Abrahama—O Ile a Patoa Mona, Empa na o Ntse a Phela?
Ka makholo a lilemo Bajuda, Mamosleme, le Bakreste ba ile ba etela sebaka sena.
U ka etela ho sona motseng oa boholo-holo oa Hebrone, ka boroa ho Jerusalema. Mohaho ona o bitsoa Haram el-Khalil kapa Lebitla la Bapatriareka. E, sena se amoheloa ka ho pharaletseng e le sebaka sa lepato sa bapatriareka Abrahama, Isaaka, le Jakobo, hammoho le basali ba bona Sara, Rebeka, le Lea ka ho latellana.
Hopola ho tsoa Bibeleng hore lefung la mosali oa hae ea ratoang, Sara, Abrahama o ile a reka lehaha e le setša sa lepato le tšimo Makpela, haufi le Hebrone. (Genese 23:2-20) Hamorao, Abrahama le eena o ile a patoa mona, joaloka litho tse ling tsa lelapa la hae. Makholo a lilemo hamorao, ho potoloha setša sena se jeloeng lefa sa lepato, Heroda e Moholo o ile a haha mohaho o majaba-jaba oo qetellong o ileng oa fetoloa le ho atolosoa ke ba o hapileng, hore o bonahatse litumelo tsa bona.
Ha u kena, u bona liemahale tse tšeletseng (lifika kapa mabitla a sa tšelang letho). Mengolo e bontša la Isaaka, mor’a Abrahama. Haufi le lona ho na le mekoti e phuntsoeng ho ea fihla fatše, e ileng ea sebelisoa bakeng sa ho lekanyetsa hore ho na le eng ka fatše. Bafuputsi ba ile ba fumana maphao ao e ka ’nang eaba a ne a e-na le masapo a mangata a boholo-holo.
Ho thoe’ng ka Abrahama? Haeba o ile a patoa ka har’a lehaha ka tlas’a setša sena, ke khale a shoele, na ha ho joalo? Boholo ba baeti bo ne bo tla lumela seo. Empa moprofeta e moholo ho Abrahama o ile a re ka kutloisiso e itseng Abrahama o ntse a phela. Joang? ’Me see se ka ’na sa e-ba le phello efe tumelong ea hao?
Ka kōpo bala sehlooho “Baratuoa ba Hao ba Shoeleng—Ba Hokae?” (Leqepheng la 3) Se bua ka seo moprofeta eo e moholo a ileng a se bua ka ho phela ha Abrahama, e leng boitsebiso bo ka bang le molemo o moholo ho uena le lelapa la hao.