Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke Mang ea Tsebang Kelello ea Jehova?”
    Molula-Qhooa—2010 | October 15
    • 14. Moshe o ile a re’ng ha a ne a utloa mantsoe a Jehova?

      14 Ha tlaleho e tsoela pele e re: “Moshe a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae ’me a re: ‘Ke hobane’ng, Jehova, ha bohale ba hao bo ka tukela sechaba sa hao seo u se ntšitseng naheng ea Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla? Ke hobane’ng ha Baegepeta ba tla re, “O ba ntšitse ka morero o mobe e le hore a ba bolaele har’a lithaba le ho ba felisa holim’a lefatše”? Bohla bohaleng ba hao bo tukang ’me u ikutloe u soabile ke bobe khahlanong le sechaba sa hao. Hopola Abrahama, Isaka le Iseraele bahlanka ba hao, bao u ba hlapanyelitseng ka uena, ka hore u re ho bona, ‘Ke tla atisa peō ea lōna joaloka linaleli tsa maholimo, ’me naha ena eohle eo ke le bontšitseng eona ke tla e fa peō ea lōna, e le hore ruri e e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’ Eaba Jehova o qala ho ikutloa a soabile ka lebaka la bobe boo a neng a boletse hore o tla bo etsa ho sechaba sa hae.”—Ex. 32:11-14.a

  • “Ke Mang ea Tsebang Kelello ea Jehova?”
    Molula-Qhooa—2010 | October 15
    • 16 Tsela eo Moshe a ileng a araba ka eona e ile ea bontša hore o ne a e-na le tumelo le tšepo ea hore Jehova o ne a tla etsa se lokileng. Seo se ile sa bontša hore o ne a amehile ka lebitso la Jehova ho e-na le ho icheba boeena feela. O ne a sa batle hore le nyelisoe. Ka tsela eo, Moshe o ile a bontša hore o ne a utloisisa “kelello ea Jehova” tabeng ena. (1 Bakor. 2:16) Phello e ile ea e-ba efe? Kaha Jehova o ne a sa lomahanya meno hore o ne a tla nka khato e itseng, tlaleho e bululetsoeng e bolela hore o ile a “qala ho ikutloa a soabile.” Ka Seheberu, poleloana ena e ka bolela feela hore Jehova ha aa ka a tlisa tlokotsi eo a neng a boletse hore o ne a rerile ho e tlisetsa sechaba seo sohle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela