Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Joaloka Molimo U Nka Bophelo e le ba Bohlokoa?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
    • 16. Ke molao-motheo ofe oa Bibele o sebetsang tabeng ea ho ntšoa ha limpa? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      16 Esita le bophelo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe ke ba bohlokoa ho Molimo. Iseraele ea boholo-holo, haeba motho a ne a ka lematsa mosali oa moimana eaba mosali eo oa shoa kapa lesea la hae lea shoa, Molimo o ne a nka hore motho ea molato ke ’molai, ’me motho eo o ne a tlameha ho lefa “moea bakeng sa moea.”c (Exoda 21:22, 23) Joale, nahana hore na Jehova o ikutloa joang ha a bona masea a se nang palo, a e-s’o tsoaloe, a bolaoa ka boomo selemo le selemo ka ho ntšoa ha limpa, a mangata a ’ona a bolaoa ka lebaka la boikhabi le boitšoaro bo bobe.

  • Na Joaloka Molimo U Nka Bophelo e le ba Bohlokoa?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
    • c Bangoli ba libuka tse hlalosang mantsoe a Bibele ba bolela hore ‘kamoo ho bonahalang kateng, tsela eo temana ena ea Seheberu e ngotsoeng ka eona e etsa hore ho be thata ho bolela hore mantsoe ana a bolela kotsi e entsoeng ho mosali feela.’ Hape, hlokomela hore Bibele ha e bue letho ka hore kahlolo ea Jehova e ne e angoa ke hore na lesea le ka popelong le ne le e-na le nako e kae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela