-
Monehelo oa Boithatelo Bakeng sa ho Ntšetsa Pele Borapeli bo HloekilengMolula-Qhooa—1999 | November 1
-
-
Baiseraele ba ne ba e-na le lintho tse bonahalang tse ngata ho feta se hlokahalang bakeng sa monehelo o joalo o etsoang ka bolokolohi. Hopola hore ha ba tloha Egepeta, ba ile ba nka lintho tsa khauta, silevera, hammoho le liaparo tse ngata. Ha e le hantle, ba ile “ba hlobolisa ba-Egepeta.”a (Exoda 12:35, 36) Pele ho moo, Baiseraele ba ne ba ile ba fana ka mabenyane a bona hore ho etsoe molimo oa setšoantšo oa borapeli ba bohata. Na joale ba ne ba tla bontša hore ba cheseha ka tsela e tšoanang ha ba etsa monehelo o ntšetsang pele borapeli ba ’nete?
-
-
Monehelo oa Boithatelo Bakeng sa ho Ntšetsa Pele Borapeli bo HloekilengMolula-Qhooa—1999 | November 1
-
-
a Sena e ne e se bosholu. Baiseraele ba ile ba kōpa menehelo ho Baegepeta, ’me ba ne ba e fuoe ka boithatelo. Ntle ho moo, kaha Baegepeta ba ne ba se na tokelo ea hore ebe ba ile ba etsa Baiseraele makhoba, ba ne ba kolota batho ba Molimo meputso ea lilemo tseo ba ba sebelelitseng ka thata ka tsona.
-