Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • Mantsiboeeng a mang ha a qeta ho tlatsa nkho, o ile a bona monna-moholo e mong a tla ho eena. Monna-moholo eo o ile a re ho eena: “Ka kōpo, mphe metsinyana ka nkhong ea hao.” O ne a bua le Rebeka a ikokobelitse. Rebeka o ile a elelloa hore monna-moholo eo o tsoa hōle. Kahoo a theola nkho lehetleng ’me a mo fa metsi, eseng metsinyana feela, empa a lekaneng ho mo nyorolla. O ile a bona hore monna-moholo eo o tsamaea ka likamele tse leshome eaba oa hlokomela hore senoelo se ne se se na metsi e le hore li ka noa. Hape o ile a hlokomela tsela e mosa eo monna-moholo eo a mo shebileng ka eona, ’me a batla ho mo thusa kahohle kamoo a ka khonang. Kahoo o ile a re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.”—Genese 24:17-19.

      Rebeka ha aa ka a tšella likamele tseo metsinyana feela, empa o ile a li tšella metsi a lekaneng hore li khotsofale. Kamele e le ’ngoe e nyoriloeng e ka noa lilithara tse fetang 95 tsa metsi! Haeba likamele tseo tse leshome li ne li nyoriloe kaofela, Rebeka o ne a tla lokela ho qeta lihora tse ngata a ntse a li khella metsi. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka li ne li nyoriloe haholo.a Empa na Rebeka o ne a tseba seo? Che. O ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa monna-moholo eo. Le eena o ile a amohela thuso ea Rebeka. O ne a shebile Rebeka ka hloko ha a ntse a ea holimo le tlaase a tšela metsi ka senoelong.—Genese 24:20, 21.

      Rebeka o fa likamele tsa mohlanka oa Abrahama metsi

      Rebeka o ne a khothetse a bile a rata baeti

  • “Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 3
    • a Letsatsi le ne le se le liketse. Tlaleho ena ha e bue ka hore Rebeka o ile a qeta lihora tse ngata a le selibeng. Hape ha e bolele hore Rebeka o ile a fihla habo ba se ba robetse kapa hore ho ile ha tla motho ea tl’o sheba hore na o liehisitsoe ke’ng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela