-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2000 | October 15
-
-
Jehova, mophelisi oa rōna, o ile a laela hore mali ha aa lokela ho jeoa. (Genese 9:3, 4) Molaong o neng o nehiloe Baiseraele ba boholo-holo, Molimo o ile a beha meeli ea tšebeliso ea mali kahobane a emela bophelo. O ile a laela: “Moea [kapa bophelo] oa nama o maling, ’me ke a behile aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna.” Ho ne ho etsahala joang haeba motho a bolaea phoofolo e le hore a e je? Molimo o ile a re: “Tabeng eo a tšolle mali a eona ’me a a koahele ka mobu.”a (Levitike 17:11, 13, NW) Jehova o ile a pheta taelo ena hangata. (Deuteronoma 12:16, 24; 15:23) Soncino Chumash ea Sejuda, e re: “Mali ha aa lokela ho bolokoa empa a lokela ho tšolleloa fatše e le hore a se ke a jeoa.” Ho ne ho se Moiseraele ea neng a ka khakeletsa, a boloka le ho sebelisa mali a sebōpuoa se seng, se phelisoang ke Molimo.
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2000 | October 15
-
-
Maemong a mang ngaka e tla khothalletsa mokuli hore a fane ka mali a hae libeke pele a buuoa (e leng ho bitsoang preoperative autologous blood donation, kapa PAD) e le hore haeba ho ka hlokahala, e tšele mokuli eo mali a hae a ileng a bolokoa. Leha ho le joalo, ho bokella, ho boloka le ho tšela mali ka tsela e joalo, ho hanana ka ho toba le se boletsoeng ho Levitike le Deuteronoma. Mali ha aa lokela ho bolokoa; a lokela ho tšolloa—joalokaha eka a busetsoa ho Molimo. Ke ’nete hore Molao oa Moshe ha o sebetse hona joale. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li hlompha melao-motheo eo Molimo a e akarelelitseng ho oona, ’me li ikemiselitse ho ‘ila mali.’ Kahoo, mali a rōna a lokelang ho ‘tšolloa,’ ha re fane ka ’ona, kapa hona ho a bolokela tšelo ea mali. Tloaelo eo e hanana le molao oa Molimo.
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2000 | October 15
-
-
a Moprofesa Frank H. Gorman oa ngola, o re: “Ho tšolloa ha mali ho utloisisoa hamolemo e le ketso ea tlhompho ea borapeli e bontšang ho hlompha bophelo ba phoofolo, kahoo, e le ho hlompha Molimo, ea bōpileng le ea ntseng a tsoela pele ho hlokomela bophelo boo.”
-