Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 8/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lefereho le Atlehileng—Le Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1989
  • Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 8/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Bakreste ba lokela ho talima tebeletsano ea lenyalo ka ho teba hakae?

Ho lebeletsana hoa thabisa, empa e boetse ke taba e tebileng. Ha ho na Mokreste ea hōlileng tsebong ea lokelang ho nka tebeletsano habobebe, a ikutloa hore a ka e qhala neng kapa neng ka lebaka le sa utloahaleng. Nako ea tebeletsano e boetse ke ea hore baratani ba tloaelane hamolemo pele ho lenyalo.

Ha re bua ka taba ena, ho hlokahala hore re elelloe hore litloaelo tsa batho tse amanang le lenyalo, le mehato e isang ho lona, li fapana haholo libakeng le linakong tse sa tšoaneng. Bibele e hlakisa sena.

Barali ba Lota ba babeli, ba neng ba ‘e-so ho tsebe monna,’ ka tsela e itseng ba ne ba lebelelitsoe ke banna ba babeli ba sebakeng seo. ‘Bakhoenyana ba [Lota], ba ne ba tla nyala barali ba hae,’ le hoja Bibele e sa re bolelle hore na ba lebelelitsoe ka lebaka lefe kapa joang. Na barali baa e ne e le batho ba baholo? Na ba ne ba phetha karolo e ka sehloohong tabeng ea ho ikhethela batho ba neng ba tla ba nyala? Na ba ile ba lebeletsoa ka ho nka bohato bo itseng ba phatlalatsa? Ha re tsebe. (Genese 19:8-14) Rea tseba hore Jakobo o ile a lumellana le ntate oa Ragele hore a nyale Ragele ka mor’a hore a mo sebeletse ka lilemo tse supileng. Le hoja Jakobo a ile a bua ka Ragele e le “mosali oa ka,” ha baa ka ba ba le likamano tsa botona le botšehali lilemong tseo. (Genese 29:18-21) Mohlala o mong ke oa Davida, pele a nyala morali oa Saule, o ne a tlameha ho hlōla Bafilista. Ha a entse seo Saule a neng a se batla, Davida o ne a ka nyala morali oa hae, Mikale. (1 Samuele 18:20-28) “Litebeletsano” tseo li ne li sa tšoane li bile li fapane le se tloaelehileng linaheng tse ngata kajeno.

Molao oa Moshe o ne o e-na le litaelo tse mabapi le lenyalo le tebeletsano. Ka mohlala, monna o ne a ka nyala sethepu; o ne a ka hlala mosali ka mabaka a sa tšoaneng, le hoja ho bonahala eka mosali o ne a ke ke a ho etsa. (Exoda 22:16, 17; Deuteronoma 24:1-4) Monna ea neng a ka eka moroetsana ea sa lebeletsoang o ne a tlameha ho mo nyala haeba ntate oa moroetsana eo a lumela, ’me ho ne ho se mohla a neng a ka mo hlala. (Deuteronoma 22:28, 29) Melao e meng e ne e sebetsa lenyalong, e kang ha ho ne ho lokela ho qojoa likamano tsa botona le botšehali. (Levitike 12:2, 5; 15:24; 18:19) Ke litaelo life tse neng li sebetsana le tebeletsano?

Molao o ne o talima moroetsana oa Moiseraele ea lebelelitsoeng ka tsela e fapaneng le ea moroetsana ea sa lebeletsoang; maemong a mang o ne a nkoa a nyetsoe. (Deuteronoma 22:23-29; Matheu 1:18, 19) Baiseraele ba ne ba ke ke ba lebeletsana le beng ka bona ba itseng kapa ba nyalana le bona. Hangata bana e ne e le bao ba amanang le bona ka mali, empa litebeletsano tse ling le manyalo li ne li haneloa ka lebaka la litokelo tsa lefa. (Levitike 18:6-20; bona Molula-Qhooa oa October 1, 1978, leqepheng la 19-22.) Ho totobetse hore bahlanka ba Molimo ba ne ba sa lokela ho talima tebeletsano hasesaane.

Baiseraele ba ne ba le tlas’a litaelo tsohle tse joalo tsa Molao, empa Bakreste ha ba tlas’a Molao oo, ho akarelletsa le litaelo tsa oona tse mabapi le ho lebeletsana kapa lenyalo. (Baroma 7:4, 6; Baefese 2:15; Baheberu 8:6, 13) Ha e le hantle, Jesu o rutile hore tekanyetso ea Bokreste e sebetsang lenyalong e ne e fapane le ea Molao. (Matheu 19:3-9) Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a nyenyefatsa ho teba ha lenyalo, leha e le hona ha tebeletsano. Ka hona, ho thoe’ng ka taba eo ho buisanoang ka eona, tebeletsano har’a Bakreste?

Linaheng tse ngata batho ba ikhethela batho bao ba tla nyalana le bona. Hang ha mohlankana le moroetsana ba tšepisane lenyalo, ba nkoa ba lebeletsane. Hangata, ha ho na bohato bo bong bo hlophisitsoeng bo hlokahalang bakeng sa ho tiisa tebeletsano. Ke ’nete hore libakeng tse ling ho tloaelehile hore mohlankana a nehe moroetsana eo a tla mo nyala reng e le pontšo ea hore o mo lebelelitse. Kapa ho tloaelehile ho tsebisa beng ka motho le metsoalle ka tebeletsano, mohlomong lijong tsa lelapa kapa pokanong e ’ngoe e nyenyane. Lintho tsena ke khetho ea botho, hase tlhokahalo ea Mangolo. Se qalisang tebeletsano ke tumellano ea batho ba babeli.a

Mokreste ha aa lokela ho potlakela lefereho, tebeletsano, kapa lenyalo. Re hatisa boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng bo ka thusang masoha ho etsa qeto ea hore na ho bohlale ho qalisa lefereho kapa ho nka mehato ea ho lebeletsana kapa ea ho kena lenyalong.b Ntlha e ka sehloohong ea keletso ena ke ea hore lenyalo la Mokreste ke la ho-ea-ho-ile.—Genese 2:24; Mareka 10:6-9.

Bakreste ba babeli ba lokela ho tsebana hantle pele ba qala ho nahana ka tebeletsano. E mong le e mong a ka ipotsa, ‘Na ke hlile ke tiisehile ka bomoea le boinehelo ba hae ho Molimo? Na ka mahlo a kelello ke ipona ke sebeletsa Molimo le motho eo bophelo ba ka bohle? Na re tsebana hantle? Na ke kholisehile hore re tla tšoanelana ho-ea-ho-ile? Na re tsebelana ka ho lekaneng liketso tsa nako e fetileng le maemo a hona joale?’

Hang ha Bakreste ba babeli ba tšepisane lenyalo, ho nepahetse hore bona le ba bang ba lebelle hore ho tla latela lenyalo. Jesu o ile a eletsa: “Etsang feela hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che.” (Matheu 5:37) Bakreste ba lebeletsanang ba lokela ho tiea tabeng eo. Leha ho le joalo, ke ka seoelo Mokreste ea lebelelitsoeng a ka ’nang a hlokomela hore ho na le ntho e ’ngoe e tebileng eo e mong a sa kang a e bolela kapa a ileng a e pata pele ba tšepisana lenyalo. E ka ’na eaba ke kilibitla ea taba e mabapi le bophelo ba e mong ba nakong e fetileng, esita le liketso tsa tlōlo ea molao kapa tsa boitšoaro bo bobe. Mokreste ea tsebang sena o lokela ho etsa qeto ka seo a lokelang ho se etsa. Mohlomong bobeli ba bona ba tla buisana ka taba ena ka ho teba ’me ba lumellane hore ba ntšetsa pele tebeletsano ea bona. Kapa ka bobeli ba ka ’na ba etsa qeto ea ho qhala tebeletsano eo. Le hoja qeto e joalo e ka ba taba ea bona ba le babeli feela—eseng ntho eo ba bang ba lokelang ho itšunya-tšunya ho eona, ba leka ho e nyatsa, kapa ho e ahlola—ke qeto e boima haholo. Ka lehlakoreng le leng, motho ea hlokomelang taba ena e tebileng a ka ’na a ikutloa a qobeletsoe ho qhala tebeletsano, esita le haeba e mong a batla hore e tsoele pele.—Bona “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa December 15, 1975.

Ho na le lebaka le letle la ho rarolla litaba tse joalo pele motho a kena lenyalong. Jesu o itse lebaka feela la Mangolo la tlhalo le lokollang motho ho nyala hape ke por·neiʹa, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo tebileng bo entsoeng ke molekane e mong. (Matheu 5:32; 19:9) Ha aa ka a re lenyalo la molao le ka qhaloa ka tlhalo haeba motho a hlokomela bothata bo tebileng bo bileng teng pele ho lechato kapa phoso.

Ka mohlala, mehleng ea Jesu, ntle ho pelaelo ho ne ho etsahala hore motho a tšoaetsoe lepera. Haeba monna oa Mojuda a ne a hlokomela hore molekane oa hae (a tseba kapa a sa tsebe) o ne a e-na le lepera ha a ne a mo nyala, na o ne a ka ba le lebaka la ho mo hlala? Mojuda ea ka tlas’a Molao o ne a ka ’na a mo hlala ka lebaka leo, empa Jesu ha aa ka a re sena se loketse bakeng sa balateli ba hae. Nahana ka maemo a mang a kajeno. Mohlankana ea tšoaelitsoeng mokaola, herpes ea litho tsa botona, HIV, kapa lefu le leng le tšoaetsanoang le tebileng a ka ’na a nyala a sa ka a senola taba eo. Mohlomong o ile a tšoaetsoa ka lebaka la ho kopanela boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali pele ho tebeletsano kapa nakong ea eona. Ho tseba ha mosali hamorao ka boloetse ba hae kapa boitšoaro ba hae bo bobe ba nakong e fetileng (esita le ka bonyopa kapa ho se be le matla a ho ba le bana) ha ho fetole ’nete ea hore joale ba nyalane. Nako e fetileng ea ho itšoara hampe pele ho lechato hase lebaka la Mangolo la ho qhala lenyalo joalokaha le ke ke la qhaloa haeba mosali a ne a tšoaelitsoe boloetse bo itseng kapa esita le haeba a ne a patile hore o imisitsoe ke monna e mong nakong eo a neng a nyaloa. Ba nyalane joale ’me e mong o itlamme ka e mong.

Ke ’nete hore maemo a joalo a bohloko a tšoha a etsahetse, empa mehlala ena e lokela ho hatisa taba e ka sehloohong: Tebeletsano ha ea lokela ho nkoa habobebe. Pele ho tebeletsano le nakong ea eona, Bakreste ba lokela ho leka ka matla ho tsebana hantle. Ba lokela ho bua ’nete ka seo e mong a batlang ho se tseba kapa a nang le tokelo ea ho se tseba. (Linaheng tse ling molao o hloka hore balekane ba hlahlojoe ke ngaka pele ba nyalana. Ba bang ba ka ’na ba batla hore tlhahlobo e joalo e etsoe e le hore ba tsebe.) Kahoo, thabo le ho teba ha tebeletsano li tla sebeletsa morero o hlomphehang ha ba babeli bana ba atamela boemo ba lenyalo bo bileng bo thabisang haholoanyane le bo tebileng haholoanyane.—Liproverbia 5:18, 19; Baefese 5:33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lichabeng tse ling batsoali ba sa ntse ba lokisa litaba tsa ho tšepisana lenyalo ha bana ba bona. Sena se ka ’na sa etsoa nako e telele haholo pele ba babeli bana ba ka ba boemong ba ho nyalana. Ho sa le joalo, ba nkoa ba lebeletsane, kapa ba tšepisane lenyalo, empa ha ba e-s’o nyalane.

b Bona Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, khaolong ea 28-32, le Lekunutu la Thabo ea Lelapa, khaolo ea 2, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela