Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 1—Genese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 33. Bolela e meng ea melao-motheo le mekhoa ea sechaba sa tsamaiso ea bapatriareka eo e leng ea bohlokoa ho utloisiseng Bibele.

      33 Hape ho boetseng ho leng molemo ho liithuti tsa Mangolo ke ho ithuta sechaba sa tsamaiso ea bapatriareka hoo Genese e fanang ka hona. Sechaba sa tsamaiso ea bapatriareka e ne e le sebopeho sa puso ea lelapa e neng e sebetsa ka hare ho batho ba Molimo ho tloha mehleng ea Noe ho fihlela ho fanoa ka Molao Thabeng ea Sinai. A mangata a makolopetso a kenyellelitsoeng selekaneng sa Molao a ne a se a ntse a sebelisoa sechabeng sa tsamaiso ea bapatriareka. Melao-motheo e kang tšoanelo ea motse (18:32), boikarabello ba motse (19:15), kotlo ea polao bakeng sa batlōli hammoho le ho halalela ha mali le ha bophelo (9:4-6), le ho hloea ha Molimo ho tlotlisoa ha batho (11:4-8) ho amme batho ho theosa le histori. Mekhoa e mengata ea molao le mantsoe a khantša leseli liketsahalong tsa morao, le ho fihlela mehleng ea Jesu. Molao oa bapatriareka o busang ho laoloa ha batho le thepa (Gen. 31:38, 39; 37:29-33; Joh. 10:11, 15; 17:12; 18:9) le mokhoa oa ho fetisetsana litša (Gen. 23:3-18), hammoho le molao o busang bojalefa ba ea amohelang tokelo ea ho ba letsibolo (48:22), o tlameha ho tsejoa hore re tle re be le semelo se hlokahalang ho fumana kutloisiso e hlakileng ea Bibele. Mekhoa e meng ea sechaba sa bapatriareka e kenyellelitsoeng Molaong e ne e le mahlabelo, lebollo (le filoeng Abrahama pele), ho etsoa ha lilekane, lenyalo la ho kenela (38:8, 11, 26), le ho sebelisoa ha likano ho tiisa taba e itseng.—22:16; 24:3.f

  • Buka ea Bibele ea 1—Genese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 24:3; 28:1-8 Nyala molumeli feela 1 Ba-Kor. 7:39

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela