Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 leq. 31
  • Bontša Hore Ua Tsotella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Hore Ua Tsotella
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 leq. 31

Bontša Hore Ua Tsotella

Ka mongolli oa Tsoha! Canada

Ho tsieleha ho sa bonahaleng ha maqheku a mangata a Canada ho a etsa hore a ipolaee ka tekanyo e tšosang. Tlaleho ea koranta ea Vancouver Sun e bolela hore le hoja ho shoa mocha a le mong ho ba 200 ba lekang ho ipolaea, ho batho ba lilemo tse ka holimo ho 65 ho shoa motho a le mong ho ba bane ba lekang ho ipolaea. ’Me ho bile ho lumeloa hore “tlaleho ea maqheku a ipolaeang ha ea fella, kaha ho maqheku ho ka ’na ha e-ba thata ho khetholla lisosa tsa tlhaho ho tsa ho kula ho tebileng.”

Ke hobane’ng ha maqheku a mangata a felloa ke takatso ea ho phela? Setsebi sa mafu a kelello Oluwafemi Agbayewa, Univesithing ea British Columbia, seo e leng setsebi tabeng ea ho ipolaea ha maqheku, se bontša hore ho tepella maikutlong, ho phela thōko le batho ba bang le ho jeoa ke bolutu ke lisosa tse tlatsetsang. Gerry Harrington, eo e leng motsamaisi oa Suicide Information and Education Centre Calgary, Alberta, oa hlokomela hore ha batho ba ntse ba tsofala, ba “lahleheloa ke seriti sa bona, matla a bona, taolo ea bona. . . . Ka tšohanyetso, ha ho sa na motho ea batlang ho utloa maikutlo a bona. Maqheku a mangata a qetella a le mahaeng a kokelo moo ho seng letho leo a le etsang haese ho lula feela le ho ipapalla likarete kapa ho shebella TV.” Ho mpefatsang boikutlo bona le ho feta ke ’nete ea hore batho ba beha bohlokoa bo boholo ho bacha hammoho le tabeng ea ho ba le bolokolohi, ho beha litholoana le ho sebetsa ka potlako—e leng tsona litšobotsi tse fokotsehang ha motho a tsofala.

Leha ho le joalo, mahlong a Jehova Molimo maqheku ke a bohlokoa. Bopaki ba hore o utloisisa ka ho hlaka litlhoko tsa bona tsa maikutlo bo ka bonoa taelong eo a ileng a e fa batho ba Iseraele ea boholo-holo: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea holileng. Tšaba Molimo oa hao.”—Levitike 19:32.

Kahoo, ke joang re ka ‘hlomphang’ maqheku? Le hoja e se kamehla mantsoe a bohlale a ka lulang a tsoa molomong oa ’ona le ho se phethahale ha ’ona ho ka ’na ha totisoa ke botsofali, a tšoaneloa ke tlhompho ea rōna. Bontša hore ua tsotella. A fe seriti, tlhompho le tlhokomelo ka ho a nka e le mohloli oa temohisiso le bohlale, haholo-holo ha bophelong ba ’ona a ’nile a tataisoa ke moea oa Molimo le ke kutloisiso e nepahetseng ea Lentsoe la hae.

Ho na le ho eketsehileng hoo Lentsoe la Molimo le ho rutang tabeng ea ho hlokomela le ho hlompha maqheku. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ngolla bahatisi ba makasine ena ’me u kōpe boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang buka ena ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa kateng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela