Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 5/1 maq. 13-17
  • Ho Tla Tsosoa Bo-Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tla Tsosoa Bo-Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bafu ba Hokae?
  • ‘Ba Nkeloa ho Baholo-holo ba Bona’
  • Na ho na le Batho ba sa Lokang Sheole?
  • Ke Bo-mang ba Leng Gehena?
  • Tsoho ea “Pele” le e “Molemo”
  • Sheole le Hadese ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Matla a Tšepo ea Tsoho
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 5/1 maq. 13-17

Ho Tla Tsosoa Bo-Mang?

“Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.”—JOHANNE 5:28, 29.

1. Moshe o ile a utloa phatlalatso efe e ikhethang sehlahleng se meutloa se tukang, hona ke mang ea ileng a pheta mantsoe ao hamorao?

LILEMONG tse fetang 3 500 tse fetileng, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang. Moshe o ne a alositse linku tsa mopatriareka Jethro. Lengeloi la Jehova le ile la bonahala ho Moshe khabong ea mollo har’a sehlahla se meutloa, pel’a Thaba ea Horebe. Tlaleho e ho Exoda e re: “Ha a ntse a talimile, bonang! sehlahla se meutloa se ne se tuka ’me leha ho le joalo sehlahla se meutloa se ne se sa che.” Joale lentsoe le hlahang sehlahleng se meutloa le ile la mo bitsa. Lentsoe leo le ile la re: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.” (Exoda 3:1-6) Hamorao, lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu, Mora oa Molimo, o ile a pheta mantsoe ao.

2, 3. (a) Abrahama, Isaka le Jakobo ba letetsoe ke moputso ofe? (b) Ho hlaha lipotso life?

2 Jesu o ne a buisana le Basaduse ba bang, ba neng ba sa lumele tsohong. Jesu o ile a re: “Hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a ho senola, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, ha a bitsa Jehova ‘Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.’ Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:27, 37, 38) Ha Jesu a ne a bua mantsoe ana, o ne a tiisa hore ponong ea Molimo, Abrahama, Isaka le Jakobo bao e neng e le khale ba shoele ba ne ba ntse ba phela mohopolong oa Molimo. Joaloka Jobo, ba letetse hore “mosebetsi oa [bona] o qobelloang,” e leng ho robala ha bona lefung, o fele. (Jobo 14:14) Ba tla tsosoa lefatšeng le lecha la Molimo.

3 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba limilione tse likete ba ileng ba shoa ho pholletsa le histori? Na le bona ba tla tsosoa? Pele re ka fumana karabo e khotsofatsang potsong ena, a re ke re boneng ho tsoa Lentsoeng la Molimo hore na ho etsahala’ng ha batho ba e-shoa.

Bafu ba Hokae?

4. (a) Batho ba ea hokae ha ba e-shoa? (b) Sheole ke eng?

4 Bibele e re bafu “ho hang ha ba tsebe letho.” Ha motho a shoele ha a hlokofatsoe mollong oa lihele, ha a lete a le mahlomoleng Limbo, empa ke feela hore o khutlela lerōleng. Kahoo, Lentsoe la Molimo le eletsa ba phelang tjena: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.” (Moeklesia 9:5, 10; Genese 3:19) Lentsoe “Sheole” ha lea tloaeleha ho batho ba bangata. Ke lentsoe la Seheberu leo ho sa tsejoeng moo le tsoang teng. Malumeli a mangata a ruta hore bafu ba ntse ba phela, empa joalokaha Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le bontša, ba leng Sheole ba shoele, ha ba sa phela. Sheole ke lebitla le tloaelehileng la batho.

5, 6. Jakobo o ile a ea hokae ha a e-shoa, hona o ile a patoa le bo-mang moo?

5 Ka Bibeleng, lentsoe “Sheole” le hlaha ka lekhetlo la pele ho Genese 37:35. Ha ho ne ho bonahala eka mora oa hae ea ratoang Josefa o shoele, mopatriareka Jakobo o ile a hana ho tšeliseha, a re: “Ke tla theohela ho mora oa ka Sheole ke siame!” Kaha o ne a lumela hore mora oa hae o shoele, Jakobo o ile a lakatsa lefu le ho ba Sheole. Hamorao, bara ba Jakobo ba robong ba baholo ba ne ba batla ho theohela Egepeta le mora oa hae e monyenyane Benjamine, e le hore ba e’o fumana se ka ba ntšang tlaleng. Leha ho le joalo, Jakobo o ile a hana, a re: “Mora oa ka a ke ke a theoha le lōna, hobane mor’abo o shoele ’me o setse a le mong. Haeba a ka hlaheloa ke kotsi e bolaeang tseleng eo le tsamaeang ka eona, joale ka sebele le tla theolela moriri oa ka o moputsoa Sheole ka mesarelo.” (Genese 42:36, 38) Litemana tsena tse peli li amahanya lefu le Sheole, eseng le bophelo ba mofuta o itseng ka mor’a lefu.

6 Tlaleho ea Genese e bontša hore Josefa e ne e le molaoli oa lijo Egepeta. Ka lebaka leo, Jakobo o ile a khona ho ea Egepeta e le hore a e’o thabela ho kopana hape le Josefa. Ka mor’a moo, Jakobo o ile a lula naheng eo ho fihlela a e-shoa a tsofetse haholo a le lilemo li 147. Ho ea ka seo a ileng a se bua ha a ne a le makhatheng a lefu, bara ba hae ba ile ba nka setopo sa hae eaba ba se pata lehaheng la Makpela naheng ea Kanana. (Genese 47:28; 49:29-31; 50:12, 13) Kahoo, Jakobo o ile a patoa le Isaka ntat’ae hammoho le ntat’ae-moholo Abrahama.

‘Ba Nkeloa ho Baholo-holo ba Bona’

7, 8. (a) Abrahama o ile a ea hokae ha a e-shoa? Hlalosa. (b) Ke eng e bontšang hore ba bang ba ile ba ea Sheole ha ba e-shoa?

7 Pejana, ha Jehova a ne a tiisa selekane sa hae le Abrahama le ho tšepisa hore peō ea hae e tla ngatafala, o ile a bolela hore na Abrahama o ne a tla etsahalloa ke eng. Jehova o ile a re: “Ha e le uena, u tla ea ho baholo-holo ba hao ka khotso; u tla patoa u tsofetse haholo.” (Genese 15:15) Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Genese 25:8 e re: “Joale Abrahama a phefumoloha la ho qetela ’me a shoa a tsofetse haholo, a tsofetse ’me a khotsofetse, eaba o nkeloa ho batho ba habo.” Batho baa e ne e le bo-mang? Genese 11:10-26 e thathamisa baholo-holo ba hae ho ea fihla ho mora oa Noe e leng Sema. Kahoo ha Abrahama a e-shoa o ile a nkeloa ho batho bana ba seng ba robetse Sheole.

8 Polelo e reng “nkeloa ho batho ba habo” e hlaha khafetsa ka Mangolong a Seheberu. Kahoo, hoa utloahala ho phetha ka hore mora oa Abrahama Ishmaele le moholoane oa Moshe, Arone, ka bobeli ba ile ba ea Sheole ha ba e-shoa, ’me ba letetse tsoho moo. (Genese 25:17; Numere 20:23-29) Ka lebaka leo, Moshe le eena o ile Sheole, le hoja ho ne ho se motho ea neng a tseba hore na lebitla la hae le hokae. (Numere 27:13; Deuteronoma 34:5, 6) Ka ho tšoanang, Joshua, ea ileng a hlahlama Moshe e le moeta-pele oa Iseraele, hammoho le moloko oohle oa batho le bona ba ile ba ea Sheole ha ba e-shoa.—Baahloli 2:8-10.

9. (a) Bibele e bontša joang hore lentsoe la Seheberu “Sheole” le lentsoe la Segerike “Hadese” ke sebaka se le seng? (b) Ba leng Sheole, kapa Hadese, ba na le tšepo efe?

9 Lilemo tse makholo hamorao, Davida e ile ea e-ba morena oa meloko e 12 ea Iseraele. Ha a e-shoa, o ile a “robala le baholo-holo ba hae.” (1 Marena 2:10) Na le eena o ne a le Sheole? Ho thahasellisang ke hore ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a bua ka lefu la Davida eaba o qotsa Pesaleme ea 16:10 e reng: “U ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole.” Hoba Petrose a bolele hore Davida o ne a ntse a le ka lebitleng la hae, o ile a sebelisa mantsoe ao ho Jesu ’me a bolela hore Davida “o ile a bona esale pele ’me a bolela malebana le tsoho ea Kreste, hore ha aa ka a tloheloa Hadese kapa nama ea hae ea bona ho bola. Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa, e leng ’nete eo kaofela re leng lipaki tsa eona.” (Liketso 2:29-32) Mona Petrose o ile a sebelisa lentsoe “Hadese,” e leng lentsoe la Segerike le tšoanang le lentsoe la Seheberu “Sheole.” Kahoo, bao ho thoeng ba Hadese ba boemong bo tšoanang le ba bao ho thoeng ba Sheole. Ba robetse, ’me ba letetse tsoho.

Na ho na le Batho ba sa Lokang Sheole?

10, 11. Ke hobane’ng ha re ka re batho ba bang ba sa lokang ba ea Sheole, kapa Hadese ha ba e-shoa?

10 Hoba Moshe a etelle sechaba sa Iseraele pele ho tsoa Egepeta, ho ile ha tsoha borabele lefeelleng. Moshe o ile a bolella sechaba hore se ikarole ho Kora, Dathane le Abirame, e leng bona ba neng ba li hula pele bofetoheling boo. Ba ne ba tla shoa lefu le sehlōhō. Moshe o ile a hlalosa: “Haeba batho bana ba tla shoa ho ea ka lefu la moloko oohle oa batho ’me ba tla fuoa kotlo ho ea ka kotlo ea moloko oohle oa batho, joale etlaba hase Jehova ea nthomileng. Empa haeba Jehova o tla bōpa ho hong ho hocha, ’me lefatše le tla ahlamisa molomo oa lona ho metsa bona hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ’me ba tla theohela ba phela Sheole, joale ka sebele le tla tseba hore banna bana ba hlompholotse Jehova.” (Numere 16:29, 30) Kahoo ho sa tsotellehe hore na marabele ana a ne a tla shoa ha lefatše le ahlama ’me le a metsa kapa ka ho chesoa ke mollo joaloka Kora le Balevi ba 250 ba neng ba mo tšehetsa, kaofela ha ’ona a ile a fella Sheole, kapa Hadese.—Numere 26:10.

11 Shimei, ea neng a ile a rohaka Morena Davida, o ile a fumana kotlo e tsoang ho mohlahlami oa Davida, e leng Solomone. Davida o ile a laela: “U se ke ua mo tlohela a sa fuoe kotlo, etsoe u monna ea bohlale ’me u tseba hantle seo u tšoanelang ho mo etsa sona, ’me u theolele moriri oa hae o moputsoa Sheole ka mali.” Solomone o ile a laela Benaia hore a phethahatse kahlolo eo. (1 Marena 2:8, 9, 44-46) Motho e mong ea ileng a bolaoa ke Benaia e bile molaoli oa mehleng oa lebotho la Iseraele e leng Joabe. Moriri oa hae o moputsoa ha oa ka oa ‘theohela Sheole ka khotso.’ (1 Marena 2:5, 6, 28-34) Mehlala ena e ’meli e tiisa bonnete ba pina ena e bululetsoeng ea Davida: “Batho ba khopo ba tla khutlela Sheole, esita le lichaba tsohle tse lebalang Molimo.”—Pesaleme ea 9:17.

12. Akitofele e ne e le mang, hona o ile a ea hokae ha a e-shoa?

12 Akitofele e ne e le moeletsi oa Davida. Keletso ea hae e ne e nkoa e le ea bohlokoa hoo ho neng ho le joalokaha eka e ne e tsoa ho Jehova ka boeena. (2 Samuele 16:23) Ka masoabi, mohlanka enoa ea tšeptjoang o ile a fetoha moeki eaba o kopanela ketsong ea borabele e neng e etelletsoe pele ke Absalome mora oa Davida. Kamoo ho bonahalang kateng, Davida o ne a bua ka bofetoheli bona ka tsela e sa tobang ha a ne a ngola: “Hase sera se ’nyelisitseng; ho seng joalo ke ne ke tla ho mamella. Hase ea ntlhoileng haholo ea ikhohomosetsang ’na; ho seng joalo ke ne ke tla ipatela eena.” Davida o ile a tsoela pele: “Tšenyeho e be holim’a bona! Ba ke ba theohele Sheole ba phela; etsoe nakong ea ho lula ha bona ka bojaki lintho tse mpe li ’nile tsa e-ba ka hare ho bona.” (Pesaleme ea 55:12-15) Ha Akitofele le bo-mphato ba hae ba e-shoa, ba ile ba ea Sheole.

Ke Bo-mang ba Leng Gehena?

13. Ke hobane’ng ha Judase a bitsoa “mora oa timetso”?

13 Bapisa boemo ba Davida le se ileng sa etsahalla Davida e Moholoanyane, Jesu. E mong oa baapostola ba 12 ba Kreste, e leng Judase Iskariota, o ile a fetoha moeki joaloka Akitofele. Ketso e bolotsana ea Judase e ne e le mpe haholo ho feta ea Akitofele. Judase o ile a fetohela Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. Ha Mora oa Molimo a ne a rapela qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, o ile a bua tjena ka balateli ba hae: “Ha ke ne ke e-na le bona ke ne ke ba lebela ka lebaka la lebitso la hao leo u mphileng lona; ke ba bolokile, ’me ha ho le ea mong oa bona ea timetseng haese mora oa timetso, e le hore lengolo le ka phethahala.” (Johanne 17:12) Ha Jesu a ne a re Judase ke “mora oa timetso,” o ne a bontša hore ha Judase a e-shoa, ho ne ho se na tšepo ea hore o tla tsoha. Ha aa ka a lula a ntse a phela mohopolong oa Molimo. Ha aa ka a ea Sheole, empa o ile a ea Gehena. Gehena ke eng?

14. Gehena e emela eng?

14 Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae hobane ba ne ba etsa morutuoa e mong le e mong oa bona “mofo oa Gehena.” (Matheu 23:15) Mehleng eo, batho ba ne ba tloaetse Phula ea Hinome, e leng sebaka seo ho neng ho qhalloa lithōle ho sona seo ho neng ho lahleloa litopo tsa batlōli ba molao ba bolailoeng ba neng ba nkoa ba sa tšoaneloe ke lepato le hlomphehang. Pejana, Jesu ka boeena o ne a ile a bua ka Gehena Thutong ea hae ea Thabeng. (Matheu 5:29, 30) Bamameli ba hae ba ne ba tseba hantle seo e se tšoantšetsang. Gehena e ne e emela ho timetsoa ka ho feletseng kantle le tšepo ea tsoho. Kantle le Judase Iskariota oa mehleng ea Jesu, na ho na le ba bang bao ha ba e-shoa ba ileng Gehena ho e-na le ho ea Sheole, kapa Hadese?

15, 16. Ke bo-mang ba ileng ba ea Gehena ha ba e-shoa, hona ke hobane’ng ha ba ile moo?

15 Batho ba pele, Adama le Eva, ba ile ba bōptjoa ba phethahetse. Ba ile ba etsa sebe ka boomo. Ba ne ba lokela ho khetha bophelo bo sa feleng kapa lefu. Ba ile ba hlompholla Molimo eaba ba ema le Satane. Ha ba e-shoa, ba ne ba se na tšepo ea ho rua molemo sehlabelong sa Kreste sa thekollo. Ho e-na le hoo, ba ile ba ea Gehena.

16 Kaine, e leng mora oa letsibolo oa Adama, o ile a bolaea mor’abo Abele ’me ka mor’a moo ea e-ba ’malehi. Moapostola Johanne o ile a hlalosa Kaine e le “ea ileng a simoloha ho ea khopo.” (1 Johanne 3:12) Hoa utloahala ho phetha ka hore joaloka batsoali ba hae, o ile a ea Gehena ha a e-shoa. (Matheu 23:33, 35) Boemo bona bo fapane hakaakang le ba Abele ea lokileng! Pauluse o itse: “Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Molimo sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka eona a ileng a pakoa hore o ne a lokile, Molimo a paka mabapi le limpho tsa hae.” Eaba o phaella ka ho re: “’Me ka eona, le hoja a shoele, o sa ntse a bua.” (Baheberu 11:4) Ha ho pelaelo hore hona joale Abele o Sheole o letetse tsoho.

Tsoho ea “Pele” le e “Molemo”

17. (a) ‘Nakong ena ea bofelo,’ ke bo-mang ba eang Sheole? (b) Ho na le tšepo efe bakeng sa ba leng Sheole le ba leng Gehena?

17 Batho ba bangata ba balang boitsebiso bona ba tla ipotsa hore na ebe batho ba shoang ‘nakong ena ea bofelo’ ba boemong bofe. (Daniele 8:19) Tšenolo khaolo ea botšelela e bua ka banna ba bane ba palameng lipere nakong eo. Hoa thahasellisa hore mopalami oa ho qetela ho bana o bitsoa Lefu ’me o latetsoe ke Hadese. Kahoo, batho ba bangata ba shoang pele ho nako ka lebaka la liketsahalo le maemo a tšoantšetsoang ke banna ba lipere ba tlileng pele ba fella Hadese, ’me ha ba le moo ba letetse ho tsohela lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšenolo 6:8) Joale, ba leng Sheole (Hadese) le ba leng Gehena ba na le tšepo efe? Karabo e bonolo feela ke hore ba leng Sheole ba tla tsoha; ’me ba leng Gehena, ba tla timetsoa ka ho sa feleng, ba ke ke ba hlola ba e-ba teng.

18. ‘Tsoho ea pele’ e fana ka tšepo efe?

18 Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ho thaba ’me ho halalela mang kapa mang ea nang le kabelo tsohong ea pele; lefu la bobeli ha le na matla holim’a bona, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” Bao e tla ba babusi-’moho le Kreste ba na le kabelo “tsohong ea pele,” empa moloko oa batho ka kakaretso oona o na le tšepo efe?—Tšenolo 20:6.

19. Ba bang ba rua molemo joang ‘tsohong e molemo’?

19 Ho tloha mehleng ea bahlanka ba Molimo Elia le Elisha, mohlolo oa tsoho o ile oa etsa hore batho ba khutlisetsoe bophelong. Pauluse o ile a re: “Basali ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho; empa banna ba bang ba ile ba hlokofatsoa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo.” Ha ho pelaelo hore batho bana ba tšepahalang ba ne ba lebeletse ka tjantjello tsoho e neng e tla ba fa tšepo ea bophelo bo sa feleng, eseng feela ea lilemo tse ling tse seng kae tse neng li tla fella ka lefu! Ka sebele ena e tla ba “tsoho e molemo.”—Baheberu 11:35.

20. Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

20 Haeba re e-shoa re tšepahala pele Jehova a felisa tsamaiso ena e khopo, re na le tšepo e tiileng ea “tsoho e molemo,” e molemo ka kutloisiso ea hore e na le tebello ea bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a tšepisa: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Sehlooho sa rōna se latelang se tšohla morero oa tsoho ka ho eketsehileng. Se tla bontša kamoo tšepo ea tsoho e re matlafalletsang ho lula re tšepahala le ho re thusa ho hlaolela moea oa boitelo.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha ho thoe Jehova ke Molimo “oa ba phelang”?

• Boemo ba batho ba leng Sheole ke bofe?

• Ba leng Gehena ba na le tšepo efe?

• Ba bang ba tla rua molemo joang ‘tsohong e molemo’?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Joaloka Abrahama, ba eang Sheole ba tla tsosoa

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Ke hobane’ng ha Adama le Eva, Kaine le Judase Iskariota ba ile Gehena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela