Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2004 | March 15
    • Moshe o ne a le leetong le eang Egepeta le mosali oa hae Zipora, le bara ba hae, Gershome le Eliezere, ha ho ne ho etsahala se latelang: “Eare ha ba le tseleng sebakeng sa bolulo Jehova a kopana le eena ’me a ’na a batla tsela ea ho mo bolaea. Qetellong Zipora a nka lejoe le thata ’me a poma ntlha ea letlalo la setho sa botona sa mora oa hae ’me a etsa hore e ame maoto a hae eaba o re: ‘Ke hobane u monyali oa mali ho ’na.’ Ka lebaka leo a mo tlohela. Ka nako eo Zipora a re: ‘Monyali oa mali,’ ka lebaka la lebollo.” (Exoda 4:20, 24-26) Le hoja litemana tsena li batla li le tšopholi ebile ho sa khonehe ho tiisa hore na li hlile li bolela’ng, Mangolo a fana ka leseli le itseng mabapi le litemana tsena.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2004 | March 15
    • Ha Zipora a ne a leka ho lokisa litaba ka hore a pome ntlha ea letlalo la setho sa botona sa mora oa hae, ho ile ha angoa maoto a mang? E bile a lengeloi la Jehova le neng le e-na le matla a ho bolaea mora eo ea neng a sa bolla. Kahoo, hoa utloahala hore Zipora o ile a etsa hore ntlha ea letlalo la setho sa botona e ame maoto a lengeloi, e le bopaki bo bontšang hore o bolokile selekane.

      Mantsoe a Zipora a reng “u monyali oa mali ho ’na” ke mantsoe a sa tloaelehang. Mantsoe aa a bontša eng ka eena? Ka ho iphaphatha le melao ea selekane sa lebollo, Zipora o ile a bontša hore o ne a hlompha kamano ea selekane le Jehova. Hamorao selekane sa Molao se ileng sa etsoa le Baiseraele se ile sa bontša hore ho latela kamano ea selekane, Jehova a ka nkoa e le monna ’me motho [ea selekaneng le eena] e le mosali. (Jeremia 31:32) Kahoo, ha Zipora a ne a re Jehova (ka moemeli oa Hae oa lengeloi) ke “monyali oa mali,” ho bonahala a ne a bontša hore oa elelloa hore o lokela ho ikokobelletsa litumellano tsa selekane seo. Ho ne ho le joalokaha eka o amohetse boemo ba ho ba mosali selekaneng sa lebollo, Jehova Molimo e le monna oa hae. Ho sa tsotellehe hore na boemo e bile bofe, ka lebaka la boikemisetso ba hae bo tiileng ba ho mamela molao oa Molimo, mora oa hae ha aa ka a hlola a e-ba kotsing ea ho bolaoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela