Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ka Kōpo, Mamelang Toro Ena”
    Molula-Qhooa—2014 | August 1
    • Josefa o ile a tla ho bona a sa ba belaelle, a nahana hore ba tla mo thabela. Leha ho le joalo, barab’abo ba ile ba mo hlasela! Ka mabifi ba mo hlobolisa seaparo sa hae se khethehileng, ba mo hulanyetsa sekoting se ommeng ’me ba mo lihela ka har’a sona. Eaba Josefa o oela tlaase ka har’a sona! Ha a hlaphoheloa o ile a leka ho ema, empa o ne a ke ke a khona ho intša ka sekoting seo. O ne a bona leholimo feela ’me a utloela mantsoe a barab’abo tlaase. O ile a ba hoeletsa, a ba kōpa ka tieo, empa ba iphapanyetsa eena. Ka bokhopo ba ile ba jella haufi le moo. Ha Rubene a le sieo, ba ile ba boela ba nahana ho mo bolaea, empa Juda o ile a ba phehella hore ba mo rekisetse bahoebi ba fetang ka tsela. Dothane e ne e le haufi le tsela eo bahoebi ba eang Egepeta ba tsamaeang ka eona, ’me ho e-s’o ee kae, sehlopha sa bahoebi ba Baishmaele le Bamidiane se ile sa feta. Pele Rubene a khutla, ba ne ba se ba mo rekisitse. Ba ne ba mo rekisitse bokhobeng ka lishekele tse 20 feela.b—Genese 37:23-28; 42:21.

      Bara babo Josefa ba mo lahlela ka sekoting ’me ba seaparo sa hae

      Barab’abo Josefa ba ne ba mo hloile hobane o ne a rata se nepahetseng

  • “Ka Kōpo, Mamelang Toro Ena”
    Molula-Qhooa—2014 | August 1
    • b Bibele e tlaleha taba ena ka ho nepahala. Litokomane tsa nakong eo li bontša hore makhoba a ne a rekoa ka lishekele tse 20 Egepeta.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela