-
‘Ke Tla ba le Uena ha u Bua’Kemiso ea Liboka Tsa Bophelo le Tšebeletso—2020 | June
-
-
‘Ke Tla ba le Uena ha u Bua’
Jehova o ile a thusa Moshe hore a se ke a tšoha letho. Re ka ithuta’ng linthong tseo Jehova a ileng a li bolella Moshe?
Ha rea lokela hore re lule re nahana ka mefokolo ea rona
Re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa hore re phethe mesebetsi eo re e fuoang ka phuthehong
Haeba re na le tumelo ho Jehova, re ke ke ra tšaba batho
-
-
U ka Khona ho Ruta Batho Bibele!Kemiso ea Liboka Tsa Bophelo le Tšebeletso—2020 | June
-
-
U ka Khona ho Ruta Batho Bibele!
Jehova o ile a fa Moshe mosebetsi empa Moshe o ne a ikhalala. (Ex 4:10, 13) Na le uena u kile oa ikutloa joalo? Na u ntse u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova? Na u utloa eka u ke ke oa khona ho ea ka ntlo le ntlo u ruta batho Bibele? Kapa mohlomong u mocha oa Paki joale u tšaba ho bua le bana bao u kenang sekolo le bona ka Bibele. Kapa e ka ’na eaba u tšaba ho paka phatlalatsa kapa ka fono. Rapela Jehova hore a u fe moea o halalelang. (1Pe 4:11) Kholiseha hore o tla u thusa hore u phethe mosebetsi ofe kapa ofe oo a u fang oona.—Ex 4:11, 12.
-