano le khethollo tse tlisoang ke leeme le tšabo.

Jehova, Moamoheli oa Baeti ea Phethahetseng

5, 6. (a) Jesu o ne a nahanne ka eng ha a ne a re, ‘Ntate oa lōna oa leholimo o phethahetse’? (b) Ho fana ha Jehova ka seatla se bulehileng ho bonoa joang?

5 Ka mor’a ho bontša ho hlōleha ha lerato leo batho ba le bontšanang, joalokaha ho bontšitsoe ka holimo, Jesu o ile a phaella ka polelo ena: “Tumellanong le hoo, le lokela ho ba ba phethahetseng, joalokaha Ntate oa lōna oa leholimo a phethahetse.” (Matheu 5:48) Ho hlakile hore Jehova o phethahetse ka litsela tsohle. (Deuteronoma 32:4) Leha ho le joalo, Jesu o ne a totobatsa karolo e ’ngoe e khethehileng ea ho phethahala ha Jehova, joalokaha a boletse pejana: “[Molimo] o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Mabapi le ho bontša mosa, Jehova ha a na leeme.

6 E le ’Mōpi, Jehova, o na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Jehova o re: “Hobane liphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le ’ona makhomo a fulang lithabeng ka likete; ke tseba linonyana kaofela tsa lithaba, le liphoofolo tsa naha li matleng a ka.” (Pesaleme ea 50:10, 11) Empa, ha a ipokellele ntho efe kapa efe ka boithati. O fa libōpuoa tsa hae kaofela lintho ka seatla se bulehileng. Mopesaleme o itse ka Jehova: “U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.”—Pesaleme ea 145:16.

7. Re ka ithuta eng tseleng eo Jehova a tšoarang basele le ba hlokang ka eona?

7 Jehova o fa batho seo ba se hlokang—esita le batho ba sa mo tsebeng, bao e leng basele ho eena. Pauluse le Barnabase ba ile ba hopotsa barapeli ba litšoantšo motseng oa Lystra hore Jehova ha aa “ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Liketso 14:17) Jehova o mosa ebile o fana ka seatla se bulehileng, haholo-holo ho ba hlokang. (Deuteronoma 10:17, 18) Ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ho Jehova mabapi le ho bontša mosa le ho fana ka seatla se bulehileng le ho amohela ba bang ka mofuthu boeting.

8. Jehova o bontšitse hore o fana ka seatla se bulehileng joang ha a hlokomela litlhoko tsa rōna tsa moea?

8 Ho phaella ho faneng ha Jehova haholo ka lintho tse bonahalang tse hlokoang ke libōpuoa tsa hae, o hlokomela litlhoko tsa tsona tsa moea. Jehova o bile seatla se bulehileng ka ho fetisisa mabapi le boiketlo ba rōna ba moea, esita le pele mang kapa mang ho rōna a ne a ka hlokomela hore re boemong bo tsielehisang moeeng. Ho Baroma 5:8, 10 rea bala: “Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re ne re sa le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela. . . . Ha re ne re le lira, re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae.” Tokisetso eo e etsa hore batho ba baetsalibe ba khone ho ba le kamano e thabileng ea lelapa le Ntate oa rōna oa leholimo. (Baroma 8:20, 21) Jehova hape o ile a tiisa hore re fuoa tataiso le litaelo tse loketseng e le hore re ka atleha bophelong ho sa tsotellehe boemo ba rōna ba boetsalibe le ba ho se phethahale.—Pesaleme ea 119:105; 2 Timothea 3:16.

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova ke moamoheli oa baeti ea phethahetseng? (b) Barapeli ba ’nete ba lokela ho etsisa Jehova joang tabeng ee?

9 Ka lebaka la sena, re ka bolela hore Jehova ka sebele ke moamoheli oa baeti ea phethahetseng ka litsela tse ngata haholo. Ha a hlokomolohe batho ba hlokang, ba ikokobelitseng le ba tlaasana. O bontša basele thahasello le kameho ea sebele, esita le lira tsa hae, ’me ha a batle moputso leha e le ofe oa lintho tse bonahalang. Ho sena sohle, na hase mohlala o ka sehloohong oa moamoheli oa baeti ea phethahetseng?

10 E le Molimo ea nang le mosa o lerato joalo le ea fanang ka seatla se bulehileng, Jehova o batla hore barapeli ba hae ba mo etsise. Ho pholletsa le Bibele, re bona mehlala e hlaheletseng ea tšoaneleho ena e ntle. Encyclopaedia Judaica e hlokomela hore “Iseraeleng ea boholo-holo, kamohelo e mofuthu ea baeti e ne e se feela taba ea mekhoa e metle, empa e ne e le tokisetso e loketseng . . . Litloaelo tsa Bibele tsa ho amohela motsamai ea khathetseng le tsa ho amohela osele e ne e le motheo oo ho oona kamohelo e mofuthu ea baeti le litšobotsi tsohle tse amanang le eona li ileng tsa fetoha bokhabane bo nkoang e le ba bohlokoa lineanong tsa Bajuda.” Ho feta ho ba letšoao le khethollang la sechaba sefe kapa sefe se khethehileng kapa morabe, kamohelo e mofuthu ea baeti e lokela ho ba tšobotsi e khethollang barapeli bohle ba Jehova ba ’nete.

Moamoheli oa Mangeloi Boeting

11. Ke mohlala ofe o hlaheletseng o bontšang hore kamohelo e mofuthu ea baeti e ne e tlisa litlhohonolofatso tse sa lebelloang? (Bona le Genese 19:1-3; Baahloli 13:11-16.)

11 E ’ngoe ea litlaleho tsa Bibele tse tsejoang haholo tsa pontšo ea kamohelo e mofuthu ea baeti ke ea Abrahama le Sara ha ba ne ba lula tenteng har’a lifate tse khōlō tsa Mamre, pel’a Hebrone. (Genese 18:1-10; 23:19) Ha ho pelaelo hore moapostola Pauluse o ne a nahanne ka ketsahalo ena ha a ne a fana ka keletso ena: “Le se ke la lebala kamohelo e mofuthu ea baeti, etsoe ka eona ba bang, ba sa tsebe, ba ile ba amohela mangeloi.” (Baheberu 13:2) Ho ithuta tlaleho ena ho tla re thusa ho bona hore kamohelo e mofuthu ea baeti hase feela taba ea tloaelo kapa tsela eo motho a hōlisitsoeng ka eona. Ho e-na le hoo, ke tšoaneleho ea bomolimo e tlisang litlhohonolofatso tse hlollang.

12. Abrahama o ile a bontša lerato la hae bakeng sa basele joang?

12 Genese 18:1, 2 (NW) e bontša hore Abrahama o ne a sa tsebe baeti bana a bile a sa ba lebella, e leng ho tšoanang le hore e ne e le feela batho ba bararo ba sa tsejoeng ba fetang ka tsela. Ho latela bangoli ba bang, tloaelo ea Batho ba Bochabela e ne e le hore motsamai naheng esele o na le tokelo ea ho lebella kamohelo e mofuthu ea baeti esita le haeba ho ne ho se motho eo a mo tsebang sebakeng seo. Empa Abrahama ha aa ka a emela hore basele bana ba sebelise monyetla oa tokelo ena ea bona; o ile a nka bohato pele. O “ile a qala ho matha” ho ea khahlanyetsa basele bana ba neng ba le hōle le eena—sena sohle a se etsa “mochesong oa motšehare” ’me Abrahama o ne a le lilemo li 99! Na see ha se bontše lebaka leo ka lona Pauluse a ileng a bua ka mokhoa o sa tobang ka Abrahama e le mohlala oo re lokelang ho o etsisa? Seo ke sona seo kamohelo e mofuthu ea baeti e leng sona, ho rata basele haholo, ho ameha ka litlhoko tsa bona. Ke tšoaneleho e ntle.

13. Ke hobane’ng ha Abrahama a ile “a inamela fatše” bakeng sa basele?

13 Tlaleho ena e boetse e re bolella hore ka mor’a ho kopana le basele bana, Abrahama “o ile a tsoela pele ho inamela fatše.” A inamela basele-sele? Ha e le hantle, ho inama, joalokaha ho ne ho etsoa ke Abrahama, e ne e le tsela ea ho lumelisa moeti ea hlomphehang kapa motho e mong oa boemo bo phahameng, ha hoa lokela ho kopanngoa le ketso ea borapeli, e boloketsoeng Molimo feela. (Bapisa le Liketso 10:25, 26; Tšenolo 19:10.) Ka ho inama, e seng feela ho koba hlooho empa ho inamela “fatše,” Abrahama o ile a fa basele bana tlhompho ea ho ba ba bohlokoa. E ne e le hlooho ea lelapa le leholo la bapatriareka le atlehileng, empa o ile a nka basele bana e le ba lokeloang ke tlhompho e khōloanyane ho mo feta. Sena se fapane hakaakang le tloaelo ea ho belaella basele, maikutlo a ho ba qoaea! Ka sebele Abrahama o ile a bontša se boleloang ke polelo ena: “Ho bontšeng tlhompho e mong ho e mong etellang pele.”—Baroma 12:10.

14. Ke boiteko bofe le boitelo tse neng li ameha tabeng ea ho amohela ha Abrahama basele ka mofuthu boeting?

14 Karolo e setseng ea tlaleho ena e bontša hore maikutlo a Abrahama a ne a se na boikaketsi. Lijo ka botsona e ne e le tse ikhethang. Esita le lelapeng le leholo le nang le mohlape o moholo, “pohoana e nama e bonojoana le e ntle” hase lijo tse tloaelehileng. Mabapi le mekhoa e tloaelehileng ea sebaka seo, Daily Bible Illustrations ea John Kitto e re: “Ha ho ineheloe matletsa-tletseng ntle le nakong ea mekete e itseng kapa ha ho fihla osele; ’me ke liketsahalong tse kang tseo feela moo nama e jeoang, esita le ke ba nang le mehlape e meholo.” Mocheso oa teng o ne o sa lumelle hore lijo tse senyehang kapele li bolokoe, ka hona ho lokisetsa lijo tse joalo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lokela ho etsoa ka nako eo. Ha ho makatse hore ebe tlalehong ena e khutšoanyane, lentsoe “potlaka” kapa “potlakela” le hlaha ka makhetlo a mararo, ’me Abrahama ka ho toba o ile a “mathela” ho ea lokisa lijo!—Genese 18:6-8, NW.

15. Pono e nepahetseng ka lintho tse bonahalang ke efe tabeng ea ho amohela baeti ka mofuthu, joalokaha Abrahama a behile mohlala?

15 Leha ho le joalo, morero hase feela ho etsa mokete o moholo ho khahlisa motho e mong. Le hoja Abrahama le Sara ba ile ba etsa boiteko boo bohle ba ho lokisa le ho fana ka lijo, hlokomela kamoo pejana Abrahama a ileng a bua ka tsona kateng: “A ho ke ho tlisoe metsinyana, le hlatsoe maoto a lōna, ’me le khatholohe tlas’a fate sena. Ke tla tlisa sengoathoana sa bohobe, le ke le hlaphole lipelo tsa lōna, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pel’a mohlanka oa lōna.” (Genese 18:4, 5) ‘Sengoathoana seo sa bohobe’ se ile sa ipaka ho ba mokete oa namane e nontšitsoeng hammoho le linkhoa tsa bohobe tsa phofo e thumisitsoeng, botoro le lebese—mokete o loketseng morena. Ntlha ea bohlokoa ke efe? Ha kamohelo e mofuthu ea baeti e etsoa, ntho ea bohlokoa kapa se lokelang ho hatisoa, hase kamoo lijo le lino e tla ba tsa boemo bo phahameng kateng kapa kamoo boithabiso bo tla lokisetsoa ka hloko kateng, le tse ling tse joalo. Kamohelo e mofuthu ea baeti ha ea itšetleha ka hore na motho a ka khona ho lokisetsa lintho tse bitsang chelete e ngata. Ho e-na le hoo, e thehiloe kamehong ea sebele ka boiketlo ba ba bang le takatsong ea ho etsetsa ba bang se molemo ho isa moo motho a khonang. Maele a Bibele a re: “Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng, moo ho nang le hloeano,” ’me ho ’ona ho na le senotlolo sa kamohelo e mofuthu ea baeti e se nang boikaketsi.—Liproverbia 15:17.

16. Abrahama o ile a bontša kananelo joang bakeng sa lintho tsa moea ho seo a ileng a se etsetsa baeti?

16 Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore ketsahalo ena eohle e boetse e na le moelelo oa moea. Ka tsela e itseng Abrahama o ile a lemoha hore baeti bana e ne e le baromuoa ba tsoang ho Jehova. Sena se bontšoa ke ha a bua le bona ka mantsoe ana: “[Jehova, NW], ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, u se ke ua fapoha mohlanka oa hao.”a (Genese 18:3; bapisa le Exoda 33:20.) Abrahama ha aa ka a tseba esale pele hore na ba na le molaetsa oa hae kapa ba ne ba mpa ba feta ka tsela. Ho sa tsotellehe seo, o ile a ananela hore morero oa Jehova o ne o phethahala. Batho bana ba ne ba tšoarehile mosebetsing o itseng oa Jehova. Haeba a ne a ka etsa ho hong ho tlatsetsa ho oona, o ne a tla ho thabela. O ile a hlokomela hore bahlanka ba Jehova ba tšoaneloa ke se molemohali, ’me o ne a tla fana ka se molemohali tlas’a maemo ao. Ka ho etsa joalo, ho ne ho tla ba le tlhohonolofatso ea moea, ebang ke bakeng sa hae kapa bakeng sa motho e mong osele. Phello e bile hore Abrahama le Sara ba ile ba hlohonolofatsoa haholo bakeng sa kamohelo ea bona e mofuthu ea baeti e se nang boikaketsi.—Genese 18:9-15; 21:1, 2.

Batho ba Amohelang Baeti ka Mofuthu

17. Jehova o ne a hloka eng ho Baiseraele mabapi le basele le ba hlokang ba har’a bona?

17 Mohlala o hlaheletseng oa Abrahama o ne o sa lokela ho lebaloa ke sechaba se tsoileng ho eena. Molao oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele o ne o akarelletsa litokisetso tsa ho amohela basele ba har’a bona ka mofuthu boeting. “Le etse molichaba joalo ka ha le etsa ea tsoaletsoeng ha habo lōna, ’me le mo rate joalo ka ha le ithata, hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta. Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna.” (Levitike 19:34) Batho ba ne ba lokela ho nahanela ka ho khethehileng ba hlokang thuso ea lintho tse bonahalang ’me ba se ke ba ba hlokomoloha habonolo feela. Ha Jehova a ne a ba hlohonolofatsa ka chai, ha ba ne ba thabela mekete ea bona, ha ba ne ba phomola mesebetsing ea bona ka selemo sa Sabatha, le ka linako tse ling, batho ba ne ba lokela ho hopola ba malimabe—bahlolohali, bashemane ba se nang bo-ntat’a bona, le bajaki.—Deuteronoma 16:9-14; 24:19-21; 26:12, 13.

18. Ho amohela baeti ka mofuthu ke habohlokoa hakae kamanong le ho amohela mohau le tlhohonolofatso ea Jehova?

18 Bohlokoa ba ho tšoara ba bang ka mosa, ho fana ka seatla se bulehileng le ho amohela ba bang ka mofuthu boeting, haholo-holo ba hlokang, bo ka bonoa ka tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Baiseraele ka eona ha ba ne ba tlohela ho sebelisa litšoaneleho tsena. Jehova o ile a hlakisa hore ho tšoara basele le ba hlokang ka mosa le ho ba seatla se bulehileng ho bona ke tse ling tsa lintho tse hlokahalang ho batho ba hae e le hore ba fumane tlhohonolofatso ea hae ka ho tsoelang pele. (Pesaleme ea 82:2, 3; Esaia 1:17; Jeremia 7:5-7; Ezekiele 22:7; Zakaria 7:9-11) Ha sechaba sena se ne se khothaletse ho phetha litlhokahalo tsena le tse ling, se ne se atleha ’me se thabela lintho tsa nama le tsa moea ka bongata. Ha se ne se ameha ka ho feletseng ka telekiso ea lintho tsa botho ’me se hlokomoloha ho bontša litšoaneleho tsena tse ntle ho ba hlokang, Jehova o ne a se nyatsa, ’me qetellong a se ahlola habohloko.—Deuteronoma 27:19; 28:15, 45.

19. Ke’ng hape seo re lokelang ho se hlahloba?

19 Joale, ho bohlokoa hakaakang hore re itlhahlobe ’me re bone hore na re phela tumellanong le litebello tsa Jehova tabeng ena! Ho joalo ka ho khethehileng kajeno ka lebaka la moea oa lefatše oa boikhabi le o arolang. Re ka bontša kamohelo e mofuthu ea Bokreste ea baeti joang lefatšeng le arohaneng? Ke eona taba eo ho buuoang ka eona sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano e feletseng haholoanyane ea ntlha ena, bona sehlooho sena “Na ho na le ea Kileng a Bona Molimo?” ho Molula-Qhooa oa May 15, 1988, leqepheng la 21-3.

Na U sa Hopola?

◻ Moelelo oa lentsoe la Bibele le fetoletsoeng e le “kamohelo e mofuthu ea baeti” ke ofe?

◻ Jehova ke mohlala o phethahetseng oa ho amohela baeti ka mofuthu ka litsela life?

◻ Abrahama o ile a amohela baeti ka mofuthu ho isa bohōleng bofe?

◻ Ke hobane’ng ha barapeli ba ’nete kaofela ba tlameha ho ‘latela mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti’?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela