Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bophelo ba Motho bo Simoloha Neng?
    Tsoha!—1990 | October 8
    • Bophelo ba Lesea le E-song ho Tsoaloe ke ba Bohlokoa

      Ka hona lesea le e-song ho tsoaloe le ntseng le hōla ka pōpelong hase feela pokello ea likaroloana tse nyenyane tsa ˈmele. Ke la bohlokoa, ’me ke ka baka leo Molimo o boletseng hore motho o ne a tla ikarabella bakeng sa ho ntša ngoana ea e-song ho tsoaloe kotsi. Molao oa oona ho Exoda 21:22, 23 oa hlokomelisa: “Banna ha ba loana, ˈme ba thula mosali oa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tsoe kotsi e isang lefung, ho tla lefshoa tefo e ka beoang ke monna oa mosali eo, ˈme e tla lefshoa baahloli ba le teng. Empa ekare ha kotsi e hlahile, u tla lefa bophelo ka bophelo.”

      Libibele tse ling li fetolela litemana tse ka holimo ka tsela e etsang hore se etsahallang mosali e be sona seo molao o isang tlhokomelo ho sona. Leha ho le joalo, temana ea pele-pele ea Seheberu e isa tlhokomelo kotsing e isang lefung e etsahallang mosali kapa ngoana.a Kahoo, ho ntša mpa ka boomo bakeng sa ho qoba tsoalo ea ngoana ea sa batluoeng ke ho felisa bophelo ba motho ka boomo.

  • Bophelo ba Motho bo Simoloha Neng?
    Tsoha!—1990 | October 8
    • a Lereo “kotsi e isang lefung” (ka Seheberu, ʼa·sohnʹ) ha le na kamano e tobileng le ”mosali oa moimana” ka baka leo, kotsi e isange lefung ha ea lekanyetsoa ho mosali empa ka ho loketseng e ne e akarelletsa le “bana ba hae” be ka popelong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela