Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 6-LA 12 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 6-7
“Joale u Tla bona Seo ke Tla se Etsa ho Faro”
(Exoda 6:1) “Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Joale u tla bona seo ke tla se etsa ho Faro, hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaee ’me ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ea hae.”
(Exoda 6:6, 7) “Ka baka lena, e-reng ho bana ba Iseraele: Ke ’na Jehova, ke tla le jarolla boima ba ba-Egepeta, ke le loele litlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka likahlolo tse kholo. 7 Ke tla inkela lona le be sechaba sa ka, ke be Molimo oa lona, ’me le tla tseba hobane ke ’na Jehova, Molimo oa lona, ea le jarollang boima ba ba-Egepeta.”
it-2-E 436 ¶3
Moshe
Banna ba Israele le bona ba ile ba fetoha. Qalong, ba ne amohela Moshe e le motho oa bohlokoa empa ka mor’a hore Faro a laele hore ba ekeletsoe mosebetsi o boima, ba ile ba qala ho korotlela Moshe hoo a ileng a nyahama a ba a kopa thuso ho Jehova. (Ex 4:29-31; 5:19-23) Molimo ea Phahameng ka ho fetisisa, o ile a matlafatsa Moshe ka hore a mo bolelle hore o tl’o phethahatsa tšepiso eo a ileng a e etsetsa Abrahama, Isaka le Jakobo. O ne a tla phethahatsa hantle seo lebitso la hae le se bolelang ka hore a lokolle Baisraele Egepeta le hore a ba etse sechaba se seholo naheng e tšepisitsoeng. (Ex 6:1-8) Le ka mor’a hore Moshe a bolelle Baiseraele seo Jehova a neng a tl’o ba etsetsa sona, ha baa ka ba mo mamela. Empa eitse ka mor’a kotlo ea borobong, ba ile ba tšehetsa Moshe, ba sebetsa hammoho e le hore ka mor’a moo a tle a ba hlophise e le hore ba tsoe Egepeta joalokaha eka ke “ka tlhophiso ea ntoa.”—Ex 13:18.
(Exoda 7:4, 5) Faro a ke ke a le mamela; ’me ke tla lokela ho isa Egepeta letsoho ke ntše mabotho a ka, sechaba sa ka, bara ba Iseraele, naheng ea Egepeta ka likahlolo tse kholo. 5 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke otlolla letsoho la ka khahlanong le Egepeta, ’me ruri ke tla ntša bara ba Iseraele har’a bona.”
it-2-E 436 ¶1-2
Moshe
Ba hlaha ka pel’a Faro oa Egepeta. Moshe le Arone e ne e le bona ba li hulang nthao tabeng ho buella hore Jehova ke eena Molimo ea matla. Faro o ile a laela baprista ba hae ba sebelisang boselamose bao mabitso a bona e ka ’nang eaba e ne e le Janese le Jambrese (2Ti 3:8), hore ba bokelle melimo eohle ea Egepeta e le hore e ka ba matla ho feta Jehova. Mohlolo oo Arone a ileng a o etsa ka pel’a Faro ka taelo ea Moshe o ile oa paka hore Jehova ke eena Molimo ea phahameng haholo ho feta melimo eohle ea Egepeta. Empa ho ntse ho le joalo, Faro o ile a thatafatsa pelo ea hae. (Ex 7:8-13) Hamorao ha kotlo ea boraro e etsahala, baprista ba Faro ba sebelisang boselamose ba ile ba lumela hore ke “monoana oa Molimo!” Ba ile ba otloa ka mathopa hoo ba sa kang ba khona le ho hlaha ka pel’a Faro bakeng sa hore ba tl’o hanyetsa Moshe.—Ex 8:16-19; 9:10-12.
Likotlo li ile tsa thatafatsa lipelo tsa batho ba bang empa tsa nolofatsa tsa ba bang. Moshe le Arone e ne e le bona ba phatlalatsang Likotlo Tse Leshome. Likotlo li ile tsa phethahala feela joalokaha Moshe a ne a boletse ’me e ile ea ba bopaki ba hore ke moemeli oa Jehova. Ho ile ha qaloa ho buuoa ka lebitso la Jehova naheng eohle ea Egepeta. Ka lebaka lena, lipelo tsa ba bang li ile tsa nolofala ha tsa ba bang tsona li ile tsa thatafala. Lipelo tsa Baiseraele le Baegepeta ba bang li ile tsa nolofala athe lipelo tsa Faro, baeletsi ba hae le batšehetsi ba hae li ile tsa thatafala. (Ex 9:16; 11:10; 12:29-39) Baegepeta ha baa ka ba qala ho tšoha hore ba sitetsoe melimo, empa ba ile ba tseba hore Jehova ke eena ea ahlolang melimo eo. Ka mor’a hore likotlo tse robong li etsahale Egepeta, Moshe le eena “o ne a boetse a le moholo haholo naheng ea Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro le mahlong a sechaba.”—Ex 11:3.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 6:3) “Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Molimo ea Matla ’Ohle, empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova.”
it-1-E 78 ¶3-4
Ea Matla ’Ohle
Jehova o ile a sebelisa tlotla “Ea Matla ’Ohle” (ʼEl Shad·daiʹ) ha a ne a etsetsa Abrahama tšepiso ea hore o tla tsoala Isaka. Tšepiso eo e ne e hloka hore Abrahama a be le tumelo ea hore e tla phethahala. Tlotla ena e ile ea sebelisoa ha ho buuoa ka hore Jehova ke eena ea tla hlohonolofatsa Isaka le Jakobo hore e be bona majalefa a selekane sa Molimo.—Gen 17:1; 28:3; 35:11; 48:3.
Ka lebaka lena, hamorao Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Molimo ea Matla ’Ohle [beʼElʹ Shad·daiʹ], empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova.” (Ex 6:3) Taba ena ha e bolele hore bapatriareka bana ba ne ba sa tsebe lebitso lena Jehova kaha ba ile ba le sebelisa ka makhetlo a mangata hammoho le bapatriareka ba bang ba tlileng pele ho bona. (Gen 4:1, 26; 14:22; 27:27; 28:16) Ha e le hantle, buka ea Genese e buang ka pale ea bophelo ba bapatriareka bana, poleloana “Ea Matla ’Ohle” e hlaha ka makhetlo a tšeletseng, athe lebitso Jehova, le hlaha ka makhetlo a 172 mangolong a Seheberu a qalong. Le hoja lintho tse ileng tsa etsahalla bapatriareka bana bophelong li ile tsa ba thusa ho bona hore Molimo o tšoaneloa ke tlotla ea “Ea Matla ’Ohle,” ba ne be e-so tsebe hore na lebitso Jehova ha e le hantle le bolela’ng. Tabeng ena, The Illustrated Bible Dictionary (Vol. 1, p. 572) e re: “Litšepiso tseo Molimo a ileng a li etsetsa bapatriareka bana, li ile tsa ba kholisa hore Yahweh (Jehova) ke Molimo (ʼel) ea ka khonang ho li phethahatsa. Ntho eo Jehova a ileng a e etsa ka sehlahla se tukang empa se sa che e ne e le e hlollang le e makatsang. E ile ea bontša hore Molimo o matla ’ohle ebile o tla tsoela pele ho lula a ba hlokometse. Hape e ile ea ba thusa hore ba utloisise haholoanyane moelelo oa lebitso lena Yahweh.”—E ngotsoe ke J. D. Douglas, 1980.
(Exoda 7:1) “Ka lebaka leo Jehova a re ho Moshe: “Bona, ke u entse Molimo ho Faro, ’me moholoane oa hao Arone e tla ba moprofeta oa hao.”
it-2-E 435 ¶5
Moshe
Jehova o ile a sebelisa Moshe le hoja a ne a le lihlong. Moshe o ile a bontša hore o lihlong ha a re o lepepele. O ne a se a fetohile haholo, a sa tšoane le lilemong tse mashome a mane tse fetileng, ha a ne a batla ho lopolla Baiseraele ka ho rata ha hae. O ile a phehisana le Jehova, hoo qetellong a ileng a re ho Jehova, a ke ke a khona ho phetha seo a mo laelang sona. Le hoja Jehova a ile a halefisoa ke taba ena, haa ka a tlohela Moshe, ho e-na le hoo, o ile a sebelisa Arone moena oa hae hore a mo thuse. Moshe o ne a tšoana le Molimo ho Arone hobane e ne e le moemeli oa Molimo. Arone eena e ne e le ’muelli oa Moshe. Banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba kopana le Faro ’me kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a fa Moshe litaelo Moshe eena a li fetisetsa ho Arone e leng eena ea ileng a bua le Faro. (Faro enoa ke mohlahlami oa Faro ea neng a busa ha Moshe a tla baleha lilemo tse 40 pejana). (Ex 2:23; 4:10-17) Hamorao, Jehova o ile a bua ka Arone e le “moprofeta” oa Moshe. Taba ena e bolela hore joalokaha Moshe e ne e le moprofeta oa Molimo ea fumanang litaelo ho eena, le Arone o ne a lokela ho fumana litaelo ho Moshe. Hape, Moshe o ile a bolelloa hore o tla etsoa hore a be joaloka Molimo ho Faro. Taba ena e bolela hore o ne a tla fuoa matla le bolaoli bo phahametseng hole ba Faro. Ka hona, ho ne ho se ho sa hlokahale hore Moshe a tšohe morena enoa oa Egepeta.—Ex 7:1, 2.
’Malo oa Bibele
(Exoda 6:1-15) Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Joale u tla bona seo ke tla se etsa ho Faro, hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaee ’me ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ea hae.” 2 Molimo a tsoela pele ho bua le Moshe a re ho eena: “Ke ’na Jehova. 3 Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Molimo ea Matla ’Ohle, empa ke ne ke sa itsebahatse ho bona ka lebitso la ka la Jehova. 4 Hape ke ile ka tiisa selekane sa ka le bona hore ke ba fe naha ea Kanana, naha ea bojaki ba bona eo ba ileng ba lula ho eona e le bajaki. 5 Ke utloile ho bobola ha bara ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makhoba, ’me ke hopola selekane sa ka. 6 “Ka hona e-re ho bara ba Iseraele, ‘Ke ’na Jehova, ka sebele ke tla le ntša tlas’a meroalo ea Baegepeta ke le lopolle bokhobeng ba bona, ’me ruri ke tla le pholosa ka letsoho le otlolohileng le ka likahlolo tse kholo. 7 Ka sebele ke tla le nkela ho ’na joaloka sechaba, ’me ruri ke tla ba Molimo ho lona; ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona ea le ntšang tlas’a meroalo ea Egepeta. 8 Ka sebele ke tla le tlisa naheng eo ke phahamisitseng letsoho la ka ka kano hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo; ’me ruri ke tla le fa eona e le ntho eo le tla e rua. Ke ’na Jehova.’ ” 9 Ka mor’a moo Moshe a bolella bara ba Iseraele sena, empa ha baa ka ba mamela Moshe ka lebaka la ho nyahama le bokhoba bo boima. 10 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 11 “Kena, u bue le Faro, morena oa Egepeta, hore a tlohele bara ba Iseraele hore ba tsamaee ba tlohe naheng ea hae.” 12 Leha ho le joalo, Moshe a bua ka pel’a Jehova, a re: “Bona! Bara ba Iseraele ha baa ’mamela; ’me Faro o tla ’mamela joang, kaha molomo oa ka ha oa bolla?” 13 Empa Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe le Arone ’me a ntša taelo ka bona e eang ho bara ba Iseraele le ho Faro, morena oa Egepeta, e le hore a ntše bara ba Iseraele naheng ea Egepeta. 14 Tsena ke lihlooho tsa matlo a bo-ntat’a bona: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, e ne e le Hanoke le Palu, Hezrone le Karmi. Ana ke malapa a Rubene. 15 Bara ba Simeone e ne e le Jemuele le Jamine le Ohade le Jakine le Zohare le Shaule mora oa mosali oa Mokanana. Ana ke malapa a Simeone.
LA 13-LA 19 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 8-9
“Faro ea Ikhohomosang o Phetha Thato ea Molimo Le hoja a sa Hlokomele”
(Exoda 8:15) Ha Faro a bona hore phomolo e teng, a etsa hore pelo ea hae e se ke ea arabela; ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
it-2-E 1040-1041
Manganga
Haesale Jehova a ntse a lumeletse batho hore ba ’ne ba phele le hoja ba lokeloa ke lefu. (Gen 15:16; 2Pe 3:9) Batho ba bang ba ile ba bontša hore ba ananela tokisetso ena e mosa ea Jehova (Jos 2:8-14; 6:22, 23; 9:3-15), ha ba bang ba ile ba ba lihlooho li thata hoo ba sa kang ba mamela Jehova hape ba ba khahlanong le batho ba hae. (De 2:30-33; Jos 11:19, 20) Kaha Jehova haa thibele batho hore ba be manganga, ka Bibeleng ho thoe o ba ‘tlohella hore ba be manganga’ kapa o etsa hore lipelo tsa bona li be thata. Jehova o tla bontša hore na o matla hakae mohla a ahlolang batho ba manganga ebile lebitso la hae le tla phahamisoa ka nako eo.—Bapisa le Ex 4:21; Joh 12:40; Bar 9:14-18.
(Exoda 8:18, 19) Baprista ba sebelisang boselamose ba leka ho etsa se tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri, e le hore ba hlahise menoang, empa ha baa ka ba khona. Menoang ea e-ba holim’a motho le phoofolo. 19 Kahoo baprista ba sebelisang boselamose ba re ho Faro: “Ke monoana oa Molimo!” Empa pelo ea Faro ea tsoela pele ho ba manganga, ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
(Exoda 9:15-17) Etsoe ka nako ena nka be ke otlile uena le batho ba hao ka lefu la seoa ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. 16 Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle. 17 Na u sa ntse u ikhohomosetsa sechaba sa ka ka hore u se ke ua se tlohela hore se tsamaee?
it-2-E 1181 ¶3-5
Bokhopo
Jehova Molimo a ka sebelisa batho ba khopo hore ba phethe morero oa hae, le hoja bona ba sa elelloe. Le hoja batho bana ba khopo ba hanyetsa Molimo, a ka ba thibela haeba ho hlokahala molemong oa hore a thuse bahlanka ba hae hore ba lule ba tšepahala. Hape Jehova a ka etsa hore liketso tsa batho ba khopo li pake hore ke eena ea lokileng. (Bar 3:3-5, 23-26; 8:35-39; Pes 76:10) Ho buuoa ka taba ena ho Liproverbia 16:4: “Jehova o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa morero oa hae, e, esita le ea khopo bakeng sa letsatsi le lebe.”
Mohlala oa taba ena ke Faro, eo Jehova a ileng a sebelisa Moshe le Arone ho mo bolelle hore a lokolle Baiseraele bao e neng e le makhoba Egepeta. Molimo ha se eena ea entseng hore Faro a be khopo, empa o ile a mo tlohella a ntse a phela, a etsa hore Faro a etsahalloe ke lintho tse ileng tsa mo bontša hore o khopo le hore o tšoaneloa ke lefu. Lebaka la Jehova la ho etsa joalo le hlaha ho Exoda 9:16: “Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena, ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”
Jehova o ile a bonahatsa matla a hae ka ho tlisa likotlo tse leshome Egepeta, ’me li ile tsa fihla sehlohlolong ka hore Faro le lebotho la hae la sesole ba shoelle leoatleng le lefubelu. (Ex 7:14–12:30; Pes 78:43-51; 136:15) Lebitso la Molimo le ile la tsebahala lefatšeng lohle hobane lilemo tse ngata ka mor’a hore likotlo tseo li etsahale, batho ba ne ba ntse ba bua ka tsona. (Jos 2:10, 11; 1Sa 4:8) Hoja Jehova Molimo o ile a bolaea Faro hang-hang, batho ba ka be ba sa tseba hore na Jehova o matla hakae. Hape ho ka be ho sa ka ha e-ba bonolo hore batho ba hae ba lokolloe.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 8:21) Empa haeba u sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaee, bona! ke romela liboba ho uena le ho bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao le ka matlung a lona; ’me matlo a Egepeta a tla tlala liboba, le oona mobu oo a leng ho oona.
it-1-E 878
Liboba
Kotlo ea bone e ileng ea tlela Baegepeta ke ea liboba, e leng eona kotlo ea pele e sa kang ea ama Baiseraele ba neng ba lula Koshene. Ha ho tsebahale hantle hore na lebitso la Seheberu le neng le hlaha ka mangolong le ne le supa kokonyana efe ka ho khetheha e ileng ea sebelisoa ho tlisa kotlo ea bone. (Ex 8:21, 22, 24, 29, 31; Ps 78:45; 105:31) Libibele tse sa tšoaneng li sebelisitse mantsoe a fapaneng bakeng sa lentsoe ʽA·rovʹ. Tse ling li sebelisitse “liboba” (JB, NW, Ro), “khola-bolokoe” (Yg), “tšintši” (AS, KJ, RS), “menoang” (AT), le “letsetse” (LXX).
Lentsoe la Senyesemane le sebelisitsoeng mona bakeng sa liboba, le bolela mefuta e mengata ea tsona. Liboba tse tšehali, li tabola letlalo la phoofolo kapa la motho ebe le nyanya mali. Ha liboba e ntse e le popane, li phela e le likokoana-hloko ka har’a ’mele ea liphoofolo kapa ea batho. Popane e phelang ’meleng oa motho, e fumanoa libakeng tse chesang haholo. Hoa utloahala hore kotlo ena ea liboba, e ile ea bakela Baegepeta le liphoofolo tsa bona bohloko bo boholo, mohlomong maemong a mang ba shoa.
(Exoda 8:25-27) Qetellong Faro a bitsa Moshe le Arone ’me a re: “Tsamaeang, le e’o etsetsa Molimo oa lona sehlabelo naheng ena.” 26 Empa Moshe a re: “Ha ho lumellehe ho etsa joalo, hobane re tla etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo ka ntho e manyala ho Baegepeta. A re re re ne re ka etsa sehlabelo ka ntho e manyala ka pel’a mahlo a Baegepeta; na ba ne ba ke ke ba re tlepetsa ka majoe? 27 Re tla tsamaea leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng ’me ka sebele re tla etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo feela joalokaha a re boleletse.”
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Exoda
8:26, 27—Ke hobane’ng ha Moshe a ile a re mahlabelo a Baiseraele a ne a tla ba “manyala ho Baegepeta”? Liphoofolo tse ngata tse fapa-fapaneng li ne li rapeloa Egepeta. Kahoo, hore ebe o ile a bua ka mahlabelo, ho ile ha etsa hore ntlha eo Moshe a neng a e hatella ea hore Baiseraele ba lokolloe hore ba il’o etsetsa Jehova sehlabelo e be matla e be e susumetse haholoanyane.
’Malo oa Bibele
(Exoda 8:1-19) Joale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, ’me u re ho eena, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se tle se ntšebeletse. 2 Haeba u ntse u hana ho se tlohela hore se tsamaee, bona! ke otla naha eohle ea hao ka lihoho. 3 Noka ea Nile e tla nyeunya lihoho, ka sebele li tla nyoloha ’me li kene ka tlung ea hao le kamoreng ea hao ea ho robala e ka hare le holim’a setulo sa hao se kang bethe le ka matlung a bahlanka ba hao le ho sechaba sa hao le ka liontong tsa hao le ka likotlolong tsa hao tseo ho lubeloang ho tsona.8 4 Lihoho li tla nyolohela ho uena le ho sechaba sa hao le ho bahlanka bohle ba hao.” ’ ” 5 Hamorao Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Otlolla letsoho leo u tšoereng molamu oa hao ka lona holim’a linoka, melatsoana ea Nile le matamo a nang le lehlaka ’me u etse hore lihoho li nyolohele naheng ea Egepeta.’ ” 6 Eaba Arone o otlolla letsoho holim’a metsi a Egepeta, ’me lihoho tsa qala ho nyoloha le ho koahela naha ea Egepeta. 7 Leha ho le joalo, baprista ba sebelisang boselamose ba etsa ntho e tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri ’me ba etsa hore lihoho li nyolohele naheng ea Egepeta. 8 Ka mor’a nako Faro a bitsa Moshe le Arone ’me a re: “Kopang Jehova ka tieo hore a tlose lihoho ho ’na le ho sechaba sa ka, kaha ke batla ho tlohela sechaba hore se tsamaee e le hore se etsetse Jehova sehlabelo.” 9 Joale Moshe a re ho Faro: “Khanya e ho ’na e ke e be ho uena ’me u bolele hore na ke etse kopo e tiileng neng bakeng sa hao le bahlanka ba hao le sechaba sa hao e le hore ho tlosoe lihoho ho lona le ka matlung a lona. Li tla siuoa feela Nokeng ea Nile.” 10 Eaba o re: “Hosasane.” Kahoo a re: “Ho tla etsoa ho ea ka lentsoe la hao, e le hore u ka tseba hore ha ho ea tšoanang le Jehova Molimo oa rona, 11 kaha ka sebele lihoho li tla tloha ho uena le ka matlung a hao le ho bahlanka ba hao le ho batho ba hao. Li tla siuoa feela Nokeng ea Nile.” 12 Ka lebaka leo Moshe le Arone ba tsoa ho Faro, ’me Moshe a hoeletsa ho Jehova ka lebaka la lihoho tseo A neng a li tliselitse Faro. 13 Joale Jehova a etsa tumellanong le lentsoe la Moshe, ’me lihoho tsa qala ho shoa ka matlung, mabaleng le naheng. 14 Eaba ba qala ho li bokella, e le liqubu-qubu, ’me naha ea qala ho nkha hampe. 15 Ha Faro a bona hore phomolo e teng, a etsa hore pelo ea hae e se ke ea arabela; ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile. 16 Joale Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Arone, ‘Otlolla molamu oa hao u otle lerole la lefatše, ’me le tla fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.’ ” 17 Eaba ba etsa sena. Kahoo Arone a otlolla letsoho leo a tšoereng molamu oa hae ka lona eaba o otla lerole la lefatše, ’me menoang ea e-ba holim’a motho le phoofolo. Lerole lohle la lefatše la fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta. 18 Baprista ba sebelisang boselamose ba leka ho etsa se tšoanang ka tsebo ea bona ea sephiri, e le hore ba hlahise menoang, empa ha baa ka ba khona. Menoang ea e-ba holim’a motho le phoofolo. 19 Kahoo baprista ba sebelisang boselamose ba re ho Faro: “Ke monoana oa Molimo!” Empa pelo ea Faro ea tsoela pele ho ba manganga, ’me ha aa ka a ba mamela, feela joalokaha Jehova a ne a buile.
LA 20-LA 26 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 10-11
“Moshe le Arone ba Ile ba Bontša Sebete se Tsotehang”
(Exoda 10:3-6) Kahoo Moshe le Arone ba kena ho Faro ’me ba re ho eena: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng, ‘U tla hana ho ipeha tlas’a ka halelele hakae? Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse. 4 Etsoe haeba u tsoela pele ho hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaee, bona! ke tlisa litsie meeling ea hao hosasane. 5 Ka sebele li tla koahela bokaholimo bo bonahalang ba lefatše ’me lefatše le ke ke la bonahala; li tla ja sohle se phonyohileng, seo le se sietsoeng ke sefako, ’me ka sebele li tla ja sefate se seng le se seng sa lona se melang naheng. 6 Matlo a hao le matlo a bahlanka bohle ba hao le matlo a Baegepeta bohle a tla tlatsoa ho isa tekanyong eo bo-ntat’ao le bo-ntat’a bo-ntat’ao ba e-s’o ka ba e bona ho tloha letsatsing leo ka lona ba phetseng lefatšeng ho fihlela letsatsing lena.’ ” Eaba oa reteleha ’me o tloha ho Faro.
Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
6 Hape, nahana ka sebete seo Moshe a ileng a se bontša ha a ne a bua le Faro, ’musi ea neng a nkoa ese moemeli feela oa melimo, empa e le molimo ka boeena, mora oa molimo oa letsatsi, Ra. Ho ka etsahala ebe joaloka bo-Faro ba bang, o ne a rapela setšoantšo sa hae. Ha Faro a ne a buile, lentsoe la hae le ne le haheloa lesaka. Kaha Faro o ne a le matla, a ikhohomosa, a bile a le manganga, o ne a sa tloaela hore batho ba bang ba mo bolelle hore na a etse’ng. Moshe e leng molisa ea bonolo, o ne a lokela ho hlaha khafetsa ka pel’a eena monna enoa—a sa bitsoa ebile boteng ba hae bo sa thabeloe. Moshe o ile a bolela ka eng esale pele? Ka likotlo tse tšabehang. Hona o ile a batla hore ho etsoe joang? O ile a batla hore makhoba a Faro a limilione a lokolloe hore a tsoe naheng eo! Na ho ne ho hlokahala hore Moshe a be sebete? Hantle haholo!—Num. 12:3; Baheb. 11:27.
(Exoda 10:24-26) Ka mor’a moo Faro a bitsa Moshe ’me a re: “Tsamaeang, le e’o sebeletsa Jehova. Ke linku tsa lona le likhomo tsa lona feela tse tla thibeloa ho tsamaea. Le ka tsamaea le bana ba lona ba banyenyane.” 25 Empa Moshe a re: “U tla re fa matsohong mahlabelo le linyehelo tsa secheso, kaha re tla fana ka tsona ho Jehova Molimo oa rona. 26 Le liphoofolo tsa rona tse ruiloeng li tla tsamaea le rona. Ha ho khola e tla lumelloa ho sala, hobane re tla nka tse ling ho tsona hore re rapele Jehova Molimo oa rona, ’me ha re tsebe seo re tla fana ka sona borapeling ho Jehova ho fihlela re fihla moo.”
(Exoda 10:28) Kahoo Faro a re ho eena: “Tloha ho ’na! U itebele! U se ke ua leka ho bona sefahleho sa ka hape, hobane letsatsing leo u tla bona sefahleho sa ka ka lona u tla shoa.”
(Exoda 11:4-8) Moshe a tsoela pele ho re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Hoo e ka bang har’a mp’a bosiu ke tla tsoela bohareng ba Egepeta, 5 ’me letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta le tla shoa, ho tloha ho letsibolo la Faro ea lutseng teroneng ea hae ho isa ho letsibolo la lekhabunyane le leloaleng la letsoho le letsibolo le leng le le leng la phoofolo. 6 Ka sebele ho tla hlaha mohoo o moholo naheng eohle ea Egepeta, oo o kang oona ho seng mohla o kileng oa e-ba teng, le oo o kang oona ho seng mohla o tla ba teng hape. 7 Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo; e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’ 8 Ka sebele bahlanka bana bohle ba hao ba tla theohela ho ’na ’me ba itihele fatše ka lifahleho ho ’na, ba re, ‘Tsamaea, uena le sechaba sohle se latelang mehato ea hao.’ ’Me ka mor’a moo ke tla tsoa.” Eaba o tloha ho Faro a tuka ke bohale.
it-2-E 436 ¶4
Moshe
Ba ne ba hloka sebete le tumelo hore ba bue le Faro. E le hore Moshe le Arone ba etse ntho eo Jehova a neng a ba laetse eona, ba ne ba hloka moea oa hae o halalelang hore o ba fe matla. Ak’u leke ho iketsetsa setšoantšo sa hore na lekhotla la Faro, morena ea neng a phahame ka ho fetisisa nakong eo, le ne le le letle hakaakang! Ka hare ho ne ho na le moikhohomosi ea bitsoang Faro eo a neng a nkoa e le molimo ka nako eo. O ne a pota-potiloe ke baeletsi ba hae, balaoli ba sesole, balebeli le basebetsi ba hae. Ntle le batho bana, ho ne ho boetse ho na le baeta-pele ba bolumeli, ho na le baprista ba sebelisang boselamose e leng bona ba neng ba li hula pele tabeng ea ho hanyetsa Moshe. Ntle le Faro, banna bana e ne e le bona ba neng ba le matla ka ho fetisisa pusong eo. Batho bana kaofela ba ne ba sebetsa le Faro ho tšehetsa melimo ea Egepeta. Moshe le Arone ba ile ba hlaha ka pel’a Faro ka makhetlo a mangata. Empa makhetlong ao kaofela, Faro o ile a ’na a thatafatsa pelo ea hae hobane feela a batla ho tsoela pele a hatella Baheberu. Ha e le hantle, ka mor’a kotlo ea borobeli, Moshe le Arone ba ile ba tlosoa ka pel’a Faro eaba ka mor’a ea borobong ba laeloa hore ba se ke ba hlaha ka pel’a hae hobane o ne a utloisitsoe bohloko ke lefu.—Ex 10:11, 28.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 10:1, 2) Joale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, hobane ’na—ke tlohetse pelo ea hae le lipelo tsa bahlanka ba hae hore li se ke tsa arabela, e le hore nka beha lipontšo tsena tsa ka pel’a hae, 2 le hore u ka bolela moo mora oa hao le mora oa mora oa hao a ntseng a utloa kamoo ke sebetsaneng ka thata kateng le Baegepeta le lipontšo tsa ka tseo ke li tiisitseng har’a bona; ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova.”
Lipaki Khahlanong le Melimo ea Bohata
11 Ha Baiseraele ba ntse ba le Egepeta, Jehova o ile a romela Moshe ho Faro ’me a re: “E-ea ho Faro hobane ke thatafalitse pelo ea hae le lipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse lipontšo tsena tsa ka pel’a hae; le hore u tle u phetele mor’a hao le setloholo sa hao taba tsee ke li entseng ho ba-Egepeta, le lipontšo tsa ka tsee ke li entseng har’a bona, ’me le tle le tsebe hobane ke ’na Jehova.” (Exoda 10:1, 2) Baiseraele ba mamelang ba ne ba tla bolella bana ba bona ka liketso tsa Jehova tse matla. Bana ba bona, le bona, ba ne ba tla li bolella bana ba bona, ka hona sena se ne se tla etsoa ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong. Kahoo, liketso tsa Jehova tse matla li ne li tla hopoloa. Ka ho tšoanang, kajeno batsoali ba na le boikarabelo ba ho pakela bana ba bona.—Deuteronoma 6:4-7; Liproverbia 22:6.
(Exoda 11:7) Empa ha ho ntja e tla bohola bara ba Iseraele, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo; e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le bara ba Iseraele.’
it-1-E 783 ¶5
Ho falla ha Baiseraele
Jehova o ile a tlotlisa lebitso la hae a ba bontša matla a hae ka tsela e tsotehang ha a ne a lopolla Baiseraele. Ba ile ba fihla ba sireletsehile ka bochabela ho Leoatle le Lefubelu. Ka mor’a moo, Moshe le banna ba bang ba ile ba tsanyaola pina, eaba Miriame eo e neng e le moprofeta le basali ba bang ba tantša ba tšoere meropa ea bona e menyenyane ba arabela pina eo. (Ex 15:1, 20, 21) Baiseraele ba ile ba arohana ka ho feletseng le lira tsa bona. Ha ba ne ba tsoa Egepeta, ho ne ho se na motho kapa phoofolo e hlaha e neng e tla ba utloisa bohloko. Ebile ho ne ho ke ke ha ba le ntja e tla ba loma kapa ho ba bohola. (Ex 11:7) Le hoja batho ba neng ba ngola ka ho falla ha Baiseraele ba sa hlalosa hore Faro le lebotho la hae ba ile ba kena ka leoatleng ka ho toba eaba baa felisoa, Pesaleme ea 136:15 e bontša hore Jehova o ile a “lihela Faro le lebotho la hae la sesole ka Leoatleng le Lefubelu.”
’Malo oa Bibele
(Exoda 10:1-15) Joale Jehova a re ho Moshe: “Kena ho Faro, hobane ’na—ke tlohetse pelo ea hae le lipelo tsa bahlanka ba hae hore li se ke tsa arabela, e le hore nka beha lipontšo tsena tsa ka pel’a hae, 2 le hore u ka bolela moo mora oa hao le mora oa mora oa hao a ntseng a utloa kamoo ke sebetsaneng ka thata kateng le Baegepeta le lipontšo tsa ka tseo ke li tiisitseng har’a bona; ’me ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova.” 3 Kahoo Moshe le Arone ba kena ho Faro ’me ba re ho eena: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Baheberu a se boletseng, ‘U tla hana ho ipeha tlas’a ka halelele hakae? Tlohela batho ba ka hore ba tsamaee e le hore ba tle ba ntšebeletse. 4 Etsoe haeba u tsoela pele ho hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaee, bona! ke tlisa litsie meeling ea hao hosasane. 5 Ka sebele li tla koahela bokaholimo bo bonahalang ba lefatše ’me lefatše le ke ke la bonahala; li tla ja sohle se phonyohileng, seo le se sietsoeng ke sefako, ’me ka sebele li tla ja sefate se seng le se seng sa lona se melang naheng. 6 Matlo a hao le matlo a bahlanka bohle ba hao le matlo a Baegepeta bohle a tla tlatsoa ho isa tekanyong eo bo-ntat’ao le bo-ntat’a bo-ntat’ao ba e-s’o ka ba e bona ho tloha letsatsing leo ka lona ba phetseng lefatšeng ho fihlela letsatsing lena.’ ” Eaba oa reteleha ’me o tloha ho Faro. 7 Ka mor’a moo bahlanka ba Faro ba re ho eena: “Monna enoa e tla ba leraba ho rona halelele hakae? Tlohela sechaba sena hore se tsamaee hore se tle se sebeletse Jehova Molimo oa sona. Na ha u e-s’o tsebe hore Egepeta e senyehile?” 8 Kahoo Moshe le Arone ba khutlisetsoa ho Faro, ’me a re ho bona: “Tsamaeang, le e’o sebeletsa Jehova Molimo oa lona. Ke bo-mang ka ho khetheha ba tsamaeang?” 9 Joale Moshe a re: “Re tla tsamaea le bacha ba rona le maqheku a rona. Re tla tsamaea le bara ba rona le barali ba rona, le linku tsa rona le likhomo tsa rona, etsoe re na le mokete oo re lokelang ho o etsetsa Jehova.” 10 Eaba o re ho bona: “Ho ke ho be joalo, hore Jehova o na le lona ha ke le tlohela hore le tsamaee le bana ba lona ba banyenyane! Bonang, ho fapana le hoo, sepheo sa lona se sebe. 11 Eseng joalo! Ka kopo, tsamaeang lona banna ba shahlileng, ’me le sebeletse Jehova, hobane ke seo le batlang ho se fumana.” Eaba ba lelekoa ka pel’a Faro. 12 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho holim’a naha ea Egepeta bakeng sa litsie, hore li nyolohele naheng ea Egepeta ’me li je limela tsohle tsa naha, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e siiloeng ke sefako.” 13 Hang-hang Moshe a otlolla molamu oa hae holim’a naha ea Egepeta, eaba Jehova o etsa hore moea oa bochabela o fokele naheng eo motšehare oo oohle le bosiu bohle. Ea e-ba hoseng ’me moea oa bochabela oa tlisa litsie. 14 Litsie tsa qala ho nyolohela naheng eohle ea Egepeta le ho lula holim’a sebaka sohle sa Egepeta. E ne e le moroalo o boima haholo. Pele ho tsona ha ho mohla ho kileng ha e-ba le litsie tse kang tsona ka tsela ena, ’me le ka mohla ho ke ke ha etsahala hore li be teng ka tsela ena ka mor’a tsona. 15 Tsa qala ho koahela bokaholimo bo bonahalang ba naha eohle, ’me naha ea fifala; tsa tsoela pele ho ja limela tsohle tsa naha le lifate tsohle tsa litholoana tseo sefako se li siileng; ’me ha hoa ka ha sala letho le letala lifateng kapa limeleng tsa naha naheng eohle ea Egepeta.
LA 27 JULY–LA 2 AUGUST
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 12
“Paseka e Bolela’ng ho Bakreste?”
(Exoda 12:5-7) Nku e lokela ho ba e phetseng hantle, e tona, e nang le selemo, bakeng sa lona. Le ka ’na la khetha lipheleung tse nyenyane kapa lipoling. 6 E tla tsoela pele tlas’a tšireletso ea lona ho fihlela ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ena, ’me phutheho eohle ea seboka sa Iseraele e tla e hlaba pakeng tsa lishoalane tse peli. 7 Ba nke mali a mang ’me ba a qaphaletse likoseneng tse peli tsa monyako le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba tla e jela ho ’ona.
“U Thabe Feela”
4 Jesu o ile a shoa ka la 14 Nisane, 33 C.E. La 14 Nisane e ne e le letsatsi la thabo la mokete oa Paseka, Iseraele. Selemo le selemo ka letsatsi leo, malapa a ne a ja hammoho lijo tse neng li akarelletsa konyana e se nang sekoli. Ka ho etsa joalo, a ne a hopola karolo eo mali a konyana a ileng a e phetha ha ho lopolloa matsibolo a Baiseraele nakong eo lengeloi le bolaeang le neng le bolaea matsibolo a Baegepeta ka la 14 Nisane, 1513 B.C.E. (Exoda 12:1-14) Konyana ea Paseka e ne e tšoantšetsa Jesu, eo moapostola Pauluse a ileng a re ka eena: “Kreste paseka ea rona o entsoe sehlabelo.” (1 Bakorinthe 5:7) Joaloka mali a konyana ea Paseka, mali a tšolotsoeng a Jesu a lopolla batho ba bangata.—Johanne 3:16, 36.
(Exoda 12:12, 13) Ke tla feta naheng ea Egepeta bosiung bona ’me ke bolaee letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo; ke tla phethisa likahlolo ho melimo eohle ea Egepeta. Ke ’na Jehova. 13 Mali e tla ba pontšo ea lona ka matlung ao le leng ho ’ona; ke tla bona mali ’me ke le fete, ’me le ke ke la oeloa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ea Egepeta.
it-2-E 583 ¶6
Paseka
Lintho tse ling tse neng li etsoa ka paseka, li ile tsa etsahala le ho Jesu. E ’ngoe e ileng ea phethahala ke ea hore mali a neng a le likoseneng tsa menyako ea Baiseraele, a ile a sireletsa matsibolo a bona hore a se ke a timetsoa ha lengeloi le ne le felisa matsibolo a Baegepeta. Pauluse o ile a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng joalokaha eka ke phutheho ea matsibolo (Heb 12:23), ’me Jesu Kreste e le eena ea ba lopolotseng ka mali a hae. (1Th 1:10; Ef 1:7) Masapo a konyana ea Paseka a ne a sa lokela ho rojoa. Ho ile ha hla ha profetoa hore masapo a Jesu le oona a ke ke a rojoa ’me boprofeta boo bo ile ba phethahala ka lefu la hae. (Pes 34:20; Joh 19:36) Paseka eo Bajuda ba ileng ba qeta lilemo tse ngata ba ntse ba e keteka, e ne e le e ’ngoe ea lintho tseo molao o neng o re li etsoe, tse emelang lintho tseo e leng hona li tlang. Lintho tseo li ile tsa phethahala ka Jesu “Konyana ea Molimo.”—Heb 10:1; Joh 1:29.
(Exoda 12:24-27) “Le tla boloka ntho ena e le molao oa tsamaiso bakeng sa lona le bara ba lona ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 25 Etlare ha le kena naheng eo Jehova a tla le fa eona, feela joalokaha a boletse, joale le tla boloka tšebeletso ena. 26 Etlare ha bara ba lona ba re ho lona, ‘Tšebeletso ee e bolela’ng ho lona?’ 27 joale le tla re, ‘Ke sehlabelo sa paseka ea Jehova, ea fetileng matlo a bara ba Iseraele Egepeta ha a otla Baegepeta, empa a lopolla matlo a rona.’ ” Joale sechaba sa inama ’me sa itihela fatše ka lifahleho.
‘Sena e Tla ba Sehopotso ho Lona’
13 Ha bana ba ntse ba hola, bo-ntate ba ne ba ba ruta lithuto tsa bohlokoa. Har’a tse ling ba ne ba ba ruta hore Jehova a ka sireletsa barapeli ba hae. Bana ba ne ba ithuta hore hase Molimo eo ho leng thata ho mo utloisisa. Jehova ke Molimo oa sebele le ea phelang ea thahasellang batho ba hae ea bileng a ba sireletsang. O ile a bontša sena ka ho sireletsa matsibolo a Baiseraele “ha a otla Baegepeta.” O ile a a boloka a phela.
14 Batsoali ba Bakreste ha ba phetele bara le barali ba bona se boleloang ke Paseka eo selemo le selemo. Leha ho le joalo, na le uena u ruta bana ba hao hore Molimo o sireletsa batho ba mo rapelang? Na u ba bontša hore u lumela ka tieo hore Jehova e ntse e le Mosireletsi oa batho ba hae le kajeno? (Pes. 27:11; Esa. 12:2) Na u etsa seo hore e be moqoqo o monate ho e-na le ho ba komela? Leka ho kenyelletsa taba eo ha u ba ruta e le hore u thuse ba lelapa la hao hore ba hole moeeng.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 12:12) Ke tla feta naheng ea Egepeta bosiung bona ’me ke bolaee letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo; ke tla phethisa likahlolo ho melimo eohle ea Egepeta. Ke ’na Jehova.
it-2-E 582 ¶2
Paseka
Likotlo Tse Leshome tse ileng tsa tlisoa Egepeta li ile tsa bontša hore ke likahlolo tse neng li ea ho melimo ea Egepeta, haholo-holo kotlo ea leshome, ea ho shoa ha matsibolo. (Ex 12:12) Baegepeta ba ne ba nka hore ramo ea halalela ho molimo ea bitsoang Ra, ke ka lebaka leo ho fafatsoa ha mali a konyana likoseneng tsa Baiseraele e neng e le ho nyelisa Baegepeta. Hape kaha Baegepeta ba ne ba nka poho e halalela, ke kahoo ho timetsoa ha matsibolo ’ohle a lipoho ho ileng ha bontša hore molimo oa bona ea bitsoang Osiris haa na thuso. Batho ba ne ba tlotlisa Faro, ba re ke mora oa Ra. Hore ebe letsibolo la Faro le ile la shoa, ho bontša hore Ra le Faro ha ba na thuso.
(Exoda 12:14-16) “ ‘Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona, ’me le le keteke e le mokete oa Jehova melokong eohle ea lona. Le lokela ho le keteka e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 15 Le tla ja mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng. E, ka letsatsi la pele le tla tlosa hlama e bolila ka matlung a lona, hobane mang kapa mang ea jang se lomositsoeng, ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa, moea oo o tla felisoa Iseraele. 16 Ka letsatsi la pele le tla ba le kopano e halalelang, ’me ka letsatsi la bosupa le be le kopano e halalelang. Ha ho mosebetsi o tla etsoa ka matsatsi ao. Ke feela seo moea o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetsoang.
it-1-E 504 ¶1
Kopano
Ntho e neng e ikhetha ka “likopano tse halalelang” ke hore nakong ea tsona, ho ne ho se motho ea lumeletsoeng ho etsa mosebetsi o boima. Mohlala, letsatsing la pele le la bosupa Moketeng oa Mahobe a sa Lomosoang, e ne e le “likopano tse halalelang” tseo Jehova a ileng a re ka tsona: “Ha ho mosebetsi o tla etsoa ka matsatsi ao. Ke feela seo moea o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetsoang.” (Ex 12:15, 16) Leha ho le joalo, nakong eo ea likopano tse halalelang, baprista ba ne ba phathahane ba etsetsa Jehova mahlabelo. (Le 23:37, 38) Ho etsa joalo e ne e se ho tlola molao hobane ho ne ho lumelloa hore motho a etse mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Liketsahalo tsena li ne li sa etse hore batho ba lule feela ebe ha ba etse letho. Empa e ne e le monyetla oa hore ba ka ithuta ka Jehova. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ka letsatsi la Sabatha, batho ba ne ba bokana ’moho ebe ba rapela Jehova le ho mamela litaelo. Ka mor’a moo, ba ne ba mamela ha ho baloa lentsoe la Molimo le bile le hlalosoa e leng ntho e ileng ea etsahala hamorao lisynagogeng. (Lik 15:21) Batho ba ne ba sa lumelloa hore ka Sabatha kapa ka “likopano tse halalelang” ba etse mesebetsi e boima. Empa ba ne ba lokela ho rapela Jehova ba be ba nahanisise ka merero ea hae.—Bona KOPANO.
’Malo oa Bibele
(Exoda 12:1-20) Joale Jehova a re ho Moshe le Arone naheng ea Egepeta: 2 “Khoeli ena e tla ba mathoaso a likhoeli tsa lona. E tla ba ea pele ho likhoeli tsa selemo bakeng sa lona. 3 Buang le phutheho eohle ea Iseraele, le re, ‘Ka letsatsi la leshome la khoeli ena e mong le e mong o lokela ho inkela nku bakeng sa ntlo ea baholo-holo, nku bakeng sa ntlo ka ’ngoe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, joale eena le moahelani oa hae ea haufi ba e ise ka tlung ea hae ho ea ka palo ea meea; mabapi le nku le lokela ho lekanyetsa e mong le e mong ho ea ka ho ja ha hae. 5 Nku e lokela ho ba e phetseng hantle, e tona, e nang le selemo, bakeng sa lona. Le ka ’na la khetha lipheleung tse nyenyane kapa lipoling. 6 E tla tsoela pele tlas’a tšireletso ea lona ho fihlela ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ena, ’me phutheho eohle ea seboka sa Iseraele e tla e hlaba pakeng tsa lishoalane tse peli. 7 Ba nke mali a mang ’me ba a qaphaletse likoseneng tse peli tsa monyako le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba tla e jela ho ’ona. 8 “ ‘Ba tla ja nama bosiung bona. Ba lokela ho e ja e besitsoe mollong le mahobe a sa lomosoang hammoho le meroho e babang. 9 Le se ke la ja leha e le efe ea eona e le tala kapa e belisitsoe, e phehiloe ka metsi, empa e besoe mollong, hlooho ea eona hammoho le litlhakoana tsa eona le likahare tsa eona. 10 Le se ke la siea karolo leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng, empa se salang ho eona ho fihlela hoseng le se chese mollong. 11 Le lokela ho e ja ka tsela ena, le itlamile matheka, le roetse meqathatso maotong ’me le tšoere mare a lona matsohong; le e je ka potlako. Ke paseka ea Jehova. 12 Ke tla feta naheng ea Egepeta bosiung bona ’me ke bolaee letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo; ke tla phethisa likahlolo ho melimo eohle ea Egepeta. Ke ’na Jehova. 13 Mali e tla ba pontšo ea lona ka matlung ao le leng ho ’ona; ke tla bona mali ’me ke le fete, ’me le ke ke la oeloa ke kotlo e senyang ha ke otla naha ea Egepeta. 14 “ ‘Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona, ’me le le keteke e le mokete oa Jehova melokong eohle ea lona. Le lokela ho le keteka e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 15 Le tla ja mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng. E, ka letsatsi la pele le tla tlosa hlama e bolila ka matlung a lona, hobane mang kapa mang ea jang se lomositsoeng, ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa, moea oo o tla felisoa Iseraele. 16 Ka letsatsi la pele le tla ba le kopano e halalelang, ’me ka letsatsi la bosupa le be le kopano e halalelang. Ha ho mosebetsi o tla etsoa ka matsatsi ao. Ke feela seo moea o mong le o mong o hlokang ho se ja, seo ke sona feela seo le ka se etsetsoang. 17 “ ‘Le tla boloka mokete oa mahobe a sa lomosoang, hobane ka lona letsatsi lena ke tla ntša mabotho a lona naheng ea Egepeta. Le tla boloka letsatsi lena melokong ea lona e le taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 18 Ka khoeli ea pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli, ka shoalane le tla ja mahobe a sa lomosoang ho fihlela ka letsatsi la mashome a mabeli a motso o mong la khoeli ka shoalane. 19 Ka matsatsi a supileng ho se ke ha fumanoa hlama e bolila ka matlung a lona, hobane mang kapa mang ea latsoang se lomositsoeng, ebang ke mojaki kapa letsoalloa la naha, moea oo o tla felisoa phuthehong ea Iseraele. 20 Le se ke la ja letho le lomositsoeng. Libakeng tsohle tsa lona tsa bolulo le tla ja mahobe a sa lomosoang.’ ”