-
Ho Tloha Bokhobeng ba ho Etsa Litene ho ea Tokolohong!Molula-Qhooa—1987 | November 15
-
-
Baheberu ba ileng ba lula Egepeta nakong ea Josefa ba ile ba hlohonolofatsoa ke Molimo ka hore ba ngatafale, hona ha tlisetsa Baegepeta tšabo. Rea bala: “Eaba ho beoa balaoli ba mesebetsi holim’a sona [Baheberu], ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse . . . Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokhoba; ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima oa seretse le setene.”—Exoda 1:7-14.
Ka letsohong le letona, u ka bona hore ho sa etsoa litene Egepeta, tse ling li besuoa seboping joaloka tse bonoang mona. (Bapisa Genese 11:1-3; 19:28.) Leha ho le joalo, ka ho hlakileng, boholo ba litene tsa Egepeta bo ne bo omisoa ke letsatsi. Ho ntse ho sebelisoa lehlaka ho etsa litene. Lehlaka le bonahala liteneng tse utolotsoeng masuping a Beersheba ea boholo-holo (karoloana ka har’a setšoantšo se seholo).
Ho eketsa lehlaka ho ne ho matlafatsa litene. Ho li etsa, mobu (kapa letsopa), le metsi, le lehlaka li ne li hatakeloa butle ka maoto, ebe joale li hatelloa ka liforomong tse etsang litene, ebe lia ntšuoa hore li ome. Ak’u nahane u sebetsa ka thata mosebetsing o joalo nako e telele letsatsi le letsatsi. Ruri, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Baiseraele ‘ba ne ba lumaela ka lebaka la ho tubeha ha bona ’me ho meketsa ha bona ha fihla ho Molimo kamoo ba tubehang kateng.’—Exoda 2:23.
Jehova o ile a ba utloa ’me a romella Moshe ho Faro ho lokolla Baiseraele. Ho e-na le hoo, Faro oa moikhohomosi a eketsa moroalo oa bona. Joale ba ne ba tlameha ho bokeletsa lehlaka la bona, ba ntse ba etsa karolo ea bona ea mosebetsi oa litene, joaloka pele. E, sena se ne se tšoana le kahlolo ea lefu! Molimo oa re: “Joale, u tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, ’me ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ea hae.”—Exoda 5:1–6:1.
-
-
Ho Tloha Bokhobeng ba ho Etsa Litene ho ea Tokolohong!Molula-Qhooa—1987 | November 15
-
-
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 31]
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Lifoto, maqepheng 30, 31: Sebaka sa Polokelo (Near Eastern History) Est.
-