Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lenyalo le Fumantšang Limillione Tse Phelang Hona Joale Molemo
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • 13. Ho ile ha tiisoa joang hore khetho ea Jehova e ne e le eona e nepahetseng?

      13 Rebeka o ile a talima tokelo ea ho khetheloa ho ba monyaluoa oa Isaaka ke Molimo joang? Letsatsing le hlahlamang ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea senola maikutlo a hae a ’nete a ka hare. Ha a se a phethile morero oa leeto la hae, Eliezere o ile a lakatsa ho khutlela ho mong’a hae ntle le tieho. Empa ba lelapa la habo Rebeka ba ne ba batla hore monyaluoa a ke a lule le bona bonyane matsatsi a leshome. Ka hona ho ne ho setse ho Rebeka ho khetha hore na o ne a ikemiselitse ho tsamaea hang-hang. A re: “Ke tla ea.” Ka ho lumela ho siea lelapa la habo hang-hang le ho nka leeto le eang naheng e hōle e le hore a ka nyalana le monna eo le ka mohla a neng a e-s’o ’mone e ne e le pontšo e ikhethang ea tumelo tataisong ea Jehova. Hona ho ile ha tiisa hore e ne e le mokhethoa ea nepahetseng.—Genese 24:54-58.

  • Lenyalo le Fumantšang Limillione Tse Phelang Hona Joale Molemo
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • 15. (a) Ke mohlala ofe o motle oo re o bonang ho Eliezere, Rebeka, le baetsana ba hae? (b) Tlaleho ee e tšoantšetsa eng?

      15 Eliezere, Rebeka, le baetsana ba hae ba ne ba tšepa tataiso ea Jehova ka ho felletseng, e leng mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno! (Liproverbia 3:5, 6) Ho phaella moo, tlaleho ke setšoantšo sa boprofeta se matlafatsang tumelo. Joalokaha re se re bone, Abrahama o tšoantšetsa Jehova Molimo, ea ileng a fana ka Mora oa hae ea ratoang, Isaaka e Moholoanyane, e le hore batho ba baetsalibe ba ka fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Tokisetso ea lenyalo la Isaaka e tlile nakoana ka mor’a hore a pholosoe lefung aletareng ea sehlabelo. E ne e le tokisetso ea boprofeta bakeng sa lenyalo la leholimo, e leng tokisetso e qalileng ka ho teba ka morao ho tsoho ea Jesu.

      Lenyalo la Isaaka e Moholoanyane

      16. (a) Ke joang, ka ho loketseng, mohlanka oa Abrahama a tšoantšetsang moea o halalelang oa Molimo? (b) Ho ka ’na ha botsoa lipotso life mabapi le moea le monyaluoa? (Liketso 7:51)

      16 Lebitso la Eliezere le bolela hore “Molimo Oa Ka Ke Mothusi.” Ka lebitso le ka ketso, ka ho loketseng o tšoantšetsa moea o halalelang oa Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo, Ea ileng a o romela naheng ena e hōle, lefatše la rōna, ho tla tla khethela Isaaka e Moholoanyane, Jesu Kreste, monyaluoa ea tšoanelehang. (Johanne 14:26; 15:26) Sehlopha sa monyaluoa ke “phutheho,” e entsoeng ka barutuoa ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea o halalelang e le bara ba moea ba Molimo. (Ba-Efese 5:25-27, NW; Ba-Roma 8:15-17) Feela joalokaha Rebeka a ile a amohela limpho tsa bohlokoahali, ho joalo le ka litho tsa pele tsa phutheho ea Bokreste ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. li ile tsa amohela ka mohlolo limpho e le bopaki ba ho bitsoa ha tsona ke Molimo. (Liketso 2:1-4) Ho tšoana le Rebeka, li ile tsa ithaopela ho tlohela likamano tsohle tsa lefatše le tsa nama e le hore qetellong li ka kopanngoa le Monyali oa tsona oa leholimo. Ho tloha nakong eo litho tsa sehlopha sa monyaluoa li bitsoang ka bonngoe ho fihlela lefung la tsona, li tlameha ho lebela boroetsana ba tsona ba moea ha li ntse li le leetong ho pholletsa le lefatše lena le kotsi la Satane, le ekang. (Johanne 15:18, 19; 2 Ba-Korinthe 11:3; Jakobo 4:4) Se tletse moea o halalelang, sehlopha sa monyaluoa ka botšepehi se mema ba bang ho inkela litokisetso tsa Jehova hore ba tle ba pholohe. (Tšenolo 22:17) Na u latela mohlala oa sona ka hore le uena u arabele tataisong ea moea oo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela