-
“Jehova o Tseba ba Hae”Molula-Qhooa—2014 | July 15
-
-
4. Pauluse o ne a kholisehile ka eng, hona o ile a bontša seo joang ha a ngolla Timothea?
4 Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova o khona ho lemoha ha batho ba mo sebeletsa ka boikaketsi le hore Jehova o khona ho lemoha ba mo mamelang. Mantsoe ao a a sebelisitseng ha a ngolla Timothea a le tlas’a pululelo, a ile a bontša hore o kholisehile ka matla. Ka mor’a hore Pauluse a bue ka tšusumetso e mpe eo bakoenehi ba nang le eona ka phuthehong, o ile a ngola a re: “Leha ho le joalo, motheo o tiileng oa Molimo o lutse o eme, o e-na le tiiso ena: ‘Jehova o tseba ba hae,’ hape: ‘E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.’”—2 Tim. 2:18, 19.
-
-
“Jehova o Tseba ba Hae”Molula-Qhooa—2014 | July 15
-
-
6 Pauluse o buile ka “motheo o tiileng oa Molimo” ha a qeta ho qotsa mantsoe ao Moshe a a buileng ho Kora le batšehetsi ba hae, a tlalehiloeng ho Numere 16:5. Kamoo ho bonahalang kateng, Pauluse o ne a bua ka lintho tse etsahetseng mehleng ea Moshe, e le ha a leka ho khothatsa Timothea le ho mo hopotsa hore Jehova o khona ho lemoha le ho thibela liketso tsa borabele. Morero oa Jehova o ne o ke ke oa nyopisoa ke bakoenehi ba ka phuthehong, feela joalokaha Kora le eena a ile a hlōleha ho o nyopisa lilemong tse makholo pele ho moo. Pauluse ha aa ka a hlalosa ka ho hlaka hore na “motheo o tiileng oa Molimo” ke eng. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore mantsoe ao a a sebelisitseng a ile a susumelletsa Timothea hore a tšepe litsela tsa Jehova.
-
-
“Jehova o Tseba ba Hae”Molula-Qhooa—2014 | July 15
-
-
8, 9. Re ithuta’ng ‘tiisong’ eo Pauluse a buileng ka eona papisong ea hae?
8 Papiso ea Pauluse e tlalehiloeng ho 2 Timothea 2:19 e bua ka motheo o nang le molaetsa, joalokaha eka o ngotsoe ka tiiso. Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho tloaelehile hore ho ngoloe mantsoe motheong oa mohaho, mohlomong ho bontša hore na o hahiloe ke mang kapa hore na ke oa mang. Pauluse ke eena mongoli oa pele oa Bibele oa hore a sebelise papiso ena.a Tiiso e ‘motheong o tiileng oa Molimo’ e na le liphatlalatso tse peli. Ea pele ke ea hore “Jehova o tseba ba hae,” ’me ea bobeli ke ea hore, “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.” Sena se re hopotsa seo re se balang ho Numere 16:5.—E bale.
-