KHAOLO EA 18
Bohlale bo ka Har’a “Lentsoe la Molimo”
1, 2. Jehova o re ngoletse “lengolo” lefe, hona hobane’ng?
NA U kile oa fumana lengolo le tsoang ho motho eo u mo ratang ea lulang hole? Ke lintho tse seng kae feela tse re tlisetsang thabo joaloka lengolo le nang le molaetsa o tlohang botebong ba pelo le tsoang ho motho eo re mo ratang. Re thabela ho utloa hore na o phela joang, liphihlelo tsa hae le merero ea hae. Puisano e joalo e re atametsa ho batho bao re ba ratang, le haeba ba le hole.
2 Joale, ke’ng e ka re tlisetsang thabo e fetang ea ho amohela molaetsa o ngotsoeng o tsoang ho Molimo eo re mo ratang? Ka kutloisiso e itseng, Jehova o re ngoletse “lengolo,” e leng Lentsoe la hae Bibele. Ka lona o re bolella seo a leng sona, seo a se entseng, seo a rerang ho se etsa le tse ling tse ngata. Jehova o re file Lentsoe la hae hobane a batla hore re be haufi le eena. Molimo oa rona ea nang le bohlale bohle o ile a khetha ho buisana le rona ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Re bona bohlale ba Jehova linthong tseo Bibele e buang ka tsona le tsela eo e ngotsoeng ka eona.
Ke Hobane’ng ha a Sebelisitse Lentsoe le Ngotsoeng?
3. Jehova o ile a fa Moshe Molao ka tsela efe?
3 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa mokhoa o mong o ipiletsang haholoanyane, o kang oa ho bua a le leholimong bakeng sa ho buisana le batho?’ Ke ’nete hore ka linako tse ling Jehova o ile a bua a le leholimong a sebelisa mangeloi e le baemeli. Ka mohlala, o ile a etsa seo ha a ne a fa Iseraele Molao. (Bagalata 3:19) Lentsoe le tsoang leholimong le ne le susumetsa tlhompho e tebileng le bile le tšosa Baiseraele hoo ba ileng ba kopa Jehova hore a mpe a buisane le bona ka Moshe. (Exoda 20:18-20) Kahoo Moshe o ile a fuoa Molao o nang le litaelo tse 600 ka molomo, lentsoe ka lentsoe.
4. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore melao ea Molimo e ngoloe fatše e le hore e fetisoe ka tsela e tšepahalang?
4 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Molao oo o ne o sa ka oa ngoloa? Na Moshe o ne a tla khona ho hopola mantsoe ’ohle a buuoeng a Molao oo le ho a fetisetsa ho sechaba a le joalo? Ho thoe’ng ka meloko e tlang? Na e ne e tla tlameha ho itšetleha feela ka seo e se bolelloang ke ba bang? Eo e ne e tla ba tsela e sa tšepahaleng ea ho fetisa melao ea Molimo. Nahana ka se neng se ka etsahala haeba u ne u ka bolella mokoloko o molelele oa batho pale e itseng ka ho bolella motho oa pele ebe eena o bolella ea latelang joalo-joalo. E ka ’na eaba seo motho ea qetellong ea mokoloko a neng a tla se utloa se ne se tla be se fapane hole le se boletsoeng qalong. Mantsoe a Molao oa Molimo a ne a se kotsing eo.
5, 6. Jehova o ile a laela Moshe hore a etse’ng ka mantsoe a hae, hona ke hobane’ng ha e le tlhohonolofatso hore ebe re na le Lentsoe la Jehova le ngotsoeng?
5 Ka bohlale Jehova o ile a khetha hore mantsoe a hae a ngoloe. O ile a laela Moshe a re: “U ngole mantsoe ana hobane ke etsa selekane le uena le Iseraele tumellanong le ’ona.” (Exoda 34:27) Kahoo Bibele e ile ea qala ho ngoloa ka 1513 B.C.E. Lilemong tse fetang 1 610 tse ileng tsa latela, Jehova o ile a bua “ka makhetlo a mangata . . . le [ka] litsela tse ling tse ngata” le batho ba ka bang 40 ba ileng ba ngola Bibele. (Baheberu 1:1) Ha nako e ntse e ea, bakopitsi ba itetseng ba ile ba e kopitsa ka hloko ho hlahisa likopi tse nepahetseng e le hore ba boloke Mangolo ao a le joalo.—Esdrase 7:6; Pesaleme ea 45:1.
6 Ruri Jehova o re hlohonolofalitse ka ho buisana le rona ka lengolo. Na u kile oa fumana lengolo leo u le ratang haholo, mohlomong hobane le u fa matšeliso ao u a hlokang hoo u ileng oa le boloka ’me oa le bala khafetsa? Ho joalo le ka “lengolo” leo Jehova a re ngoletseng lona. Kaha Jehova o re ngoletse mantsoe a hae, re khona ho a bala kamehla le ho nahanisisa ka seo a se bolelang. (Pesaleme ea 1:2) ‘Mangolo aa re tšelisa’ neng le neng ha re a hloka.—Baroma 15:4.
Ke Hobane’ng ha le Ngotsoe ke Batho?
7. Bohlale ba Jehova bo bonahala joang tabeng ea ho sebelisa ha hae batho hore ba ngole?
7 Ka bohlale ba hae, Jehova o ile a sebelisa batho ho ngola Lentsoe la hae. Nahana ka sena, haeba Jehova a ne a ile a sebelisa mangeloi ho ngola Bibele, na e ne e tla ’ne e ipiletse ka tsela e tšoanang? Ke ’nete hore mangeloi a ne a ka hlalosa Jehova ho ea ka pono ea ’ona e phahameng, a hlalosa boinehelo ba ’ona ho eena le ho tlaleha ka bahlanka ba Molimo ba tšepahalang. Empa na re ne re tla hle re khone ho utloisisa pono ea libopuoa tseo tse phethahetseng tsa moea, tse re phahametseng hole ka tsebo, phihlelo le matla?—Baheberu 2:6, 7.
8. Bangoli ba Bibele ba ile ba lumelloa ho sebelisa matla a bona a kelello joang? (Sheba naletsana.)
8 Ka ho sebelisa batho e le bangoli, Jehova o re file sona seo re se hlokang, e leng tlaleho e ‘tsoang ho Molimo’ empa e ngotsoe ka tsela eo batho ba ka e utloisisang. (2 Timothea 3:16) O finyeletse see joang? Ho totobetse hore maemong a mangata o ile a lumella bangoli hore ba sebelise matla a bona a kelello ho batlisisa “mantsoe a monate” le ho ngola “mantsoe a ’nete a nepahetseng.” (Moeklesia 12:10, 11) Sena se hlalosa litsela tse sa tšoaneng tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona. Libuka tsa eona li bonahatsa botho ba bangoli ka bomong.a Leha ho le joalo, banna bana “ba ile ba bua litaba tse tsoang ho Molimo hobane ba susumetsoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Kahoo, ka sebele seo ba se hlahisitseng se qeteletse e le “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13.
“Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo”
9, 10. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa ha batho e le bangoli ho etsa hore Bibele e ipiletse le ho feta?
9 Jehova o sebelisitse batho ho ngola Bibele ’me sena se etsa hore e finyelle pelo ea motho ea e balang. Bangoli ba eona e ne e le batho ba nang le maikutlo a joaloka a rona. Kaha ba ne ba sa phethahala, ba ile ba tobana le liteko le likhatello tse kang tseo re tobanang le tsona. Ka linako tse ling, moea oa Jehova o ile oa ba susumeletsa hore ba ngole ka maikutlo le mathata a bona. (2 Bakorinthe 12:7-10) Kahoo ba ile ba ngola se etsahetseng ho bona, ka mantsoe ao ho seng lengeloi le neng le ka a bua.
10 Ka mohlala, nahana ka Morena Davida oa Iseraele. Ka mor’a hore a etse libe tse tebileng, Davida o ile a qapa pesaleme eo a ileng a tšolla se ka pelong ea hae ka eona, a kopa Molimo hore a mo tšoarele. O ile a ngola a re: “U ntlhoekise sebe sa ka. Ke tseba melato ea ka hantle ebile ke lula ke nahana ka sebe sa ka. Ke tsoetsoe ke e-na le sebe, ke bile le sebe ho tloha ha ke le ka popelong ea ’mè oa ka. U se ke oa nteleka ka pel’a hao. U se ke oa tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na. Mahlabelo a khahlisang Molimo ke ha motho a hlomohile. Molimo, u ke ke oa iphapanyetsa pelo e utloileng bohloko le e sithabetseng.” (Pesaleme ea 51:2, 3, 5, 11, 17) Na u utloa bohloko boo mongoli a bo utloang? E ka ba mang e mong haese feela motho ea sa phethahalang ea ka hlalosang maikutlo ao a tsoang pelong?
Ke Hobane’ng ha e le Buka e Buang ka Batho?
11. Ke mehlala ea lintho life tse etsahetseng bophelong ba sebele e ngotsoeng ka Bibeleng “ho re ruta”?
11 Ntho e ’ngoe e etsang hore Bibele e ipiletse le ho feta ke hore e bua haholo ka batho ba sebele, ba neng ba sebeletsa Molimo le ba sa kang ba mo sebeletsa. Re bala ka maemo le mathata ao ba fetileng ho ’ona, le lintho tse ileng tsa ba thabisa. Re bona liphello tsa liqeto tseo ba li entseng bophelong. Litlaleho tseo li ile tsa ngolloa “ho re ruta.” (Baroma 15:4) Jehova o re ruta ka tsela e re amang lipelo ka mehlala ea lintho tsena tse etsahetseng bophelong ba sebele. Nahana ka mehlala e seng mekae.
12. Litlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba sa tšepahaleng li re thusa ka tsela efe?
12 Bibele e bua ka batho ba sa tšepahaleng le ba khopo le ka se ileng sa ba hlahela. Litlaleho tsena li bontša litšobotsi tse sa rateheng tse bonahalang liketsong tsa bona, e leng ho re nolofalletsang ho li utloisisa. Ka mohlala, ke taelo efe e neng e ka khalemela ho hloka botšepehi ho feta mohlala oa Judase ha a ne a ntšetsa pele morero oa hae oa ho eka Jesu? (Matheu 26:14-16, 46-50; 27:3-10) Litlaleho tse kang ena li ama lipelo tsa rona haholoanyane, li re thusa ho bona le ho lahla litšobotsi tse mpe.
13. Bibele e re thusa ho utloisisa litšobotsi tse ratehang ka tsela efe?
13 Bibele e boetse e hlalosa bahlanka ba bangata ba Molimo ba tšepahalang. Re bala ka boinehelo le botšepehi ba bona. Re bona mehlala e phelang ea litšobotsi tseo re lokelang ho li hlaolela e le hore re atamele ho Molimo. Ka mohlala, nahana ka tumelo. Bibele e re hlalosetsa tumelo ’me e re bolella kamoo e hlokahalang kateng hore re khahlise Molimo. (Baheberu 11:1, 6) Empa Bibele e boetse e na le mehlala e hlakileng ea ho bontša tumelo. Nahana ka tumelo eo Abrahama a ileng a e bontša ha a ne a leka ho nyehela Isaka. (Genese, khaolo ea 22; Baheberu 11:17-19) Ka litlaleho tse kang eo, lentsoe “tumelo” le ba le moelelo o eketsehileng ’me ho ba bonolo ho le utloisisa. Ke bohlale bo bokaakang hore ebe Jehova ha a re eletse feela hore re hlaolele litšobotsi tse ratehang empa hore ebe o boetse o re fa mehlala ea sebele ea ba li bontšitseng!
14, 15. Bibele e re bolella’ng ka mohlolohali e mong ea neng a tlile tempeleng, hona re ithuta’ng ka Jehova tlalehong ee?
14 Hangata litlaleho tsa lintho tse etsahetseng bophelong ba sebele tse fumanoang ka Bibeleng li re ruta ho hong ka botho ba Jehova. Nahana ka seo re se balang ka mosali eo Jesu a ileng a mo bona ka tempeleng. Jesu o ne a lutse haufi le mabokose a chelete, a shebeletse ha batho ba ntse ba akhela menehelo ea bona. Barui ba bangata ba ne ba tla, ba fana ka ‘chelete ea bona e setseng.’ Empa mahlo a Jesu a ile a tsepama ho mohlolohali e mong ea futsanehileng. O ile a akhela “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.”b E ne e le chelete ea ho qetela eo a nang le eona. Jesu ea neng a bonahatsa ka ho phethahetseng pono ea Jehova litabeng, o ile a re: “Mohlolohali enoa oa mofutsana o tšetse chelete e fetang ea bohle ka mabokoseng.” Ho latela mantsoe ao, o ne a tšetse chelete e fetang ea ba bang bohle ha e kopane.—Mareka 12:41-44; Luka 21:1-4; Johanne 8:28.
15 Na ha se habohlokoa hore ebe har’a batho bao bohle ba neng ba tlile tempeleng letsatsing leo, mohlolohali eo o ile a qolloa le ho boleloa ka Bibeleng? Ka mohlala ona, Jehova o re ruta hore ke Molimo ea ananelang. O thabela ho amohela limpho tsa rona tse fanoang ka pelo eohle, ho sa tsotellehe hore na li joang ha li bapisoa le tseo ba bang ba fanang ka tsona. Ka sebele Jehova o fumane tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho re ruta ’nete ena e thabisang!
Seo Bibele e se Siileng ka Thoko
16, 17. Bohlale ba Jehova bo bonahala joang esita le ho seo a khethileng ho se siea ka thoko Lentsoeng la hae?
16 Ha u ngolla motho eo u mo ratang lengolo, u ka akarelletsa lintho tse itseng feela. Kahoo u sebelisa temoho ho khetha seo u se ngolang. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a khetha ho bua ka batho ba itseng le liketsahalo tse itseng ka Lentsoeng la hae. Empa Bibele ha e qaqise lintlha tsohle litlalehong tsena. (Johanne 21:25) Ka mohlala, boitsebiso boo Bibele e fanang ka bona ha e bua ka kahlolo ea Molimo bo ka ’na ba se ke ba araba potso e ’ngoe le e ’ngoe eo re ipotsang eona. Bohlale ba Jehova bo bonoa esita le ho seo a khethileng ho se siea ka thoko Lentsoeng la hae. Joang?
17 Tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona e senola se ka lipelong tsa rona. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela, le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka mahlakore a mabeli. Le kenella ka hare-hare ho motho hoo le senolang seo motho a leng sona ka ntle le ka hare . . . Le khona ho senola menahano le boikemisetso ba pelo ea motho.” Molaetsa oa Bibele o phunyeletsa ho ea tlase, o senola monahano le maikutlo a rona a sebele. Ba e balang ba e-na le boikutlo ba ho nyatsa-nyatsa, ba atisa ho khopeha ha ba sa fumane boitsebiso bo lekaneng ka Bibeleng bo arabang lipotso tseo ba nang le tsona. Batho bao ba ka ’na ba belaella le hore na Jehova o hlile o lerato, o bohlale le hore o na le toka.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha haeba tlaleho e itseng ea Bibele e hlahisa lipotso tseo re sitoang ho li fumanela likarabo hang-hang? (b) Ho hlokahala eng hore re utloisise Lentsoe la Molimo, hona see ke bopaki ba bohlale ba Jehova bo boholo joang?
18 Ka lehlakoreng le leng, ha re ithuta Bibele ka hloko ka lipelo tsohle, re bona kamoo Bibele ka kakaretso e hlalosang Jehova kateng. Kahoo, ha re tšoenyehe haeba tlaleho e itseng e hlahisa lipotso tse itseng tseo re sitoang ho li fumanela likarabo hang-hang. Ha re ithuta Bibele, hanyane ka hanyane re ithuta hore na Jehova ke Molimo oa mofuta ofe, ’me re qala ho ba le setšoantšo se hlakileng. Le haeba qalong re sitoa ho utloisisa tlaleho e itseng kapa ho bona hore na e kopana joang le botho ba Molimo, ho ithuta ha rona Bibele ho se ho ntse ho re rutile ka Jehova ka ho lekaneng ho re nolofalletsa ho bona hore ka sebele ke Molimo ea lerato, ea se nang khethollo le ea nang le toka.
19 Ka hona, e le hore re utloisise Lentsoe la Molimo, re tlameha ho le bala le ho ithuta lona ka pelo e tšepahalang le ka kelello e se nang leeme. Na boo ha se bopaki ba bohlale ba Jehova bo boholo? Batho ba bohlale ba khona ho ngola libuka tse ka utloisisoang ke batho “ba bohlale le ba nang le kelello” feela. Empa ho ba mongoli oa buka e ka utloisisoang ke ba susumetsoang ke lipelo tse lokileng feela ho hloka bohlale ba Molimo.—Matheu 11:25.
Buka e Nang le “Bohlale”
20. Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea ka re bolellang tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela, hona Bibele e na le eng e ka re thusang?
20 Jehova o re bolella tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela ka Lentsoeng la hae. Kaha ke ’Mopi oa rona, o tseba litlhoko tsa rona ho re feta. ’Me litlhoko tsa batho tsa motheo tse akarelletsang takatso ea ho ratoa, ho thaba le ho ba le likamano tse atlehileng ha lia fetoha. Bibele e na le letlotlo la “bohlale” bo ka re thusang ho phela bophelo bo nang le morero. (Liproverbia 2:7) Karolo ka ’ngoe bukeng ena e na le khaolo e bontšang kamoo re ka sebelisang keletso e bohlale ea Bibele kateng, empa a re hlahlobeng mohlala o le mong feela mona.
21-23. Ke keletso efe e bohlale e ka re thusang ho qoba ho se tšoarele le ho lula re koatile?
21 Na u kile oa hlokomela hore batho ba sa tšoareleng le ba lulang ba koatile ba atisa ho qetella ba intšitse kotsi? Motho ea jarang batho ka pelo o ikimetsa ka moroalo o boima oo a ke keng a khona ho o jara. Ha re sa tšoarele, re ikimetsa likelellong, ha re be le khotso le thabo. Liphuputso tsa saense li bontša hore ho lula re koatile ho ka eketsa monyetla oa hore re tšoaroe ke boloetse ba pelo le maloetse a mang a mangata a sa foleng. Nako e telele pele ho liphuputso tseo tsa saense, ka bohlale Bibele e ile ea re: “Khaotsa ho halefa, u tlohele bohale.” (Pesaleme ea 37:8) Empa re ka etsa seo joang?
22 Lentsoe la Molimo le fana ka keletso ena e bohlale: “Motho ea nang le temoho o lieha ho halefa ’me o tla hlomphuoa ka lebaka la ho iphapanyetsa phoso.” (Liproverbia 19:11) Temohisiso ke bokhoni ba ho bona se patehileng, ho bona se sa totobalang. Temohisiso e tlisa kutloisiso, kaha e ka re thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha motho e mong a ile a bua kapa a itšoara ka tsela e itseng. Ho leka ho utloisisa mabaka ao a hlileng a etsang lintho ka ’ona, maikutlo le maemo a hae ho ka ’na ha re thusa ho leleka monahano le maikutlo a mabe ka eena.
23 Bibele e fana ka keletso ena e eketsehileng: “Le tsoele pele ho mamellana le ho tšoarelana.” (Bakolose 3:13) Poleloana “le tsoele pele ho mamellana” e fana ka maikutlo a ho se felle ba bang pelo, ho mamella lintho tseo re ka ’nang ra fumana li khopisa. Ho ba le mamello e joalo ho ka re thusa ho qoba ho lula re koatetse batho ho sa hlokahale. “Ho tšoarelana” ho fetisa khopolo ea ho se jarane ka lipelo. Molimo oa rona ea bohlale oa tseba hore re lokela ho tšoarela ba bang ha ho e-na le motheo o utloahalang oa ho etsa joalo. Sena ha se feela molemong oa bona empa hape le molemong oa khotso ea rona kelellong le pelong. (Luka 17:3, 4) Ke bohlale bo bokaakang bo fumanoang Lentsoeng la Molimo!
24. Ho etsahala’ng ha re fetola bophelo ba rona tumellanong le bohlale ba Molimo?
24 A susumelitsoe ke lerato la hae le se nang meeli, Jehova o ile a batla ho buisana le rona. O ile a khetha tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang, e leng “lengolo” le ngotsoeng ke batho ba neng ba tataisoa ke moea o halalelang. Ka lebaka leo, bohlale ba Jehova bo fumanoa maqepheng a lona. Bohlale bona bo “tšepahala haholo.” (Pesaleme ea 93:5) Ha re ntse re fetola bophelo ba rona tumellanong le bona ’me re bo arolela ba bang, ha ho pelaelo hore re atamela ho Molimo oa rona ea nang le bohlale bohle. Khaolong e latelang, re tla tšohla mohlala o mong o ikhethang oa bohlale ba Jehova, e leng bokhoni ba hae ba ho bolela bokamoso esale pele le ba ho phethahatsa morero oa hae.
a Ka mohlala, Davida ea neng a lisa, o sebelisa mehlala e nkiloeng bophelong ba ho lisa. (Pesaleme ea 23) Matheu eo e neng e le ’mokelli oa lekhetho, o bolela lipalo le lichelete khafetsa. (Matheu 17:27; 26:15; 27:3) Luka eo e neng e le ngaka, o sebelisa mantsoe a bontšang tsebo ea hae ea phekolo ea meriana.—Luka 4:38; 14:2; 16:20.
b Chelete e le ’ngoe licheleteng tsena tsa tšepe e ne e le leptone, e leng chelete ea Bajuda e nyenyane ka ho fetisisa ea tšepe e neng e sebelisoa ka nako eo. Lileptone tse peli li ne li lekana le mokholo oa motho ea sebelitseng metsotso e 15. Lichelete tsena tse peli tsa tšepe li ne li bile li sa lekane le ho reka serobele se le seng, e leng nonyana e theko e tlase ka ho fetisisa e neng e jeoa ke bafutsana.